Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | LIPAKI TSA JEHOVA KE BO-MANG?

Mosebetsi oa Rōna oa ho Paka o Tšehetsoa Joang ka Lichelete?

Mosebetsi oa Rōna oa ho Paka o Tšehetsoa Joang ka Lichelete?

Selemo le selemo re hatisa Libibele le lingoliloeng tse ngata tse thehiloeng Bibeleng ebile rea li aba. Re haha liofisi tsa makala tse nang le libaka tsa khatiso lefatšeng lohle. Liphutheho tse likete tse mashome li kopanela libakeng tsa borapeli tse bitsoang Liholo Tsa ’Muso. Ke mang ea lefellang litšenyehelo tsa tsona?

Mosebetsi oa rōna o tšehetsoa ka menehelo ea boithatelo. (2 Bakorinthe 9:7) Ka 1879, tokollo ea bobeli ea makasine ena e ile ea re: “Re lumela hore JEHOVA ke eena ea tšehetsang ‘Zion’s Watch Tower’ [e leng kamoo makasine ena e neng e bitsoa kateng], ’me le ka mohla e ke ke ea qela kapa hona ho qekisa batho hore ba e tšehetse.” Re lutse re tiile qetong eo.

Menehelo e romeloa ka ho toba liofising tsa lekala kapa e kenngoa ka mabokoseng a monehelo a Holong ea ’Muso. Empa ha ho mohla re ntšang karolo ea leshome, re batlang likoleke kapa re lefisang batho bakeng sa tšebeletso ea rōna. Ha re pataloe ha re etsa mosebetsi oa ho ruta batho Bibele, oa ho ruta ka phuthehong kapa oa ho thusa kahong ea libaka tsa borapeli. Etsoe Jesu o itse: “Le amohetse ntle ho tefo, le fane ntle ho tefo.” (Matheu 10:8) Bohle ba sebetsang liofising tsa lekala le ntlo-khōlō, ho akarelletsa le litho tsa Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova ha ba pataloe.

“Lipaki Tsa Jehova li fana ka menehelo ka ho rata, ’me e mong le e mong o etsa qeto ea hore na o tla ntša bokae le hore na o tla e ntša khafetsa hakae.”—Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho, 2011

Menehelo e boetse e sebelisetsoa ho phallela batho ba hlahetsoeng ke likoluoa. Bakreste ba pele ba ne ba thabela ho phallela ba mahlomoleng. (Baroma 15:26) Le rōna re thusa ba oetsoeng ke likoluoa ka ho ba hahela matlo le libaka tsa borapeli le ka ho ba fa lijo, liaparo le meriana.