Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | NA HO RAPELA HO KA U TSOELA MOLEMO?

Ke Hobane’ng ha Batho ba Rapela?

Ke Hobane’ng ha Batho ba Rapela?

“Ke ne ke rata ho becha haholo. Kahoo ke rapella ho hapa chelete e ngata. Leha ho le joalo, ha ho mohla seo se ileng sa etsahala.”—Samuel, * Kenya.

“Ha ke sa le sekolong re ne re tloaetse ho pheta ka hlooho lithapelo tseo re neng re li rutiloe.”—Teresa, Philippines.

“Kea rapela ha ke thulana le mathata. Ke rapella tšoarelo ea libe le hore ke be Mokreste ea molemo.”—Magdalene, Ghana.

Mantsoe a Samuel, Teresa le Magdalene a bontša hore batho ba rapella lintho tse ngata tse sa tšoaneng, ’me tse ling li utloahala ho feta tse ling. Batho ba bang ba etsa lithapelo tse tlohang pelong; ha ba bang ba rapela ka tloaelo feela tjee. Leha ho le joalo, ebang ba rapella ho pasa litlhahlobo tsa sekolo, hore thimi ea bona ea lipapali e hlōle, hore Molimo a tataise lelapa la bona, kapa ka mabaka a mang a mangata, taba-taba ke hore batho ba bangata ba rata ho rapela. Ha e le hantle, lipatlisiso li bontša hore esita le batho bao e seng balumeli ba rapela khafetsa.

Na ua rapela? Haeba ho joalo, u rapella eng? Ebang u tloaetse ho rapela kapa che, u ka ’na ua ipotsa: ‘Na ho rapela ho ka ntsoela molemo? Na motho eo ke mo rapelang oa nkutloa?’ Mongoli e mong o ile a re thapelo ke “mofuta o itseng oa kalafo” mohlomong o kang ho bua le phoofolo ea lapeng. Litsebi tse ling tsa bongaka le tsona li re thapelo ke “mofuta o mong oa kalafo.” Na batho ba rapela ho phetha molao feela tjee kapa hore ba imolohe?

Ha e le hantle, Bibele e re thapelo hase feela mofuta o itseng oa phekolo. E re bolella hore ho na le motho ea re utloang haeba re rapela ka tsela eo a e amohelang re bile re rapella lintho tse nepahetseng. Na seo ke ’nete? A re hlahlobeng bopaki.

^ ser. 3 Mabitso a mang a fetotsoe.