Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | MOLIMO O IKUTLOA JOANG KA NTOA?

Maikutlo a Molimo ka Ntoa Mehleng ea Khale

Maikutlo a Molimo ka Ntoa Mehleng ea Khale

Sechaba sa Iseraele se ne se hateletsoe ’me se rapela Molimo se sa khaotse hore a se lopolle empa ha aa ka a se thusa hang-hang. Se ne se hateletsoe ke sechaba se matla sa Egepeta. (Exoda 1:13, 14) Ho fetile lilemo tse ngata Baiseraele ba ntse ba letetse hore Molimo a felise puso ea khatello ea Egepeta. Qetellong Molimo o ile a nka khato. (Exoda 3:7-10) Bibele e re Molimo o ile a loantša Baegepeta. A ba otla ka likotlo tse ngata, ’me a bolaela morena oa bona le lebotho la hae la ntoa Leoatleng le Lefubelu. (Pesaleme ea 136:15) Jehova Molimo o ile a bontša hore ke “mohale oa ntoa” ha a loanela batho ba hae.—Exoda 15:3, 4.

O ile a bontša hore ha a khahlanong le mefuta eohle ea ntoa ha a ne a loantša Baegepeta. Ka linako tse ling, o ne a lumella sechaba sa hae sa Iseraele hore se loane. Ka mohlala, o ile a se laela hore se loantše Bakanana hobane ba ne ba le khopo haholo. (Deuteronoma 9:5; 20:17, 18) A laela Morena Davida oa Iseraele hore a loantše Bafilista ba neng ba hatella sechaba sa hae. A ba a mo laela hore a loane joang e le hore a hlōle.—2 Samuele 5:17-25.

Litlaleho tseo tsa Bibele li bontša hore ho na le maemo ao ho ’ona Molimo a neng a lumella batho ba hae ho loana e le hore ba se ke ba felisoa le hore ba sireletse borapeli ba ’nete. Empa a re eleng hloko lintlha tse tharo mabapi le lintoa tseo Molimo a neng a laela hore li loanoe.

  1. MOLIMO KE EENA EA NENG A ETSA QETO EA HORE KE BO-MANG BA TLA LOANA. Ka lekhetlo le leng Molimo o ile a re ho Baiseraele: “Ho ke ke ha hlokahala hore le loane lekhetlong lena.” Hobane’ng? Hobane a ne a tla ba loanela. (2 Likronike 20:17; 32:7, 8) O ile a ba loanela ka makhetlo a mangata, joaloka lekhetlong le boletsoeng qalong ea sehlooho sena. Ho na le lintoa tseo Molimo a neng a laela hore sechaba sa hae sa Iseraele se li loane e le hore se sireletse Naha e Tšepisitsoeng.—Deuteronoma 7:1, 2; Joshua 10:40.

  2. MOLIMO KE EENA EA NENG A ETSA QETO EA HORE NA NTOA E LOANOE NENG. Batho ba Molimo ba ne ba lokela ho letela nako ea hae ea hore ba loantše lira tsa bona tse khopo tse neng li ba hateletse. Ba ne ba sa lokela ho loana pele ho moo. Molimo o ne a ba halefela ha ba loana ntle ho tumello ea hae. Ha e le hantle, Bibele e bontša hore hangata Baiseraele ba ne ba hlōloa ha ba loana lintoa tseo Molimo a sa ba laelang hore ba li loane. *

  3. Le hoja Molimo a ile a loantša Bakanana, o ile a pholosa ba bang ba kang Rahaba le ba lelapa labo

    MOLIMO HA A THABELE HORE BATHO BA SHOE, HO AKARELLETSA LE BA KHOPO. Jehova Molimo ke Mohloli oa bophelo ebile ke eena ea bōpileng batho. (Pesaleme ea 36:9) Ke kahoo a sa thabeleng hore batho ba shoe. Ho utloisa bohloko hore ebe ho na le batho ba khopo ba ratang ho hatella ba bang esita le ho ba bolaea. (Pesaleme ea 37:12, 14) E le hore Molimo a felise liketso tse joalo, o ile a laela hore batho bao ba loantšoe. Le hoja a ne a laela Baiseraele ho loana lintoa tse joalo, e ne e ntse e le Molimo ea “mohau” le ea ‘liehang ho halefela’ bahatelli ba sechaba sa hae. (Pesaleme ea 86:15) Ka mohlala, pele Baiseraele ba hlasela sechaba se itseng, o ne a ba laela hore ba se “tsebise se hlokahalang bakeng sa khotso,” e le hore ba se fe monyetla oa hore se fetohe le hore ba se ke ba se loantša. (Deuteronoma 20:10-13) Ka tsela eo, Molimo o ne a bontša hore ‘ha a khahloe ke lefu la ea khopo, empa o khahloa ke ha ea khopo a furalla tsela ea hae ’me a lula a phela.’—Ezekiele 33:11, 14-16. *

Ho latela se tšohliloeng ka holimo, rea bona hore mehleng ea khale, Molimo o ne a talima ntoa e le tsela e loketseng ea ho felisa mefuta e fapaneng ea khatello le bokhopo. Empa ke Molimo eseng batho, ea neng a e-na le matla a ho etsa qeto ea hore na lintoa tse joalo li lokela ho loanoa neng le hore na ke bo-mang ba neng ba lokela ho li loana. Na Molimo o ne a labalabela hore lintoa tseo li loanoe hobane a rata ho tšolla mali? Che. O hloile ntoa. (Pesaleme ea 11:5) Na Molimo o ile a fetola maikutlo a hae ka ntoa qalong ea tšebeletso ea Jesu Kreste lefatšeng?

^ ser. 7 Ka mohlala, ka lekhetlo le leng Baiseraele ba ile ba hlōloa ha ba ne ba loana le Baamaleke le Bakanana hobane Molimo o ne a sa ba laela hore ba ba loantše. (Numere 14:41-45) Lilemo tse ngata ka mor’a moo, Morena Josiase ea tšepahalang o ile a kena ntoeng ntle ho tumello ea Molimo ’me seo sa fella ka hore a bolaoe.—2 Likronike 35:20-24.

^ ser. 8 Baiseraele ha baa ka ba etsa tsebiso ea se hlokahalang bakeng sa khotso pele ba loantša Bakanana. Hobane’ng? Hobane Bakanana ba ne ba filoe lilemo tse 400 hore ba fetohe. Empa ba ne ba se ba le khopo haholo nakong eo Baiseraele ba neng ba ba hlasela. (Genese 15:13-16) Ke kahoo ba neng ba lokela ho timetsoa. Leha ho le joalo, Bakanana ba bang ba ile ba pholosoa hobane ba bakile.—Joshua 6:25; 9:3-27.