Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | BOHLOKO BA HO SHOELOA

Tšelisa Batho ba Hlokahalletsoeng

Tšelisa Batho ba Hlokahalletsoeng

Na u kile oa ikutloa u sa tsebe hore na u tšelise motho ea hlokahalletsoeng joang? Ka linako tse ling ha re tsebe hore na re lokela ho re’ng kapa re etse’ng, kahoo re qetella re thōla feela kapa re sa etse letho. Empa ho na le lintho tse molemo tseo re ka li etsang.

Hangata ho hlokahala feela hore u etele motho ea hlokahalletsoeng ’me u mo bolelle hore u lla le eena. Litsong tse ngata batho ba haka motho kapa ba mo tšoare ka letsoho ho bontša hore baa mo tsotella. Haeba motho ea hlokahalletsoeng a batla ho bua le uena, mo mamele ka hloko. Hape u ka thusa lelapa le hlokahalletsoeng ka mesebetsi ea ka tlung, e kang ho pheha, ho hlokomela bana kapa oa ba thusa ho hlophisa litaba tsa lepato haeba ho hlokahala. Ho etsa joalo ho ka ba khothatsa ho feta ho bua mantsoe leha e le afe.

Ha nako e entse e-ea, u ka phutholoha ho bua ka mofu, mohlomong ka makhabane a hae kapa lintho tse monate tse etsahetseng ha a sa phela. Ho bua ka lintho tse joalo ho ka etsa hore mong ka mofu a imolohe ho se hokae. Ho etsa mohlala, Pam eo monna oa hae Ian a hlokahetseng lilemo tse tšeletseng tse fetileng o re: “Ka linako tse ling, batho ba mpolella lintho tse ntle tseo monna oa ka a neng a li etsa tseo ke neng ke sa tsebe ka tsona ’me kea thaba.”

Bafuputsi ba re batho ba bangata ba hlokahalletsoeng ba thusoa haholo ka mor’a hore lefu le hlahe, empa ka mor’a nako batho baa lebala ka bona ebe ba phathahana ka mabaka a bona. Kahoo, etsa boiteko ba ho lula u etela motho ea hlokahalletsoeng. * Batho ba bangata ba hlokahalletsoeng ba thabela ho eteloa e le hore ba ntše maikutlo.

Nahana ka mosali oa Mojapane ea bitsoang Kaori, eo ’mè oa hae a ileng a hlokahala eaba ka mor’a selemo le likhoeli tse tharo ho hlokahala ausi oa hae. Hoa thabisa hore batho ba haufi le eena ba ile ba tsoela pele ho mo tšehetsa. E mong oa bona ke Ritsuko ea ileng a mo tšehetsa haholo. Kaori o re: “Ho bua ’nete, qalong ke ne ke sa rate taba eo. Ke ne ke sa batle hore mang kapa mang a nke sebaka sa ’mè oa ka ’me ke sa lumele hore ho na le motho ea ka tšoanang le eena. Empa ke ile ka qetella ke rata ’mè Ritsuko haholo ka lebaka la tsela eo a neng a ntšoara ka eona. Ke ne ke e-ea le eena mosebetsing oa boboleli le libokeng tsa Bokreste beke le beke. O ne a re ke tle ha hae ke tl’o noa tee le eena, a ntlisetsa lijo a bile a ’ngolla mangolo le likarete hangata. Tsela e ntle eo ’mè Ritsuko a neng a etsa lintho ka eona e nthusitse haholo.”

Ho se ho fetile lilemo tse 12 ’mè oa Kaori a hlokahetse ’me Kaori le monna oa hae ba qeta lihora tse 70 ka khoeli ba ruta batho Bibele. Kaori o re: “’Mè Ritsuko o ntse a ntsotella le kajeno. Kamehla ha ke khutlela hae kea mo etela ’me ke thabela ho ba le eena.”

Motho e mong eo batho ba ileng ba mo tšehetsa ke Poli e leng Paki ea Jehova e lulang Cyprus. Monna oa hae e leng Sozos, e ne e le moholo oa Mokreste ea mosa kaha hangata o ne a mema likhutsana le bahlolohali hore ba tl’o ja le lelapa la hae. (Jakobo 1:27) Ka masoabi Sozos o ile a hlokahala a le lilemo li 53, a bolaoa ke kankere ea boko. Poli o re: “Ke lahlehetsoe ke monna oa ka ea tšepahalang eo re qetileng lilemo tse 33 re nyalane.”

Ka mor’a lepato, Poli o ile a fallela Canada le mora oa hae oa ho fela ea lilemo li 15 eo lebitso la hae e leng Daniel. Ha ba le moo, ba ile ba tsoela pele ho ea libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova tsa sebakeng seo. Poli o re: “Batho ba phutheho ea rōna ba ne ba sa tsebe hore ke hlokahalletsoe ke monna. Empa ba ile ba re khothatsa ’me ba re thusa ka litsela tse sa tšoaneng. Ba re thusitse ka nako e nepahetseng kaha mora oa ka o ne a hloka ntate! Baholo ba phutheho ba ile ba bontša hore ba tsotella Daniel haholo. E mong oa bona o ne a tsamaea le eena ha a e-ea metsoalleng ea hae kapa a e’o bapala bolo.” Hona joale Poli le mora oa hae ba thabile.

Ho hlakile hore re ka thusa batho ba hlokahalletsoeng ’me ra ba tšelisa ka litsela tse fapaneng. Hape Bibele e re tšelisa ka ho re re tla ba le bokamoso bo babatsehang.

^ ser. 6 Batho ba bang ba tšoaea letsatsi leo motho a hlokahetseng ka lona e le hore ba tle ba tšelise beng ka mofu ha letsatsi leo le atamela kaha ka nako eo ba hloka matšeliso haholo.