Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Ntate oa Josefa e ne e le mang?

Josefa e ne e le ’metli oa mapolanka ea lulang Nazaretha. Ke eena ea hōlisitseng Jesu. Empa ntate oa Josefa e ne e le mang? Kosepele ea Matheu e re e ne e le monna e mong ea bitsoang Jakobo, ha Luka eena a re Josefa e ne e le “mora oa Heli.” Ke hobane’ng ha ho utloahala eka baa hanyetsana?—Luka 3:23; Matheu 1:16.

Lengolo la Matheu le re: “Jakobo a tsoala Josefa,” e leng mantsoe ao ho ea ka Segerike a bontšang hore Jakobo e ne e le ntate oa Josefa. Ho bonahala Matheu a ne a nahanne ka leloko la Josefa, e leng lesika la borena la Davida leo ka molao Jesu e neng e le karolo ea lona hobane a hōlisitsoe ke Josefa.

Ka lehlakoreng le leng, lengolo la Luka le re: “Josefa, mora oa Heli.” Polelo e reng “mora oa,” e ka boela ea bolela “mokhoenyana.” Sena re se bona lengolong la Luka 3:27, moo Shalatiele ea tsoaloang ke Jekonia, a bitsoang “mora oa Neri.” (1 Likronike 3:17; Matheu 1:12) Mohlomong Shalatiele o ne a nyetse morali oa Neri eo ho sa boleloang lebitso la hae, kahoo e ne e le mokhoenyana oa hae. Ka ho tšoanang Josefa e ne e le “mora” oa Heli, hobane o ne a nyetse morali oa hae e leng Maria. Kahoo Luka o bua ka leloko la Jesu “ho ea ka nama,” e leng ho ea ka ’mè ea mo tsoalang e leng Maria. (Baroma 1:3) Bibele e bua ka maloko a mabeli a Jesu.

Mehleng ea Bibele ho ne ho sebelisoa masela a mofuta ofe le dae?

Batho ba bangata ba lulang Bochabela bo Hare ba ne ba etsa masela ka boea ba nku, ba pōli le ba kamele. Ulu ke eona e neng e sebelisoa haholo, ’me hangata Bibele e bua ka linku, ho kutoa ha tsona le liaparo tsa ulu. (1 Samuele 25:2; 2 Marena 3:4; Jobo 31:20) Egepeta le Iseraele ho ne ho lengoa folaxe, e leng lehlaka leo ho neng ho etsoa lesela ka lona. (Genese 41:42; Joshua 2:6) E ka ’na eaba Baiseraele ba mehleng ea Bibele ba ne ba sa leme k’hothone, empa Mangolo a re e ne e sebelisoa Persia. (Esthere 1:6) Silika e ne e tura, ’me e fumaneha feela ho barekisi ba Bochabela bo Hōle ba neng ba e reka linaheng tse ling.—Tšenolo 18:11, 12.

Buka e ’ngoe e buang ka bophelo ba mehleng ea Jesu e re: “Ulu e ne e fumaneha ka mebala e sa tšoaneng, e le e tšoeu le e bosootho bo lefifi bo tsoakaneng le mebala e meng.” Ho phaella moo, hangata ulu e ne e dauoa. Dae e pherese ea boleng bo phahameng e ne e nkoa liphoofolong tse kang khofu. Ho ne ho boetse ho sebelisoa limela, metso ea tsona, makhasi le likokoanyana ho etsa dae e khubelu, e tšehla, e putsoa le e ntšo.