Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kamoo lebitso la Molimo (le tšoailoeng) le hlahang kateng Bibeleng ea mehleng ea khale

Seo Bibele e se Buang

Seo Bibele e se Buang

Lebitso la Molimo ke mang?

BATHO BA BANG BA LUMELA hore ha a na lebitso, ba bang ba re ke Molimo kapa Morena, ba bang bona ba re o na le mabitso a mangata. Uena u re’ng?

SEO BIBELE E SE BUANG

“Uena u le mong u Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.”—Pesaleme ea 83:18.

SEO RE ITHUTANG SONA HAPE BIBELENG

  • Le hoja Molimo a na le litlotla tse ngata, o iphile lebitso le le leng.—Exoda 3:15.

  • Molimo o batla hore re mo tsebe.—Liketso 17:27.

  • Haeba re batla ho ba metsoalle ea Molimo, re lokela ho qala pele ka ho tseba lebitso la hae.—Jakobo 4:8.

Na ho fosahetse ho bitsa Molimo ka lebitso?

UENA U RE’NG?

  • E

  • Che

  • Mohlomong

SEO BIBELE E SE BUANG

“U se ke ua sebelisa lebitso la Jehova Molimo oa hao ka tsela eo e seng ea bohlokoa.” (Exoda 20:7) Ho fosahetse ho sebelisa lebitso la Molimo ka tsela e sa hlompheheng.—Jeremia 29:9.

SEO RE ITHUTANG SONA HAPE BIBELENG