Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | KE HOBANE’NG HA JESU A ILE A UTLOA BOHLOKO A BA A SHOA?

Na Ehlile Jesu o Ile a Shoa?

Na Ehlile Jesu o Ile a Shoa?

Jesu Monazaretha o ile a bolaoa ka selemo sa 33. O ne a qosoa ka hore o hlohlelletsa bofetoheli, ’me a otloa habohloko a ba a khokhotheloa thupeng ka lipekere. O ile a shoa a le bohlokong bo otlang pelo. Empa Molimo o ile a mo tsosa, ’me a nyolohela leholimong ka mor’a matsatsi a 40.

Tlaleho ena e ikhethang e hlaha Likosepeleng tse ’nè tsa Mangolo a Bakreste a Segerike, a tsejoang ka hore ke Testamente e Ncha. Na lintho tse ngotsoeng ho tsona li ile tsa fela tsa etsahala? Potso ena ke ea bohlokoa. Haeba ha lia ka tsa etsahala, tumelo le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng eo Bakreste ba nang le eona, ha e na thuso. (1 Bakorinthe 15:14) Empa haeba li ile tsa etsahala, uena le batho ba bang le na le bokamoso bo chabileng. Kahoo, na litlaleho tsa Likosepele ke ’nete kapa ke tšōmo feela?

SEO BOPAKI BO SE BONTŠANG

Ho fapana le litšōmo, litlaleho tsa Likosepele li bontša hore bangoli ba tsona ba entse sohle se matleng a bona hore ba li ngole ka hloko le ka ho nepahala. Ho etsa mohlala, li bua ka libaka tseo boholo ba tsona li ntseng li le teng. Li boetse li bua ka batho bao bo-rahistori ba pakang hore ba kile ba phela.—Luka 3:1, 2, 23.

Bo-rahistori ba lilemong tsa bo-100 ho isa ho 200, ba bua ka Jesu. * Tsela eo a ileng a bolaoa ka eona ho latela seo Likosepele li se buang, e lumellana le mokhoa oo Baroma ba neng ba bolaea batho ka oona mehleng eo. Ho feta moo, liketsahalo tse boletsoeng ho tsona li ngotsoe ka tsela e nepahetseng hobane li boetse li bua ka liphoso tsa barutuoa ba Jesu. (Matheu 26:56; Luka 22:24-26; Johanne 18:10, 11) Lintlha tsena tsohle li bontša hore bangoli ba Likosepele baa tšepahala le hore lintho tseo ba li ngotseng ka Jesu li nepahetse.

NA JESU O ILE A TSOHA BAFUNG?

Le hoja batho ba bangata ba lumela hore Jesu o ile a shoa a ba a tsoha, ba bang ha ba lumele. Baapostola ba hae le bona ha baa ka ba lumela ha ba ne ba bolelloa ka lekhetlo la pele hore o tsohile bafung. (Luka 24:11) Leha ho le joalo, bona le barutuoa ba bang ba Jesu ba ile ba khaotsa ho belaela ha ba mo bona ka makhetlo a ’maloa. Ha e le hantle, ka lekhetlo le leng o ile a bonoa ke batho ba fetang 500.—1 Bakorinthe 15:6.

Le hoja barutuoa ba hae ba ne ba le kotsing ea ho tšoaroa le ho bolaoa, ba ile ba ba sebete ’me ba bolella batho ba bang le ba ileng ba bolaea Jesu hore o tsohile bafung. (Liketso 4:1-3, 10, 19, 20; 5:27-32) Na barutuoa bao ba ka be ba bile sebete joalo haeba ba ne ba sa kholiseha hore Jesu o tsohile bafung? Ha e le hantle, ho tloha mehleng eo ho fihlela kajeno, tsoho ea Jesu e ’nile ea etsa hore batho ba fetohe Bakreste.

Lintho tsohle tse ngotsoeng litlalehong tsa Likosepele tse buang ka lefu la Jesu le tsoho ea hae, li bontša hore li nepahetse. Ha u li bala ka hloko u tla kholiseha hore ke ’nete. Hape u tla kholiseha le ho feta ha u utloisisa hore na ke hobane’ng ha li etsahetse. Re tla tšohla taba ena sehloohong se latelang.

^ ser. 7 Rahistori ea bitsoang Tacitus ea hlahileng hoo e ka bang ka selemo sa 55 mehleng ea Jesu, o ngotse ka Jesu. O ile a re “Kreste, eo [Bakreste] ba ipitsang ka eena, o ahlotsoe ka sehlōhō nakong ea puso ea Tiberius matsohong a e mong oa babusisi ba rōna, e leng Ponse Pilato.” Bo-rahistori ba bang ba buang ka Jesu ke Suetonius (oa selemong sa bo-100); rahistori oa Mojuda Josephus (oa selemong sa bo-100) le Pliny e Monyenyane, e leng ’musisi oa Bithynia (oa selemong sa bo-200).