Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | HO TLILE JOANG HORE EBE BIBELE E NTSE E LE TENG?

Ke Hobane’ng ha Bibele e Ntse e le Teng?

Ke Hobane’ng ha Bibele e Ntse e le Teng?

Bibele e ntse e le teng, kahoo u ka iphumanela ea hao ’me oa e bala. Hape, haeba u bala Bibele e fetoletsoeng hantle, u tla kholiseha hore e nepahetse kaha e nkiloe Bibeleng ea mehleng ea khale. * Empa ke hobane’ng ha Bibele e ntse e le teng ho sa tsotellehe hore na e ne e ngoletsoe linthong tse bolang, hore na batho ba lekile hakae ho e felisa le ho fetola molaetsa oa eona? Ke’ng e ikhethang ka Bibele?

“Joale ke kholisehile hore Bibele eo ke e balang ke mpho e tsoang ho Molimo”

Liithuti tse ngata tsa Bibele li lumellana le mantsoe a Moapostola Pauluse a reng: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo.” (2 Timothea 3:16) Ba lumela hore Bibele e ntse e le teng hobane ke Lentsoe la Molimo le hore Molimo ke eena ea e sirelelitseng. Faizal, eo re buileng ka eena sehloohong se qalang sa makasine ena, o ile a iketsetsa lipatlisiso ka hore a ithute Bibele e le hore a bone hore e nepahetse. O ile a makatsoa ke seo a ileng a se fumana. O ile a bona hore Bibele ha e rute lintho tseo a neng a ithutile tsona kerekeng. Hape, o ile a ameha maikutlo ha a ntse a bala Bibele ’me a hlokomela hore na morero oa Molimo ke ofe ka lefatše.

O re: “Joale ke kholisehile hore Bibele eo ke e balang ke mpho e tsoang ho Molimo. Hape, haeba Molimo o na le matla a ho bōpa lintho tsohle, na o ne a ke ke a khona ho re fa buka a be a e sireletse? Re tla be re halala matla a Molimo haeba re hanana le taba eo. Ke ne ke boetse ke le mang hore ke halale matla a Molimo?”—Esaia 40:8.

^ ser. 3 Bala sehlooho se reng “Ke Joang U ka Khethang Bibele e Fetoletsoeng Hantle?Molula-Qhooeng oa May 1, 2008.