Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Jesu o ne a tšoara balepera joang?

Mehleng ea Jesu, Bajuda ba ne ba tšaba lepera. Lepera le ne le senya motho litšobotsi ’me le senya le methapo ea kutlo hoo a neng a ka qetella a sa utloe. Le ne le se na pheko. Motho ea tšoeroeng ke lepera o ne a sa lokela ho lula le batho ba bang hape o ne a lokela ho ba hlokomelisa hore o tšoeroe ke lefu lena.—Levitike 13:45, 46.

Baeta-pele ba Bajuda ba ne ba thatafalletsa balepera bophelo ka hore ba fetelletse melao e neng e behiloe ka Mangolong ea hore na molepera o lokela ho tšoaroa joang. Ho etsa mohlala, melao ea bo-rabi e ne e re motho o lokela ho emella hōle le molepera ka limithara tse peli. Empa haeba ho le moea, motho o ne a lokela ho emella hōle le molepera ka limithara tse 45. Batho ba bang ba ne ba lumela hore Mangolo a ruta hore molepera ha aa lokela ho lula motseng empa o lokela ho lula “ka ntle ho liahelo.” Ke kahoo ha rabi a ne a ka bona molepera motseng, a neng a mo fethetsa ka majoe ’me a re: “Khutlela sebakeng sa hao, ’me u se ke oa silafatsa batho ba bang.”

Jesu o ne a sa etse joalo. Ho e-na le hore a leleke balepera, o ne a ba tšoara a bile a ba folisa.—Matheu 8:3.

Ke tlas’a maemo afe moo baeta-pele ba Bajuda ba neng ba lumella monna hore a hlale mosali?

Lengolo la tlhalo la selemo sa 71 kapa 72 mehleng ea baapostola

Lilemong tsa bo-1 ho ea ho 100 mehleng ea baapostola, baeta pele ba Bajuda ba ne ba sa lumellane ka hore na monna a ka hlala mosali oa hae tlas’a maemo afe. Kahoo, ka letsatsi le leng Bafarisi ba ile ba botsa Jesu ba re: “Na ho lumelloa ke molao hore monna a hlale mosali oa hae ka lebaka leha e le lefe?”—Matheu 19:3.

Molao oo Jehova a ileng a o fa Moshe o ne o lumella monna ho hlala mosali oa hae haeba feela a “fumane ntho e sa hlompheheng ho eena.” (Deuteronoma 24:1) Mehleng ea Jesu, ho ne ho e-na le likolo tse peli tsa bo-rabi tse neng li sa lumellane ka tlhaloso ea molao oo. Sekolo sa Shammai se neng se tloaelehile ka ho beha melao e thata, se ile sa hlalosa hore lebaka feela leo monna a ka hlalang mosali oa hae ka lona ke haeba a kopanetse “boitšoarong bo litšila” e leng bofebe. Empa Sekolo sa Hillel sona se ne se re monna a ka hlala mosali haeba ba sa utloane lenyalong esita le haeba e le bothata bo bonyenyane feela. Hamorao se ile sa ruta hore monna a ka hlala mosali oa hae haeba a chesitse lijo kapa a fumane mosali e motle ho mo feta.

Empa Jesu o ile a arabela Bafarisi joang? O ile a re: “Mang kapa mang ea hlalang mosali oa hae, haese ka lebaka la bohlola, ’me a nyala e mong oa feba.”—Matheu 19:6, 9.