Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lintho Tsa Bohlokoa Tseo U ka li Bapisang Bophelong

Lintho Tsa Bohlokoa Tseo U ka li Bapisang Bophelong

NA U MOKRESTE? Haeba ho joalo u karolo ea batho ba fetang libilione tse peli ba phelang lefatšeng ba ipitsang balateli ba Kreste. Mehleng ena ho na le malumeli a mangata a ipitsang a Bokreste empa a arohantsoe ke litloaelo tse hanyetsanang le ho fapana ha maikutlo. Kahoo ho ka etsahala hore tumelo ea hao e fapane le ea batho ba bang ba ipolelang hore ke Bakreste. Na hoa tsotelleha hore na u lumela eng? E, hoa tsotelleha haeba u hlile u batla ho latela tsela ea Bokreste kamoo Bibele e rutang kateng.

Balateli ba pele ba Jesu Kreste ba ile ba tsebahala ka hore ke “Bakreste.” (Liketso 11:26) Ho ne ho sa hlokahale hore ba bitsoe ka mabitso a mang e le ho ba khetholla kaha ho ne ho e-na le tumelo e le ’ngoe feela ea Bokreste. Bakreste ba ne ba mamela lithuto le melao ea Mothehi oa tumelo ea Bokreste e leng Jesu Kreste. Ho thoeng ka kereke ea hao? Na u lumela hore e ruta seo Kreste a neng a se ruta le seo balateli ba pele ba Jesu ba neng ba se lumela? U ka tseba seo joang? Ka hore u ithute Bibele.

Nahana ka sena: Jesu Kreste o ne a hlompha Mangolo ’me aa nka e le lentsoe la Molimo. O ne a sa lumellane le batho ba neng ba hanyetsa lithuto tsa Bibele ’me ba ruta lithuto tsa batho. (Mareka 7:9-13) Ka lebaka lena re ka fihlela qeto ea hore balateli ba ’nete ba Jesu ba theha seo ba se lumelang Bibeleng. Kahoo, Mokreste e mong le e mong o lokela ho ipotsa potso ena: ‘Na lithuto tse rutoang kerekeng ea ka li lumellana le seo Bibele e se buang?’ E le ho araba potso ena, ke hobane’ng ha u sa bapise seo kereke ea hao e se rutang le seo ha e le hantle Bibele e se rutang?

Jesu o itse borapeli ba rōna ho Jehova bo lokela ho thehoa ’neteng e fumanoang ka Bibeleng. (Johanne 4:24; 17:17) Moapostola Pauluse o ile a re e le hore re pholohe re lokela ho ba le ‘tsebo e nepahetseng ea ’nete.’ (1 Timothea 2:4) Kahoo ho hlokahala hore re thehe tumelo ea rōna linneteng tse rutoang ke Bibele hobane haeba re etsa joalo re tla pholoha.

U KA BAPISA SEO U SE LUMELANG LE SEO BIBELE E SE RUTANG JOANG?

Re kopa hore u bale lipotso tse tšeletseng tse hlahang mona ’me u hlokomele hore na Bibele e li araba joang. Bala litemana tse qotsitsoeng tsa Bibele ’me u nahanisise ka likarabo tseo e fanang ka tsona. Ipotse: ‘Na lithuto tse rutoang kerekeng ea ka li lumellana le seo Bibele e se rutang?’

Ho ipotsa lipotso tsena tse khutšoanyane ho ka u thusa hore u bapise ka tsela e molemo ka ho fetisisa. Na u ka bapisa lithuto tse rutoang kerekeng ea hao le seo Bibele e se rutang? Lipaki Tsa Jehova li ka thabela ho u thusa ho hlahloba ’nete e rutoang ke Bibele. Ke hobane’ng ha u sa kōpe e mong oa Lipaki Tsa Jehova hore a u thuse ho ithuta Bibele kapa u kene websaeteng ea jw.org/st?