Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | U KA FUMANA MATŠELISO HOKAE?

Molimo o re Tšelisa Joang?

Molimo o re Tšelisa Joang?

Moapostola Pauluse o ile a re Jehova * ke “Molimo oa matšeliso ’ohle, ea re tšelisang matšoenyehong ’ohle a rōna.” (2 Bakorinthe 1:3, 4) Kahoo, Bibele e re tšepisa hore Molimo a ke ke a sitoa ho re thusa le ho re tšelisa mathateng afe kapa afe ao re tobanang le ’ona.

Ho na le ntho eo re lokelang ho e etsa haeba re batla hore Molimo a re tšelise. Na ngaka e ka thusa motho haeba ba sa behelana nako ea ho kopana? Moprofeta Amose o kile a botsa a re: “Na ba babeli ba tla tsamaea hammoho ntle le hore ebe ba behelane nako ea ho kopana?” (Amose 3:3) Ke kahoo Bibele e reng: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.”—Jakobo 4:8.

Empa re tseba joang hore Molimo a ka fela a atamela ho rōna? Lebaka la pele ke hore Molimo o boletse ka makhetlo a mangata hore o batla ho re thusa. (Sheba  lebokose le sehloohong sena.) Lebaka la bobeli ke hore ho na le bopaki bo bongata ba batho bao Molimo a ileng a ba thusa, ba mehleng ena le ba nakong e fetileng.

Morena Davida o ne a e-na le mathata a tšoanang le ao batho ba bangata mehleng ena ba nang le ’ona. Davida o kile a kōpa Jehova a re: “Utloa lentsoe la likōpo tsa ka tse tiileng ha ke hoeletsa ho kōpa thuso ho uena.” Na Jehova o ile a araba thapelo eo? E, hamorao Davida o ile a re: “Ke thusitsoe, hoo pelo ea ka e thabileng.”—Pesaleme ea 28:2, 7.

JESU O TŠELISA BATHO BA UTLOILENG BOHLOKO JOANG?

Jehova o khethile Jesu hore a tšelise bohle ba utloileng bohloko. Mosebetsi o mong oo Jesu a o filoeng ke hore a “tlamise ba robehileng lipelo” le “ho tšelisa bohle ba siameng.” (Esaia 61:1, 2) Joalokaha Bibele e bolela, Jesu o tsotella “bohle ba sehlang le ba imetsoeng.”—Matheu 11:28-30.

Jesu o ne a tšelisa batho ka ho ba fa likeletso le ho ba tšoara ka mosa. O ne a bile a phekola ba kulang. Ka letsatsi le leng monna ea tšoeroeng ke lepera o ile a tla ho Jesu ’me a re: “Haeba feela u batla, u ka ntlhoekisa.” Jesu o ile a susumetsoa ke khauho eaba o re: “Kea batla. Hloeka.” (Mareka 1:40, 41) Monna eo o ile a fola.

Mehleng ena, Jesu ha a sa le eo lefatšeng bakeng sa ho thusa batho ba hlaheloang ke mathata. Empa Bibele e re Jehova ke “Molimo oa matšeliso ’ohle,” ’me u thusa bohle ba mathateng. (2 Bakorinthe 1:3) Nahana ka litsela tse ’nè tseo Jehova a li sebelisang ho tšelisa batho mehleng ena.

  • Bibele. “Lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa ho re laea, e le hore ka mamello ea rōna le ka matšeliso a tsoang Mangolong re ka ba le tšepo.”—Baroma 15:4.

  • Moea o Halalelang. Nakoana ka mor’a lefu la Jesu, ho ile ha e-ba le khotso phuthehong eohle ea Bokreste. Bakreste bao ba thusitsoe ke ho “tsamaea tšabong ea Jehova le matšelisong a moea o halalelang.” (Liketso 9:31) Moea o halalelang ke matla ao Molimo a a sebelisang. Moea ona o matla haholo ’me Molimo a ka o sebelisa ho thusa motho e mong le e mong mathateng a hae.

  • Thapelo. Bibele e re khothalletsa hore re ‘se ke ra tšoenyeha ka letho.’ Ho e-na le hoo e re: “Likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello.”—Bafilipi 4:6, 7.

  • Bakreste-’moho. Bakreste-’moho ke metsoalle ea rōna e re tšelisang ha re le mathateng. Moapostola Pauluse o ile a re metsoalle ea hae ke “thuso e matlafatsang” linakong tse thata.—Bakolose 4:11; 1 Bathesalonika 3:7.

Empa u ka ’na ua ipotsa hore na litsela tsena tse ’nè tseo Molimo a re tšelisang ka tsona li ka re thusa joang ha re e-na le mathata. A re ke re hlahlobeng mehlala ea batho bao re buileng ka bona sehloohong se fetileng. Joaloka bona, le uena u ka bona ha Jehova a phethahatsa tšepiso ea hae e reng: “Joaloka motho eo ’m’ae a ntseng a mo tšelisa, kahoo le ’na ke tla ’ne ke le tšelise.”—Esaia 66:13.

^ ser. 3 Jehova ke lebitso la Molimo le hlahang ka Bibeleng.