Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | U KA FUMANA MATŠELISO HOKAE?

U ka Fumana Matšeliso ha U le Mathateng

U ka Fumana Matšeliso ha U le Mathateng

Batho ba hlaheloa ke mathata a fapaneng. Le hoja re ke ke ra khona ho bua ka bothata bo bong le bo bong bo hlahelang batho, a re ke re bueng ka mehlala ea batho ba bane bao re buileng ka bona qalong. Hlokomela kamoo Molimo a ileng a tšelisa batho mathateng a bona a fapaneng.

HA U FELLOA KE MOSEBETSI

“Ke ile ka itloaetsa ho etsa mosebetsi o mong le o mong o teng le ho qoba ho senya chelete.”—Jonathan

Ntate e mong ea bitsoang Seth * o re: “’Na le mosali oa ka re ile ra felloa ke mosebetsi ka nako e le ’ngoe. Re ile ra tlameha ho phela ka liphallelo le ho batla mesebetsi ea nakoana ka lilemo tse peli. Sena se ile sa etsa hore mosali oa ka a nyahame a be a ikutloe a se na thuso.”

Ha Seth a hlalosa hore na ba thusitsoe ke eng o re: “Mosali oa ka Priscilla o ne a lula a ikhopotsa mantsoe a Jesu a ho Matheu 6:34. Jesu o ile a re ha rea lokela ho tšoenyeha ka lintho tse tla etsahala hosane hobane letsatsi ka leng le na le mathata a lona. Ho rapela ho ile ha mo thusa ho lula a e-na le matla a ho tsoela pele ka bophelo. ’Na ke ile ka tšelisoa ke Pesaleme ea 55:22. Joaloka mopesaleme Davida, ke ile ka lahlela mathata a ka ho Jehova ’me o ile a nthusa. Ke ile ka boela ka fumana mosebetsi, leha ho le joalo re batla feela litlhoko tsa ho tsoela pele ka bophelo ’me re mamela keletso ea Jesu e ho Matheu 6:20-22. Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore re na le kamano e ntle le Jehova, hape lelapa la rōna le thabile.”

Ntate e mong ea bitsoang Jonathan o re: “Ke ne ke tšohile ha khoebo ea lelapa e oa ’me ke ipotsa hore na bokamoso bo tla ba joang. Khoebo ea rōna e neng e e-na le lilemo tse 20 e ile ea oa ka lebaka la ho putlama ha moruo. ’Na le mohats’aka re ne re se re lula re qabanela chelete. Re ne re sa khone le ho sebelisa karete ea rōna ea mokitlane hobane re tšaba hore e ke ke ea sebetsa.

“Ho bala Bibele le ho kōpa thuso ea moea o halalelang ho ile ha re thusa ho etsa liqeto tse nepahetseng. Ke ile ka itloaetsa ho etsa mosebetsi o mong le o mong o teng le ho qoba ho senya chelete. Kaha re Lipaki Tsa Jehova, re ile ra boela ra fumana thuso ho balumeli-’moho. Ba ile ba etsa hore re boele re be le boitšepo ’me ba re fa thuso nakong eo re hlileng re e hlokang.”

HA U HLALANA LE MOLEKANE OA HAO

’Mè e mong ea bitsoang Raquel o re: “Ke ne ke halefile ke bile ke utloile bohloko ha monna oa ka a ntšiea. Ke ne ke lula ke sa thaba. Empa ke ile ka ba le kamano e ntle le Molimo ’me o ile a ntšelisa. Ho rapela kamehla ho ile ha nthusa hore ke be le khotso. Ke ile ka hlokomela hore Jehova o thobile pelo ea ka.

“Bibele e nthusitse hore ke se ke ka lula ke halefile kapa ke utloile bohloko. Ke ile ka nahanisisa ka ho teba ka mantsoe a moapostola Pauluse a hlahang ho Baroma 12:21 a reng: ‘U se ke ua itlohela hore u hlōloe ke bobe, empa u ’ne u hlōle bobe ka botle.’”

“Ho na le nako ea ho ‘tela se lahlehileng.’. . . Hona joale ke tsoela pele ka bophelo.”—Raquel

“Motsoalle e mong oa ka o ile a nkeletsa hore ke tsoele pele ka bophelo. O ile a mpontša lengolo la Moeklesia 3:6 ’me a ntlhokomelisa hore ho na le nako ea ho ‘tela se lahlehileng.’ Ho ne ho se bonolo ho amohela keletso eo, empa ke sona seo ke neng ke lokela ho se etsa. Hona joale ke tsoela pele ka bophelo.”

Elizabeth o re: “Ha u hlalana le molekane oa hao, u hloka motho ea ka u tšehetsang. Ke ne ke e-na le motsoalle ea neng a oa a tsoha le ’na kamehla. O ne a lla le ’na, a ntšelisa a bile a etsa hore ke ikutloe ke ratoa. Ke kholisehile hore ke Jehova ea neng a mo sebelisa hore a ntšelise.”

HA U KULA KAPA U TSOFETSE

“Ha ke qeta ho rapela, moea oa hae o halalelang o oa ’matlafatsa.”—Luis

Luis, eo re buileng ka eena sehloohong se qalang o ne a tšoeroe ke lefu la pelo ’me a batla a e-shoa ka makhetlo a mabeli. Hona joale o hloka ho lula a le mochineng o mo thusang ho hema ka lihora tse 16 ka letsatsi. Luis o re: “Ke lula ke rapela Jehova. Ha ke qeta ho rapela, moea oa hae o halalelang o oa ’matlafatsa. Ho rapela ho etsa hore ke khothale hobane kea tseba hore Jehova o ntsotella e le kannete.”

Nkhono e mong ea bitsoang Petra o re: “Ho na le lintho tse ngata tseo ke batlang ho li etsa, empa ha ke khone. Ke utloa bohloko ha ke sa khone ho iketsetsa lintho. Ke lula ke khathetse ’me ke phela ka meriana. Ka linako tse ling ke hopola ha Jesu a ne a kōpa Ntate oa hae hore haeba ho khoneha, mathata a mang a ke a mo fete. Empa Jehova o ile a mo fa matla a ho mamella. Le ’na Jehova o oa ’matlafatsa. Thapelo ke moriana ho ’na ’me ke ikutloa hantle ka mor’a hore ke bue le Molimo.”—Matheu 26:39.

Julian, ea nang le lilemo tse ka bang 30 a tšoeroe ke boloetse ba ho satalla ha mesifa o ikutloa ka tsela e tšoanang. O re: “Le hoja ke hlahile ke phetse hantle, hona joale ke tsamaea ka setuloana sa batho ba holofetseng. Empa ke sa ntse ke phela bophelo bo thabisang kaha ke thusa ba bang. Ho thusa batho ba bang ho fokotsa bohloko boo ke bo utloang. Ke kholisehile hore Jehova o phethahatsa tšepiso ea hae ea hore o tla re hlokomela. Ke bua joaloka moapostola Pauluse ea ileng a re: ‘Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.’”—Bafilipi 4:13.

HA U SHOETSOE

Antonio o re: “Ke ne ke sa kholoe ha ke utloa hore ntate oa ka o thutsoe ke koloi ’me o hlokahetse. Ntho e utloisang bohloko haholo ke hore e ne e se phoso ea hae. Empa ho ne ho se letho leo nka le etsang. O ile a qeta matsatsi a mahlano a akhehile, eaba ka mor’a moo o oa hlokahala. Ke ne ke sa batle ho lla ’Mè a nchebile, empa ke ne ke lla habohloko ha ke le mong. Ke lula ke ipotsa hore na ke hobane’ng ha sena se etsahetse.

“Nakong eo e boima ke ne ke lula ke kōpa hore Jehova a nthuse ho laola maikutlo le hore ke boele ke thabe. Ha nako e ntse e e-ea, maikutlo a ka a ile a kokobela. Ke ile ka hopola hore Bibele e re ‘bohle ba hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang.’ Kaha Molimo a ke ke a bua leshano, ke kholisehile hore ke tla boela ke kopana le ntate oa ka mohla a tsosoang.”—Moeklesia 9:11; Johanne 11:25; Tite 1:2.

“Le hoja mora oa rōna a hlokahalletse kotsing ea sefofane, re sa ntse re hopola linako tse monate tseo re bileng le tsona le eena.”—Robert

Robert, eo re buileng ka eena sehloohong se fetileng le eena o ikutloa ka tsela e tšoanang. O re: “’Na le mosali oa ka re ile ra ba le khotso e hlalosoang lengolong la Bafilipi 4:6, 7. Ho rapela Jehova ke hona ho ileng ha re thusa hore re be le khotso. Khotso eo e re thusitse ho bolella baqolotsi ba litaba ka tšepo eo re nang le eona ea tsoho. Le hoja mora oa rōna a hlokahalletse kotsing ea sefofane, re sa ntse re hopola linako tse monate tseo re bileng le tsona le eena. Re lula re nahana ka tsona.

“Ha balumeli-’moho ba re bolella hore ba re bone re bua re khobile matšoafo ka tšepo ea tsoho thelevisheneng, re ile ra ba bolella hore ke ka lebaka la lithapelo tsa bona. Ke lumela hore haesale Jehova a re tšehetsa le ho re tšelisa a sebelisa likhothatso tse tsoang ho bona.”

Joalokaha mehlala e ka holimo e bontša, Molimo a ka khona ho tšelisa batho mathateng ’ohle a bona. Na le uena Molimo a ka u tšelisa? E, Molimo a ka u tšelisa mathateng ’ohle a hao. * Joale ke hobane’ng ha u sa kōpe hore Jehova a u thuse? Bibele e re ke “Molimo oa matšeliso ’ohle.”—2 Bakorinthe 1:3.

^ ser. 5 Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.

^ ser. 23 Haeba u batla motho ea ka u thusang ho ba le kamano e ntle le Molimo le ho fumana matšeliso a hae, ka kōpo ikopanye le Lipaki Tsa Jehova tse sebakeng sa heno kapa u ngolle ofisi ea lekala e haufi le uena.