Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

BONTŠA TUMELO E TŠOANANG LE EA BONA | DAVIDA

“Ntoa ke ea Jehova”

“Ntoa ke ea Jehova”

MASOLE a ne a baleha moleng oa ntoa ka lebaka la letsoalo, empa Davida eena o ne a le sebete. A ne a tšohile eng? E tlameha ebe Davida o ne a lula a utloa masole a pheta-pheta lentsoe le le leng. A ne a bitsa lebitso la motho. Qetellong Davida o ile a bona monna eo a eme phuleng. Mohlomong o ne a qala ho bona monna oa seqhenqha ea joaloka eo.

E ne e le Goliathe! Davida o ile a hlokomela hore na ke hobane’ng ha masole a ne a mo tšaba. Goliathe e ne e le senatlahali sa monna. E ka ’na eaba o ne a le boima ba banna ba babeli esita leha a sa apara liaparo tsa ntoa. O ne a hlometse, a le matla a bile a e-na le boiphihlelo ntoeng. Goliathe o ile a qholotsa Baiseraele. Ak’u nahane feela a bua ka lentsoe le matla ’me a nyefola lebotho la Iseraele hammoho le morena oa lona e leng Saule. O ile a ba qholotsa a re monna ofe kapa ofe a tle ’me a loane le eena.—1 Samuele 17:4-10.

Baiseraele hammoho le morena oa bona Saule, ba ne ba mo tšaba. Davida o ile a hlokomela hore ho ’nile ha e-ba joalo nako e etsang khoeli. Letsatsi le letsatsi mabotho a Bafilista le Baiseraele a ne a kopana empa a sa loane, ho e-na le hoo, a mamela ha Goliathe a ntse a nyefola Baiseraele. Taba ena e ile ea utloisa Davida bohloko. E ne e le ntho e soabisang hore e be morena oa Baiseraele, masole a hae hammoho le baholoane ba Davida ba bararo ba ile ba baleha Goliathe! Davida eena o ne a hlokomela hore Goliathe o ne a sa nyefole Baiseraele feela, empa o ne a rohaka Molimo oa Baiseraele e leng Jehova. Leha ho le joalo, Davida eo e neng e sa le mocha, o ne a tla etsa’ng? Re ka bontša tumelo e tšoanang le ea Davida joang mehleng ee? —1 Samuele 17:11-14.

“MO TLOTSE, ETSOE ENOA KE EENA!”

A re ke re ikhopotse se ileng sa etsahala likhoeling tse ’maloa tse fetileng. E ne e se e le mantsiboea ha Davida a hlokometse linku tsa ntat’ae leralleng le haufi le Bethlehema. Davida ne e le tjaka ea mohlankana oa seema ka litlhako a bile a shebahala a le bohlale. O ne a itlosa bolutu ka ho letsa harepa a bile a rata pōpo. O ne a se a tseba ho letsa liletsa tsa ’mino kaha o ne a lula a li bapala. Empa mantsiboeeng ao, Davida o ile a bitsoa. Ntate oa hae o ne a batla ho mo bona ka potlako.—1 Samuele 16:12.

O ile a fumana ntate oa hae e leng Jese, a ntse a bua le monna-moholo e mong. Monna-moholo eo e ne e le moprofeta Samuele ea tšepahalang. Jehova o ne a mo rometse hore a tlotse e mong oa bara ba Jese hore e be morena ea latelang oa Iseraele. Samuele o ne a se a ile a bontšoa ba supileng ba bona empa Jehova o ne a hlakisitse hore ha aa khetha bona. Ha Davida a fihla, Jehova o ile a re ho Samuele: “Mo tlotse, etsoe enoa ke eena!” Samuele o ile a bula lenaka le tšetseng oli e khethehileng eaba o e tšela holim’a hlooho ea Davida ka pel’a baholoane ba hae. Ka mor’a moo, bophelo ba Davida bo ile ba fetoha. Bibele e re: “Moea oa Jehova oa qala ho sebetsa ho Davida ho tloha letsatsing leo ho ea pele.”—1 Samuele 16:1, 5-11, 13.

Davida o ne a tseba hore o hlōtse libata tseo ka thuso ea Jehova

Na Davida o ile a qala ho nahana ka borena? Che, o ne a ikemiselitse ho emela hore moea oa Jehova o mo tataise e le hore a tsebe ho phetha boikarabelo boo. Pele seo se etsahala, o ile a tsoela pele ho etsa mosebetsi oa ho hlokomela linku. O ne a iteletse oona a bile a le sebete. Mohlape oa ntat’ae o ile oa batla o bolaoa ke bere le tau. Davida ha aa ka a li leleka feela a emeletse hojana. Ho e-na le hoo, o ile a li loantša e le hore a sireletse linku tsa ntat’ae. Ka makhetlo ao a mabeli, o ile a bolaea libata!—1 Samuele 17:34-36; Esaia 31:4.

Ka mor’a nako, Davida o ile a bitsoa hape. Morena Saule o ne a se a utloetse ka lintho tseo Davida a li entseng. Moea oa Jehova o ne o se o tlohile ho Saule. Le hoja e ne e ntse e le mohlabani ea matla, Jehova o ne a se a sa mo amohele kaha ha aa ka a mamela litaelo tsa hae. Kaha Jehova o ne a tlositse moea oa hae ho Saule, Saule o ne a lula a halefile, a sa tšepe batho a bile a le mabifi. Ha Saule a le ka tsela ena, o ne a kokobetsoa ke ’mino feela. Bahlanka ba bang ba Saule ba ne ba tseba hore Davida ke sebini ebile ke mohlabani. Kahoo Davida o ile a bitsoa ’me ea e-ba e mong oa libini tsa Saule le mohlabani oa hae.—1 Samuele 15:26-29; 16:14-23.

Bacha ba ka ithuta ho bontša tumelo e tšoanang le ea Davida. Hlokomela hore nakong eo Davida a phomotseng, o ne a etsa lintho tse mo thusang hore a atamele haufi le Jehova. Hape, o ile a ithuta ho etsa mosebetsi o tla mo tsoela molemo. Empa ka holim’a tsohle, o ile a mamela ha moea oa Jehova o mo tataisa. Re ithuta lintho tsa bohlokoa ho eena.—Moeklesia 12:1.

HO SE KE HA E-BA LE EA FELANG PELO KA LEBAKA LA HAE

Ha Davida a ntse a sebetsa ha Saule, o ne a atisa ho khutlela hae e le hore a hlokomele linku. Ka linako tse ling o ne a li hlokomela ka nako e telele. Ha Davida a ntse a hlokometse linku, Jese o ile a mo bitsa hore a isetse baholoane ba hae ba neng ba le ntoeng lijo. Davida o ile a nka lijo tseo eaba o leba khohlong ea Ela. Ha a fihla moo, o ile a makala ha a fumana mabotho a sa loane feela joalokaha ho hlalositsoe qalong ea sehlooho sena. Lebotho le leng le ne le eme ka lehlakoreng lena la khohlo ha le leng le eme ka ho lane, ’me a shebane.—1 Samuele 17:1-3, 15-19.

Davida o ne a sa rate seo a se bonang. O ne a sa utloisise hore na ke joang lebotho la Molimo ea phelang e leng Jehova, le ka balehang monna eo oa mohetene. Davida o ne a tseba hore mantsoe a nyefolang ao Goliathe a neng a a bua, a ne a rohaka Jehova. Kahoo o ile a qala ho buisana le masole hore a hlōle Goliathe. Ka mor’a nakoana, moholoane oa Davida e leng Eliabe, o ile a utloa seo Davida a neng a se bua. O ile a khalemela moen’ae habohloko ’me a re o tlile moo hobane feela a batla ho bona se ntseng se etsahala ntoeng. Empa Davida o ile a re ho eena: “Ke entse’ng joale? Na e ne e se lentsoe feela!” Eaba Davida o tsoela pele ho bua ka ho hlōla Goliathe ’me litaba tsena tsa fihla le ho Saule. Morena o ile a bitsa Davida.—1 Samuele 17:23-31.

Davida o ile a khothatsa morena ka hore ba se ke ba fela pelo ka lebaka la Goliathe. Saule le bahlanka ba hae ba ne ba nyahamisitsoe ke Goliathe. E ka ’na eaba ba ne ba ipapisa le monna eo oa seqhenqha ’me ba bona hore ba mo fihla thekeng kapa sefubeng. Ba ne ba bona hore o tla ba hlōla habonolo feela. Empa Davida o ne a sa bone lintho ka tsela eo. Joalokaha re tla hlokomela, o ne a li bona ka tsela e fapaneng hōle le eo. Kahoo, o ile a ithaopela ho loana le Goliathe.—1 Samuele 17:32.

Saule o ile a re: “Ha u khone ho futuhela Mofilista enoa ho loana le eena, etsoe u sa le moshanyana, ’me eena ke monna oa ntoa ho tloha boshanyaneng ba hae.” Na Davida e ne ehlile e le moshanyana? Che, o ne a le monyenyane haholo hore a kene ntoeng. Empa ho ne ho tsebahala hore Davida o ile a bolaea libata, hape o ne a se a le haufi le ho ba lilemo li 20.—1 Samuele 16:18; 17:33.

Davida o ile a khothatsa Saule ka hore a mo bolelle ka seo a ileng a se etsa ka tau le bere. Na o ne a iphahamisa? Che. Davida o ne a tseba hore na o khonne ho hlōla libata tseo joang. O ile a re: “Jehova, ea ileng a ntopolla marōng a tau le marōng a bere, ke eena ea tla ntopolla letsohong la Mofilista enoa.” Ka mor’a moo Saule o ile a re: “Tsamaea, ’me e se eka Jehova a ka ba le uena.”—1 Samuele 17:37.

Na u ka rata ho ba le tumelo joaloka Davida? Hlokomela hore Davida o ne a sa bue feela hore o batla ho ba le tumelo. O ne a lumela ho Molimo hobane a ithutile ka eena ’me a bone lintho tseo a mo etselitseng tsona. A tseba hore Jehova o sireletsa bahlanka ba hae le hore o phethahatsa litšepiso tsa hae. Re lokela ho ithuta ka Molimo e le hore re be le tumelo. Haeba re phela ka melao ea Jehova, tumelo ea rōna e tla matlafala.—Baheberu 11:1.

“JEHOVA O TLA NEHELANA KA UENA LETSOHONG LA KA”

Qalong, Saule o ile a fa Davida liaparo tsa hae tsa ntoa. Li ne li batla li tšoana le tsa Goliathe, li entsoe ka koporo ’me e ka ’na eaba li ne li e-na le makhakhapha a tšepe. Leha ho le joalo, Davida o ile a leka ho tsamaea a apere liaparo tseo, eaba oa hlokomela hore a ke ke a khona ho loana a li apere. Kaha e ne e se lesole, o ne a sa tloaela ho apara liaparo tsa ntoa. Ho ne ho le thata le ho feta hobane o ne a apere liaparo tsa Saule ea neng a le molelele ho feta banna bohle ba Iseraele. (1 Samuele 9:2) O ile a li hlobola kaofela eaba o apara liaparo tseo a li tloaetseng, e leng tsa molisa.—1 Samuele 17:38-40.

Davida o ile a nka lintho tseo a tloaetseng ho li nka ha a lisa, mokotla hammoho le letjeketjane. Le hoja letjeketjane le ka ’na la bonahala le se na thuso, e ne e le sebetsa sa bohlokoa. Letjeketjane ke mokotla o monyenyane oa letlalo o nang le marapo ’me e ne e le sebetsa sa bohlokoa bakeng sa balisa. Molisa o ne a kenya lejoe ka har’a mokotla oo, a tšoare marapo ’me a tsoke letjeketjane ka matla ebe o lokolla lerapo le leng ebe lejoe lea tsoa. Matjeketjane a ne a tšeptjoa hoo mabotho a mang a neng a e-na le masole a loanang ka ’ona.

Kahoo, kaha Davida o ne a hlometse, o ile a tsamaea ho ea kopana le sera sa hae. E ka ’na eaba Davida o ile a rapela ha a fihla lebōpong la nōka ’me a thonaka majoe a mahlano a boreleli. Ha a kena lebaleng la ntoa o ne a sa tsamaee empa o ne a matha!

Goliathe o ile a re’ng ha a bona motho eo a tlil’o loana le eena? Bibele e re: “A qala ho mo nyelisa hobane e ne e le moshanyana ebile a le mofubelu, a le ponahalo e ntle.” Goliathe o ile a halefa eaba o re: “Na ke ntja, hoo u tlang ho ’na ka melamu?” Ho hlakile hore o bone lintho tseo Davida a neng a li nkile, empa ha aa ka a bona letjeketjane. O ile a rohaka Davida ka lebitso la melimo ea Bafilista eaba o ikana hore o tla fa linonyana le liphoofolo tsa naha setopo sa hae.—1 Samuele 17:41-44.

Davida o ile a araba Goliathe ka mantsoe a sa lebaleheng. Nahana feela mohlankana eo a re ho Goliathe: “U tla ho ’na ka sabole le ka lerumo le ka lerumo le betsoang, empa ’na ke tla ho uena ka lebitso la Jehova oa mabotho, Molimo oa makhotla a Iseraele, eo u mo nyelisitseng.” Davida o ne a tseba hore matla a motho le libetsa e ne e se lintho tsa bohlokoa. Kaha Goliathe o ne a hlompholotse Jehova Molimo, o ne a tla nka khato. Joalokaha Davida a ile a bolela, “ntoa ke ea Jehova.”—1 Samuele 17:45-47.

Hase hore Davida o ne a sa bone hore Goliathe ke seqhenqha le hore o nkile libetsa. Leha ho le joalo, ha aa ka a lumella hore lintho tseo li mo nyahamise. Ha aa ka a etsa phoso eo Saule le lebotho la hae ba e entseng. O ne a sa ipapise le Goliathe. Ho e-na le hoo, o ile a bapisa Goliathe le Jehova. Le hoja Goliathe a ne a le molelele ho feta banna ba bang, e ne e se letho ha a bapisoa le Morena oa bokahohle. Ha e le hantle, ho Jehova o ne a lekana le kokoanyana eo a neng a tla e timetsa ka mor’a nakoana.

Davida o ile a matha a lebile ho Goliathe eaba o ntša lejoe ka mokotleng oa hae. A le kenya ka har’a letjeketjane eaba o le tsoka ka matla. Goliathe a atamela ho Davida, mohlomong a itširelelitse ka mojari oa thebe. Ho ka etsahala hore ebe bolelele ba Goliathe bo ne bo sa mo tsoele molemo kaha mojari oa hae oa thebe o ne a le mokhutšoanyane haholo hore a sireletse hlooho ea hae. Davida o ne a hlile a korotse hlooho ea hae.—1 Samuele 17:41.

Davida o ne a tseba hore esita le motho oa seqhenqha o monyenyane ha a bapisoa le Jehova Molimo

Davida a lokolla letjeketjane. U ka inahanela lebelo la lejoe leo ha le ea moo a korotseng teng. Jehova o ile a etsa bonnete ba hore lejoe la Davida le nepa Goliathe hantle phatleng. Eaba Goliathe o oela fatše ka sefahleho! E tlameha ebe mojari oa hae oa thebe o ile a matha la ntšoekhe ke letsoalo. Davida a atamela Goliathe eaba o nka sabole ’me o mo khaola hlooho ka eona.—1 Samuele 17:48-51.

Qetellong, Saule le masole a hae ba ile ba ba sebete. Eaba ba etsa mohoo oa ntoa ’me ba lelekisa Bafilista. Ho ile ha fela ha etsahala seo Davida a ileng a se bolella Goliathe hore: “Jehova . . . o tla nehelana ka lōna matsohong a rōna.”—1 Samuele 17:47, 52, 53.

Mehleng ena, bahlanka ba Molimo ha ba kenelle lintoeng. (Matheu 26:52) Leha ho le joalo, re lokela ho bontša tumelo e tšoanang le ea Davida. Re lokela ho mo etsisa ka hore re nke Jehova e le motho oa sebele, hape e le eena feela Molimo eo re lokelang ho mo sebeletsa le ea tšoaneloang ke tlhompho. Le hoja ka linako tse ling re ka utloa re imetsoe ke mathata, re lokela ho hopola hore mathata ao a manyenyane ha a bapisoa le matla a Jehova. Haeba re khetha ho sebeletsa Jehova ’me re ba le tumelo e tšoanang le ea Davida, re ke ke ra nyahamisoa ke bothata leha e le bofe. Ha ho letho leo Jehova a hlōlehang ho le etsa!