Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bibele E Re’ng?

Bibele E Re’ng?

’Muso oa Molimo ke Eng?

BATHO BA BANG BA LUMELA hore ’Muso oa Molimo ke boikutlo bo ka pelong ea motho; ba bang ba lumela hore batho ke bona ba tla tlisa khotso lefatšeng. Uena u re’ng?

SEO BIBELE E SE BUANG

“Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso o ke keng oa senngoa le ka mohla. . . . O tla silakanya o felise mebuso ena [ea batho] kaofela.” (Daniele 2:44) ’Muso oa Molimo ke puso ea sebele.

SEO RE ITHUTANG SONA HAPE BIBELENG

  • ’Muso oa Molimo o busa o le leholimong.—Matheu 10:7; Luka 10:9.

  • Molimo o sebelisa ’Muso oo ho phethahatsa thato ea hae leholimong le lefatšeng.—Matheu 6:10.

’Muso oa Molimo o tla neng?

UENA U RE’NG?

  • Ha ho na motho ea tsebang

  • Haufinyane

  • O ke ke oa tla

SEO BIBELE E SE BUANG

“Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” (Matheu 24:14) Ka mor’a hore litaba tse molemo li boleloe lefatšeng lohle, ’Muso oa Molimo o tla felisa tsamaiso ena e khopo ea lintho.

SEO RE ITHUTANG SONA HAPE BIBELENG

  • Ha ho motho ea tsebang hore na ’Muso oa Molimo o tla tla neng.—Matheu 24:36.

  • Boprofeta ba Bibele bo bontša hore ’Muso oa Molimo o tla tla haufinyane.—Matheu 24:3, 7, 12.