Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ananela Mosa o sa Tšoanelang oa Molimo

Ananela Mosa o sa Tšoanelang oa Molimo

“Kaofela re ile ra amohela mosa o sa tšoanelang holim’a mosa o sa tšoanelang.” —JOH. 1:16.

LIPINA: 95, 13

1, 2. (a) Pheta papiso ea mong’a tšimo ea morara. (b) Papisong ee, mong’a tšimo o bontšitse mosa o sa tšoanelang joang le ho ba seatla se bulehileng?

KA LE LENG, mong’a tšimo ea morara o ile a tsohella ’marakeng ho ea hira batho ba tla sebetsa tšimong ea hae. Batho bao a ileng a ba fumana ba ile ba lumela moputso oo a neng a re o tla ba fa oona eaba ba qala ho sebetsa. Mong’a tšimo o ne a hloka basebetsi ba bang, kahoo o ile a ’na a khutlela ’marakeng motšehare ho ea batla ba eketsehileng, a tšepisa ho fana ka moputso o loketseng le ho bao a ba hirileng motšehare oa mantsiboea. Ha e e-ba shoalane, o ile a bokella basebetsi hore a tl’o ba lefa, eaba kaofela o ba fa moputso o lekanang, ho sa tsotellehe hore na ba sebelitse lihora tse ngata kapa hora e le ’ngoe feela. Ha ba hiriloeng pele ba hlokomela sena, ba ile ba tletleba. Mong’a tšimo o ile a re: ‘Na ha rea ka ra lumellana ka moputso oo? Na ha ke na tokelo ea ho fa basebetsi ba ka moputso oo ke batlang ho ba fa oona? Le mōna hobane ke le seatla se bulehileng?’—Mat. 20:1-15.

2 Papiso ena ea Jesu e re hopotsa a mang a makhabane a Jehova ao Bibele e atisang ho bua ka ’ona, e leng ‘mosa oa hae o sa tšoanelang.’ (Bala 2 Bakorinthe 6:1.) Basebetsi ba sebelitseng hora e le ’ngoe ba ne ba sa tšoanela ho fuoa moputso o feletseng, empa mong’a tšimo o ile a ba bontša mosa o sa tšoanelang. Ha setsebi se seng se bua ka polelo “mosa o sa tšoanelang,” eo Libibeleng tse ngata e fetoletsoeng e le “mohau,” se ile sa re: “Polelo ena e bolela mpho eo motho a e fuoang a sa e sebeletsa ebile e sa mo tšoanela.”

MPHO EO JEHOVA A FANANG KA EONA

3, 4. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a bontša batho mosa o sa tšoanelang, hona o o bontšitse joang?

3 Mangolo a bua ka “mpho e sa lefelloeng ea mosa o sa tšoanelang oa Molimo.” (Baef. 3:7) Ke hobane’ng ha Jehova a re fa ‘mpho ee e sa lefelloeng,’ hona o re fa eona joang? Haeba re ne re etsa lintho tsohle tseo Jehova a batlang hore re li etse, mosa oa hae o ne o tla be o re tšoanela. Empa rea hlōleha. Ke kahoo Morena Solomone ea bohlale a ileng a ngola a re: “Ha ho motho ea lokileng lefatšeng ea tsoelang pele ho etsa se molemo ’me a sa etse sebe.” (Moek. 7:20) Moapostola Pauluse le eena o ile a re: “Bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo,” a boela a re “moputso oo sebe se o lefang ke lefu.” (Bar. 3:23; 6:23a) Ke oona moputso o re tšoanelang.

4 Empa kaha Jehova o rata batho, le hoja e le baetsalibe, o ile a ba bontša mosa o sa tšoanelang. Mpho e khōlō ka ho fetisisa eo a ileng a re fa eona, ke “Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši” ea ileng a tla lefatšeng ho tla re shoela. (Joh. 3:16) Kahoo, Pauluse o ile a ngola hore Jesu o “roesitsoe moqhaka oa khanya le tlhompho ka lebaka la hore o ile a utloisoa bohloko ke lefu, e le hore ka mosa o sa tšoanelang oa Molimo a ka latsoa lefu bakeng sa motho e mong le e mong.” (Baheb. 2:9) Ka sebele, “mpho eo Molimo a fanang ka eona ke bophelo bo sa feleng ka Kreste Jesu Morena oa rōna.”—Bar. 6:23b.

5, 6. Ho etsahala’ng ha re busoa ke (a) sebe? (b) mosa o sa tšoanelang?

5 Ho tlile joang hore batho bohle ba be le sebe ’me ba shoe? Bibele e re: “Ka tšito ea motho a le mong [Adama] lefu le ile la busa e le morena” ho bana ba Adama. (Bar. 5:12, 14, 17) Leha ho le joalo, hoa thabisa ho tseba hore re ka khetha ho se laoloe ke sebe. Haeba re bontša tumelo sehlabelong sa Kreste sa thekollo, re laoloa ke mosa o sa tšoanelang oa Jehova. Ka tsela efe? “Moo sebe se ileng sa ata, mosa o sa tšoanelang o ile oa ata haholo. Ka phello efe? Ea hore, feela joalokaha sebe se ile sa busa e le morena le lefu, ka ho tšoanang le mosa o sa tšoanelang o ka busa e le morena ka ho loka ka tebello ea bophelo bo sa feleng ka Jesu Kreste.”—Bar. 5:20, 21.

6 Le hoja re ntse re le baetsalibe, ha rea lokela ho lumella sebe hore se re laole. Ha re etsa sebe, re lokela ho kōpa Jehova hore a re tšoarele. Pauluse o ile a lemosa Bakreste a re: ‘Sebe ha sea lokela ho le laola, kaha ha le tlas’a molao empa le tlas’a mosa o sa tšoanelang.’ (Bar. 6:14) Kahoo, re laoloa ke mosa o sa tšoanelang. See se ba le phello efe? Pauluse o re: “Mosa o sa tšoanelang oa Molimo . . . o re rupella ho hana ho hloka bomolimo le litakatso tsa lefatše le ho phela ka ho hlaphoheloa kelellong le ho loka le boinehelo ba bomolimo har’a tsamaiso ena ea hona joale ea lintho.”—Tite 2:11, 12.

MOSA O SA TŠOANELANG “O BONTŠITSOENG KA LITSELA TSE SA TŠOANENG”

7, 8. Ho bolela’ng ho re mosa o sa tšoanelang oa Jehova ‘o bontšitsoe ka litsela tse sa tšoaneng’? (Sheba litšoantšo tse qalong.)

7 Moapostola Petrose o ile a ngola a re: “Ka tekanyo eo e mong le e mong a amohetseng mpho ka eona, le e sebelise ho sebeletsaneng joaloka batsamaisi ba khabane ba mosa o sa tšoanelang oa Molimo o bontšitsoeng ka litsela tse sa tšoaneng.” (1 Pet. 4:10) See se bolela’ng? Se bolela hore Jehova a ka re thusa hore re sebetsane ka katleho le liteko leha e le life tseo re ka tobanang le tsona.—1 Pet. 1:6.

8 Ka sebele mosa o sa tšoanelang oa Jehova o bontšitsoe ka litsela tse sa tšoaneng. Moapostola Johanne o ile a ngola a re: “Kaofela re ile ra amohela mosa o sa tšoanelang holim’a mosa o sa tšoanelang ho tsoa botlalong ba hae.” (Joh. 1:16) Re fumana litlhohonolofatso tse ngata ka lebaka la mosa oa Jehova o bontšitsoeng ka litsela tse sa tšoaneng. Tse ling tsa tsona ke life?

9. Mosa o sa tšoanelang oa Jehova o re tsoela molemo joang, hona re ka bontša joang hore rea o ananela?

9 Re tšoareloa libe. Ka lebaka la mosa o sa tšoanelang oa Jehova, re tšoareloa libe haeba re baka ’me re loana ka thata khahlanong le tšekamelo ea rōna ea boetsalibe. (Bala 1 Johanne 1:8, 9.) Re ka bontša hore re ananela mohau oa Molimo ka hore re mo tlotlise. Ha Pauluse a ngolla Bakreste-’moho le eena ba tlotsitsoeng, o ile a re: “[Jehova] o ile a re lopolla matleng a lefifi ’me a re fetisetsa ’musong oa Mora oa hae ea ratoang, eo ka eena re nang le tokollo ea rōna ka thekollo, tšoarelo ea libe tsa rōna.” (Bakol. 1:13, 14) Ho tšoareloa libe ho re bulela monyetla oa hore re fumane litlhohonolofatso tse ling tse babatsehang.

10. Mosa o sa tšoanelang oa Molimo o re tsoela molemo joang?

10 Re ba le kamano e ntle le Molimo. Kaha ha rea phethahala, ho tloha ha re hlaha feela, re se re ntse re le lira tsa Molimo. Pauluse o ile a lumellana le sena ha a re: “Ha re ne re le lira, re ile ra boelanngoa le Molimo ka lefu la Mora oa hae.” (Bar. 5:10) Poelano ena e etsa hore re be le khotso le Jehova. Pauluse o ile a re poelano ena e bile teng ka lebaka la mosa o sa tšoanelang oa Jehova, ’me a re ho barab’abo ba tlotsitsoeng: “Kaha joale ho boletsoe hore re lokile ka lebaka la tumelo, a re thabeleng khotso le Molimo ka Morena oa rōna Jesu Kreste, eo ka eena ka tumelo re boetseng re fumaneng katamelo ea ho kena moseng ona o sa tšoanelang oo joale re emeng ho oona.” (Bar. 5:1, 2) Ruri ena ke tlhohonolofatso!

Litsela tseo Molimo a bontšang mosa o sa tšoanelang ka tsona: Tlotla ea ho bolelloa litaba tse molemo (Sheba serapa sa 11)

11. Batlotsuoa ba thusa ba “linku tse ling” joang hore Jehova a ba nke ba lokile?

11 Re tlisoa ho lokeng. Kaofela re hlaha re sa loka. Empa moprofeta Daniele o ile a bolela esale pele hore nakong ea bofelo, “ba nang le temohisiso,” e leng batlotsuoa, ba tla ‘tlisa ba bangata ho lokeng.’ (Bala Daniele 12:3.) Batlotsuoa ba thusitse batho ba limilione ba “linku tse ling” ka ho ba ruta Bibele, e le hore le bona Jehova a ka ba nka ba lokile. (Joh. 10:16) Jehova o ba nka ba lokile ka lebaka la mosa oa hae o sa tšoanelang. Pauluse o ile a re: “Ho joaloka mpho e sa lefelloeng hore ebe ka mosa oa hae [Molimo] o sa tšoanelang ho ntse ho boleloa hore ba lokile ka tokollo e tlisitsoeng ke thekollo e lefiloeng ke Kreste Jesu.”—Bar. 3:23, 24.

Tlotla ea ho rapela (Sheba serapa sa 12)

12. Jehova o re buletse monyetla ofe ka mosa oa hae o sa tšoanelang?

12 Re ka rapela Molimo. Ka mosa oa hae o sa tšoanelang, Jehova o re buletse monyetla oa hore re atamele ho eena ka thapelo. Ha e le hantle, Pauluse o bitsa terone ea Jehova ‘terone ea mosa o sa tšoanelang,’ ’me o re mema hore re atamele ho eona “ka bolokolohi ba puo.” (Baheb. 4:16a) Jehova o re file tlotla ea hore re mo rapele re sebelisa lebitso la Mora oa hae, “eo ka eena re buang ka bolokolohi bona le katamelo ka kholiseho ka tumelo ea rōna ho eena.” (Baef. 3:12) Ka sebele, tlotla eo Jehova a re fileng eona ea hore re mo rapele, ke pontšo ea mosa oa hae o sa tšoanelang.

Ho fumana thuso ka nako e nepahetseng (Sheba serapa sa 13)

13. Mosa o sa tšoanelang o ka re thusa joang “ka nako e nepahetseng”?

13 Re fumana thuso ka nako e nepahetseng. Pauluse o re khothallelitse hore re rapele Jehova ka bolokolohi, “e le hore re ka fumana mohau le ho fumana mosa o sa tšoanelang bakeng sa thuso ka nako e nepahetseng.” (Baheb. 4:16b) Kamehla ha re tobane le liteko le mathata, re ka rapela Jehova hore a re thuse. Le hoja re sa tšoanelehe hore a ka araba lithapelo tsa rōna, hangata o li araba a sebelisa Bakreste-’moho le rōna, “e le hore re ka ba sebete ’me ra re: ‘Jehova ke mothusi oa ka; nke ke ka tšaba. Motho a ka nketsa’ng?’”—Baheb. 13:6.

14. Mosa o sa tšoanelang oa Jehova o re tsoela molemo joang?

14 Lipelo tsa rōna lia tšelisoa. Tlhohonolofatso e khōlō eo re e fumanang ka lebaka la mosa o sa tšoanelang oa Jehova ke hore a re tšelise ha re robehile lipelo. (Pes. 51:17) Ha Pauluse a ngolla Bakreste ba Thessalonika ba neng ba hlorisoa, o ile a re: “E se eka Morena oa rōna Jesu Kreste le Molimo Ntate, ba ileng ba re rata eaba ba fana ka matšeliso a sa feleng le tšepo e molemo ka mosa o sa tšoanelang, ba ka tšelisa lipelo tsa lōna le ho le tiisa.” (2 Bathes. 2:16, 17) Ka sebele hoa tšelisa ho tseba hore Jehova oa re hlokomela, ka lebaka la mosa oa hae!

15. Re na le tšepo efe ka lebaka la mosa o sa tšoanelang oa Molimo?

15 Re ba le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng. Kaha re baetsalibe, re ne re ke ke ra ba le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng. (Bala Pesaleme ea 49:7, 8.) Empa Jehova o re fa tšepo eo e babatsehang. Jesu o ile a re ho balateli ba hae: “Ena ke thato ea Ntate, hore e mong le e mong ea bonang Mora le ea bontšang tumelo ho eena a be le bophelo bo sa feleng.” (Joh. 6:40) Molimo o re file mpho ea bophelo bo sa feleng ka lebaka la mosa oa hae o sa tšoanelang. Pauluse o ile a re: “Mosa o sa tšoanelang oa Molimo o tlisang poloko ho batho ba mefuta eohle o bonahalitsoe.”—Tite 2:11.

U SE KE UA SEBELISA MOSA O SA TŠOANELANG OA MOLIMO HAMPE

16. Bakreste ba bang ba pele ba ile ba sebelisa mosa o sa tšoanelang oa Molimo hampe joang?

16 Le hoja re fumana litlhohonolofatso tse ngata ka lebaka la mosa o sa tšoanelang oa Jehova, ha rea lokela ho nahana hore o lumella boitšoaro bo bong le bo bong. Har’a Bakreste ba pele, ho na le ba bang ba ileng ba leka ‘ho fetola mosa o sa tšoanelang oa Molimo oa rōna boikemelo bakeng sa boitšoaro bo hlephileng.’ (Juda 4) Mohlomong Bakreste bana ba sa tšepahaleng ba ne ba nahana hore ba ka etsa sebe ka boomo, ba tšepile hore Jehova o tla ba tšoarela. Ho hobe le ho feta, ba ne ba leka ho susumetsa barab’abo bona ba bang hore ba etse liketso tse mpe. Le kajeno, motho ea etsang sebe ka boomo ‘o halefisa moea oa mosa o sa tšoanelang.’—Baheb. 10:29.

17. Petrose o ile a fana ka temoso efe e matla?

17 Kajeno, Satane o entse hore Bakreste ba bang ba nahane hore ba ka sebelisa mohau oa Molimo hampe ka hore ba etse sebe ebe ha ba fuoe kotlo. Le hoja Jehova a ikemiselitse ho tšoarela baetsalibe ba bakang, o lebeletse hore re loantše tšekamelo ea rōna ea boetsalibe. O ile a bululela Petrose hore a re: “Ka hona, lōna baratuoa, le e-na le tsebo ena e fanoeng esale pele, le itebele e le hore le se ke la hulanngoa hammoho le bona ke phoso ea batho ba nyelisang molao ’me la oa ho tieeng ha lōna. Che, empa le tsoele pele ho hōla moseng o sa tšoanelang le tsebong ea Morena le Mopholosi oa rōna Jesu Kreste.”—2 Pet. 3:17, 18.

RE LOKELA HO ANANELA MOSA O SA TŠOANELANG OA MOLIMO

18. Kaha Jehova o re bontšitse mosa o sa tšoanelang, re tlameha ho etsa’ng?

18 Kaha re ananela mosa oa Jehova, re lokela ho sebelisa limpho tseo a re fileng tsona hore re mo tlotlise re be re thuse batho ba bang. Re ka etsa seo joang? Pauluse oa araba: “Joale, kaha re na le limpho tse fapaneng ho ea ka mosa o sa tšoanelang oo re o filoeng, ebang ke . . . bosebeletsi, a re beng bosebeletsing bona; kapa ea rutang, a ke a be ho ruteng ha hae; kapa ea eletsang, a ke a be ho eletseng ha hae; . . . ea bontšang mohau, a ke a ho etse ka nyakallo.” (Bar. 12:6-8) Kaha Jehova o re bontšitse mosa o sa tšoanelang, re tlameha ho phathahana tšebeletsong ea Bokreste, re rute ba bang Bibele, re khothatse Bakreste-’moho le rōna, re be re tšoarele ba re siteloang.

19. Re tla bua ka mosebetsi ofe oa bohlokoa sehloohong se latelang?

19 Kaha re ananela lerato la Molimo, re lokela ho etsa sohle seo re ka se khonang “ho pakela ka ho phethahetseng litaba tse molemo tsa mosa o sa tšoanelang oa Molimo.” (Lik. 20:24) Re tla bua ka mosebetsi ona oa bohlokoa sehloohong se latelang.