Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bolelang Litaba Tse Molemo Tsa Mosa o sa Tšoanelang

Bolelang Litaba Tse Molemo Tsa Mosa o sa Tšoanelang

“Pakela ka ho phethahetseng litaba tse molemo tsa mosa o sa tšoanelang oa Molimo.”—LIK. 20:24.

LIPINA: 101, 84

1, 2. Moapostola Pauluse o ile a bontša joang hore o ananela mosa o sa tšoanelang oa Molimo?

KE KA nepo hore ebe moapostola Pauluse o ile a re, ‘Mosa o sa tšoanelang oa Molimo o neng o lebile ho ’na ha ea ka ea e-ba lefeela.’ (Bala 1 Bakorinthe 15:9, 10.) Pauluse o ile a hlokomela hore o ne a sa tšoaneloe ke mohau o moholo oa Molimo, kaha pele o ne a hlorisa Bakreste.

2 Ho elella qetellong ea bophelo ba hae, Pauluse o ile a ngolla Timothea eo e neng e le mosebetsi-’moho le eena mantsoe ana: “Ke leboha Kreste Jesu Morena oa rōna, ea ileng a mpha matla, hobane o ile a nkuka ke le ea tšepahalang ka hore a nkabele bosebeletsi.” (1 Tim. 1:12-14) Bosebeletsi boo e ne e le eng? Pauluse o ile a bolella baholo ba phutheho ea Efese hore na bo ne bo akarelletsa’ng, ha a re: “Ha ke etse hore moea oa ka e be oa bohlokoa leha e le bofe joalokaha eka ke o ratehang ho ’na, haeba feela nka qeta tsela ea ka ea peiso le bosebeletsi boo ke bo amohetseng ba Morena Jesu, ho pakela ka ho phethahetseng litaba tse molemo tsa mosa o sa tšoanelang oa Molimo.”Lik. 20:24.

3. Pauluse o ne a filoe mosebetsi ofe o khethehileng? (Sheba setšoantšo se qalong.)

3 Pauluse o ne a bolela litaba life tse molemo tse neng li bontša mosa o sa tšoanelang oa Jehova? O ile a re ho Bakreste ba Efese: “Le utloile ka botsamaisi ba mosa o sa tšoanelang oa Molimo oo ke ileng ka o fuoa bakeng sa lōna.” (Baef. 3:1, 2) Pauluse o ne a laetsoe ho phatlalatsa litaba tse molemo ho batho bao e seng Bajuda, e le hore le bona e ka ba karolo ea batho ba tla busoa ke Jesu ’Musong oa Bomesia. (Bala Baefese 3:5-8.) Taba ea hore Pauluse o ne a chesehela tšebeletso ea hae, e bontša hore o ne a sa nke mosa o sa tšoanelang oa Molimo e le “lefeela,” ’me o behetse Bakreste mohlala o motle.

NA U SUSUMETSOA KE MOSA O SA TŠOANELANG OA MOLIMO?

4, 5. Ke hobane’ng ha re ka re ‘litaba tse molemo tsa ’muso’ ke litaba tse molemo tsa “mosa o sa tšoanelang oa Molimo”?

4 Nakong ena ea bofelo, bahlanka ba Jehova ba laetsoe hore ba bolele ‘litaba tse molemo tsa ’muso lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona, hore e be bopaki ho lichaba tsohle.’ (Mat. 24:14) Molaetsa oo re o phatlalatsang, o boetse o bitsoa “litaba tse molemo tsa mosa o sa tšoanelang oa Molimo,” hobane litlhohonolofatso tseo re tla li fumana pusong ea Kreste, li tla ba teng ka lebaka la mosa oa Jehova. (Baef. 1:3) Na le rōna re ananela mosa o sa tšoanelang oa Jehova joaloka Pauluse, ka hore re bolele litaba tse molemo ka cheseho?—Bala Baroma 1:14-16.

5 Sehloohong se fetileng, re hlokometse kamoo mosa o sa tšoanelang oa Jehova o re tsoelang molemo kateng, le hoja re le baetsalibe. Kahoo, re lokela ho etsa sohle seo re ka se khonang ho thusa batho ba bang hore ba tsebe kamoo Jehova a ba ratang kateng, le hore na lerato leo le ka ba tsoela molemo joang. Re ka ba thusa joang hore ba ananele mosa o sa tšoanelang oa Molimo?

BOLELA LITABA TSE MOLEMO TSA SEHLABELO SA THEKOLLO

6, 7. Ke joang re bolelang litaba tse molemo tsa mosa o sa tšoanelang oa Molimo ha re ruta ba bang ka thekollo?

6 Mehleng ena ho etsa sebe e se e le ntho e tloaelehileng hoo batho ba bangata ba nahanang hore ha ba hloke thekollo. Leha ho le joalo, ba bangata baa hlokomela hore tsela eo ba phelang ka eona ha e ba thabise. Batho ba bangata ba e-s’o ka ba kopana le Lipaki Tsa Jehova, ha ba utloisise hore na sebe ke eng, se re ama joang le hore na re lokela ho etsa’ng e le hore re lokolohe bokhobeng ba sebe. Batho ba tšepahalang baa thaba ha ba ithuta hore Jehova ea lerato le ea nang le mosa o sa tšoanelang o ile a romela Mora oa hae lefatšeng ho tla re lopolla sebeng le lefung.—1 Joh. 4:9, 10.

7 Pauluse o ile a bua tjena ka Mora oa Jehova ea ratoang: “Ka eena [Jesu] re na le tokollo ka thekollo ka mali a eo, e, tšoarelo ea litšito tsa rōna, ho ea ka maruo a mosa oa hae [Jehova] o sa tšoanelang.” (Baef. 1:7) Sehlabelo sa Kreste sa thekollo ke tsela e khōlō ka ho fetisisa e bontšang hore Molimo oa re rata, hape se bontša kamoo mosa oa hae o sa tšoanelang o leng moholo kateng. Ruri hoa khatholla ho tseba hore haeba re bontša tumelo maling a Jesu a tšolotsoeng, re tla tšoareloa libe ’me re be le matsoalo a hloekileng! (Baheb. 9:14) Ka sebele tseo ke litaba tse monate tseo re ka li bolellang ba bang!

THUSA BA BANG HORE E BE METSOALLE EA MOLIMO

8. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore batho ba boelane le Molimo?

8 Re na le boikarabelo ba ho tsebisa batho hore e ka ba metsoalle ea ’Mōpi. Pele batho ba bontša tumelo sehlabelong sa Jesu sa thekollo, Molimo o ba nka e le lira. Moapostola Johanne o ile a ngola a re: “Ea bontšang tumelo ho Mora o na le bophelo bo sa feleng; ea sa mameleng Mora a ke ke a bona bophelo, empa khalefo ea Molimo e sala holim’a hae.” (Joh. 3:36) Ke ho thabisang ho tseba hore sehlabelo sa Kreste se re thusa hore re boelane le Molimo. Pauluse o ile a re: “Lōna bao le kileng la ba ba arohileng ’me la ba lira kahobane likelello tsa lōna li ne li le mesebetsing e khopo, joale o boetse o le boelantse ka ’mele oa nama oa eo ka lefu la hae.”—Bakol. 1:21, 22.

9, 10. (a) Kreste o file barab’abo ba tlotsitsoeng boikarabelo bofe? (b)  Ba “linku tse ling” ba thusa barab’abo bona ba tlotsitsoeng joang?

9 Kreste o file barab’abo ba tlotsitsoeng ba lefatšeng “bosebeletsi ba poelano.” Pauluse o ile a re ho Bakreste ba tlotsitsoeng ba mehleng ea hae: “Lintho tsohle li tsoa ho Molimo, ea ileng a re boelanya le eena ka Kreste ’me a re fa bosebeletsi ba poelano, e leng hore Molimo ka Kreste o ne a boelanya lefatše le eena, a sa ba balle litšito tsa bona, ’me o ile a re fa lentsoe la poelano. Ka hona re manģosa a emeng bakeng sa Kreste, joalokaha eka Molimo o ne a etsa kōpo e tiileng ka rōna. Re le baemeli ba Kreste rea kōpa: ‘Boelanang le Molimo.’”—2 Bakor. 5:18-20.

10 Ba “linku tse ling” ba nka e le tlotla ho thusa barab’abo bona ba tlotsitsoeng mosebetsing oa boboleli. (Joh. 10:16) Kaha ba sebeletsa e le baemeli ba Kreste, ba phetha karolo e khōlō ea ho ruta batho ’nete le ho ba thusa hore e be metsoalle ea Jehova. Ena ke karolo ea bohlokoa ea mosebetsi oa ho pakela ka ho phethahetseng litaba tse molemo tsa mosa o sa tšoanelang oa Molimo.

RUTA BA BANG HORE MOLIMO O ARABA LITHAPELO

11, 12. Ke litaba life tse molemo tseo re ka li rutang batho mabapi le thapelo?

11 Batho ba bangata ba tloaetse ho rapela hobane feela thapelo e ba thoba maikutlo, empa ha ba lumele hore Molimo o araba lithapelo tsa bona. Ba lokela ho tseba hore Jehova ke Molimo ea “Ea Utloang thapelo.” Mopesaleme Davida o ile a re: “Uena Ea Utloang thapelo, batho ba nama eohle ba tla tla ho uena. Lintho tse phoso li bile matla ho mpheta. Ha e le litlōlo tsa rōna, u tla li koahela.”—Pes. 65:2, 3.

12 Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Haeba le kōpa ntho leha e le efe ka lebitso la ka, ke tla e etsa.” (Joh. 14:14) Ho hlakile hore “ntho leha e le efe” e bolela lintho tsohle tse lumellanang le thato ea Jehova. Johanne oa re tiisetsa o re: “Ena ke kholiseho eo re nang le eona ho eena, hore, ho sa tsotellehe hore na ke eng eo re e kōpang ho ea ka thato ea hae, oa re utloa.” (1 Joh. 5:14) Ka sebele hoa thabisa ho ruta batho hore thapelo hase ntho feela e thobang maikutlo, empa ke tsela e babatsehang ea ho atamela “teroneng ea mosa o sa tšoanelang” oa Jehova! (Baheb. 4:16) Ha re ruta batho ho rapela, le hore ba rapelle litho tse nepahetseng ho Motho ea nepahetseng, re tla ba thusa hore ba atamele haufi le Jehova e le hore a ba tšelise nakong eo ba leng mahlomoleng.—Pes. 4:1; 145:18.

MOSA O SA TŠOANELANG LEFATŠENG LE LECHA

13, 14. (a) Ke tlotla efe eo batlotsuoa ba tla e thabela nakong e tlang? (b) Ke mosebetsi ofe o babatsehang oo batlotsuoa ba tla o etsetsa batho?

13 Jehova o tla re bontša mosa o sa tšoanelang le lefatšeng le lecha. Ha Pauluse a bua ka tlotla eo Molimo a e fileng ba 144 000, ba bitselitsoeng ho ea busa le Kreste leholimong, o ile a re: “Molimo, ea ruileng mohau, ka lebaka la lerato la hae le leholo leo a ileng a re rata ka lona, o ile a re phelisa hammoho le Kreste, esita leha re ne re shoele litšitong—le pholositsoe ka mosa o sa tšoanelang—’me o ile a re tsosa hammoho ’me a re lulisa hammoho libakeng tsa leholimo bonngoeng le Kreste Jesu, e le hore litsamaisong tse tlang tsa lintho ho ka bontšoa maruo a fetisisang a mosa oa hae o sa tšoanelang mohaung oa hae ho rōna bonngoeng le Kreste Jesu.”—Baef. 2:4-7.

14 Nahana feela hore na Jehova o lokiselitse Bakreste ba tlotsitsoeng lintho tse babatsehang hakaakang ha ba se ba busa le Kreste leholimong. (Luka 22:28-30; Bafil. 3:20, 21; 1 Joh. 3:2) Jehova o tla ba ‘bontša maruo a fetisisang a mosa oa hae o sa tšoanelang.’ E tla ba “Jerusalema e mocha,” e leng monyaluoa oa Kreste. (Tšen. 3:12; 17:14; 21:2, 9, 10) Ba tla sebetsa hammoho le Jesu “ho phekola lichaba,” ka hore ba thuse batho ba mamelang hore ba lokolohe sebeng le lefung le hore ba phethahale.—Bala Tšenolo 22:1, 2, 17.

15, 16. Jehova o tla bontša ba “linku tse ling” mosa o sa tšoanelang joang nakong e tlang?

15 Baefese 2:7 e re Molimo o tla bontša mosa o sa tšoanelang le “tsamaisong ea lintho e tlang.” Ka sebele, Jehova o tla bontša batho ba tla phela lefatšeng le lecha “maruo a fetisisang a mosa oa hae o sa tšoanelang.” (Luka 18:29, 30) E ’ngoe ea litsela tse babatsehang tseo Jehova a tla bontša mosa oa hae ka tsona, ke ka hore a tsose bafu “mabitleng.” (Jobo 14:13-15; Joh. 5:28, 29) Banna le basali ba tšepahalang ba ileng ba shoa pele ho lefu la Kreste, hammoho le ba “linku tse ling” ba shoang ba tšepahala matsatsing a ho qetela, ba tla tsosoa e le hore ba tsoele pele ba sebeletsa Jehova.

16 Batho ba limilione ba ileng ba shoa ba e-s’o ka ba ithuta ka Molimo, le bona ba tla tsosoa. Ba tla fuoa monyetla oa hore ba ikokobeletse bobusi ba Jehova. Johanne o re: “Ka bona bafu, ba baholo le ba banyenyane, ba eme ka pel’a terone, ’me meqolo ea buloa. Empa moqolo o mong oa buloa; ke moqolo oa bophelo. Bafu ba ile ba ahloloa ka lintho tse ngotsoeng meqolong eo ho ea ka liketso tsa bona. Leoatle la nehelana ka bafu ba ho lona, ’me lefu le Hadese tsa nehelana ka bafu ba ho tsona, eaba ba ahloloa ka bomong ho ea ka liketso tsa bona.” (Tšen. 20:12, 13) Ho hlakile hore batho ba tla tsosoa ba tla lokela ho ithuta melao-motheo ea Molimo e ka Bibeleng. Ho ekeletsa moo, ba tla lokela ho mamela litaelo tse ncha tse tla senoloa ka “meqolong,” tse hlalosang hore na Jehova o batla hore batho ba phele joang lefatšeng le lecha. Litaelo tseo tse ncha e tla ba tsela e ’ngoe eo Jehova a tla bontša batho mosa oa hae o sa tšoanelang.

TSOELANG PELE LE BOLELA LITABA TSE MOLEMO

17. Ke’ng eo re lokelang ho e hopola ha re etsa mosebetsi oa boboleli?

17 Hona joale ke habohlokoa le ho feta hore re bolele litaba tse molemo tsa ’Muso, kaha bofelo bo haufi! (Mar. 13:10) Ka sebele Jehova o bontša mosa o sa tšoanelang ka hore ho boleloe litaba tse molemo. Re lokela ho hopola sena ha re etsa mosebetsi oa boboleli. Morero oa rōna ha re etsa mosebetsi ona ke ho tlotlisa Jehova. Re ka tlotlisa Jehova ka hore re bolelle batho hore lintho tsohle tseo a tla re etsetsa tsona lefatšeng le lecha, o tla li etsa ka lebaka la mosa oa hae.

Re lokela ho cheseha kaha re “batsamaisi ba khabane ba mosa o sa tšoanelang oa Molimo.”—1 Pet. 4:10 (Sheba serapa sa 17-19)

18, 19. Re ka bontša joang hore re ananela mosa o sa tšoanelang oa Jehova?

18 Ha re ntse re bolella batho litaba tse molemo, re ka ba hlalosetsa hore ’Musong oa Kreste, batho bohle ba tla rua molemo sehlabelong sa thekollo ’me butle-butle ba phethahale. Bibele e re: “Pōpo le eona e tla lokolloa bokhobeng ba ho bola ’me e be le tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.” (Bar. 8:21) Sena se tla etsahala ka lebaka la mosa o sa tšoanelang oa Jehova.

19 Re na le tlotla ea ho bolella batho bohle tšepiso e thabisang e ho Tšenolo 21:4, 5, e reng: “[Molimo] o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.” Hape, Jehova ea lutseng teroneng o re: “Bona! Ke etsa hore lintho tsohle li be ncha.” O boetse o re: “Ngola, hobane mantsoe ana aa tšepahala ’me ke a ’nete.” Ha re bolela litaba tse molemo ka cheseho, re bontša hore re ananela mosa o sa tšoanelang oa Jehova!