Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Le Batle ’Muso oa Molimo Pele

Le Batle ’Muso oa Molimo Pele

“Le batle ’muso oa [Molimo] le sa khaotse, ’me lintho tsena le tla li ekeletsoa.”—LUKA 12:31.

LIPINA: 40, 98

1. Ha e le hantle phapang ke efe pakeng tsa lintho tseo re li hlokang le tseo re li batlang?

LINTHO tseo motho a li hlokang bophelong lia fokola, empa tseo a li batlang li ngata. Ho bonahala eka batho ba bangata ha ba tsebe phapang pakeng tsa lintho tseo ba li hlokang le tseo ba li batlang. Ha e le hantle, phapang ke efe? Lintho tseo u “li hlokang” ke tseo u lokelang ho ba le tsona e le hore u phele. Re hloka lijo, liaparo le bolulo e le hore re phele. Lintho tseo u “li batlang” ke tseo u ka ratang ho ba le tsona, empa u ka phela ntle ho tsona.

2. Tse ling tsa lintho tseo batho ba li batlang ke life?

2 Lintho tseo batho ba li batlang li ka ’na tsa fapana ho ea ka libaka. Linaheng tse futsanehileng, batho ba bangata ba ka ’na ba batla ho ba le chelete e lekaneng ho reka selefouno, sethuthuthu, kapa setša. Ba linaheng tse ruileng bona ba ka ’na ba batla ho reka liaparo tsa mabitso, matlo a majabajaba, kapa likoloi tse turu. Leha ho le joalo, bohle re kotsing ea ho oela lerabeng la ho rata lintho tse bonahalang, e leng ho lula re batla ntho’ena le ntho’ane, ho sa tsotellehe hore na rea e hloka kapa che, kapa hore na re na le chelete ea ho e reka kapa che.

QOBA LERABA LA LINTHO TSE BONAHALANG

3. Motho ea ratang lintho tse bonahalang ke ea joang?

3 Motho ea ratang lintho tse bonahalang ke ea joang? Ke ea tšoenyehang ka ho batla maruo, ho e-na le ho ameha ka ho hōlisa kamano ea hae le Molimo. Ho rata lintho tse bonahalang ho susumetsoa ke lintho tseo motho a lakatsang ho ba le tsona le tseo a li nkang e le tsa bohlokoa bophelong. Ho etsa hore motho a khalle ho ba le lintho tse ngata. Motho ea ratang lintho tse bonahalang a ka ’na a se be le chelete e ngata kapa a se reke lintho tse turu. Esita le batho ba futsanehileng ba ka oela lerabeng la ho rata lintho tse bonahalang ’me ba khaotsa ho batla ’Muso oa Molimo pele.—Baheb. 13:5.

4. Satane o sebelisa “takatso ea mahlo” joang?

4 Satane o sebelisa mekhatlo ea khoebo ho leka ho re qhekella hore re nahane hore ho ba le lintho tse ngata tseo re sa li hlokeng ke hona ho ka etsang hore re thabe bophelong. Oa ipabola tabeng ea ho sebelisa “takatso ea mahlo.” (1 Joh. 2:15-17; Gen. 3:6; Liprov. 27:20) Lefatše le re nonosa lintho tsa mefuta ena kaofela, ’me tse ling tsa tsona li ntle. Na u kile ua reka ntho e itseng eo u sa e hlokeng, hobane feela e ile ea u khahla ha e bapatsoa kapa ha u e bona ka lebenkeleng? Na hamorao u ile ua elelloa hore u ne u ntse u ka phela ntle ho eona? Lintho tse joalo tseo re sa li hlokeng li rarahanya bophelo ba rōna li bile lia re nyahamisa. Li ka re tšoasa ’me tsa re hlokisa nako ea ho ithuta Bibele, ho lokisetsa liboka le ho ba teng ho tsona hammoho le ho ea tšebeletsong ea tšimo. Hopola temoso ena ea moapostola Johanne, e reng: “Lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona.”

5. Ho etsahala’ng ka batho ba qetang nako e ngata ba bokella lintho tse bonahalang?

5 Satane o batla hore re be makhoba a Maruo, eseng a Jehova. (Mat. 6:24) Batho ba qetang nako e ngata ba bokella lintho tse bonahalang ba phela bophelo bo se nang morero, hape ha baa thaba ’me ha ba na kamano e ntle le Molimo. (1 Tim. 6:9, 10; Tšen. 3:17) Ba boemong bo tšoanang le boo Jesu a buileng ka bona papisong ea hae ea mojali. Ha peō ea Lentsoe la Molimo e jetsoe “har’a meutloa . . . , litakatso tsa lintho tse ling kaofela lia hlasela ’me li bipetsa lentsoe, ’me e ba le sa beheng.”—Mar. 4:14, 18, 19.

6. Re ithuta’ng mohlaleng oa Baruke?

6 A re nahaneng ka Baruke eo e neng e le mongoli oa moprofeta Jeremia. Ha timetso ea Jerusalema e boletsoeng esale pele e ntse e atamela, Baruke o ile a qala ho “ipatlela lintho tse khōlō” tse se nang thuso. Ha e le hantle, ntho feela eo a neng a lokela ho ameha ka eona e ne e le seo Jehova a mo tšepisitseng sona, ha a re: “Ke tla u neha moea oa hao e le thepa e hapuoeng.” (Jer. 45:1-5) Ho hlakile hore Molimo o ne a sa tl’o sireletsa thepa ea mang kapa mang ha motse oo o timetsoa. (Jer. 20:5) Le rōna ena hase nako ea ho ipokella ka lintho tse bonahalang, kaha re haufi le bofelo ba tsamaiso ena ea lintho. Ha rea lokela ho lebella hore re tla pholoha le thepa leha e le efe ea rōna nakong ea matšoenyeho a maholo, ho sa tsotellehe hore na ke ea bohlokoa hakae.—Liprov. 11:4; Mat. 24:21, 22; Luka 12:15.

7. Re tlil’o tšohla’ng sehloohong see, hona hobane’ng?

7 Jesu o re file keletso ea bohlokoa ea kamoo re ka fumanang lintho tseo re li hlokang bophelong, empa re sa khelosoe ke ho rata lintho tse bonahalang, kapa re sa ipakele matšoenyeho ho sa hlokahale. O fane ka keletso ena Thutong ea hae ea Thabeng. (Mat. 6:19-21) A re baleng re be re hlahlobe seo a se buileng ho Matheu 6:25-34. Ha re ntse re e bala re tla hlokomela hore re lokela ‘ho batla ’Muso oa Molimo re sa khaotse.’—Luka 12:31.

JEHOVA O RE FA LINTHO TSEO RE LI HLOKANG

8, 9. (a) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšoenyeha haholo ka lintho tseo re li hlokang? (b) Jesu o ne a tseba hore batho ba hloka eng?

8 Bala Matheu 6:25. Jesu o ile a re ho bamameli ba hae: “Khaotsang ho tšoenyeha ka meea ea lōna.” Ba ne ba tšoenyehile ka lintho tseo ba sa lokelang ho tšoenyeha ka tsona. Jesu o ne a e-na le lebaka le utloahalang la hore ba khaotse ho tšoenyeha. Ho tšoenyeha ho sa hlokahale, esita le ka lintho tseo re li hlokang e le hore re phele ho ka re ferekanya ’me ha re sitisa ho matlafatsa kamano ea rōna le Molimo. Jesu o ne a amehile ka balateli ba hae hoo a ileng a ba lemosa ka boemo bona bo kotsi ka makhetlo a mang a mane Thutong ea hae ea Thabeng.—Mat. 6:27, 28, 31, 34.

9 Ke hobane’ng ha Jesu a ile a re re se ke ra tšoenyeha ka hore na re tla ja’ng, kapa re tla noa’ng, kapa re tla apara’ng? Na tsee hase tse ling tsa lintho tseo re li hlokang e le hore re phele? Ka sebele ke tsona! Na re ke ke ra tšoenyeha haeba re se na mokhoa oa ho li fumana? E, re ka tšoenyeha, ’me Jesu o ne a tseba seo. O ne a tseba hore na batho ba hloka’ng e le hore ba phele. Ho phaella moo, o ne a tseba mathata ao balateli ba hae ba neng ba tla tobana le ’ona “matsatsing a ho qetela,” a tla tšoauoa ka “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” (2 Tim. 3:1) Batho ba bangata ba hula ka thata ka lebaka la ho hloka mosebetsi, ho phahama ha theko ea lintho, ho haelloa ke lijo le bofutsana. Leha ho le joalo, Jesu o ne a boetse a tseba hore ‘moea ke oa bohlokoa ho feta lijo le ’mele ke oa bohlokoa ho feta liaparo.’

10. Jesu o ile a re ke ntho efe e ka sehloohong eo balateli ba hae ba lokelang ho e rapella?

10 Jesu o ne a sa tsoa bolella bamameli ba hae hore ba lokela ho rapela Ntate oa bona ea leholimong hore a ba fe lintho tseo ba li hlokang, ba re: “Re fe kajeno bohobe ba rōna ba letsatsi lena.” (Mat. 6:11) Ketsahalong e ’ngoe o ile a re ba re: “Re fe bohobe ba rōna bakeng sa letsatsi ho ea ka tlhokahalo ea letsatsi.” (Luka 11:3) Empa keletso ena ha e bolele hore re lokela ho lula re nahana feela ka lintho tseo re li hlokang. Thapelong eona eo, Jesu o ile a re ntho e ka sehloohong eo re lokelang ho e rapella ke hore ’Muso oa Molimo o tle. (Mat. 6:10; Luka 11:2) Jesu o ile a tiisetsa bamameli ba hae hore Jehova o tla ba hlokomela, ’me a bontša kamoo Jehova a ’nileng a hlokomela pōpo ea hae hantle kateng.

11, 12. Re ithuta’ng tseleng eo Jehova a hlokomelang linonyana ka eona? (Sheba setšoantšo se qalong.)

11 Bala Matheu 6:26. Re lokela ho talima “linonyana tsa leholimo ka hloko.” Le hoja e le liphoofolo tse nyenyane, li ja litholoana, peō, likokoanyana le libōkō tse ngata. Ho latela ’mele ea tsona, li ja ho feta batho. Empa ha li leme kapa hona ho jala e le hore li je. Jehova o li fa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo li e hlokang. (Pes. 147:9) Ke ’nete hore ha a li sunye lijo ka hanong! Li lokela ho sela, ’me lijo li lula li le teng.

12 Jesu o ne a kholisehile hore Ntate oa hae ea leholimong ea khonang ho fepa linonyana a ke ke a hlōleha ho fa batho lintho tseo ba li hlokang. [1] (1 Pet. 5:6, 7) A ke ke a re sunya lijo ka hanong, empa a ka ’na a hlohonolofatsa boiteko ba rōna ba ho lema kapa ba ho batla chelete ea ho reka lintho tseo re li hlokang. A ka ’na a susumetsa batho ba bang hore ba re arolele seo ba nang le sona, haeba re se na letho. Le hoja Jesu a sa ka a bua ka hore li fuoa lihlaha, Jehova o li file bokhoni, bohlale le lintho tseo li li hlokang e le hore li ikahele tsona. Ka tsela e tšoanang, Jehova a ka re thusa ho fumanela ba malapa a rōna bolulo.

13. Ke eng e bontšang hore re ba bohlokoa ho feta linonyana?

13 Jesu o ile a botsa bamameli ba hae a re: ‘Na ha le ba bohlokoa ho feta linonyana?’ Ha ho pelaelo hore Jesu o ne a tseba hore o haufi le ho tela bophelo ba hae molemong oa batho. (Bapisa le Luka 12:6, 7.) Sehlabelo sa Kreste sa thekollo se fanoe molemong oa batho feela. Jesu ha a shoela linonyana, empa o re shoetse e le hore re be le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng.—Mat. 20:28.

14. Ke eng eo motho a ke keng a e etsa ka ho tšoenyeha?

14 Bala Matheu 6:27. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a re motho a ke ke a eketsa nako ea bophelo ba hae esita le ka setsoe se le seng feela ka ho tšoenyeha? Ke hobane ho tšoenyeha ho sa hlokahale ka lintho tseo re li hlokang ho ke ke ha re thusa hore re phele halelele. Ho e-na le hoo, ho ngongoreha ho feta tekano ho ka ’na ha khutsufatsa bophelo ba rōna.

15, 16. (a) Re ithuta’ng tseleng eo Jehova a hlokomelang likhahla tsa naha ka eona? (Sheba setšoantšo se qalong.) (b) Re lokela ho ipotsa lipotso life, hona hobane’ng?

15 Bala Matheu 6:28-30. Na ho na le motho ea sa rateng ho apara hantle, haholo-holo ha a ea libokeng le likopanong, kapa ha a ea tšimong? Empa na seo se bolela hore re lokela ho tšoenyeha ka liaparo? Le tabeng ena Jesu o re bontša mesebetsi e babatsehang ea Jehova. Litemaneng tsena re ka ithuta thuto ea bohlokoa ho “likhahla tsa naha.” E ka ’na eaba Jesu o ne a nahanne ka lipalesa tse ntle tsa naha tse kang khomo ea balisa, makholela le mohalalitoe. Lipalesa tsena ha li ohle, kapa hona ho ithōkela liaparo. Empa li etsa lithunthung tse ntle ka tsela e hlollang! Ke kahoo ‘esita le Solomone khanyeng eohle ea hae a sa kang a apara joaloka e ’ngoe ea tsona’!

16 Ntlha eo Jesu a neng a e bontša ke hore: ‘Haeba Molimo a apesa limela tsa naha joalo, na a ke ke a le apesa, lōna ba nang le tumelo e nyenyane?’ Ha ho pelaelo hore a ka re apesa! Empa barutuoa ba Jesu ba ne ba haelloa ke tumelo. (Mat. 8:26; 14:31; 16:8; 17:20) Ba ne ba lokela ho ba le tumelo e matla ’me ba tšepe Jehova. Na rōna re na le tumelo e matla? Na re kholisehile hore Jehova o batla ho re thusa le hore a ka khona ho re hlokomela?

17. Ke’ng e ka ’nang ea senya kamano ea rōna le Jehova?

17 Bala Matheu 6:31, 32. Ha rea lokela ho etsisa batho ba “lichaba,” ba sa lumeleng hore Ntate oa rōna ea leholimong o hlokomela batho ba etelletsang pele tšebeletso ea hae bophelong. Ho leka ho ipokellela “lintho tseo lichaba li li phehellang ka tabatabelo” ho ka senya kamano ea rōna le Jehova. Kahoo, re ka kholiseha hore haeba re etelletsa pele tšebeletso ea Jehova bophelong, a ke ke a hlōleha ho re fa lintho tseo re li hlokang. ‘Boinehelo ba bomolimo’ bo tla re thusa hore re khotsofale ha re e-na le lijo, liaparo le bolulo.—1 Tim. 6:6-8.

NA ’MUSO OA MOLIMO O TLA PELE BOPHELONG BA HAO?

18. Jehova o tseba’ng ka rōna, hona o tla re etsetsa’ng?

18 Bala Matheu 6:33. Balateli ba Jesu ba lokela ho beha ’Muso oa Molimo pele bophelong ba bona. Jesu o ile a re ha re etsa joalo, “lintho tsena tse ling tsohle [re] tla li ekeletsoa.” Ke hobane’ng ha a ne a bua joalo? Temaneng e tlang pele ho ena o ile a re: “Ntat’a lōna oa leholimo oa tseba hore le hloka lintho tsena tsohle,” e leng lijo, liaparo le bolulo. Jehova a ka khona ho re fa lintho tsena le pele re hlokomela hore rea li hloka. (Bafil. 4:19) Oa tseba hore na ke seaparo sefe sa rōna se mothating oa ho fela. Oa tseba hore na re hloka lijo life le hore na re hloka bolulo bo joang, ho latela boholo ba malapa a rōna. Jehova o tla etsa hore re fumane lintho tseo re hlileng re li hlokang.

19. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšoenyeha ka lintho tse ka ’nang tsa etsahala nakong e tlang?

19 Bala Matheu 6:34. Hlokomela hore Jesu o boetse o pheta mantsoe a reng: “Le ka mohla le se ke la tšoenyeha.” O batla hore re sebetsane le bothata bo le bong ka nako, re kholisehile hore Jehova o tla re thusa. Haeba motho a lula a tšoenyehile ka lintho tse ka ’nang tsa etsahala nakong e tlang, a ka ’na a qetella a itšepa ho e-na le ho tšepa Molimo, ’me seo se ka senya kamano ea hae le Jehova.—Liprov. 3:5, 6; Bafil. 4:6, 7.

LE BATLE ’MUSO PELE, ’ME JEHOVA O TLA LE EKELETSA

Na u ka fokotsa lintho tseo u sa li hlokeng e le hore u batle ’Muso pele? (Sheba serapa sa 20)

20. (a) U ka ’na ua ipehela pakane efe tšebeletsong ea Jehova? (b) U ka etsa’ng e le hore u khone ho finyella pakane ea hao?

20 Ke booatla ho hahamalla maruo ho e-na le ho etelletsa ’Muso pele. Ha e le hantle, re lokela ho ikitlaelletsa ho matlafatsa kamano ea rōna le Jehova. Ka mohlala, na u ka fallela phuthehong e hlokang baboleli ba eketsehileng? Na u ka khona ho ba pula-maliboho? Haeba u pula-maliboho, na u kile ua nahana ka ho ea Sekolong sa Baevangeli ba ’Muso? Na u ka ithaopela ho thusa ka matsatsi a mang Bethele kapa ofising ea phetolelo? Na u ka ithaopela ho thusa Lefapha la Meralo le Kaho, ’me ua sebetsa ka matsatsi a itseng kahong ea Liholo tsa ’Muso? Nahana ka lintho tseo u ka ’nang ua li etsa kapa ua li tlohela e le hore u kenye letsoho mesebetsing ena. Kōpa thuso ho Jehova ka thapelo, u be u hlahlobe lebokose le reng, “ Kamoo U ka Fokotsang Lintho Tseo U sa li Hlokeng,” ’me u qale ho etsa liphetoho tse hlokahalang e le hore u finyelle pakane ea hao.

21. Ke eng e tla u thusa ho ba le kamano e ntle le Jehova?

21 Jesu o ne a e-na le lebaka le utloahalang la hore a re re batle ’Muso pele. Ha re etsa joalo, ha re na ho tšoenyeha ka lintho tseo re li hlokang. Haeba re tšepa Jehova ’me re sa reke sena le sane hobane feela re e-na le chelete, seo se tla etsa hore re be le kamano e ntle le Jehova. Ena ke nako ea hore re fokotse lintho tseo re sa li hlokeng, e le hore re ‘tšoare ka tieo bophelo ba sebele’ bo tlang.—1 Tim. 6:19.

^ [1] (serapeng sa 12) E le hore u utloisise hore na ke hobane’ng ha ka linako tse ling Jehova a lumella Mokreste hore a hloke lijo, sheba Molula-Qhooa oa September 15, 2014, sehloohong sa “Lipotso Tse Tsoang ho Babali,” leqepheng la 22.