Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“U se ke ua Tšoha. Ke Tla U Thusa”

“U se ke ua Tšoha. Ke Tla U Thusa”

AK’U nahane u tsamaea seterateng bosiu. Ha u ntse u tsamaea, u utloa eka ho na le motho ea u setseng morao. Ha u ema, u utloa eka le eena oa ema. Ha u potlaka le eena oa potlaka. Joale u qala ho mathela ha motsoalle oa hao ea lulang haufi. Ho re kokololo! ha motsoalle oa hao a bula lemati ’me a re u kene.

Mohlomong ha u e-s’o ka u hlaheloa ke boemo bona, empa matšoenyeho a mang bophelong a ka etsa hore u tšohe ka tsela e tšoanang. Ka mohlala, na u loantšana le bofokoli bo itseng boo u batlang ho bo hlōla, empa u lula u pheta phoso e tšoanang? Na u se u qetile nako e telele u sa fumane mosebetsi le hoja u lekile maoala ’ohle a ho o batla? Na u ngongorehisoa ke hore u ntse u tsofala ’me u khathatsoa ke bokuli? Kapa na ho na le ntho e ’ngoe e u khathatsang?

Ho sa tsotellehe hore na u na le bothata bofe, na u ke ke ua thabela ho ba le motho eo u ka buisanang le eena le ea ka u thusang ha u hloka thuso? Na u na le motsoalle ea joalo? E, o teng! Esaia 41:8-13 e bontša hore Jehova ke motsoalle oa hao, feela joalokaha e ne e le motsoalle oa mopatriareka Abrahama. Temaneng ea 10 le ea 13, Jehova o re: “U se ke ua tšoha, kaha ke na le uena. U se ke ua talima koana le koana, etsoe ke ’na Molimo oa hao. Ke tla u matlafatsa. Ka sebele ke tla u thusa. Ke tla u tšoara ka tieo ka letsoho la ka le letona la ho loka. Etsoe ’na, Jehova Molimo oa hao, ke u tšoara ka letsoho la hao le letona, ke ’na Ea reng ho uena, ‘U se ke ua tšoha. Ke tla u thusa.’”

“KA SEBELE KE TLA U THUSA”

Na mantsoe aa ha a u fe tšepo? Ak’u thuise ka mantsoe ana ao Jehova aa sebelisitseng mona. Litemaneng tsena, ha ho thoe u tsamaea le Jehova le tšoarane ka matsoho le hoja ho etsa joalo e le ntho e ntle. Haeba le ne le tsamaea le tšoarane ka matsoho, letsoho la hae le letona le ne le tla be le tšoere la hao le letšehali. Empa, Jehova o otlolla “letsoho la [hae] le letona la ho loka” ’me o tšoara letsoho la hao le letona,” joalokaha eka o u hula ka har’a matšoenyeho a bophelo. Ha a ntse a u hula, o bua mantsoe ana a khothatsang: “U se ke ua tšoha. Ke tla u thusa.”

Na u nka Jehova e le Ntate le Motsoalle ea lerato ea tla u thusa ha u e-na le mathata? Oa u thahasella, ’me o amehile ka uena, ebile o batla ho u thusa. Jehova o batla hore u ikutloe u sireletsehile le ha u e-na le mathata, kaha o u rata haholo. Ka sebele ke “thuso e fumanoang hang-hang nakong ea mahlomola.”—Pes. 46:1.

HO IKUTLOA U LE MOLATO KA LEBAKA LA LIPHOSO TSA NAKONG E FETILENG

Batho ba bang ba ikutloisa bohloko ka lebaka la liphoso tsa nakong e fetileng ’me ba ipotsa hore na ebe Molimo o ba tšoaretse. Haeba le uena u ikutloa ka tsela eo, nahana ka monna ea tšepahalang Jobo, ea ileng a lumela “liphoso tsa bocha ba [hae].” (Jobo 13:26) Mopesaleme Davida o ne a ikutloa ka tsela e tšoanang, eaba o kōpa Jehova o re: “U se ke ua hopola libe tsa bocha ba ka le bofetoheli ba ka.” (Pes. 25:7) Kaha ha rea phethahala, kaofela re ‘entse sebe ’me re haelloa ke khanya ea Molimo.’—Bar. 3:23.

Qalong Esaia khaolo ea 41 e ne e ngoletsoe Baiseraele ba boholo-holo. Ba ne ba sitetsoe Jehova haholo hoo a ileng a etsa qeto ea ho ba isa botlamuoeng Babylona. (Esa. 39:6, 7) Leha ho le joalo, Molimo o ne a ntse a nahana ka nako eo a tlang ho lopolla ba bakileng ’me ba batla ho khutlela ho eena! (Esa. 41:8, 9; 49:8) Le kajeno Jehova o ntse a nahanela bao ka boikokobetso ba batlang ho ba le kamano e ntle le eena.—Pes. 51:1.

Nahana ka mohlala oa Takuya, * ea neng a batla ho hlōla tloaelo ea ho shebella lifilimi tsa boitšoaro bo bobe le ea ho ipholla litho tsa botona. O ne a lula a pheta phoso e tšoanang. O ne a ikutloa joang? O re: “Ke ne ke ikutloa ke se na thuso ka ho feletseng, empa ha ke rapela Jehova ’me ke kōpa tšoarelo, o ne a nthusa.” Jehova o ile a etsa seo joang? Baholo ba phuthehong ea Takuya ba ile ba mo khothalletsa hore a ba letsetse neng le neng ha a oetse phosong eo. O re: “Ho ne ho le thata ho ba letsetsa, empa kamehla ba ne ba ’matlafatsa ha ke ba letselitse.” Baholo ba ile ba lokisetsa hore molebeli oa potoloho a etele Takuya. Molebeli oa potoloho o ile a re ho eena: “Ha kea tla ho uena ka phoso. Ke mona hobane baholo ba nkōpile hore ke tle. Ba khethile hore ke u etele.” Takuya o re: “Ke ’na ea neng a etsa sebe, empa Jehova o ile a sebelisa baholo ho nthusa.” Takuya o ile a hatela pele ’me ea e-ba pula-maliboho oa kamehla, hona joale o sebeletsa ofising ea lekala. Feela joaloka mor’abo rōna enoa, Molimo o tla u phahamisa ha u e-na le mathata.

HO TŠOENYEHA KA MOSEBETSI

Ho hlokahala ha mesebetsi ho bakela batho ba bangata matšoenyeho. Ba bang ba felloa ke mosebetsi, ebe ba thatafalloa ho fumana mokhoa oa ho iphelisa. Ak’u nahane hore na u ne u tla ikutloa joang ha mohiri e mong le e mong a re mosebetsi ha o eo. Maemong a joalo, ba bang ba lahleheloa ke tšepo. Jehova a ka ’na a u thusa joang? A ka ’na a se u fumanele mosebetsi hang-hang, empa a ka ’na a u thusa ka ho u hopotsa seo Morena Davida a ileng a se hlokomela, ha a tla re: “Nkile ka ba mohlankana, ke se ke tsofetse, leha ho le joalo ha ke e-s’o bone mang kapa mang ea lokileng a tloheloa ka ho feletseng, kapa bana ba hae ba batla bohobe.” (Pes. 37:25) Ka sebele, Jehova o u nka u le motho oa bohlokoa ’me “ka letsoho la [hae] le letona,” a ka u thusa ho fumana lintho tseo u li hlokang e le hore u tsoele pele u mo sebeletsa.

Jehova a ka ’na a u thusa joang ha u felloa ke mosebetsi?

Sara ea lulang Colombia, o ile a bona ha Jehova a mo hlokomela. O ne a sebeletsa k’hamphani e khōlō, ’me a pataloa hantle. Empa o ne a batla ho sebeletsa Jehova ka ho eketsehileng, eaba o tlohela mosebetsi ’me e-ba pula-maliboho. Leha ho le joalo, ho ne ho le thata ho fumana mosebetsi oa nakoana oo a neng a o hloka. O ile a bula shopo e nyane e rekisang ice-cream, empa o ile a felloa ke chelete butle-butle ’me a tlameha ho e koala. Sara o re: “Ke leboha Jehova hore ebe o ile a nthusa ho mamella ka lilemo tse tharo.” O ile a ithuta phapang pakeng tsa lintho tseo a li hlokang le tseo a li batlang le hore a se ke a ngongoreha ka letsatsi le hlahlamang. (Mat. 6:33, 34) Qetellong, k’hamphani eo a neng a e sebeletsa e ile ea mo letsetsa ’me ea mo kōpa hore a khutlele mosebetsing. O ile a re a ka khutla haeba a ka lumelloa ho sebetsa ka matsatsi a itseng feela le haeba a ka lumelloa ho ea libokeng. Le hoja Sara a sa lefuoe hantle joaloka nakong e fetileng o ntse a tsoela pele e le pula-maliboho. Qetellong, o re, “Ke ile ka bona ha Jehova a ntlhokomela.”

HO TŠOENYEHA KA HO TSOFALA

Ntho e ’ngoe e tšoenyang batho haholo ke ho tsofala. Ba bangata ha ba fihla lilemong tsa ho tlohela mosebetsi baa ipotsa hore na ba tla ba le chelete e lekaneng ea ho tsoela pele ba phela hantle ba e-na le lintho tseo ba li hlokang. Ba boetse ba tšoenyeha ka hore ba ka ’na ba kula ha ba ntse ba tsofala. Ho ka etsahala hore ebe ke Davida ea ileng a kōpa Jehova, a re: “U se ke ua ntahla nakong ea botsofali; ha ke felloa ke matla, u se ke ua ntlohela.”—Pes. 71:9, 18.

Joale ke joang bahlanka ba Jehova ba ka ikutloang ba sireletsehile nakong ea botsofali? Ba lokela ho tsoela pele ba e-na le tumelo ho Molimo, ba tšepile hore o tla ba fa lintho tseo ba li hlokang. Ke ’nete hore ba ka ’na ba lokela ho fokotsa lintho tse itseng tseo ba neng ba e-na le tsona pele, ’me ba khotsofalle seo ba nang le sona. Ba ka ’na ba hlokomela hore “ho ja meroho” ho molemo ho feta “ho ja poho” e nonneng le hore ho ka ’na ha ba thusa ho lula ba phetse hantle! (Liprov. 15:17) Ha u phathahane ka ho sebeletsa Jehova, o tla u hlokomela esita leha u se u tsofetse.

José le Rose ba na le Tony le Wendy

Mohlala o motle tabeng ena ke oa José le Rose, ba sebelelitseng Jehova ka lilemo tse ka holimo ho 65. Ba ile ba tlameha ho hlokomela ntate oa Rose ka nako e telele, ea neng a hloka ho lula a katiloe. Hape, José o ne a tšoeroe ke lefu la kankere. Na Jehova o ile a tšoara banyalani baa ba tšepahalang ka letsoho la hae le letona? E, empa o ile a etsa seo joang? O ile a sebelisa banyalani ba bang ka phuthehong, e leng Tony le Wendy, hore ba ba fe sebaka sa bolulo. Tony le Wendy ba ne ba batla hore bo-pula-maliboho ba kamehla ba lule ntlong eo ba sa lefe letho. Lilemo pele ho moo, ha Tony a sa le sekolong o ne a atisa ho bona José le Rose ka fensetere ba ea tšimong. O ne a rata cheseho ea bona ’me ba mo behela mohlala o motle. Ha Tony le Wendy ba hlokomela hore banyalani bao ba hōlileng ba sebelelitse Jehova bophelo bohle ba bona, ba ile ba susumetseha ho ba fa sebaka sa bolulo. Ba se ba qetile lilemo tse 15, ba thusa José le Rose, bao hona joale ba leng lilemo li ka holimo ho 80. José le Rose ba nka tsela eo Tony le Wendy ba ba thusitseng ka eona e le mpho e tsoang ho Jehova.

Molimo o otlolla “letsoho la [hae] le letona la ho loka” ho uena. Na u tla otlolla letsoho la hao ho Molimo ea reng ho uena: “U se ke ua tšoha. Ke tla u thusa”?

^ ser. 11 Mabitso a mang a fetotsoe.