Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U “Sireletsa Bohlale bo Sebetsang”?

Na U “Sireletsa Bohlale bo Sebetsang”?

HO NA le pale e buang ka moshanyana ea futsanehileng ea neng a lula motseng o mong o hōle. Batho ba motse ba ne ba nahana hore ke sehole kahoo ba mo tšeha. Ha ba bona baeti, ba bang ba ne ba bapala ka eena. Ba ne ba mo bontša lichelete tse peli tsa tšepe, e khōlō ea silevera le e nyenyane ea khauta, ’me ea khauta e feta ea silevera ka boleng. Ebe ba re: “Khetha eo u e batlang.” Moshanyana eo o ne a nka ea silevera ebe o oa itsamaela.

Moeti e mong o ile a mo botsa a re, “Na u ua tseba tjee hore chelete ee ea khauta e feta eo ea silevera ka boleng?” Moshanyana eo o ile a bososela ’me a re, “E, kea tseba.” Eaba moeti eo o re, “Joale ke hobane’ng ha u nka ea silevera? Haeba u nka ea khauta u tla be u nkile e ngata!” Moshanyana eo o ile a re: “Empa haeba ke nka ea khauta, batho ba tla khaotsa ho bapala le ’na. Na u ua tseba tjee hore ke se ke bokeletse chelete e kae ea silevera?” Moshanyana eo o ile a etsa lintho ka tsela e bohlale ’me le batho ba baholo ba ka rua molemo mohlaleng oa hae.

Bibele e re: “Sireletsa bohlale bo sebetsang le matla a ho nahana, tabeng eo u tla tsamaea u sireletsehile tseleng ea hao, esita le leoto la hao le ke ke la khoptjoa ke letho.” (Liprov. 3:21, 23) Kahoo ho tseba hore na “bohlale bo sebetsang” ke eng le hore na re ka bo sebelisa joang ho ka re sireletsa. Ho ka re thusa ho qoba lintho tse ka senyang kamano ea rōna le Jehova, ha ba ha etsa hore ‘maoto’ a rōna a se ke a khoptjoa.

BOHLALE BO SEBETSANG KE ENG?

Bohlale bo sebetsang bo fapane le tsebo le kutloisiso. Motho ea nang le tsebo o na le boitsebiso, kapa lintlha. Motho ea nang le kutloisiso o khona ho lemoha hore na ntho e itseng e amana joang le e ’ngoe. Empa motho ea bohlale eena o khona ho kopanya tsebo le kutloisiso ’me a li sebelise hantle.

Ka mohlala, motho a ka ’na a nka nako e khutšoanyane ho bala le ho utloisisa buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? Ha u ntse u ithuta le eena, a ka ’na a fana ka likarabelo tse nepahetseng. A ka ’na a qalella ho ea libokeng le ho fana ka likarabelo tse ntle. Lintho tsena tsohle li ka bontša hore o ntse a hatela pele, empa na seo se bolela hore o se a le bohlale? Che. Mohlomong ke feela hore o tšoara lintho kapele. Empa ha a sebelisa seo a ithutileng sona seo se bontša hore o bohlale. Haeba liqeto tsa hae li e ba le liphello tse ntle tse bontšang hore o nahanne lintho ka hloko, seo se bontša ka ho hlaka hore o na le bohlale bo sebetsang.

Papiso ea Jesu e ho Matheu 7:24-27 e bua ka banna ba babeli ba ikahelang matlo. E mong oa banna bao o hlalosoa e le ea “masene.” Monna eo o ile a haha ntlo ea hae holim’a lefika, hobane a ile a nahana ka se ka ’nang sa etsahala. O ne a nahanela lintho pele. Ha aa ka a nahana ho e haha holim’a lehlabathe hobane feela a ne a ka e qeta kapele ebile e le ka theko e tlaase. Ka bohlale, o ile a nahanela pele. Kahoo, ha sefefo se fihla ntlo ea hae e ile ea lula e tiile. Joale, ke joang re ka fumanang le ho sireletsa bohlale bona bo sebetsang?

NKA BO FUMANA JOANG?

Ntlha ea pele, Mikea 6:9 e re: “Motho ea nang le bohlale bo sebetsang o tla tšaba lebitso la [Molimo].” Ho tšaba lebitso la Molimo ho bolela ho mo hlompha. Seo se bolela ho ba le tlhompho e tebileng bakeng sa lebitso la hae le melao-motheo ea hae. E le hore u hlomphe motho, u lokela ho tseba seo a se nahanang. Kahoo u tla mo tšepa ’me u ithute mohlaleng oa hae ka ho o latela haufi-ufi. Haeba re ameha ka hore na liphello tsa liqeto tsa rōna li tla ama kamano ea rōna le Jehova joang ’me re itšetleha ka melao-motheo ea hae, seo se tla etsa hore re be le bohlale bo sebetsang.

Ntlha ea bobeli, Liproverbia 18:1 e re: “Ea itšehlang thajana o tla batla tabatabelo ea hae ea boithati; o tla phasoloha khahlanong le bohlale bohle bo sebetsang.” Haeba re se hlokolosi, re ka ikarola ho Jehova le ho batho ba hae. Ho qoba seo, re lokela ho qeta nako e ngata le batho ba tšabang lebitso la Molimo le ba hlomphang melao ea hae. Re lokela ho kopanela kamehla le Bakreste-’moho le rōna Holong ea ’Muso haeba ho khoneha. Ha re le libokeng, re lokela ho mamela ka hloko e le hore re tle re rue molemo.

Ho phaella moo, haeba re bua le Jehova ka thapelo re tla atamela ho eena. (Liprov. 3:5, 6) Ha re bala Bibele le lingoliloeng tsa mokhatlo oa Jehova ka lipelo le likelello tse bulehileng, re tla elelloa hore na liphello tsa liketso tsa rōna e tla ba life ’me re tsebe seo re lokelang ho se etsa. Re boetse re lokela ho ikemisetsa ho amohela likeletso tsa barab’abo rōna. (Liprov. 19:20) Ka tsela eo, ho e-na le ho hana ‘bohlale bo sebetsang,’ re tla etsa lintho ka bohlale.

BO TLA THUSA BA LELAPA LA KA JOANG?

Bohlale bo sebetsang bo ka sireletsa malapa. Ka mohlala, Bibele e re mosali o lokela “ho ba le tlhompho e tebileng” ho monna oa hae. (Baef. 5:33) Monna a ka etsa’ng e le hore mosali oa hae a mo hlomphe ka ho tebileng? Haeba a mo qobella hore a mo hlomphe, seo se tla mo sebeletsa ka nakoana feela. E le ho qoba hore ba ngangisane, mosali a ka ’na a bontša monna tlhompho feela ha a le teng. Empa na o tla mo hlompha le ha a le sieo? A ka ’na a thatafalloa ho etsa seo. Monna o lokela ho nahana hore na ke’ng e tla tlisa liphello tse tšoarellang. Haeba a bonahatsa tholoana ea moea, ’me a tšoara mosali ka lerato le ka mosa, seo se tla etsa hore a mo hlomphe. Ke ’nete hore mosali oa Mokreste o lokela ho hlompha monna ho sa tsotellehe hore na o mo tšoara joang.—Bagal. 5:22, 23.

Bibele e boetse e re monna o lokela ho rata mosali oa hae. (Baef. 5:28, 33) Moo mosali a batlang hore monna oa hae a mo rate, a ka ’na a nahana hore o lokela ho mo patela lintho tse ka mo koatisang ha a ka li tseba. Empa na ke bohlale ho etsa joalo? Ho tla etsahala’ng hamorao ha monna a sibolla lintho tseo? Na seo se tla etsa hore a mo rate le ho feta? Che, monna a ka ’na a thatafalloa. Empa haeba mosali a batla nako e loketseng ea ho hlalosetsa monna lintho tse ka ’nang tsa mo koatisa ’me a bua le eena hantle, monna a ka ’na a ananela botšepehi ba hae. Seo se tla etsa hore a mo rate le ho feta.

Tsela eo u khalemelang ngoana ka eona e tla ama puisano ea lōna nakong e tlang

Bana ba lokela ho mamela batsoali ’me ba rutoe litsela tsa Jehova. (Baef. 6:1, 4) Na see se bolela hore batsoali ba lokela ho ba behela letoto la melao? Ha ho bolele feela hore ba lokela ho tseba melao eo batsoali ba e behileng kapa kotlo eo ba tla e fuoa haeba ba sa mamele. Motsoali ea bohlale o thusa ngoana oa hae ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha a lokela ho mamela.

Ka mohlala, nka hore ngoana o bua le motsoali oa hae ka tsela e hlokang tlhompho. Ho mo jajabetsa ka bohale kapa ho mo shapa u halefile ho ka ’na ha soabisa ngoana, kapa ha etsa hore a ithōlele. Seo se ka ’na sa mo halefisa e leng se ka etsang hore a ikhule ho batsoali ba hae.

Batsoali ba bohlale ba tla nahana ka hore na tsela eo ba khalemelang bana ka eona e tla ba le liphello life baneng ha ba se ba hōlile. Batsoali ha baa lokela ho nkeha maikutlo hobane feela ngoana a entse ntho e ba soabisang. Mohlomong ba ka bua le eena ka tsela e bonolo le e mosa moo ba leng bang, ba mo hlalosetse hore Jehova o batla hore a hlomphe batsoali ba hae e le hore a fumane bophelo bo sa feleng. Joale ha ngoana a bontša hore o hlompha batsoali, o tla hlokomela hore o hlompha Jehova. (Baef. 6:2, 3) Ka tsela eo le tla finyella pelo ea ngoana oa lōna. O tla hlokomela hore lea mo rata, ’me o tla le hlompha le ho feta. ’Me seo se tla mo nolofalletsa ho kōpa thuso ho lōna ha mathata a hlaha.

Batsoali ba bang ha ba khalemele ngoana, hobane feela ba tšaba ho mo utloisa bohloko. Empa seo se tla ama ngoana joang ha a se a hōlile? Na o tla tšaba Jehova ’me a hlokomele hore ke habohlokoa ho phela ka melao ea Molimo? Na o tla itšetleha ka Jehova kapa o tla itšehla thajana?—Liprov. 13:1; 29:21.

’Metli oa litšoantšo ea hloahloa o rera esale pele hore na o batla ho betla setšoantšo sa mofuta ofe. Ha a betle feela ebe o lebella mohlolo. Batsoali ba bohlale ba qeta nako e ngata ba ithuta melao ea Jehova ebile baa e sebelisa, kahoo ba hlompha lebitso la hae. Ha ba ikamahanya le Jehova le mokhatlo oa hae, seo sea ba hlalefisa ’me se thusa ho momahanya lelapa la bona.

Letsatsi le letsatsi re etsa liqeto tse ka amang bophelo ba rōna ka ho sa feleng. Ho e-na le ho potlakela ho araba kapa ho etsa qeto ka ho nkeha maikutlo, iphe nako ea ho nahanisisa lintho. Nahana hantle ka liphello tsa tsona. Kōpa tataiso ea Jehova ’me o e latele. Ka ho etsa joalo re tla sireletsa bohlale bo sebetsang ’me re tla fumana bophelo bo sa feleng.—Liprov. 3:21, 22.