Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mantsoe a Khothatsang!

Mantsoe a Khothatsang!

“MOSALI.” Jesu o ne a atisa ho sebelisa lentsoe lena ha a bua le batho ba bong bo fapaneng. Ka mohlala, ha a ne a folisa mosali e mong ea qetileng lilemo tse 18 a finahane, o ile a re ho eena: “Mosali, u lokolotsoe bofokoling ba hao.” (Luka 13:10-13) Jesu o ile a boela a bitsa ’mè oa hae ka tsela ena, kaha mehleng ea Bibele e ne e nkoa e le ho bontša tlhompho. (Joh. 19:26; 20:13) Empa ho ne ho e-na le lentsoe le leng le neng le bontša tlhompho le ho feta.

Bibele e sebelisa lentsoe le leng le bontšang mosa ha e bua ka basali ba itseng. Jesu o ile a le sebelisa ha a bua le mosali ea neng a khathalitsoe ke phallo ea mali ka lilemo tse 12. Kaha o ne a sa hloeka, tsela eo a ileng a atamela Jesu ka eona e ne e sa amohelehe ho ea ka Molao oa Molimo. Ba bang ba ka ’na ba re o ne a sa lokela ho ba har’a batho ka lebaka la boemo ba hae. (Lev. 15:19-27) Empa o ne a tsielehile. Bibele e re: “Lingaka tse ngata li ne li mo baketse bohloko bo boholo hape o ne a sebelisitse sohle seo a nang le sona ’me o ne a sa rua molemo empa, ho e-na le hoo, o ne a bile mobe haholo.”—Mar. 5:25, 26.

Mosali eo ka lenyele o ile a fohla bongata, eaba o ama seaparo sa Jesu sa ka ntle a le ka mor’a hae. ’Me kapele-pele a fola! O ne a sa nahane hore ho na le motho ea mo hlokometseng, empa Jesu o ile a botsa a re: “Ke mang ea nkamileng?” (Luka 8:45-47) A tšohile a bile a thothomela o ile a itihela fatše ka pel’a Jesu “eaba o mo bolella ’nete eohle.”—Mar. 5:33.

Jesu o ile a kokobetsa mosali eo letsoalo ka ho re: “Morali, e-ba sebete!” (Mat. 9:22) Litsebi tse ling tsa Bibele li bontša hore ka Seheberu le ka Segerike lentsoe “morali” le ka sebelisoa ka tsela ea tšoantšetso ho bontša “mosa le bonolo.” Jesu o ile a tsoela pele a mo khothatsa ka hore: “Tumelo ea hao e u folisitse. Tsamaea ka khotso, ’me u fole boloetseng ba hao bo bohloko.”—Mar. 5:34.

“Morali.” Ena ke tsela eo Moiseraele e mong ea ruileng ea bitsoang Boaze a ileng a bitsa Ruthe oa Momoabe ka eona. Le eena o ne a e-na le lebaka la ho tšoha, kaha o ne a khoahlapisa tšimong ea monna eo a sa mo tsebeng. Boaze o ile a re: “U utloile morali oa ka, na ha ho joalo?” Eaba o mo lumella hore a khoahlapise tšimong ea hae. Ruthe o ile a itihela fatše ka sefahleho ka pel’a Boaze ’me a mo botsa hore na ho tla joang hore a mo bontše mosa empa e le molichaba. Boaze o ile a mo araba ka hore: “Ke ile ka tlaleheloa ka botlalo ka sohle seo u se entseng ho ’m’ao matsale [Naomi oa mohlolohali] . . . E se eka Jehova a ka putsa tsela eo u sebetsang ka eona.”—Ruthe 2:8-12.

Jesu le Boaze ba behetse baholo mohlala o motle hakaakang! Ka linako tse ling, baholo ba babeli ba ka etela morali’abo rōna ea hlokang khothatso le thuso ea Mangolo. Ba lokela ho mamela morali’abo rōna ka hloko le ho kōpa tataiso ea Jehova ka thapelo e le hore ba ka mo khothatsa ka Lentsoe la Molimo.—Bar. 15:4.