Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Mosebetsi o Moholo”

“Mosebetsi o Moholo”

KE NAKO ea seboka sa bohlokoa Jerusalema. Morena Davida o bitsitse likhosana tsohle tsa hae, balaoli ba lekhotla le banna bohle ba matla. Ba ile ba thaba ha ba utloa ho etsoa tsebiso e khethehileng. Jehova o ne a laetse mora oa Davida e leng Solomone hore a hahe ntlo e ikhethang e neng e tla neheloa borapeling ba Molimo oa ’nete. Morena ea neng a se a tsofetse oa Iseraele o ne a filoe moralo oa kaho ponong, ’me a o fa Solomone. Davida o ile a re: “Mosebetsi o moholo; etsoe qhobosheane ena hase ea motho, empa ke ea Jehova Molimo.”—1 Likron. 28:1, 2, 6, 11, 12; 29:1.

Eaba Davida o oa botsa o re: “Ke mang ea ithaopelang ho tlatsa letsoho la hae kajeno ka mpho bakeng sa Jehova?” (1 Likron. 29:5) Hoja u ne u le teng moo, u ka be u ile ua araba joang? Na u ka be u ile ua susumelletseha ho tšehetsa mosebetsi oo o moholo? Baiseraele ba ile ba ikakhela ka setotsoana. Ka sebele, ba ile “ba thaba ka lebaka la ho . . . etsetsa Jehova linyehelo tsa boithaopo ka pelo e feletseng.”—1 Likron. 29:9.

Lilemo tse makholo hamorao, Jehova o ile a qala mosebetsi o mong o moholo ho feta oa ho haha tempele. O ile a qala tempele ea moea e leng mocha oo batho ba ka o sebelisang ho mo rapela ba iphaphathile ka sehlabelo sa Jesu. (Baheb. 9:11, 12) Jehova o thusa batho joang hore ba boelane le eena mehleng ee? Ka mosebetsi oa rōna oa ho etsa barutuoa. (Mat. 28: 19, 20) Ka lebaka la mosebetsi ona, selemo le selemo batho ba limilione ba ithuta Bibele, ba likete baa kolobetsoa ’me ho thehoa liphutheho tse makholo.

Ho phaella moo, khōlo ena e etsa hore ho hatisoe lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng tse eketsehileng, ho hahoe ho be ho nchafatsoe Liholo Tsa ’Muso, ’me ho batloe libaka tseo ho tšoareloang likopano tse khōlō le tse nyenyane ho tsona. Ka sebele mosebetsi oo re o etsang oa ho phatlalatsa litaba tse molemo o moholo ebile o oa putsa!—Mat. 24:14.

Kaha re rata Molimo le moahelani ebile rea hlokomela hore mosebetsi oa ho paka o potlakile, sena se re susumelletsa ho ithaopela ho fana “ka mpho bakeng sa Jehova.” Ruri hoa thabisa ho “hlompha Jehova ka lintho tsa [rōna] tsa bohlokoa” le ho bona kamoo lekhoba le tšepahalang le le masene le li sebelisang kateng molemong oa ho etsa mosebetsi ona o moholo ka ho fetisisa.—Liprov. 3:9.