Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ba Ntšitsoe Lefifing

Ba Ntšitsoe Lefifing

‘Jehova o le bitsitse ho le ntša lefifing ho le kenya leseling la hae le hlollang.’—1 PET. 2:9.

LIPINA: 116, 102

1. Ho ile ha etsahala’ng ha Jerusalema e timetsoa?

KA 607 B.C.E. (e leng pele ho mehla ea Kreste), lebotho le matla la Babylona le neng le eteletsoe pele ke Morena Nebukadnezare oa II le ile la futuhela motse oa Jerusalema. Ha e bua ka tšollo ea mali e bileng teng, Bibele e re: “[Nebukadnezare o ile] a bolaea bahlankana ba bona ka sabole ka tlung ea sehalalelo sa bona, hape ha aa ka a qenehela mohlankana kapa moroetsana, ea tsofetseng kapa sekooa. . . . A chesa ntlo ea Molimo oa ’nete le ho heletsa lerako la Jerusalema; litora tsohle tsa eona tsa bolulo ba li chesa ka mollo le lintho tsohle tsa eona tse lakatsehang, e le hore ba bake tšenyo.”—2 Likron. 36:17, 19.

2. Jehova o ile a fana ka temoso efe mabapi le ho timetsoa ha Jerusalema, hona ho ile ha etsahala’ng?

2 E tlameha ebe baahi ba Jerusalema ha baa ka ba makala ha Jerusalema e timetsoa. Baprofeta ba Molimo ba ne ba qetile lilemo tse ngata ba ntse ba lemosa Bajuda hore haeba ba tsoela pele ho tlōla Molao oa Molimo, Molimo o tla nehelana ka bona matsohong a Bababylona. Bajuda ba bangata ba ile ba bolaoa ka sabole; ’me baphonyohi ba qeta bophelo bohle ba le botlamuoeng Babylona. (Jer. 15:2) Bophelo bo ne bo le joang botlamuoeng? Hona na Bakreste ba bile boemong bo tšoanang? Haeba ho joalo, neng?

BOPHELO BOTLAMUOENG

3. Baiseraele ba neng ba le botlamuoeng Babylona ba ne ba fapane joang le ba neng ba le bokhobeng Egepeta?

3 Lintho tseo baprofeta ba neng ba li boletse esale pele, li ile tsa phethahala. Jehova o ne a itse Jeremia a eletse ba tla ea botlamuoeng hore ba amohele boemo boo, ’me ba ikamahanye le bona. O ile a re: “Hahang matlo [Babylona] ’me le lule ho ’ona, ’me le leme lirapa le je litholoana tsa tsona. Hape, le batlele motse oo ke entseng hore le ee kholehong ho oona khotso, ’me le o rapelle ho Jehova, etsoe ka khotso ea oona le tla ba le khotso.” (Jer. 29:5, 7) Ba ileng ba ikokobelletsa thato ea Molimo, ba ile ba fuoa bolokolohi bo itseng. Bababylona ba ile ba ba lumella ho itsamaisetsa litaba tsa bona. Batlamuoa ba ne ba boetse ba e-na le bolokolohi ba ho ea hohle naheng eo. Babylona e ne e le setsi sa khoebo mehleng ea boholo-holo, ’me litokomane tse epolotsoeng li bontša hore Bajuda ba bangata ba ne ba reka ba bile ba rekisa, ha ba bang bona ba ne ba etsa mesebetsi ea matsoho. Bajuda ba bang ba ne ba bile ba ruile. Baiseraele ba neng ba le botlamuoeng Babylona ba ne ba fapane hōle le ba neng ba le bokhobeng Egepeta.—Bala Exoda 2:23-25.

4. Ntle ho Baiseraele ba marabele, ke bo-mang ba ileng ba angoa ke ho ba botlamuoeng Babylona, hona borapeli ba bona ho Molimo bo ile ba ameha joang?

4 Le hoja Bajuda ba botlamuoeng ba ne ba khona ho fumana lintho tseo ba li hlokang nameng, na ba ne ba fumana seo ba se hlokang moeeng? Tempele ea Jehova hammoho le aletare ea eona e ne e sentsoe, ’me baprista ba se ba sa khone ho sebetsa ka tsela e tloaelehileng. Ba bang ba batlamuoa bao e ne e le bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ba sa etsang letho le tšoaneloang ke kotlo, empa ba tlameha ho mamella mathata ka lebaka la sechaba sa habo bona. Leha ho le joalo, ba ile ba etsa sohle se matleng a bona ho boloka Molao oa Molimo. Ka mohlala, ha Daniele le metsoalle ea hae e meraro, e leng Shadrake, Meshake le Abednego ba le Babylona, ba ile ba hana ho ja lijo tseo Bajuda ba hanetsoeng ho li ja. Rea tseba hore Daniele o ile a lula a buisana le Molimo ka thapelo. (Dan. 1:8; 6:10) Empa ho ne ho sa khonehe hore Bajuda bao ba tšabang Molimo ba etse ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Molao o e laelang.

5. Jehova o ne a tšepisitse batho ba hae eng, hona ke hobane’ng ha tšepiso ee e ne e ikhetha?

5 Na Baiseraele ba ne ba tla ke ba boele ba rapele Molimo ka tsela e amohelehang ka ho feletseng? Ka nako eo, ho ne ho sa bonahale eka seo se tla ke se etsahale. Bababylona ba ne ba sa lokolle batlamuoa ba bona. Empa baetsi ba leano leo ba ne ba sa nahane ka seo Jehova Molimo a ka se etsang. O ne a tšepisitse batho ba hae hore o tla ba lokolla, ’me hafeela ha e-ba joalo. Ha ho mohla litšepiso tsa Molimo li hlōlehang ho phethahala.—Esa. 55:11.

NA HO ETSAHALA SE TŠOANANG LE KAJENO?

6, 7. Ke hobane’ng ha re lokela ho ntlafatsa kutloisiso ea rōna tabeng ea ho isoa ha Bakreste botlamuoeng ba Babylona?

6 Na Bakreste ba kile ba e-ba boemong bo kang ba Baiseraele ha ba le botlamuoeng Babylona? Ka lilemo tse ngata, Molula-Qhooa o ’nile oa bolela hore bahlanka ba Molimo ba kajeno ba isitsoe botlamuoeng Babylona ka 1918 ’me ba lokolloa ka 1919. Empa ho latela mabaka a fanoeng sehloohong sena le se latelang, ho hlokahala hore taba ena re e shebe bocha.

7 Ak’u nahane ka sena: Babylona e Moholo ke ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Kahoo, haeba batho ba Molimo ba ne ba le botlamuoeng ba Babylona ka 1918, seo se ne se tla bolela hore ba bokhobeng ba lithuto tsa bohata. Empa bopaki bo bontša hore lilemo tse mashome pele Ntoa ea I ea Lefatše e qhoma, bahlanka ba Molimo ba tlotsitsoeng ba ile ba itokolla botlamuoeng ba Babylona e Moholo. Le hoja batlotsuoa ba ile ba hlorisoa nakong ea ntoa ea pele ea lefatše, ba ne ba hlorisoa ke babusi ba lefatše, eseng Babylona e Moholo. Kahoo, ha ho bonahale eka batho ba Jehova ba ile ba ba botlamuoeng ba Babylona e Moholo ka 1918.

BATHO BA MOLIMO BA BILE BOTLAMUOENG BA BABYLONA NENG?

8. Bokreste ba ’nete bo ile ba silafala joang? (Sheba setšoantšo se qalong.)

8 Ka Pentekonta ea 33 C.E., Bajuda ba likete le basokolohi ba ile ba tlotsoa ka moea o halalelang. Bakreste bana ba ile ba fetoha “morabe o khethiloeng, baprista ba marena, sechaba se halalelang, batho bakeng sa letlotlo le khethehileng.” (Bala 1 Petrose 2:9, 10.) Ha baapostola ba ntse ba le teng, ba ne ba hlokometse batho ba Molimo. Empa ka mor’a lefu la bona, ho ile ha hlaha batho ba buang “lintho tse sothehileng” e le hore “ba ikhulele barutuoa ka mor’a bona.” (Lik. 20:30; 2 Bathes. 2:6-8) Ba bang ba bona ba ne ba e-na le boikarabelo ka phuthehong, e le baholo ’me hamorao ea e-ba “babishopo.” Ho ile ha qaleha sehlopha sa baruti, le hoja Jesu a ne a itse ho balateli ba hae: “Bohle le bara ba motho.” (Mat. 23:8) Banna ba hlaheletseng ba neng ba nkehile ke lifilosofi tsa Aristotle le Plato ba ile ba buella likhopolo tse fosahetseng tsa bolumeli, ’me butle-butle tsa nkela lithuto tse nepahetseng tsa Lentsoe la Molimo sebaka.

9. Ho tlile joang hore ’Muso oa Roma o tšehetse Bokreste ba bohata, hona phello e bile efe?

9 Ka selemo sa 313, Moemphera oa Moroma ea bitsoang Constantine eo e neng e le mohetene, o ile a amohela Bokreste bona ba bokoenehi ka molao. Ho tloha ka nako eo, Kereke e ile ea tsamaisana le ’Muso. Ka mohlala, ka mor’a Seboka sa Nicaea, Constantine o ile a laela hore Arius a lelekoe naheng kaha o ne a hana ho lumela hore Jesu ke Molimo. Hamorao, pusong ea Moemphera Theodosius I (379-395), Kereke e K’hatholike e ile ea e-ba bolumeli bo ka sehloohong ’Musong oa Roma. Bo-rahistori ba re Roma e ile ea e-ba “naha ea Bokreste” lekholong la bone la lilemo. Empa ’nete ke hore ka nako eo, Bokreste bona ba bohata bo ne bo ikopantse le mekhatlo ea bohetene ea ’Muso oa Roma e le litho tsa Babylona e Moholo. Leha ho le joalo, Bakreste ba seng bakae ba tlotsitsoeng ba ne ba etsa sohle se matleng a bona ho rapela Molimo, empa ba pupelitsoe ke mofoka. (Bala Matheu 13:24, 25, 37-39.) Ruri ba ne ba le botlamuoeng ba Babylona!

10. Qalong ea mehla ee ea rōna, ke’ng e ileng ea etsa hore batho ba ratang ’nete ba belaelle lithuto tsa kereke?

10 Qalong ea mehla ena ea rōna, batho ba bangata ba ne ba ka ipalla Bibele ka Segerike kapa ka Selatine. Kahoo, ba ne ba khona ho bapisa lithuto tse ka Lentsoeng la Molimo le tseo kereke e li rutang. Ba bang ka lebaka la seo ba se balileng ka Bibeleng, ba ile ba lahla esita le ho hanyetsa lithuto tseo eseng tsa Mangolo tseo kereke e neng e li ruta, le hoja ho etsa joalo ho ne ho le kotsi.

11. Ho tlile joang hore baruti ebe bona ba laolang Bibele?

11 Ha nako e ntse e ea, batho ba bangata ba ile ba khaotsa ho sebelisa lipuo tseo Bibele e ngotsoeng ka tsona, ’me kereke ea loantša boiteko ba hore Lentsoe la Molimo le fetoleloe ka lipuo tse ling. Ka lebaka leo, e ne e le baruti le batho ba rutehileng feela ba ka ipallang Bibele, le hoja baruti ba bang ba ne ba sa tsebe ho bala le ho ngola. Motho leha e le ofe ea neng a sa lumellane le seo kereke e se rutang o ne a fuoa kotlo e boima. Bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ba tlotsitsoeng ba ne ba bokana ka lihlotšoana, haeba ho khoneha. Feela joaloka Baiseraele ba neng ba le botlamuoeng Babylona, “baprista ba marena” ba ne ba sa khone ho etsa lintho ka tsela e tloaelehileng. Babylona e Moholo e ne e ba tšoere ka thata!

LESELI LE QALA HO KHANYA

12, 13. Ke lintho life tse peli tse thusitseng ho nyehlisa marapo a Babylona e Moholo ho batho ba Molimo? Hlalosa.

12 Na Bakreste ba ’nete ba ne ba tla ke ba rapele Molimo ka bolokolohi le ka tsela eo a e amohelang? E! Leseli le ile la qala ho khanya, ’me ho na le lintho tse peli tse thusitseng ntlheng eo. Ea pele, ho ile ha etsoa mechine e hatisang ka bo-1450. Pele linaha tsa bophirimela li sebelisa mechine e hatisang, ho ne ho nka nako e ngata ho kopitsa Bibele ka letsoho. Likopi tsa Bibele li ne li fumaneha ka thata le hona li bitsa. Ho hakanngoa hore mokopitsi ea hloahloa o ne a nka likhoeli tse leshome ho ngola kopi e le ’ngoe ea Bibele ka letsoho! Ho feta moo, matlalo ao bakopitsi ba neng ba ngolla ho ’ona a ne a le theko e boima. Empa ha mohatisi ea hloahloa a sebelisa mochine, o ne a ka hatisa maqephe a 1 300 ka letsatsi!

Mechine e hatisang le bafetoleli ba sebete ba Bibele ba ile ba thusa ho nyehlisa marapo a Babylona e Moholo (Sheba serapa sa 12 le 13)

13 Ntho e ’ngoe e thusitseng haholo ke qeto e ileng ea nkoa ke batho ba seng bakae ba sebete mathoasong a bo-1500, ea ho fetolela Lentsoe la Molimo ka lipuo tse buuoang ke batho ba bangata. Bafetoleli ba bangata ba ile ba ipeha kotsing ka ho etsa mosebetsi ona. Baruti ba ile ba tšoha. Ba ne ba tšaba hore ha batho ba hlomphang Molimo ba ka fumana Bibele, seo se tla hlahisa tlokotsi e tšabehang! Ke ’nete hore batho ba ile ba bala Bibele, kaha e ne e se e fumaneha. Ha ba ntse ba e bala, ba ile ba botsa lipotso tse kang: ‘Ke kae moo Lentsoe la Molimo le buang ka pelekatori, le reng bafu ba etsetsoe ’misa kapa le buang ka mopapa le mok’hadinale?’ Taba ena e ile ea halefisa baruti haholo. Ba ipotsa hore na batho bao ba nka sebete kae sa ho tšoaea kereke phoso! Kereke e ile ea loana. Banna le basali ba ile ba ahloleloa lefu hobane ho thoe ke bakhelohi kaha ba ne ba sa lumellane le lithuto tsa kereke, tseo tse ling tsa tsona li neng li thehiloe lifilosofing tsa bohetene tsa Aristotle le Plato, ba neng ba phetse pele Jesu Kreste a tsoaloa. Kereke e ne e fana ka kahlolo ea lefu; ’me ’Muso o e phethahatsa. Sepheo e ne e le ho nyahamisa batho hore ba se ke ba bala Bibele kapa ho nyatsa liqeto tse entsoeng ke kereke. Leano leo le ile la atleha ho isa bohōleng bo itseng. Empa batho ba seng bakae ba sebete ha baa ka ba tšosoa ke Babylona e Moholo. Ba ne ba latsoitse Lentsoe la Molimo, ’me joale ba batla ho ithuta lona ka ho eketsehileng! Batho ba Molimo ba ne ba le haufi le ho lokolloa botlamuoeng ba bolumeli ba bohata.

14. (a) Ke’ng e ileng ea tlatsetsa tabeng ea ho utloisisa ’nete ea Bibele haholoanyane ho elella lilemong tsa bo-1900? (b) Mor’abo rōna Russell o ile a etsa’ng ho bontša hore o nyoretsoe ’nete?

14 Batho ba bangata ba neng ba nyoretsoe ’nete ea Bibele ba ile ba balehela linaheng tseo kereke e se nang tšusumetso e matla hakaalo ho tsona. Ba ne ba batla ho ithuta eona le ho buisana le ba bang ka eona ho se na motho ea ba bolellang hore na ba nahane’ng. E ’ngoe ea linaha tseo ke United States, moo Charles Taze Russell le bo-mphato ba hae ba ileng ba qala ho ithuta Bibele ka tsela e hlophisitsoeng ho elella lilemong tsa bo-1900. Qalong, sepheo sa Mor’abo rōna Russell e ne e le ho hlahloba hore na ke bolumeli bofe bo rutang ’nete. O ile a bapisa ka hloko seo Bibele e se rutang le lithuto tsa malumeli a mangata, esita le ao e seng a Bokreste. Ha nako e ntse e ea, o ile a hlokomela hore ha ho le bo bong ba malumeli ao a latelang se ka Lentsoeng la Molimo. O ile a buisana le baruti ba ’maloa a nahana hore ba tla amohela linnete tseo eena le bo-mphato ba hae ba li sibolotseng ka Bibeleng ’me a tšepa hore ba tla li ruta litho tsa bona tsa kereke. Empa baruti ha baa ka ba mo nkela hloohong. Kahoo, Liithuti Tsa Bibele li ile tsa tlameha ho amohela ’nete ena: Li ke ke tsa ikamahanya le ba ikemiselitseng ho khomarela bolumeli ba bohata.—Bala 2 Bakorinthe 6:14.

15. (a) Bakreste ba bile botlamuoeng ba Babylona e Moholo neng? (b) Sehloohong se latelang re tlil’o tšohla lipotso life?

15 Re hlokometse hore Bakreste ba ’nete ba bile botlamuoeng ba Babylona, nakoana ka mor’a lefu la moapostola oa ho qetela. Empa ho hlaha lipotso tse ’maloa: Ho na le bopaki bofe bo bontšang hore batlotsuoa ba ile ba itokolla botlamuoeng ba Babylona e Moholo lilemo tse mashome pele ho 1914? Na ke ’nete hore Jehova o ile a halefela bahlanka ba hae hobane ba ile ba khoehlisa mosebetsing oa boboleli nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše? Hona na barab’abo rōna ba bang ba ile ba nka lehlakore litabeng tsa lefatše ka nako eo eaba ba halefisa Jehova? ’Me haeba Bakreste ba qalile ho ba botlamuoeng ba bolumeli ba bohata lekholong la bobeli la lilemo, ba ile ba lokolloa neng? Ho loketse ho ipotsa lipotso tsena. Li tla arajoa sehloohong se latelang.