Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ba Ile ba Itokolla Bolumeling ba Bohata

Ba Ile ba Itokolla Bolumeling ba Bohata

“Tsoang ho eena, sechaba sa ka.”—TŠEN. 18:4.

LIPINA: 101, 93

1. Ke hobane’ng ha bahlanka ba Molimo ba ne ba e-na le tšepo ea hore ba tla lokolloa botlamuoeng ba Babylona e Moholo, hona re tlil’o tšohla lipotso life?

SEHLOOHONG se fetileng re ithutile kamoo Bakreste ba tšepahalang ba ileng ba iphumana ba le botlamuoeng ba Babylona kateng. Leha ho le joalo, litaba tse monate ke hore ba ne ba sa tl’o ba boemong boo ka ho sa feleng. Molimo o ne a fane ka taelo e reng, “Tsoang ho eena, sechaba sa ka,” ’me e le hore ba phethe taelo eo ba ne ba tla lokela ho tsoa tlas’a taolo ea ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. (Bala Tšenolo 18:4.) Re labalabela ho tseba hore na bahlanka ba Molimo ba ile ba lokolloa neng litlamong tsa Babylona! Empa a re qaleng ka ho araba lipotso tse latelang: Liithuti Tsa Bibele li ile tsa etsa’ng mabapi le Babylona e Moholo pele ho 1914? Barab’abo rōna ba ne ba le mafolofolo hakae mosebetsing oa boboleli nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše? Na bahlanka ba Molimo ba bile botlamuoeng ba Babylona hobane ho ne ho hlokahala hore ba khalemeloe?

“HO OA HA BABYLONA”

2. Liithuti Tsa Bibele li ile tsa etsa qeto efe mabapi le bolumeli ba bohata?

2 Lilemo tse mashome pele Ntoa ea I ea Lefatše e qhoma, Charles Taze Russell le bo-mphato ba hae ba ile ba hlokomela hore likereke tsa Bokreste-’mōtoana ha li rute ’nete ea Bibele. Kahoo, ba ile ba etsa qeto ea ho se ikamahanye ka letho le bolumeli ba bohata. Ka November, 1879, Zion’s Watch Tower e ile ea totobatsa boemo ba bona, ha e re: “Kereke e ’ngoe le e ’ngoe e ipolelang hore ke moroetsana ea hloekileng ea tl’o nyaloa ke Kreste, empa bonneteng e tšehetsa lefatše (kapa sebata), ka mangolo re e bitsa seotsoa,” kapa Babylona e Moholo.—Bala Tšenolo 17:1, 2.

3. Liithuti Tsa Bibele li ile tsa etsa’ng ho bontša hore li ikarola ka ho feletseng bolumeling ba bohata? (Sheba setšoantšo se qalong.)

3 Batho ba hlomphang Molimo ba ne ba tseba seo ba lokelang ho se etsa. Ba ne ba ke ke ba lebella hore Molimo a ba hlohonolofatse haeba ba tsoela pele ho tšehetsa bolumeli ba bohata. Ka lebaka leo, ba bangata ba ile ba ngola mangolo a ho itokolla likerekeng. Maemong a mang, ba ne ba a bala ka kerekeng. Moo ba neng ba haneloa ho a bala ka kerekeng, ba ne ba a romela ho litho tsa kereke. Ba ne ba batla ho ikarola ka ho feletseng bolumeling ba bohata! Nakong e fetileng, ho etsa joalo ho ne ho ka ba beha kotsing. Empa ho elella mathoasong a bo-1900, kereke e ne e se e qala ho felloa ke matla linaheng tse ngata. Kaha batho ba ne ba se ba sa tšohe hore ba tla fuoa kotlo, ba ile ba lokoloha ho buisana ka litaba tsa bolumeli esita le ho hanyetsa lithuto tse itseng tsa kereke.

4. Nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše, Liithuti Tsa Bibele li ile tsa nka khato efe khahlanong le Babylona e Moholo?

4 Liithuti Tsa Bibele li ne li nka hore ha hoa lekana ho bolella ba leloko, metsoalle le litho tsa kereke hore na li ikutloa joang ka bolumeli ba bohata. Batho bohle ba ne ba lokela ho tseba hore Babylona e Moholo ke seotsoa! Kahoo, ho tloha ka December 1917 ho fihlela mathoasong a 1918, Liithuti Tsa Bibele li ile tsa aba likopi tse 10 000 000 tsa pampitšana e reng “Ho oa ha Babylona,” e neng e nyatsa Bokreste-’mōtoana ka matla. Joalokaha u ka inahanela, seo se ile sa halefisa baruti haholo, empa ha sea ka sa nyahamisa Liithuti Tsa Bibele. Li ne li ikemiselitse ho “mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.” (Lik. 5:29) See se bontša’ng? Se bontša hore Bakreste ba ne ba itokolotse botlamuoeng ba Babylona e Moholo nakong ea ntoa, ’me ba ikemiselitse ho thusa ba bang hore le bona ba tsoe botlamuoeng.

BA PAKA KA CHESEHO NAKONG EA NTOA EA I EA LEFATŠE

5. Ho na le bopaki bofe bo bontšang hore barab’abo rōna ba ne ba cheseha nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše?

5 Lilemong tsa ho feta, re ne re lumela hore Jehova o ile a halefela batho ba hae hobane ba ne ba sa pake ka cheseho nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše. Re ne re lumela hore ke lona lebaka le entseng hore Jehova a lumelle Babylona e Moholo ho ba isa botlamuoeng ka nakoana. Empa bara le barali babo rōna ba neng ba sebeletsa Molimo ka botšepehi nakong ea 1914-1918, ba re hlakiselitse hore bahlanka ba Morena ba ile ba etsa sohle se matleng a bona ho tsoela pele ka mosebetsi oa boboleli. Ho na le bopaki bo matla bo tšehetsang taba ena. Kaha joale re utloisisa histori ea rōna hamolemonyana, seo se re thusitse ho hlakeloa ke litlaleho tse itseng tsa Bibele.

6, 7. (a) Liithuti Tsa Bibele li ile tsa lokela ho hlōla mathata afe nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše? (b) Ho na le mehlala efe e bontšang hore Liithuti Tsa Bibele li ne li cheseha?

6 Ha e le hantle, Liithuti Tsa Bibele li ile tsa fana ka bopaki bo matla nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše (1914-1918). Ho ne ho e-na le lintho tse ngata tse ba thatafalletsang ho paka. Re tla bua ka tse peli tsa tsona. Ntho e ka sehloohong eo li neng li e etsa ke ho tsamaisa lingoliloeng tsa Bibele. Barab’abo rōna ba bangata ba ile ba thatafalloa ho paka ha ba boholong ba thibela buka ea The Finished Mystery mathoasong a 1918. Ba ne ba sa tloaela ho paka ba sebelisa Bibele feela, kaha buka ea The Finished Mystery e ne e ba “buella.” Bothata bo bong e bile ho qhoma ha seoa sa lefu la mokakallane ka 1918. Ka lebaka la lefu leo, ho ne ho le thata hore bahoeletsi ba tsamaee ka bolokolohi. Ho sa tsotellehe mathata ana, Liithuti Tsa Bibele li ile tsa ikitlaelletsa ho ntšetsa pele mosebetsi ona.

Liithuti Tsa Bibele li ne li cheseha! (Sheba serapa sa 6 le 7)

7 Ka 1914, Liithuti Tsa Bibele tse seng kae li ile tsa bontša batho ba fetang 9 000 000 “Photo-Drama of Creation.” Ena e ne e le baesekopo e tsamaisanang le li-slide e neng e bontša histori ea batho ho tloha tšimolohong ho fihlela qetellong ea Lilemo Tse Sekete. Ka nako eo e ne e le ntho e khōlō. Ak’u nahane ka sena. Palo ea batho ba e boneng ka 1914 e feta ea bahoeletsi bohle ba ’Muso lefatšeng kajeno! Litlaleho li boetse li bontša hore ka 1916, batho ba 809 393 ba bile teng libokeng tsa phatlalatsa tse ileng tsa tšoaroa United States, ’me ka 1918 palo eo ea nyolohela ho 949 444. Ruri Liithuti Tsa Bibele li ne li cheseha!

8. Nakong ea ntoa ea pele ea lefatše, ho ile ha etsoa’ng ho matlafatsa barab’abo rōna?

8 Nakong ea ntoa ea pele ea lefatše, ho ile ha etsoa boiteko bo matla ba ho fepa Liithuti Tsa Bibele moeeng le ho li khothatsa. Sena se ile sa fa barab’abo rōna matla a ho tsoela pele ba paka. Richard H. Barber ea neng a le mafolofolo mosebetsing oa boboleli, o re: “Re ile ra atleha ho boloka balebeli ba seng bakae ba tsamaeang le ho aba Molula-Qhooa esita le ho o romela Canada moo o neng o thibetsoe. Ke ile ka ba le monyetla oa ho romella metsoalle ea ka e seng mekae likopi tsa buka ea The Finished Mystery, kaha tsa bona li ne li nkuoe ka mahahapa. Mor’abo rōna Rutherford o ile a re kōpa hore re lokisetse ho tšoara likopano metseng e ’maloa e ka bophirimela ho United States, ’me re romele libui ho ea khothatsa barab’abo rōna.”

BA ILE BA LOKELA HO KHALEMELOA

9. (a) Ke hobane’ng ha ho ile ha hlokahala hore batho ba Molimo ba khalemeloe pakeng tsa 1914 le 1919? (b) Ho khalemeloa ha bona e ne e se pontšo ea eng?

9 Lintho tse ling tseo Liithuti Tsa Bibele li neng li li etsa pakeng tsa 1914 le 1919 li ne li sa lumellane le melao-motheo ea Mangolo. Le hoja barab’abo rōna ba ne ba e-na le sepheo se setle, ba ne ba sa utloisise hantle taba ea ho ikokobelletsa babusi. (Bar. 13:1) Ka hona, ba ile ba kenella ntoeng. Ka mohlala, ha mopresidente oa United States a re la 30 May, 1918, e tla ba letsatsi la ho rapella khotso, Molula-Qhooa o ile oa khothalletsa Liithuti Tsa Bibele hore li rapelle khotso. Barab’abo rōna ba bang ba ile ba tšehetsa ntoa ka lichelete, ha ba bang bona ba ile ba hla ba nka libetsa ba ea moleng oa ntoa. Empa e ka ba phoso ho nahana hore Liithuti Tsa Bibele li bile botlamuoeng ba Babylona e Moholo hobane ho ne ho hlokahala hore li khalemeloe. Ha e le hantle, li ne li utloisisa hore li lokela ho ikarola bolumeling ba bohata, ’me nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše, li ile tsa ikarola ka ho feletseng ’musong oo oa lefatše oa bolumeli ba bohata.—Bala Luka 12:47, 48.

10. Liithuti Tsa Bibele li ile tsa bontša joang hore li nka bophelo bo halalela?

10 Le hoja Liithuti Tsa Bibele li ne li sa hlakeloa ke taba ea ho se nke lehlakore, li ne li tseba hore Bibele e hanela ho bolaea. Kahoo, esita le barab’abo rōna ba seng bakae ba ileng ba nka libetsa Ntoeng ea I ea Lefatše, ha baa ka ba li sebelisa. Kaha ba ne ba hana ho bolaea ba lireng, ba ile ba isoa moleng o ka pele oa ntoa ka sepheo sa hore ba bolaoe.

11. Ba boholong ba ile ba etsa’ng ha Liithuti Tsa Bibele li hana ho nka libetsa?

11 Ho hlakile hore Diabolose o ile a halefisoa ke tsela eo barab’abo rōna ba ileng ba itšoara ka eona ntoeng. Ka lebaka leo, o ile a “rera khathatso” ka molao. (Pes. 94:20) Mokhenerale James Franklin Bell oa United States, o ile a bolella Mor’abo rōna J. F. Rutherford le W. E. Van Amburgh hore Lefapha la Toka la United States le ne le batla hore lekhotla la ketsa-molao le fetise molao o reng batho ba hanang ho nka libetsa le ho ea ntoeng ba ahloleloe lefu. O ne a bua ka Liithuti Tsa Bibele. Mokhenerale Bell o ile a bua a halefile, a re ho Mor’abo rōna Rutherford: “Molao oo ha o oa feta kaha [Mopresidente] Wilson o o thibetse; empa rea tseba hore na re tla le tšoara joang, ’me re tla le fumana!”

12, 13. (a) Ke hobane’ng ha barab’abo rōna ba robeli ba ile ba ahloleloa ho ea teronkong? (b) Na ho koalloa teronkong ho ile ha fetola boikemisetso ba barab’abo rōna ba ho tšepahala ho Jehova? Hlalosa.

12 Ba boholong ba ile ba fela ba phethahatsa tšepiso eo ea bona. Mor’abo rōna Rutherford le Mor’abo rōna Van Amburgh hammoho le ba bang ba tšeletseng, bao e neng e le baemeli ba Mokhatlo oa Watch Tower, ba ile ba tšoaroa. Ha moahloli a liha kahlolo nyeoeng ea bona, o ile a re: “Leshano la bolumeli leo banna bana ba le hasang le kotsi ho feta masole a Jeremane . . . Ha ba nyatse liofisiri tsa ’muso le tsa sesole feela, empa ba nyatsa le baruti bohle ba likereke. Ba lokela ho fuoa kotlo e boima.” (Faith on the March, ea A. H. Macmillan, leq. 99) Ke sona se ileng sa etsahala. Liithuti Tsa Bibele tse robeli li ile tsa ahloleloa ho qeta nako e telele teronkong e Atlanta, Georgia. Leha ho le joalo, ha ntoa e lala li ile tsa lokolloa, ’me liqoso tse khahlanong le tsona tsa hlakoloa.

13 Esita le ha ba le teronkong, bara bana babo rōna ba robeli ba ile ba khomarela seo Mangolo a se buang. Lengolong la bona le eang ho mopresidente oa United States, ba ile ba etsa boipiletso bo latelang: “Thato ea Morena joalokaha e ngotsoe ka Mangolong ke hore, ‘U se ke ua bolaea,’ ka hona setho leha e le sefe sa Mokhatlo [oa Machaba oa Liithuti Tsa Bibele] se inehetseng ho Morena se tlōlang molao oa hae ka boomo, se tla lahleheloa ke kamohelo ea Molimo, se be se timetsoe ka ho sa feleng. Kahoo, litho tsa mokhatlo oa rōna li ke ke tsa ithaopela kapa hona ho lumela ho nka libetsa e le hore li bolaee.” Ruri ao ke mantsoe a matla! Ho hlakile hore barab’abo rōna ba ne ba sa ikemisetsa ho tlōla molao oa Molimo!

TOKOLOHO QETELLONG!

14. Mangolo a hlalosa se etsahetseng ka 1914 ho ea ho 1919 joang?

14 Malakia 3:1-3 e bua ka nako ea ho tloha ka 1914 ho ea mathoasong a 1919, ha “bara ba Levi” ba tlotsitsoeng ba ne ba hloekisoa. (E bale.) Ka nako eo, Jehova Molimo, e leng “Morena oa ’nete,” a e-na le Jesu Kreste, “lenģosa la selekane,” ba ile ba tla tempeleng ea moea ho tla hlahloba ba sebeletsang ho eona. Ka mor’a hore ba fuoe khalemelo eo ba e hlokang, batho ba Jehova ba hloekisitsoeng ba ne ba se ba loketse ho jara boikarabelo bo eketsehileng. Ka 1919, ho ile ha khethoa “lekhoba le tšepahalang le le masene” hore le fe ba ntlo ea tumelo lijo ka nako e tšoanetseng. (Mat. 24:45) Batho ba Molimo ba ne ba se ba lokolohile tšusumetsong ea Babylona e Moholo. Ka lebaka la mosa oa Jehova o sa tšoanelang, ba ’nile ba tsoela pele ho utloisisa thato ea hae le ho bontša hore ba rata Ntate oa bona oa leholimo. Ruri o ile a ba hlohonolofatsa! [1]

15. Ke’ng seo re lokelang ho se etsa?

15 Ruri rea thaba hore ebe Bakreste ba lokolotsoe botlamuoeng ba Babylona e Moholo! Satane o hlōlehile ho felisa Bokreste ba ’nete lefatšeng. Empa ha rea lokela ho lebala lebaka leo ka lona Jehova a re fileng tokoloho ena. (2 Bakor. 6:1) Batho ba bangata ba ratang ’nete ba ntse ba le botlamuoeng ba bolumeli ba bohata. Re lokela ho ba thusa hore ba tsoe ho bona. Re ba bontše tsela ea ho tsoa. Ka hona, a re etsiseng barab’abo rōna ba lekholong la pele la lilemo, ’me re etse sohle se matleng a rōna ho ba thusa!

^ [1] (serapeng sa 14) Ho na le ho tšoana ho hongata pakeng tsa se etsahaletseng Bajuda nakong ea lilemo tse 70 tseo ba li qetileng ba le botlamuoeng Babylona le se etsahaletseng Bakreste ka mor’a hore bokoenehi bo hlahe. Empa ha ho bonahale eka ho ba botlamuoeng ha Bajuda ho ne ho tšoantšetsa se tla etsahalla Bakreste. Har’a tse ling, nako eo ba bileng botlamuoeng ka eona ha e lekane. Kahoo, ha rea lokela ho nka hore ntho e ’ngoe le e le ’ngoe e etsahaletseng Bajuda ha ba le botlamuoeng e ne e tšoantšetsa se tla etsahalla Bakreste ba tlotsitsoeng pele ho 1919.