Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

NALANE EA RŌNA

“Bahoeletsi ba Brithani—Tsohang!!”

“Bahoeletsi ba Brithani—Tsohang!!”

HO ILE ha etsoa mohoo ona o potlakileng: “Bahoeletsi ba Brithani—Tsohang!!” (Informant * ea December 1937, khatiso ea London) Sehloohong seo ho ne ho e-na le sehloohoana se reng: “Ha Hoa ba le Keketseho Lilemong Tse Leshome Tse Fetileng.” Ho tiisa taba ena, ho ile ha fanoa ka tlaleho ea tšebeletso leqepheng le qalang, ho bontša lipalo-palo tsa mosebetsi lilemong tse leshome tse fetileng, ho tloha ka 1928 ho ea ho 1937.

NA BO-PULA-MALIBOHO BA BANGATA HAHOLO?

Ke’ng e neng e entse hore ho se ke ha e-ba le keketseho Brithani? Kamoo ho bonahalang kateng, liphutheho li ne “li tloaetse” ho etsa lintho ka tsela eo esale li e tloaela. Ho phaella moo, ofisi ea lekala e ne e entse qeto ea hore e tla tšehetsa bo-pula-maliboho ba ka bang 200 feela, ba libakeng tse ka thōko tseo ho se nang liphutheho ho tsona. Kahoo, ofisi ea lekala e ile ea bolella bahoeletsi hore ha ho sa na sebaka Brithani sa bo-pula-maliboho, ’me ea ba khothalletsa ho ea bolela linaheng tse ling tsa Europe. Ho thabisang ke hore bo-pula-maliboho ba bangata ba Brithani ba ile ba ea linaheng tse kang Fora le hoja ba ne ba sa tsebe puo ea moo.

“LEKANG MOKHOA O MOCHA”

Sehlooho se ileng sa hlaha ho Informant ea 1937 se ile sa behela bahoeletsi ba Brithani pakane ea hore ba etse lihora tse milione ka 1938. Ba ne ba ka li etsa habonolo haeba mohoeletsi ka mong a ne a ka qeta lihora tse 15 khoeli ka ’ngoe a le tšimong ’me bo-pula-maliboho ba qeta tse 110. Ba ile ba khothalletsoa hore ba qete lihora tse hlano ba sebetsa tšimo ka litsi, ’me ba etse maeto a ho boela, haholo-holo mantsiboea har’a beke.

Bo-pula-maliboho ba chesehang ba tšebeletsong ea tšimo

Ba bangata ba ile ba thabela tlhahiso ena. Hilda Padgett * o re: “Ntlo-khōlō e ile ea re khothalletsa hore re etse seo ba bangata ba rōna re neng re ntse re labalabela ho se etsa, ’me ho ile ha e ba le litholoana tse ntle haholo.” Morali’abo rōna E. F. Wallis o re: “Re ile ra ananela tlhahiso ena ea hore re sebetse lihora tse hlano! Ha ho letho le neng le re thabisa joaloka ho qeta letsatsi lohle re sebeletsa Morena. . . . Re ne re khutla re khathetse, empa re thabile.” Stephen Miller le eena o ile a ikutloa ka tsela e tšoanang, ’me a amohela memo eo. O ne a batla ho sebeletsa Morena ha a ntse a e-na le monyetla! O re o hopola ba ea tšimong ka libaesekele ’me ba qeta letsatsi lohle ba le tšimong ebe mantsiboea ba bapalla batho lipuo tsa Bibele. Ba ne ba chesehela ho tsamaea ba jere liplakate le ho tsamaisa limakasine seterateng.

Informant e ile ea boela ea etsa mohoo ona: “Re hloka bo-pula-maliboho ba 1 000.” Tokisetso e ncha e ne e se e le hore bo-pula-maliboho ba se hlole ba sebetsa ba le bang libakeng tse ka thōko, empa ba sebetse le liphutheho e le hore ba li tšehetse le ho li matlafatsa. Joyce Ellis (e ne e le oa ha née Barber) o re: “Barab’abo rōna ba bangata ba ile ba elelloa hore ho hlokahala hore ba nke bopula-maliboho. Le hoja ke ne ke le lilemo li 13 ka nako eo, ke ile ka ikemisetsa ho nka bopula-maliboho.” O ile a finyella pakane eo ea hae ka July 1940, a le lilemo li 15. Peter eo hamorao a ileng a nyala Joyce le eena o ile a arabela mohoong oo oa hore “Tsohang,” ’me “a qala ho nahana ka ho nka bopula-maliboho.” Ka June 1940, ha a le lilemo li 17, o ile a tsamaea lik’hilomithara tse 105 ka baesekele ho ea Scarborough ho ea qala ho sebeletsa moo e le pula-maliboho.

Cyril le Kitty Johnson e ne e le bo-pula-maliboho ba itetseng. Ba ile ba etsa qeto ea ho rekisa lehae le thepa ea bona e le hore ba kene tšebeletsong ea nako e tletseng. Cyril o ile a tlohela mosebetsi, ’me khoeling eona eo ba nka bopula-maliboho. O re: “Re ne re kholisehile ka seo re se etsang. Re ikemiselitse ebile re thabile.”

HO THEHOA MAHAE A BO-PULA-MALIBOHO

Ha palo ea bo-pula-maliboho e ntse e eketseha, barab’abo rōna ba ile ba batla litsela tsa ho ba thusa. Jim Carr eo e neng e le mohlanka oa libaka (kapa molebeli oa potoloho) ka 1938, o ile a theha mahae a bo-pula-maliboho joalokaha a ne a khothallelitsoe. Bo-pula-maliboho ba ile ba khothalletsoa hore ba sebetse le ho lula hammoho, e le hore ba fokotse litšenyehelo. Kahoo, barab’abo rōna ba ile ba hira ntlo Sheffield, ’me e hlokomeloa ke mor’abo rōna e mong. Phutheho ea moo e ile ea ba fa chelete le thepa ea ka tlung. Jim o re: “Bohle ba ile ba tšoarisana e le hore morero oo o atlehe.” Ntlong eo ho ne ho lula bo-pula-maliboho ba leshome, ’me ba e-na le kemiso e ntle ea lintho tsa moea. O re: “Hoseng ho hong le ho hong bo-pula-maliboho ba ne ba buisana ka temana [ea letsatsi] ebe ka mor’a moo ba ea tšimong likarolong tse sa tšoaneng tsa motse oo.”

Bo-pula-maliboho ba Brithani ba ikakhela ka setotsoana tšebeletsong

Bahoeletsi hammoho le bo-pula-maliboho ba ile ba arabela mohoong oo, ’me ba finyella pakane ea lihora tse milione ka 1938. Ha e le hantle, litlaleho li bontša hore ho bile le keketseho likarolong tsohle tsa tšebeletso. Ka mor’a lilemo tse hlano, palo ea bahoeletsi ba Brithani e ne e imenne ka makhetlo a ka bang mararo. Khothatso eo batho ba Jehova ba neng ba e fuoe e ile ea ba matlafalletsa ho mamella liteko tseo ba neng ba tla tobana le tsona nakong ea ntoa e neng e larile ka pele.

Kajeno, palo ea bo-pula-maliboho Brithani e boetse e ea eketseha, ha ntoa ea Molimo ea Armagedone e ntse e atamela. Lilemong tse leshome tse fetileng, palo ea bona e ’nile ea eketseha, ’me ka October 2015 palo ea bona e ne e le 13 224. Bo-pula-maliboho bana baa tseba hore tšebeletso ea nako e tletseng e molemo ka ho fetisisa.

^ par. 3 Hamorao e ile ea bitsoa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso

^ par. 8 Molula-Qhooa oa October 1, 1995, maq. 19-24, o na le pale ea bophelo ea Morali’abo rōna Padgett.