Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re Lokela ho ba le Maikutlo Afe ka Liphoso?

Re Lokela ho ba le Maikutlo Afe ka Liphoso?

John le Margaret  * ba thabile hobane ba chaketsoe ke lelapa la morali oa bona. Margaret ke seapehi se hloahloa, kahoo, o ba amohela ka ho ba phehela lijo tseo litloholo tsa hae li li ratang haholo, e leng mak’harone le chisi.

Ha e mong le e mong a se a lutse fatše, Margaret a beha pitsa e neng e tšetse lijo tafoleng. Eitse ha a e koaholla, a nyahama haholo ha a hlokomela hore e ne e le chisi feela ka pitseng. Margaret o ne a lebetse ho tšela mak’harone. *

Kaofela ha rona re etsa liphoso, ebang ke ka ho bua ntho e fosahetseng, ho etsa ntho ka nako e fosahetseng kapa ka ho lebala lintho tsa bohlokoa. Empa ke hobane’ng ha re etsa liphoso? Re ka sebetsana le tsona joang? Hona na motho a ka qoba ho li etsa? Ho ba le maikutlo a nepahetseng ka liphoso ho tla re thusa ho araba lipotso tsena. 

RE LOKELA HO IKUTLOA JOANG KA MOR’A HO ETSA PHOSO?

Rea thaba ha re babatsoa ka ntho e ntle eo re e entseng. Ka tsela e tšoanang re lokela ho amohela liphoso tseo re li entseng, ebang ke tseo re li hlokometseng kapa tse bonoang ke ba bang. Ho etsa joalo ho bontša hore re batho ba ikokobelitseng.

Haeba re ikhohomosa, re ka nyenyefatsa liphoso tsa rona, ra beha ba bang molato kapa ra hana hore ehlile re li entse. Ha u etsa joalo, ha u lokise phoso ebile u ka beha batho molato le hoja ba sa etsa letho. Le haeba hona joale re ka qoba litla-morao tsa liphoso tsa rona, re lokela ho hopola hore “e mong le e mong oa rōna o tla ikarabella ho Molimo.”—Baroma 14:12.

Molimo ha a feteletse liphoso tsa rona. Lengolo la Lipesaleme le re Molimo o “mohau ’me o mosa” hape “a ke ke a lula a fumana molato ka ho sa feleng.” Oa tseba hore re etsa liphoso hobane “oa hopola hore re lerōle.”—Pesaleme ea 103:8, 9, 14.

Kaha Molimo o mohau, o batla hore le rona re se ke ra feteletsa liphoso tsa rona. (Pesaleme ea 130:3) Bibele e re fa likeletso tsa hore na re ka sebetsana le liphoso tsa rona le tsa ba bang joang.

TSELA E NEPAHETSENG EA HO SEBETSANA LE LIPHOSO

Hangata ha motho a entse phoso o qeta nako e ngata a koatile, a beha batho ba bang molato kapa a ipuelella. Ho fapana le hoo, haeba u buile ntho e utloisitseng motho e mong bohloko, kopa tšoarelo ’me u sebeletse ho bopa khotso. Na u kile oa etsa phoso eaba u beha motho e mong molato ka lebaka la eona kapa oa ikoatela hoo u neng u sitoa ho itšoarela? Ho e-na le ho ikoatela kapa hona ho qosa ba bang, leka ho lokisa phoso e etsahetseng. Ho ikemela ho ke ke ha lokisa phoso empa ho ka etsa hore u qabane le batho. Kahoo, ho molemo hore u ithute liphosong tsa hao ’me u tsoele pele ka bophelo.

Ho bonolo ho hlokomela le ho hlokomelisa motho e mong hore o etsa phoso kapa o fositse. Kahoo, pele u halefa kapa u mo hlokomelisa, leka ho hopola keletso ea Jesu e reng: “Lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona.” (Matheu 7:12) Ha u entse phoso u batla hore batho ba bang ba u tšoare ka mosa ba be ba u tšoarele. Le uena etsa se tšoanang ’me u tšoarele ba bang.—Baefese 4:32.

MANGOLO A KA RE THUSANG HO QOBA HO ETSA LIPHOSO

Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe e re: “Liphoso li bakoa ke ho sheba lintho ka tsela e fosahetseng, ho hloka tsebo kapa ho se tsotelle.” Re tlameha ho amohela hore ka linako tse ling re ee re etse liphoso ka lebaka la e ’ngoe ea lintho tsena. Leha ho le joalo, re ka qoba liphoso tse ngata haeba re mamela likeletso tse ka Bibeleng.

E ’ngoe ea likeletso tseo ke e hlahang ho Liproverbia 18:13 e reng: “Ha mang kapa mang a araba taba pele a e utloa, hoo ke booatla ho eena le tlotlollo.” Kahoo, ho molemo hore u mamele taba u be u e utloisise hantle e le hore u se ke oa araba kapa oa etsa lintho ka lepotlapotla. Ha u etsa lintho ka tsela ena, u tla qoba ho etsa liphoso tse ngata.

Keletso e ’ngoe ea Bibele e re: “Le be le khotso le batho bohle.” (Baroma 12:18) Sebeletsa ho bopa khotso ka hore u sebelisane hantle le batho. Hlompha batho, u ba babatse ’me u ba tšoare ka mosa. Haeba u etsa joalo, batho ba ka u tšoarela habonolo ha u ba siteloa.

Ithute liphosong tsa hao. Ho e-na le ho batla ho ikemela ka phoso eo u e entseng, ithute hore na ke makhabane afe ao u ka bang le ’ona e le hore u tle u e qobe nakong e tlang. Mohlomong u lokela ho ba le makhabane a kang bonolo, mamello, mosa, boitšoaro, khotso le lerato. (Bagalata 5:22, 23) U ka khona ho ithuta hore na ke eng eo u sa lokelang ho e etsa nakong e tlang. Ntho e ’ngoe e ka u thusang ke hore u se ke oa ba sefela-peloana.

MELEMO EO RE E FUMANANG

Haeba re sa feteletse liphoso tsa rona kapa tsa ba bang, re ka khona ho sebetsana le tsona ka tsela e tla re tsoela molemo. Re ke ke ra ikoatela ho tlola ebile re tla ba le khotso le batho. Haeba re ithuta liphosong tsa rona, re tla qoba ho li pheta ebile batho ba tla re rata. Re ke ke ra nyahama ho tlola ha re entse liphoso. Ho tseba hore ba bang ba ntse ba lokisa liphoso tsa bona ho tla etsa hore re se ke ra ba fella pelo. Empa ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore re tla ithuta ho etsisa Molimo, re tšoarele.—Bakolose 3:13.

Na phoso eo Margaret a e entseng eo ho builoeng ka eona pejana e ile ea ba senyetsa letsatsi? Le hanyenyane. Kaofela ha bona ba ile ba qaboha ho e-na le ho koata ’me ba ja chisi eo e se na mak’harone. Ka mor’a lilemo tse ngata, litloholo tsa Margaret li ile tsa phetela bana ba tsona pale ena le lintho tse ling tse ngata tse monate tseo ba neng ba li hopola ka nkhono oa bona.

^ ser. 2 Mabitso a fetotsoe.

^ ser. 3 Lijo tsena tseo Margaret a neng a li phehile li etsoa ka hore ho phehoe mak’harone ebe ho tšeloa chisi holim’a ’ona.