Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

BABALI BA BATLA HO TSEBA . . . 

Na Bakreste ba Lokela ho Keteka Keresemese?

Na Bakreste ba Lokela ho Keteka Keresemese?

Batho ba bangata ba keteka Keresemese hobane ba lumela hore ke letsatsi la tsoalo ea Jesu. Empa na Bakreste ba phetseng mehleng ea Jesu ba ne ba e keteka? Hona na Bibele e khothalletsa batho ho keteka matsatsi a tsoalo? Ho tseba hantle hore na Bibele e araba lipotso tsena joang ho tla thusa Bakreste ho tseba hore na ba lokela ho e keteka kapa che.

Ka Bibeleng ha ho na moo Jesu kapa bahlanka ba Molimo ba ketekang matsatsi a tsoalo. Ke ’nete hore Bibele e bua ka batho ba babeli ba ileng ba a keteka. Empa ha ho le ea mong oa bona ea neng a sebeletsa Molimo, ebile mekete eo ea matsatsi a bona a tsoalo e ne e sa mo khahlise. (Genese 40:20; Mareka 6:21) Encyclopædia Britannica e re Bakreste ba mehleng ea khale ba ne ba lumela hore mekete ea matsatsi a tsoalo e thehiloe boheteneng.

Jesu o hlahile neng?

Bibele ha e bolele hore na Jesu o hlahile neng. Cyclopedia ea McClintock le Strong e re: “Testamente e Ncha ha e hlalose hore na Jesu o hlahile ka letsatsi lefe, ebile ha ho na bopaki ba hore na ha e le hantle o hlahile neng.” Hoja Jesu o ne a batla hore balateli ba hae ba keteke letsatsi la hae la tsoalo, a ka be a ba boleletse hore na o hlahile neng.

Taba e ’ngoe ke hore ha ho na moo Bibele e buang ka Jesu le balateli ba hae ba keteka Keresemese. New Catholic Encyclopedia e re: “Letsatsi la Keresemese le qalile ho hlaha k’halendareng ea Maroma, mohlomong ka selemo sa 336 ka mor’a hore Jesu a tle lefatšeng.” Ka nako eo, mangolo ’ohle a Bibele a ne a se a phethiloe, ebile ho ne ho se ho fetile lilemo tse ngata Jesu a tlohile lefatšeng. Ka lebaka leo, Cyclopedia ea McClintock le Strong e re: “Mokete oa Keresemese ha oa qaptjoa ke Molimo ebile ha o hlahe ka Testamenteng e Ncha.” *

Jesu o laetse balateli ba hae ho ikhopotsa ketsahalo efe?

Kaha Jesu ke eena Mosuoe e Moholo, o boletse na o batla hore balateli ba hae ba etse’ng. Litaelo tsena li ngotsoe ka Bibeleng ’me ha ho na moo a ba laetseng hore ba keteke Keresemese. Joalokaha tichere e batla hore bana ba mamele litaelo, Jesu le eena o batla hore balateli ba hae ba mamele litaelo tsa hae, ba se ke ba “fetela ka nģ’ane ho lintho tse ngoliloeng” ka Bibeleng.—1 Bakorinthe 4:6.

Le hoja Jesu a sa bua ka Keresemese, o buile ka taba ea bohlokoa eo balateli ba hae ba lokelang ho e etsa, e leng ho ikhopotsa lefu la hae. O ile a ba a ba bolella hore na ba lokela ho ikhopotsa lona neng le hore na joang. Litaelo tsa hore na ba lokela ho ikhopotsa lona ka letsatsi lefe le tsela eo ba lokelang ho ikhopotsa lona ka eona, li ngotsoe ka Bibeleng.—Luka 22:19; 1 Bakorinthe 11:25.

Re ithutile hore Keresemese ke mokete oa letsatsi la tsoalo o qapiloeng ke batho ba sa rapeleng Jehova le hore Bakreste ba mehleng ea Jesu ba ne ba sa e keteke. Ho feta moo, ha ho moo Bibele e buang ka mang kapa mang ea e ketekang. Esita le Jesu ha aa ka a e keteka. Ho na le Bakreste ba limilione ba khethang ho se keteke Keresemese ka mabaka ao re a boneng sehloohong sena.

^ ser. 6 Haeba u batla ho bala litaba tse buang ka Keresemese, u ka bala sehlooho se reng “Babali ba Batla ho Tseba. . . Ke Eng Seo U Lokelang ho se Tseba ka Keresemese?” ho Molula-Qhooa oa December 1, 2014. U ka fumana Molula-Qhooa ona le ho www.pr418.com/st.