Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bibele e Reng?

Bibele e Reng?

Armagedone ke Eng?

Batho ba bang ba dumela hore . . .

Ke timetso ya larita, ntwa ya nuclear, dikoduwa tsa tlhaho tse bolayang batho ba bangata. Wena o reng?

Seo Bibele e se buang

Armagedone ke sebaka sa tshwantshetso sa “ntwa ya letsatsi le leholo la Modimo ya Matla Ohle,” moo a tla beng a lwana le dira tsa hae.​—Tšenolo 16:14, 16.

Seo re ithutang sona hape ka Bibeleng?

Empa na ho bonolo ho pholoha ntwa ya Armagedone?

Wena o ka reng?

  • Ee

  • Tjhe

  • Mohlomong

Seo Bibele e se buang

“Bongata bo boholo” ba batho ba tswang ditjhabeng tsohle, bo tla pholoha ‘matshwenyeho a maholo,’ a tla qetella ka ntwa ya Armagedone.​—Tšenolo 7:9, 14.

Seo re ithutang sona hape ka Bibeleng

  • Modimo o batla hore batho ba bangata kamoo ho ka kgonehang kateng, ba pholohe Armagedone. Qetellong o tla fedisa ba kgopo ba hanang ho baka.​—Ezekiele 18:32.

  • Bibele e ya re hlalosetsa hore na keng seo re lokelang ho se etsa e le hore re pholohe Armagedone.​—Sofonia 2:3.