Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Tšepa Jehova ’me U Etse se Molemo”

“Tšepa Jehova ’me U Etse se Molemo”

“Tšepa Jehova ’me u etse se molemo . . . ’me u sebetse ka botšepehi.”—PES. 37:3.

LIPINA: 133, 63

1. Jehova o bopile batho ba e-na le bokhoni bofe?

JEHOVA o bopile batho ba e-na le bokhoni bo hlollang. O re file bokhoni ba ho nahana e le hore re rarolle mathata le ho nahana ka bokamoso. (Liprov. 2:11) O re file matla a ho phethahatsa merero ea rona, e leng se re thusang ho finyella seo re batlang ho se etsa. (Bafil. 2:13) O boetse o re file letsoalo le re thusang ho khetholla se nepahetseng ho se fosahetseng, e le hore re qobe liphoso kapa re li lokise haeba re ile ra fosa.—Bar. 2:15.

2. Jehova o batla hore re sebelise bokhoni ba rona joang?

2 Jehova o lebeletse hore re sebelise bokhoni ba rona ka tsela e nepahetseng. Hobane’ng? Hobane oa re rata, ’me oa tseba hore re tla thaba ha re sebelisa letsoalo le bokhoni ba rona ba ho nahana ka tsela e nepahetseng. Ka Bibeleng, Jehova o re khothatsa ka makhetlo a mangata hore re sebelise limpho tsena hantle. Ka mohlala, Mangolo a Seheberu a re: “Merero ea ea khothetseng e tlisa molemo.” A phaella ka ho re: “Sohle seo letsoho la hao le fumanang hore le ka se etsa, o se etse ka matla a hao [’ohle].” (Liprov. 21:5; Moek. 9:10) Athe Mangolo a Segerike ona a re: “Hafeela re sa na le nako e loketseng, a re sebetseng se molemo ho bohle.” A boetse a re: “Ka tekanyo eo e mong le e mong a amohetseng mpho ka eona, le e sebelise ho sebeletsaneng.” (Bagal. 6:10; 1 Pet. 4:10) Ho hlakile hore Jehova o batla hore re etse lintho tse tsoelang rona le ba bang molemo.

3. Bokhoni ba rona bo lekanyelitsoe ka tsela efe?

3 Leha ho le joalo, Jehova o a tseba hore bokhoni ba rona bo lekanyelitsoe. Ka mohlala, re ke ke ra khona ho felisa ho se phethahale, sebe le lefu, leha e le ho laola liketso tsa ba bang. (1 Mar. 8:46) Ha ho le ka mohla tsebo le phihlelo ea rona e ka lekanang le ea Jehova.—Esa. 55:9.

“Tšepa Jehova ’me u etse se molemo” ha u tobana le mathata

4. Re tlo tšohla eng sehloohong see?

4 Maemong ’ohle, re lokela ho itšetleha ka Jehova hore a re tataise, re kholisehile hore o tla re thusa le moo re hlolehang teng. Leha ho le joalo, re lokela ho etsa sohle seo re ka se khonang ho rarolla mathata a rona le ho thusa batho ba bang. (Bala Pesaleme ea 37:3.) Re lokela ho ‘tšepa Jehova ’me re etse se molemo’; re hloka ho ‘sebetsa ka botšepehi.’ Re ntse re nahanne ka sena, a re ke re tšohleng mohlala oa Noe, Davida le bahlanka ba bang ba tšepahalang, ba ileng ba itšetleha ka Jehova ’me ba nka khato e loketseng. Joalokaha re tla bona, ba ile ba tseba ho khetholla pakeng tsa seo ba neng ba ka se etsa le seo ba neng ba ke ke ba khona ho se etsa, ’me ba nka khato e nepahetseng.

HA RE PHELA HAR’A MAEMO A KHOPO

5. Hlalosa boemo boo Noe a neng a tobane le bona.

5 Noe o phetse lefatšeng le neng le “tletse pefo” le boitšoaro bo bobe. (Gen. 6:4, 9-13) O ne a tseba hore Jehova o tla felisa lefatše leo le khopo. Ho ntse ho le joalo, e tlameha ebe Noe o ne a khathatsehile ka maemo ao a mpefetseng. Boemong boo, Noe o ile a hlokomela hore ho ne ho na le lintho tseo a neng a ka khona ho li etsa le tseo a neng a ke ke a khona ho li etsa.

Ha u hanyetsoa mosebetsing oa boboleli (Sheba serapa sa 6-9)

6, 7. (a) Ke’ng seo Noe a neng a ke ke a khona ho se etsa? (b) Maemo a rona a tšoana joang le a Noe?

6 Seo Noe a neng a ke ke a khona ho se etsa: Le hoja ka botšepehi Noe a ile a lemosa batho hore Jehova o tla felisa ba khopo, o ne a ke ke a qobella batho ho amohela molaetsa oo, kapa hona ho etsa hore Moroallo o tle kapele. Noe o ne a lokela ho tšepa hore Jehova o tla phethahatsa tšepiso ea hae ea ho felisa bokhopo, a kholisehile hore Molimo o tla etsa seo ka nako e loketseng.—Gen. 6:17.

7 Le rona re phela lefatšeng le tletseng bokhopo leo re tsebang hore Jehova o tšepisitse ho le felisa. (1 Joh. 2:17) Re ke ke ra qobella batho ho amohela “litaba tse molemo tsa ’Muso.” Hape re ke ke ra etsa letho ho potlakisa qaleho ea “matšoenyeho a maholo.” (Mat. 24:14, 21) Joaloka Noe, re hloka tumelo e matla le ho tšepa hore haufinyane Jehova o tla nka khato. (Pes. 37:10, 11) Re kholisehile hore Jehova a ke ke a lieha, leha e le ka letsatsi le le leng feela ho felisa lefatše lena le khopo.—Hab. 2:3.

8. Noe o ile a etsang hore a se ke a nyahamisoa ke lintho tseo a neng a ke ke a khona ho li etsa? (Sheba setšoantšo se qalong.)

8 Seo Noe a neng a ka khona ho se etsa: Ho e-na le hore Noe a nyahamisoe ke lintho tseo a neng a ke ke a khona ho li etsa, o ile a phathahana ka lintho tseo a neng a ka khona ho li etsa. Kaha e ne e le “’moleli oa ho loka,” ka botšepehi Noe o ile a phatlalatsa molaetsa oa temoso oo a neng a o filoe. (2 Pet. 2:5) Ha ho pelaelo hore seo se ile sa thusa Noe hore a lule a e-na le tumelo e matla. Ha aa ka a sebelisa matla a hae feela ho etsa mosebetsi oa boboleli empa o ile a boela a a sebelisa ho phetha kabelo eo Molimo a neng a mo file eona ea ho haha areka.—Bala Baheberu 11:7.

9. Re ka etsisa mohlala oa Noe joang?

9 Joaloka Noe, re ikitlaelletsa ho ba le ‘ho hongata hoo re ka ho etsang mosebetsing oa Morena.’ (1 Bakor. 15:58) Mosebetsi oo o ka akarelletsa ho haha le ho hlokomela libaka tsa borapeli, ho ithaopela ho thusa likopanong, ho sebeletsa Bethele kapa ofising ea phetolelo. Ka holim’a tsohle, re lula re phathahane ka mosebetsi oa boboleli hobane o matlafatsa tšepo ea rona ka bokamoso. Morali’abo rona e mong o re: “Ha u bua le ba bang ka lintho tseo ’Muso oa Molimo o tla re etsetsa tsona, u elelloa hore ha ba na tšepo ebile ba nahana hore mathata a bona a ke ke a fela.” Ruri ho etsa mosebetsi oa boboleli ho matlafatsa tšepo ea rona hape ho re thusa hore re se ke ra tela peisong ea bophelo.—1 Bakor. 9:24.

HA RE OELA SEBENG

10. Hlalosa boemo boo Davida a ileng a tobana le bona.

10 Jehova o ile a re Morena Davida ke “monna ea ratoang ke pelo ea [hae].” (Lik. 13:22) Davida e ne e le monna ea tšepahalang. Leha ho le joalo, o ile a etsa sebe se tebileng. O ile a etsa bofebe le Bathe-sheba. Ho hobe le ho feta, o ile a leka ho pata sebe sa hae ka ho etsa tokisetso ea hore Uria, monna oa Bathe-sheba, a bolaoe ntoeng. Davida o ile a ba a nea Uria lengolo le eang ho molaoli oa sesole le neng le fana ka taelo ea hore a bolaoe! (2 Sam. 11:1-21) Empa qetellong sebe sa Davida se ile sa hlahella pepeneneng. (Mar. 4:22) Davida o ile a etsa’ng ha seo se etsahala?

Ha u tšoenngoa ke libe tsa nakong e fetileng (Sheba serapa sa 11-14)

11, 12. (a) Ke’ng seo Davida a neng a ke ke a khona ho se etsa ka mor’a ho etsa sebe? (b) Jehova a ka re thusa joang haeba re baka e le kannete?

11 Seo Davida a neng a ke ke a khona ho se etsa: Davida o ne a ke ke a fetola seo a se entseng. Hape o ne a ke ke a balehela liphello tsa sebe sa hae. O ne a tla tobana le tse ling tsa liphello tseo bophelo bohle ba hae. (2 Sam. 12:10-12, 14) Kahoo, o ne a lokela ho ba le tumelo le ho tšepa hore ha a ka baka e le kannete, Jehova o ne a tla mo tšoarela a be a mo thuse ho mamella liphello tseo tse bohloko.

12 Kaofela ha rona re baetsalibe ’me re etsa liphoso. Liphoso tse ling li mpe haholo, hoo ka linako tse ling re ke keng ra khona ho li lokisa. Re tla tlameha ho phela le liphello tsa tsona. (Bagal. 6:7) Empa re kholisehile hore haeba re baka e le kannete, Jehova o tla re thusa ho sebetsana le mathata esita le a bakiloeng ke liphoso tsa rona.—Bala Esaia 1:18, 19; Liketso 3:19.

13. Ke’ng e ileng ea thusa Davida hore a boele a be matla tumelong?

13 Seo Davida a neng a ka khona ho se etsa: Davida o ile a lumella Jehova hore a mo thuse hore a boele a be matla tumelong. O ile a etsa seo ka hore a amohele khalemelo ea Jehova e tsoang ho moprofeta Nathane. (2 Sam. 12:13) O ile a bolella Jehova libe tsa hae ka thapelo, a mo kopa ka tieo hore a mo bontše mohau. (Pes. 51:1-17) Davida o ile a ithuta liphosong tsa hae ho e-na le ho itlohella hore a jeoe ke letsoalo le molato bophelo bohle ba hae. Ka sebele, ha aa ka a pheta libe tseo tse tebileng. Hamorao o ile a shoa a tšepahala ’me o ntse a lutse mohopolong oa Jehova.—Baheb. 11:32-34.

14. Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Davida?

14 Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Davida? Haeba re oela sebeng se tebileng re lokela ho baka e le kannete ’me re kope Jehova hore a re tšoarele. Re lokela ho bolela libe tsa rona ho eena. (1 Joh. 1:9) Re boetse re tlameha ho ea ho baholo e le hore ba re fe thuso e loketseng. (Bala Jakobo 5:14-16.) Ha re amohela litokisetso tsa Jehova, re bontša hore rea lumela hore o tla re folisa a be a re tšoarele. Ka mor’a moo, re tla be re etsa hantle ha re ithuta liphosong tsa rona ebe re tsoela pele re sebeletsa Jehova, re e-na le tšepo ka bokamoso.—Baheb. 12:12, 13.

MAEMONG A MANG

Ha u kula (Sheba serapa sa 15)

15. Re ithuta’ng mohlaleng oa Anna?

15 Mohlomong u ka nahana ka bahlanka ba bang ba Jehova ba tšepahalang. Ba ile ba mo tšepa ’me ba nka khato e loketseng. Ka mohlala, Anna o ne a ke ke a hlola bothata ba ho se be le bana ka boeena. Leha ho le joalo, o ile a tsoela pele ho sebeletsa tabernakeleng, a tšollela pelo ea hae ho Jehova ka thapelo, a kholisehile hore o tla mo tšelisa. (1 Sam. 1:9-11) Na oo ha se mohlala o motle ho rona? Ha re tobana le mathata a ho kula kapa a mang a ka holimo ho matla a rona, re lahlela matšoenyeho a rona ho Jehova hobane rea tseba hore oa re tsotella. (1 Pet. 5:6, 7) Re boetse re etsa sohle se matleng a rona ho rua molemo libokeng tsa Bokreste le litokisetsong tse ling tseo Molimo a li etsang.—Baheb. 10:24, 25.

Ha bana ba khaotsa ho sebeletsa Jehova (Sheba serapa sa 16)

16. Batsoali ba ka ithuta’ng mohlaleng oa Samuele?

16 Ho thoe’ng ka batsoali ba tšepahalang bao bana ba bona ba khaolitseng ho sebeletsa Jehova? Samuele ea tsofetseng o ne a ke ke a qobella bara ba hae ho phela ka melao ea Jehova eo a neng a ba rutile eona. (1 Sam. 8:1-3) O ne a lokela ho tlohella lintho matsohong a Jehova. Ho ntse ho le joalo, Samuele o ile a tšepahala, a thabisa pelo ea Ntate oa hae ea leholimong, Jehova. (Liprov. 27:11) Batsoali ba bangata ba Bakreste ba tobana le boemo bo tšoanang mehleng ena. Empa ba na le tšepo ea hore bana ba bona ba tla khutlela ho Jehova ’me a ba amohele, feela joaloka ntate ea papisong ea mora ea lehlasoa. (Luka 15:20) Batsoali bao ba sebetsa ka thata ho lula ba tšepahala, ba tšepa hore bana ba bona ba tla latela mohlala oa bona o motle ’me ba khutlele ho Jehova.

Ha u e-na le mathata a lichelete (Sheba serapa sa 17)

17. Ke hobane’ng ha mohlala oa mohlolohali ea hlokang o re khothatsa?

17 Nahana hape ka mohlolohali ea hlokang oa mehleng ea Jesu. (Bala Luka 21:1-4) Ho ne ho se letho leo a ka le etsang ka liketso tse mpe tse neng li etsoa ka tempeleng. (Mat. 21:12, 13) Mohlomong ho ne ho se letho leo a ka le etsang ka boemo ba hae ba ho hloka. Empa o ile a nehela ka “licheletana tse peli tsa tšepe” tseo e neng e le “mokhoa oohle oa ho iphelisa oo a neng a e-na le oona.” O ne a tšepa Jehova ka pelo ea hae eohle. Hape o ne a nka ho sebeletsa Molimo e le ntho e tlang pele bophelong ba hae, kaha o ne a kholisehile hore o tla mo hlokomela. Botšepehi ba hae bo ile ba mo susumelletsa hore a tšehetse borapeli ba ’nete. Ka ho tšoanang, re tiisehile hore haeba re etelletsa ’Muso pele, Jehova o tla re fa tsohle tseo re li hlokang.—Mat. 6:33

18. Fana ka mohlala oa mor’abo rona ea ileng a ba le maikutlo a nepahetseng ha a kopana le maemo a thata.

18 Bakreste ba bangata ba mehleng ea rona ba behile mohlala o motle oa ho tšepa Jehova ’me ba nka khato e loketseng. Nahana ka mor’abo rona ea bitsoang Malcolm, ea ileng a lula a tšepahala ho fihlela a shoa ka 2015. Lilemong tse ngata tseo eena le mosali oa hae ba li qetileng ba sebeletsa Jehova, ba ile ba tobana le mathata. O ile a re: “Ka linako tse ling bophelo ha boa tsitsa, ho hlaha maemo ao ho leng thata ho sebetsana le ’ona. Empa Jehova o hlohonolofatsa ba itšetlehileng ka eena.” Mor’abo rona Malcolm o ile a fana ka keletso e reng: “Rapela Jehova hore a o thuse hore o mo sebeletse ka mafolofolo. Ho e-na le ho tšoenyeha haholo ka lintho tseo re ke keng ra khona ho li etsa, re lokela ho nahana ka tseo re ka khonang ho li etsa.” *

19. (a) Ke hobane’ng ha temana ea rona ea selemo ea 2017 e le e loketseng? (b) U ikemiselitse ho sebelisa temana ea selemo ea 2017 joang bophelong ba hao?

19 Ha tsamaiso ena ea lintho e ntse e mpefala le ho feta, re lebeletse hore mathata ao re kopanang le ’ona a eketsehe. (2 Tim. 3:1, 13) Kahoo, ke ha bohlokoa hore re se ke ra tšoenyeha haholo ka mathata ao. Ho e-na le hoo, re lokela ho ba le tšepo e tiileng ho Jehova ha re ntse re nka mehato e nepahetseng. Ke ho loketseng hakaakang hore ebe temana ea selemo ea 2017 e re: “Tšepa Jehova ’me u etse se molemo”!—Pes. 37:3.

Temana ea Selemo ea 2017: “Tšepa Jehova ’me U Etse se Molemo”Pesaleme ea 37:3