Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE YA BOPHELO

Modimo o Ile a re Bontsha Mohau ka Ditsela Tse Ngata

Modimo o Ile a re Bontsha Mohau ka Ditsela Tse Ngata

NTATE wa ka eo lebitso la hae e leng Arthur, o ne a rata Modimo haholo mme o ne a batla ho ba Moruti wa kereke ya Methodist. Empa ka mora hore a bale dibuka tse tswang ho Baithuti ba Bibele le ho qala ho buisana le bona, o ile a fetola seo a neng a se rerile. O ile a kolobetswa ka 1914 ha a le dilemo di 17. Ka nako eo Ntwa ya I ya Lefatshe e ne e se e qadile mme o ile a bitswa sesoleng. Empa Ntate o ile a hana, kahoo a kwallwa dikgwedi tse 10 teronkong ya Kingston ya dinokwane tse kotsi e Ontario, Canada. Ka mora hore a lokollwe, e ile ya e ba morekisi wa dibuka eo hona jwale ho seng hothwe ke pulamadiboho.

Ka 1926, o ile a nyala Hazel Wilkinson, eo mme wa hae a ileng a ithuta Bibele ka 1908. Ke hlahile ka la 24 April 1931, lapeng re bane mme nna ke ngwana wa bobedi, re ne re rapela Jehova ebile re hlompha le Lentswe la hae e leng Bibele. Re ne re atisa ho ya mosebetsing wa ntlo le ntlo re le kaofela.Lik. 20:20.

HO DULA KE LE PULAMADIBOHO JWALO KA NTATE, HO E NA LE HO TSHEHETSA DIPOLOTIKI

Ka 1939 Ntwa ya II ya Lefatshe e ile ya qala, mme selemong se latelang mosebetsi wa Dipaki Tsa Jehova o ile wa thibelwa Canada. Dikolong ho ne ho etswa mekete ya bochaba mme ba ne ba hlompha folakga ba bile ba bina le pina ya sechaba. Ha seo se etsahala nna le ausi wa ka Dorothy, re ile ra ntshwa ka tlelaseng. Ka letsatsi le leng titjhere ya ka e ile ya leka ho ntlontlolla ka hore e re ho nna ke lekwala. Ha sekolo se tswa, bana ba bang bao ke neng ke kena sekolo le bona ba ile ba nkotla ka ba ka wela fatshe. Seo se ile sa etsa hore ke ikemisetse ho “mamela Modimo e le mmusi ho e na le batho.”Lik. 5:29.

Ka July 1942 ke ile ka kolobetswa ka tankeng ya metsi polasing, ke ne ke le dilemo di 11 ka nako eo. Nako le nako ha dikolo di kwalwa ke ne ke ba pulamadiboho ya nakwana, eo hona jwale e bitswang pulamadiboho e thusang. Ka selemo se seng ke ile ka sebetsa le bara babo rona ba bararo ho ya pakela batho ba neng ba sakga difate. Ba ne ba dula tshimong e sa abuwang ka leboya ho Ontario.

Ka la 1 May 1949, ke ile ka ba pulamadiboho ya kamehla. Ke ile ka amohelwa hore ke be setho sa lelapa la Bethele e Canada ka la 1 December, kaha ho ne ho hahwa ke ile ka bitswa hore ke tlo thusa. Ke ile ka sebetsa lefapheng la kgatiso mme ke ile ka tlameha ho ithuta ho sebedisa motjhine o hatisang. Ka dibeke tse ding ke ne ke sebetsa bosiu, ke hatisa dipampitshana tse neng di bua ka mahloriso a neng a hlahela batho ba Jehova Canada.

Hamorao, ke ile ka sebetsa Lefapheng la Tshebeletso, ha ke ntse ke le moo ke ile ka buisana le bo pulamadiboho ba neng etetse ofisi ya lekala pele ba fetela Quebec moo ba neng ba ilo sebeletsa teng mme mosebetsi wa boboledi o ne o thibetswe sebakeng seo. E mong wa bona e ne e le Mary Zazula ya neng a tswa Edmoton, Alberta. Batswadi ba hae ba ne ba rata bodumedi ba Orthodox haholo, kahoo ba ile ba mo leleka lapeng hammoho le abuti wa hae Joe kaha ba ne ba hana ho tlohela ho ithuta Bibele. Ka June 1951, ba ile ba kolobetswa mme ka mora dikgwedi tse tsheletseng ba ile ba qala ho bula madiboho. Ha ke ntse ke bua le bona ke ile ka kgahlwa ke tsela eo Mary a neng a rata Jehova ka yona. Ke ile ka ipolella ka re, ‘Jwang kapa jwang enwa ke kgarebe eo ke tla e nyala.’ Ka la 30 January 1954 ka mora dikgwedi tse 9 re ile ra nyalana. Hamorao ka mora beke, re ile ra fumana memo ya hore re ilo kwetlisetswa mosebetsi wa potoloho mme ka mora dilemo tse pedi, re ile ra ya potoloha ka leboya Ontario.

Ha mosebetsi wa ho ruta o ntse o hola, ho ile ha e ba le tlhokahalo ya baromuwa. Re ile ra kgodiseha hore haeba re kgonne ho mamella serame le menwang e bang teng hlabula Canada, re tla kgona ho mamella maemo ohle ao re ka kopanang le ona tshebeletsong ya rona. Re ile ra ba sehlopheng sa bo 27 se ileng sa qeta ka July 1956 Sekolong sa Gileade, mme ka November ra qala ho sebeletsa Brazil.

MOSEBETSI WA BOROMUWA BRAZIL

Ha re fihla lekaleng la Brazil, re ile ra tlameha ho ithuta puo ya Sepotoketsi. Ka mora ho ithuta mantswe a seng makae le ho ithuta kamoo re ka tsamaisang makasine kateng, re ile ra qala ho ya tshimong. Ha motho eo re buang le yena a thabela molaetsa, re ne re kgothalletswa hore re mo balle mangolo a buang ka hore na bophelo bo tla ba jwang Mmusong wa Modimo. Letsatsing la pele feela re le mosebetsing wa ntlo le ntlo, ausi e mong o ile a thabela molaetsa, kahoo ke ile ka mo balla lengolo la Tšenolo 21: 3, 4 mme ka mora moo ke ile ka akgeha kaha ke ne ke sa tlwaela motjheso, mme boo e ile ya eba bothata bo tswelang pele.

Re ile ra sebeletsa motseng wa Campos moo hona jwale ho seng ho e na le diphutheho tse 15. Ha re ne re fihla moo, ho ne ho e na le phutheho e le nngwe feela e ka thoko, le ntlo ya baromuwa e neng e e na le baradi babo rona ba bane e leng: Esther Tracy Ramona, Luiza Schwarz le Lorraine Brookes eo hona jwale e seng e le Wallen. Moo re neng re dula teng ke ne ke thusa ka ho hlatswa le ho rwalla patsi bakeng sa ho pheha. Mantaha ka mora thuto ya Tora ya ho Lebela ho ile ha hlaha ntho eo re sa e lebellang. Mosadi wa ka o ne a phomotse hodima sofa, re ntse re buisana ka dintho tse etsahetseng letsatsing leo. Ha a phahamisa hlooho mosamong ho ile ha hlaha noha e ileng ya re tshosa mme ke ile ka e bolaya.

Ka mora ho qeta selemo ke ithuta Sepotoketsi, ke ile ka kgethwa hore ke be molebedi wa potoloho. Re ne re phela bophelo ba mahaeng, re se na motlakase, re robala mmateng ebile re sebedisa dipere le dikariki. Nakong ya phutuho ya ho ya bolella batho ba dibakeng tse ka thoko molaetsa wa Bibele, re ile ra ya toropong e dithabeng ka terene yaba re hira ntlo moo. Ofisi ya lekala e ile ya re romella dimakasine tse 800 hore re di sebedise tshimong. Re ne re tlameha ho kgutlela hangata posong ho ya lata dimakasine ho di isa moo re dulang.

Ka 1962, Sekolo sa Tshebeletso sa Mmuso se ile sa tshwarelwa Brazil bakeng sa bara babo rona le baradi babo rona ba baromuwa. Ka dikgwedi tse tsheletseng, ke ile ka abelwa hore ke ye sekolong se seng ka mora se seng ntle le mosadi waka. Ke ile ka ruta ditoropong tse kang Manaus, Belém, Fortaleza, Recife, le Salvador. Ke ile ka hlophisa kopano ya setereke ntlong eo ho neng ho bapalwa mmino wa opera, e neng e tumme toropong ya Manaus. Pula e ile yana ka matla mme ya silafatsa metsi a nowang mme ra hloka le sebaka seo re ka jelang ho sona (Ka nako eo kopanong ho ne ho phehwa dijo.) Ke ile ka founela ba sesole, mme ka bua le motsamaisi wa bona ya neng a thabela ho re thusa, o ile a etsa hore kaofela re fumane metsi, a boela a re romella masole hore a re tlisetse ditente tse kgolo tse pedi bakeng sa ho etsa sebaka sa ho pheha le sa ho jela.

Ha ke ntse ke tsamaile, Mary o ile a paka sebakeng sa kgwebo moo ho buuang Sepotoketsi, mme batho ba moo ba ne ba amehile ka ho etsa tjhelete. Ha aa ka kgona ho bua le motho le ha e le ofe ka molaetsa wa Bibele mme o ile a re ho ditho tse ding tsa lelapa la Bethele, “Ho hang ha ke batle ho dula Portugal.” Ho makatsang ke hore hang ka mora moo re ile ra fumana lengolo le reng re sebeletse Portugal. Ka nako eo mosebetsi wa rona wa boboledi o ne o thibetswe, empa re ile ra nna ra tswela pele ho sa tsotellehe boikutlo boo Mary a neng a e na le bona pele.

TSHEBELETSO YA RONA PORTUGAL

Ka August 1964 re ile ra fihla, Lisbon Portugal. Mapolesa a Portugal a ne a hlorisa bara babo rona. Ka lebaka la seo re ile ra bona ho le bohlokwa hore re qobe ho buisana le bara babo rona ba moo. Re ile ra dula ntlong e hirwang ha re ntse re emetse ditokomane tsa molao tsa bodulo. Ka mora hore re fumane ditokomane tsa bodulo re ile ka hira ntlo e nngwe. Qetellong ka January 1965, re ile ka kgona ho buisana le ofisi ya lekala. Re ile ra thaba haholo ka mora dikgwedi tse hlano ha re qala ho ya dibokeng.

Re ile ra utlwa hore kamehla mapolesa a ntse a hlahloba matlo a bara babo rona. Diboka di ne di tshwarelwa malapeng kaha Diholo tsa Mmuso tsa Dipaki Tsa Jehova di ne di kwetswe. Dipaki tse ngata di ile tsa iswa seteisheneng sa mapolesa ho ya botswa dipotso. Bara babo rona ba ile ba tshwarwa hampe e le hore ba ntshe mabitso a ba neng ba tshwara diboka tseo. Ho e na le ho sebedisa difane tsa bona, ba ile ba sebedisa mabitso a kang José kapa Paulo. Jwale le rona re ile ra etsa se tshwanang.

Ntho e ka sehloohong eo re neng re amehile ka yona ke ho thusa bara babo rona hore ba be le kamano e ntle le Jehova. Mosebetsi wa Mary e ne e le ho thaepa Tora ya ho Lebela e ithutwang le dingolwa tse ding tse ngata.

HO SIRELETSA DITABA TSE MOLEMO LEKGOTLENG LA DINYEWE

Ka June 1966, ho ile ha e ba le nyewe Lisbon. Bara le baradi babo rona ba 49 ba Phutheho ya Feijó ba ile ba qoswa ka lebaka la ho tshwarela diboka matlong a bona ka sekgukgu. E le hore ba itokise, ke ile ka etsa eka ke motjhotjhisi ya tlo ba botsa dipotso ka lekgotleng la dinyewe. Re ne re tseba hore nyewe eo e tlo re hlola, empa re ile ra hlokomela hore taba ena e tla etsa hore batho ba batle ho ithuta ka Jehova. Ka sebete akgente ya rona e ile ya qetella ka ho qotsa mantswe a Gamaliele wa mehleng ya Bibele. (Lik. 5:33-39) Ditaba tseo tsa nyewe di ile tsa tsebahala hohle mme bara le baradi babo rona ba ile ba kwallwa matsatsi a ka bang 45 ho isa ho dikgwedi tse hlano le halofo. Ho thabisang ke hore pele akgente e na ya rona e sebete e hlokahala, e ne e se e ithuta Bibele mme e ya le dibokeng.

Ka December 1966, ke ile ka kgethwa hore ke be molebedi wa lekala mme ke ile ka qeta nako e telele ke sebetsana le ditaba tsa molao. Ka nako eo Dipaki Tsa Jehova di ile tsa fumana bolokolohi ba borapedi. (Bafil. 1:7) Ka la 18 December , 1974 re ile ra ngodiswa ka molao. Bara babo rona e leng Nathan Knorr le Frederick Franz ba neng ba sebeletsa ntlokgolo, ba ile ba tla Portugal ho tla thaba le rona ketsahalong eo ya bohlokwa e neng tshwaretswe Oporto le Lisbon mme ho ne ho tlile batho ba ka bang 46 870.

Jehova o ile a re bulela dihlekehleke tse ding moo ho buuwang Sepotoketsi tse kang Azores, Cape ­Verde, Madeira, São Tomé le Príncipe. Kahoo ka 1988 re ile ra qeta ho haha mohaho o moholo wa lekala. Ka la 23 April selemong sona seo, Morabo rona Milton Henschel o ile a etella pele ha ho nehelwa mohaho o motjha mme ho ne ho na le batho ba 45 522. Ho neng ho thabisa le ho feta ke hore bara le baradi babo rona ba 20, ba kileng ba sebeletsa Portugal e le baromuwa ba ile ba ba teng ketsahalong eo ya bohlokwa.

RE ILE RA ITHUTA MEHLALENG YA BATHO BA ILENG BA TSHEPAHALA

Ha nako e entse e ya, ho tlwaelana le bara babo rona ba tshepahalang ho ile ha re thusa haholo. Ke ithutile dintho tsa bohlokwa ha ne ke thusa Morabo rona Theodore Jaracz ha a ne a etetse lekala le itseng. Lekala le neng le etetswe le ne le na le mathata a maholo mme bara babo rona ba Komiti ya Lekala ba ne ba lekile ka hohle ho le thusa. E le ho etsa hore ba ikutlwe ba phuthulohile, Morabo rona Jaracz o ile a re: “Jwale ke nako ya hore re fe moya o halalelang sebaka e le hore o sebetse.” Dilemo tse ngata tse fetileng ha re ne re etetse ntlokgolo e Brooklyn, nna le mosadi wa ka Mary re ile ra qeta nako e telele mantsiboya le Morabo rona Franz le ba bang. Mantsiboyeng ao ha Morabo rona Franz a bua ka dilemo tse ngata tseo a di qetileng tshebeletsong ya Jehova, o ile a re: “Ke kgothalletsa batho hore ba dule ba le ka hara mokgatlo wa Jehova ho sa tsotellehe hore na ho thata kapa jwang. Ke wona feela o etsang mosebetsi oo Jesu a ileng a laela barutuwa ba hae hore ba o etse e leng wa ho bolela ditaba tse molemo tsa Mmuso wa Modimo!”

Ka ho etsa seo, nna le mosadi wa ka re ile ra thaba haholo. Re dula re hopola maeto a monate ao re bileng le ona ha re ntse re etela makala. Maeto ao a ile a etsa hore re ananele mosebetsi oo bara le baradi babo rona ba batjha le ba hodileng ba o etsang le ho ba kgothalletsa hore ba tswele pele ba sebeletsa Jehova.

Dilemo di a matha mme hona jwale nna le mosadi wa ka re na le dilemo tse ka bang tse 80. Mary o kgathatswa ke ho kula. (2 Bakor. 12:9) Mathata ao re ileng ra tobana le ona a ile a re matlafatsa tumelo le ho feta mme a entse hore re dule re tshepahala ho Jehova. Ha re sheba morao, re kgona ho bona hore kannete Jehova haesale a re bontsha mohau ka ditsela tse ngata. *

^ par. 29 Ka la 25 October , 2015 nakong eo ka yona sehlooho sena se neng se lokisetswa ho ya hatiswa, Morabo rona Douglas Guest o ile a hlokahala a ntse a tshepahala ho Jehova.