Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jehova o Tataisa Batho ba Hae

Jehova o Tataisa Batho ba Hae

“Jehova o tla . . . le tsamaisa kamehla.”—ESA. 58:11.

LIPINA: 152, 22

1, 2. (a) Ba etellang Lipaki Tsa Jehova pele ba fapane joang le baeta-pele ba malumeli a mang? (b) Re tla hlahloba eng sehloohong see le se latelang?

“MOETA-PELE oa hao ke mang?” Ena ke potso e atisang ho botsoa Lipaki Tsa Jehova ’me seo ha se makatse. Malumeling a mangata, monna kapa mosali o sebetsa joaloka moeta-pele kapa motsamaisi. Ho fapana le hoo, rona re motlotlo ho bolella batho ba re botsang hore Moeta-pele oa rona ke motho ea phethahetseng. Kahoo, re latela tataiso ea Kreste ea ileng a tsosoa bafung, eo le eena ka ho tšoanang a latelang tataiso ea Ntate oa hae, Jehova.—Mat. 23:10.

2 Leha ho le joalo, ho na le sehlopha sa banna, “e leng lekhoba le tšepahalang le le masene,” le etellang pele batho ba Molimo mehleng ena. (Mat. 24:45) Joale re tseba joang hore ehlile ke Jehova ea re etellang pele a sebelisa Mora oa hae? Sehloohong sena le se latelang, re tla hlahloba hore na Jehova o ile a tataisa batho ba itseng joang ka lilemo tse ngata hore ba etelle pele. Lihloohong tsena ka bobeli re tla hlokomela mehlala e meraro e bontšang hore haesale Jehova a tataisa banna bao, e leng se bontšang hore e ne e le Moeta-pele oa ’nete oa batho ba hae ebile e ntse e le eena le mehleng ena.—Esa. 58:11.

BA NE BA MATLAFATSOA KE MOEA O HALALELANG

3. Ke’ng e ileng ea matlafatsa Moshe hore a etelle Iseraele pele?

3 Moea o halalelang o ile oa matlafatsa banna ba khethiloeng ke Molimo. Nahana ka Moshe eo Molimo a ileng a mo khetha hore e be eena ea etellang Baiseraele pele. Ke’ng e ileng ea mo thusa hore a phethe kabelo eo e boima? Jehova o ile a ‘kenya moea oa Hae o halalelang ka hare ho eena.’ (Bala Esaia 63:11-14.) Jehova o ile a matlafatsa Moshe ka moea o halalelang e le hore a tsoele pele ho etella batho ba Hae pele.

4. Baiseraele ba ne ba tla thusoa ke’ng hore ba bone hore Moshe o ne a e-na le moea oa Molimo? (Sheba setšoantšo se qalong.)

4 Kaha moea o halalelang ke matla a sa bonahaleng, Baiseraele ba ne ba tla thusoa ke’ng hore ba bone hore ke oona o thusang Moshe? Moea o halalelang o ile oa thusa Moshe hore a etse mehlolo le hore a tsebahatse lebitso la Molimo ho Faro. (Ex. 7:1-3) Moea o halalelang o ile oa thusa Moshe hore a be le lerato, boikokobetso le mamello ’me oa mo thusa le ho etella pele Baiseraele. O ne a fapane hole le baeta-pele ba linaha tse ling ba neng ba le sehloho ebile ba sa tsotelle batho ba bang! (Ex. 5:2, 6-9) Ho ne ho bonahala ka ho hlakileng hore Jehova o ne a khethile Moshe hore e be moeta-pele oa batho ba Hae.

5. Hlalosa kamoo Jehova a ileng a fa banna ba bang ba Baiseraele matla a ho etella pele batho ba hae.

5 Hamorao, moea o halalelang oa Jehova o ile oa matlafatsa banna ba bang bao a ileng a ba khetha ho etella batho ba hae pele. “Joshua mora oa Nune o ne a tletse moea oa bohlale.” (Deut. 34:9) “Moea oa Jehova oa aparela Gideone.” (Baahl. 6:34) “Moea oa Jehova oa qala ho sebetsa ho Davida.” (1 Sam. 16:13) Banna bao kaofela ba ne ba tšepile moea oa Molimo hore o ba thuse, ’me moea oo o ile oa etsa hore ba etse lintho tseo ba neng ba ke ke ba khona ho li etsa ka matla a bona. (Josh. 11:16, 17; Baahl. 7:7, 22; 1 Sam. 17:37, 50) Kahoo, Jehova o ile a rorisoa ka lebaka la liketso tseo tse matla.

6. Ke hobane’ng ha Molimo a ne a batla hore batho ba hae ba hlomphe baeta-pele Iseraele?

6 E tlameha ebe Baiseraele ba ile ba etsa’ng ha ba bona bopaki ba hore banna bao ba ne ba e-na le moea o halalelang? Ha batho ba ne ba tletleba ka ho etella pele ha Moshe, Jehova o ile a botsa a re: “Sechaba see se tla ntlhompholla halelele hakae?” (Num. 14:2, 11) Ka sebele Jehova o ile a khetha Moshe, Joshua, Gideone le Davida hore ba etelle batho ba hae pele. Ha batho ba mamela banna bao, ba ne ba latela Jehova joaloka Moeta-pele.

BA NE BA THUSOA KE MANGELOI

7. Mangeloi a ile a thusa Moshe joang?

7 Mangeloi a ile a thusa baemeli ba Molimo. (Bala Baheberu 1:7, 14.) Jehova o ile a sebelisa mangeloi ho thusa le ho tataisa Moshe. Molimo o ile a romela Moshe “e le ’musi hammoho le molopolli ka letsoho la lengeloi le ileng la bonahala ho eena sehlahleng se meutloa.” (Lik. 7:35) Jehova o ile a ‘sebelisa mangeloi’ ho fa Moshe Molao oo a neng a o sebelisa ho tataisa Baiseraele. (Bagal. 3:19) Jehova o ile a re ho eena: “Etella sechaba pele ho ea moo ke u boleletseng teng. Bona! Lengeloi la ka le tla u etella pele.” (Ex. 32:34) Bibele ha e bolele hore Baiseraele ba ile ba bona lengeloi leo ha le etsa mesebetsi eo. Leha ho le joalo, tsela eo Moshe a neng a tataisa batho ka eona, e bontšitse ka ho hlaka hore o ne a thusoa ke mangeloi.

8. Mangeloi a ile a thusa Joshua le Ezekiase joang?

8 Ka mor’a mehla ea Moshe, mohlahlami oa hae e leng Joshua, o ile a matlafatsoa ke “khosana ea lebotho la Jehova” ho etella pele batho ba Molimo ntoeng khahlanong le Bakanana, ’me Baiseraele ba ile ba hlola. (Josh. 5:13-15; 6:2, 21) Hamorao Morena Ezekiase o ile a tobana le tlhaselo e matla ea lebotho la Baassyria ba neng ba batla ho felisa motse oa Jerusalema. Ka bosiu bo le bong, “lengeloi la Jehova la tsoa ’me la bolaea ba likete tse lekholo le mashome a robeli a metso e mehlano.”—2 Mar. 19:35.

9. Na ho se phethahale ha banna ba khethiloeng ke Molimo ho ne ho ka sitisa Baiseraele ho mamela? Hlalosa.

9 Mangeloi a phethahetse empa banna bao ba neng ba ba thusa bona ba ne ba sa phethahala. Moshe o ne a kile a hloleha ho halaletsa Jehova. (Num. 20:12) Joshua ha aa ka a kopa thuso ho Molimo pele a etsa selekane le Bagibeone. (Josh. 9:14, 15) Ka nako e khutšoanyane, “pelo ea [Ezekiase] e ile ea ikhohomosa.” (2 Likron. 32:25, 26) Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe ho se phethahale ha banna bao, Baiseraele ba ne ba lokela ho latela tataiso ea bona. Jehova o ne a sebelisa mangeloi ho ba tšehetsa. Ho hlakile hore Jehova o ne a tataisa batho ba hae.

BA NE BA TATAISOA KE LENTSOE LA MOLIMO

10. Molao oa Molimo o ile oa tataisa Moshe joang?

10 Lentsoe la Molimo le ne le tataisa baeta-pele ba hae. Bibele ha e bua ka Molao o neng o filoe Baiseraele e re ke ‘molao oa Moshe.’ (1 Mar. 2:3) Leha ho le joalo, Mangolo a bontša hore Jehova ke eena ea fanang ka Molao ’me le Moshe o ne a lokela ho o mamela. (2 Likron. 34:14) Ka mor’a hore Jehova a fe Moshe litaelo tsa hore na a hahe tabernakele joang, “Moshe [o ile] a etsa ho ea ka sohle seo Jehova a neng a mo laetse sona. A fela a etsa joalo.”—Ex. 40:1-16.

11, 12. (a) Joshua le marena a mang a neng a busa batho ba Molimo ba ne ba lokela ho etsa’ng? (b) Lentsoe la Molimo le ile la thusa baeta-pele bao a ba khethileng joang?

11 Joshua o ne a e-na le tlaleho ea Lentsoe la Molimo ha a ne a qala ho ba moeta-pele. Jehova o ile a re ho eena: “U e bale ka lentsoe le tlaase bosiu le motšehare, e le hore u ka hlokomela ho etsa ka sohle se ngoliloeng ho eona.” (Josh. 1:8) Hamorao, marena a ileng a busa batho ba Molimo a ile a etsa se tšoanang. Ba ne ba lokela ho bala Molao oo letsatsi le leng le le leng, ’me ba ingolle ona ba be ba “boloke mantsoe ’ohle a molao ona le melao ena ea tsamaiso ka ho e phetha.”—Bala Deuteronoma 17:18-20.

12 Lentsoe la Molimo le ne le thusa baeta-pele ba khethiloeng ke Molimo joang? Nahana ka mohlala oa Morena Josiase. Ka mor’a hore ho fumanoe tokomane e buang ka Molao oa Moshe, mongoli oa Josiase o ile a qala ho mo balla eona. * Morena o ile a etsa’ng? “Eitse hang ha morena a utloa mantsoe a buka ea molao, kapele-pele a hahola liaparo tsa hae.” Empa o ile a etsa se fetang seo. Lentsoe la Molimo le ile la tataisa Josiase hore a il’o felisa borapeli ba litšoantšo ’me ka mor’a moo, a etse mokete o moholo oa Paseka. (2 Mar. 22:11; 23:1-23) Kaha Josiase le baeta-pele ba bang ba tšepahalang ba ne ba tataisoa ke Lentsoe la Molimo, ba ne ba ikemiselitse ho etsa liphetoho le ho hlakisetsa batho ba Molimo litaelo le tataiso ea hae. Liphetoho tsena li ile tsa etsa hore batho ba Molimo ba mo mamele.

13. Baeta-pele ba batho ba Molimo ba ne ba fapane joang le baeta-pele ba lichaba tse ling?

13 Marena ao a tšepahalang a ne a fapane hole le baeta-pele ba lichaba tse ling ba neng ba tataisoa ke bohlale bo fokolang ba batho! Tlas’a puso ea Bakanana, batho ba ne ba etsa lintho tse mpe tse akarelletsang, ho kopanela liphate le batho ba amanang le bona, ba bong bo tšoanang, ba robala le liphoofolo, ’me ba etsa mahlabelo ka bana ebile ba rapela litšoantšo. (Lev. 18:6, 21-25) Ho feta moo, baeta-pele ba Bababylona le Baegepeta ba ne ba sa latele melao ea bohloeki eo Molimo a neng a e file Baiseraele. (Num. 19:13) Ho fapana le hoo, batho ba Molimo ba ile ba bona kamoo baeta-pele ba tšepahalang ba ileng ba ba behela mohlala kateng, oa ho ba le kamano e ntle le Molimo, ho itšoara hantle le ho mamela melao ea bohloeki. Ho hlakile hore ba ne ba tataisoa ke Jehova.

14. Ke hobane’ng ha Jehova a ne a khalemela ba bang ba baeta-pele ba batho ba hae?

14 Baeta-pele ba bang ba neng a etella pele batho ba Molimo ba mehleng ea baapostola ba ne ba sa mamele litaelo tsa Molimo. Ba neng ba sa mamele Jehova ba ne ba hana tataiso ea moea o halalelang oa Molimo, ea Lentsoe la hae le ea mangeloi a hae. Maemong a mang, Jehova o ne a ba khalemela kapa a ba tlosa. (1 Sam. 13:13, 14) Ka nako ea hae e nepahetseng, o ile a khetha moeta-pele ea phethahetseng.

JEHOVA O KHETHA MOETA-PELE EA PHETHAHETSENG

15. (a) Baprofeta ba ile ba bontša joang hore ho ne ho tla ba le moeta-pele ea khethehileng? (b) Moeta-pele eo ho profetiloeng ka eena ke mang?

15 Lilemong tse ngata tse fetileng, Jehova o ile a bolela esale pele hore o tla khetha moeta-pele ea tšoanelehang le ea khethehileng bakeng sa batho ba hae. Moshe o ile a bolella Baiseraele a re: “Jehova Molimo oa lōna o tla le hlahisetsa moprofeta har’a lōna, ho barab’abo lōna, ea tšoanang le ’na—le lokela ho mo mamela.” (Deut. 18:15) Esaia o ile a bolela esale pele hore Enoa e ne e tla ba “moeta-pele le molaoli.” (Esa. 55:4) Daniele o ile a ngola ka ho tla ha “Mesia Moeta-pele.” (Dan. 9:25) Qetellong Jesu o ile a itsebahatsa e le “Moeta-pele” oa batho ba Molimo. (Bala Matheu 23:10.) Barutuoa ba Jesu ba ile ba mo latela, ’me ba ne ba kholisehile hore ke ea khethiloeng ke Jehova. (Joh. 6:68, 69) Ba kholisitsoe ke’ng hore Jesu Kreste o ne a sebelisoa ke Molimo ho etella batho ba hae pele?

16. Ke’ng e bontšang hore Jesu o ne a matlafatsoa ke moea o halalelang?

16 Moea o halalelang o ile oa matlafatsa Jesu. Ha Jesu a kolobetsoa, Johanne Mokolobetsi o ile a bona “maholimo a ntse a aroha, ’me moea o theohela holim’a hae joaloka leeba.” Ka mor’a moo, “moea oa mo susumelletsa ho kena lefeelleng.” (Mar. 1:10-12) Ha Jesu a le lefatšeng, moea o halalelang o ile oa etsa hore a rute le ho etsa mehlolo. (Lik. 10:38) Ho ekeletsa moo, moea o halalelang o ile oa etsa hore Jesu a bontše lerato, thabo, le tumelo e matla. (Joh. 15:9; Baheb. 12:2) Ha ho na moeta-pele e mong a ileng a bontša hore o na le moea o halalelang joaloka Jesu. Jesu o ne khethiloe ke Jehova.

Mangeloi a ile a thusa Jesu joang hang fela ka mor’a hore a kolobetsoe? (Sheba serapa sa 17)

17. Mangeloi a ile a etsa’ng ho thusa Jesu?

17 Mangeloi a ile a thusa Jesu. Hang ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe, “mangeloi a tla ’me a qala ho mo sebeletsa.” (Mat. 4:11) Lihora tse seng kae pele ho lefu la hae, “lengeloi le tsoang leholimong la bonahala ho eena ’me la mo matlafatsa.” (Luka 22:43) Jesu o ne a kholisehile hore Jehova o tla fana ka thuso ea mangeloi ka linako tsohle ha a e hloka.—Mat. 26:53.

18, 19. Jesu o ile a sebelisa Lentsoe la Molimo joang bophelong ba hae leha a ruta?

18 Lentsoe la Molimo le ile la tataisa Jesu. Ho tloha qalong ea tšebeletso ea hae, Jesu o ile a lumella Mangolo hore a mo tataise. (Mat. 4:4) Ha e le hantle, o ile a mamela Lentsoe la Molimo ho isa lefung thupeng ea tlhokofatso. Le mantsoeng a hae a ho qetela pele a shoa, o ile a qotsa mantsoe a boprofeta bo mabapi le Mesia. (Mat. 27:46; Luka 23:46). Ho fapana le hoo, baeta-pele ba bolumeli ba mehleng eo ba ne ba sa mamele Lentsoe la Molimo moo le sa lumellaneng le meetlo ea bona. Ha a bua ka bona Jesu o ile a qotsa mantsoe a Bibele a boletsoeng ke moprofeta Esaia ’me a re: “Sechaba sena se ntlhompha ka melomo, empa leha ho le joalo lipelo tsa sona li suthetse hōle le ’na. Ke ha lefeela hore ebe se ntse se nthapela, hobane se ruta litaelo tsa batho e le lithuto.” (Mat. 15:7-9) Na Jehova o ne a ka khetha e mong oa banna bao hore a etelle pele batho ba hae?

19 Jesu o ile a sebelisa Lentsoe la Molimo ha a ruta leha a etsa lintho tse ling. Ha baeta-pele ba bolumeli ba mo hanyetsa, ha aa ka sebelisa bohlale ba hae kapa boiphihlelo ba hae ho ba araba, empa o ile a sebelisa Mangolo. (Mat. 22:33-40) Ho e-na le ho bolella bamameli ba hae ka bophelo ba hae ha a le leholimong kapa ka popo o ile a “a bula likelello tsa bona ka botlalo hore li utloisise se boleloang ke Mangolo.” (Luka 24:32, 45) Jesu o ne a rata Lentsoe la Molimo, ’me o ne a ikemiselitse ho le bolella ba bang.

20. (a) Jesu o ile a bontša joang hore o ikokobelletsa Molimo? (b) Phapang e teng pakeng tsa Jesu le Heroda Agripa I e re ruta eng ka Jehova ha a khetha baeta-pele?

20 Le hoja Jesu a ile a bua “mantsoe a khahlisang” ho bamameli ba hae, o ile a lula a isa thoriso ho Mosuoe oa hae e leng Jehova. (Luka 4:22) Ha monna ea ruileng a leka ho tlotlisa Jesu ka hore ke “Mosuoe ea Molemo,” Ka boikokobetso Jesu o ile a araba a re: “Ke hobane’ng ha u mpitsa ea molemo? Ha ho ea molemo, haese a le mong, Molimo.” (Mar. 10:17, 18) Hoo e ka bang ka mor’a lilemo tse robeli Heroda Agripa I, e ile ea e ba morena kapa moeta-pele oa Judea ’me o ne a fapane le Jesu. Sebokeng se seng se khethehileng Heroda o ile a apara “liaparo tsa borena.” Letšoele le ile la hoeletsa la re: “Ke lentsoe la molimo, eseng la motho!” Heroda o ile a nka thoriso eo e le ea hae. Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo? “Hang-hang lengeloi la Jehova la mo otla, hobane ha aa ka a tlotlisa Molimo; a jeoa ke libōkō ’me a shoa.” (Lik. 12:21-23) Ho ne ho bonahala hantle hore Heroda o ne a sa khethoa ke Jehova hore e be moeta-pele. Jesu eena ka lehlakoreng le leng, ho ne hlakile hore o khethiloe ke Molimo ’me o ile a tsoela-pele ho tlotlisa Jehova, e leng Moeta-pele ea ka Sehloohong.

21. Sehlooho se latelang se tla araba lipotso life?

21 Jesu o ne a sa khetheloa ho ba moeta-pele ka lilemo tse ’maloa feela. Ka mor’a tsoho ea hae o ile a re: “Ke filoe matla ’ohle leholimong le lefatšeng . . . ’Me, bonang! ke na le lōna ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.” (Mat. 28:18-20) Empa kaha Jesu ke moea o sa bonahaleng o leholimong, o tla etella pele batho ba Molimo ba lefatšeng joang? Tlas’a boeta-pele ba Jesu, Jehova o ne a tla sebelisa bo-mang ho etella batho ba Hae pele? Hona Bakreste ba ne ba tla ba tseba joang hore batho bao ba khethiloe ke Molimo? Sehlooho se latelang se tla araba lipotso tsena.

^ par. 12 Ho ka etsahala hore ebe tokomane ena ke e ngotsoeng ke Moshe ho tloha qalong.