Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jehova o Tataisa Batho ba Hae

Jehova o Tataisa Batho ba Hae

“Jehova o tla . . . le tsamaisa kamehla.”ESA. 58:11.

DIPINA: 15222

1, 2. (a) Ba etellang Dipaki Tsa Jehova pele ba fapane jwang le baetapele ba madumedi a mang? (b) Re tla hlahloba eng sehloohong see le se latelang?

“MOETAPELE wa hao ke mang?” Ena ke potso e atisang ho botswa Dipaki Tsa Jehova mme seo ha se makatse. Madumeding a mangata, monna kapa mosadi o sebetsa jwaloka moetapele kapa motsamaisi. Ho fapana le hoo, rona re motlotlo ho bolella batho ba re botsang hore Moetapele wa rona ke motho ya phethahetseng. Kahoo, re latela tataiso ya Kreste ya ileng a tsoswa bafung, eo le yena ka ho tshwanang a latelang tataiso ya Ntate wa hae, Jehova.Mat. 23:10.

2 Leha ho le jwalo, ho na le sehlopha sa banna, “e leng lekgoba le tshepahalang le le masene,” le etellang pele batho ba Modimo mehleng ena. (Mat. 24:45) Jwale re tseba jwang hore ehlile ke Jehova ya re etellang pele a sebedisa Mora wa hae? Sehloohong sena le se latelang, re tla hlahloba hore na Jehova o ile a tataisa batho ba itseng jwang ka dilemo tse ngata hore ba etelle pele. Dihloohong tsena ka bobedi re tla hlokomela mehlala e meraro e bontshang hore haesale Jehova a tataisa banna bao, e leng se bontshang hore e ne e le Moetapele wa nnete wa batho ba hae ebile e ntse e le yena le mehleng ena.Esa. 58:11.

BA NE BA MATLAFATSWA KE MOYA O HALALELANG

3. Ke eng e ileng ya matlafatsa Moshe hore a etelle Iseraele pele?

3 Moya o halalelang o ile wa matlafatsa banna ba kgethilweng ke Modimo. Nahana ka Moshe eo Modimo a ileng a mo kgetha hore e be yena ya etellang Baiseraele pele. Ke eng e ileng ya mo thusa hore a phethe kabelo eo e boima? Jehova o ile a ‘kenya moya wa Hae o halalelang ka ho yena.’ (Bala Esaia 63:11-14.) Jehova o ile a matlafatsa Moshe ka moya o halalelang e le hore a tswele pele ho etella batho ba Hae pele.

4. Baiseraele ba ne ba tla thuswa ke eng hore ba bone hore Moshe o ne a e na le moya wa Modimo? (Sheba setshwantsho se qalong.)

4 Kaha moya o halalelang ke matla a sa bonahaleng, Baiseraele ba ne ba tla thuswa ke eng hore ba bone hore ke ona o thusang Moshe? Moya o halalelang o ile wa thusa Moshe hore a etse mehlolo le hore a tsebahatse lebitso la Modimo ho Faro. (Ex. 7:1-3) Moya o halalelang o ile wa thusa Moshe hore a be le lerato, boikokobetso le mamello mme wa mo thusa le ho etella pele Baiseraele. O ne a fapane hole le baetapele ba dinaha tse ding ba neng ba le sehloho ebile ba sa tsotelle batho ba bang! (Ex. 5:2, 6-9) Ho ne ho bonahala ka ho hlakileng hore Jehova o ne a kgethile Moshe hore e be moetapele wa batho ba Hae.

5. Hlalosa kamoo Jehova a ileng a fa banna ba bang ba Baiseraele matla a ho etella pele batho ba hae.

5 Ha morao, moya o halalelang wa Jehova o ile wa matlafatsa banna ba bang bao a ileng a ba kgetha ho etella batho ba hae pele. “Joshua mora wa Nune o ne a tletse moya wa bohlale.” (Deut. 34:9) “Moya wa Jehova wa aparela Gideone.” (Baahl. 6:34) “Moya wa Jehova wa qala ho sebetsa ho Davida.” (1 Sam. 16:13) Banna bao kaofela ba ne ba tshepile moya wa Modimo hore o ba thuse, mme moya oo o ile wa etsa hore ba etse dintho tseo ba neng ba ke ke ba kgona ho di etsa ka matla a bona. (Josh. 11:16, 17; Baahl. 7:7, 22; 1 Sam. 17:37, 50) Kahoo, Jehova o ile a roriswa ka lebaka la diketso tseo tse matla.

6. Ke hobaneng ha Modimo a ne a batla hore batho ba hae ba hlomphe Baetapele Iseraele?

6 E tlameha e be Baiseraele ba ile ba etsang ha ba bona bopaki ba hore banna bao ba ne ba e na le moya o halalelang? Ha batho ba ne ba tletleba ka ho etella pele ha Moshe, Jehova o ile a botsa a re: “Setjhaba see se tla ntlhompholla halelele hakae?” (Num. 14:2, 11) Ka sebele Jehova o ile a kgetha Moshe, Joshua, Gideone, le Davida hore ba etelle batho ba hae pele. Ha batho ba mamela banna bao, ba ne ba latela Jehova jwaloka Moetapele.

BA NE BA THUSWA KE MANGELOI

7. Mangeloi a ile a thusa Moshe jwang?

7 Mangeloi a ile a thusa baemedi ba Modimo. (Bala Baheberu 1:7, 14.) Jehova o ile a sebedisa mangeloi ho thusa le ho tataisa Moshe. Modimo o ile a romela Moshe “e le mmusi hammoho le molopolli ka letsoho la lengeloi le ileng la bonahala ho yena sehlahleng se meutlwa.” (Lik. 7:35) Jehova o ile a ‘sebedisa mangeloi’ ho fa Moshe Molao oo a neng a o sebedisa ho tataisa Baiseraele. (Bagal. 3:19) Jehova o ile a re ho yena: “Etella setjhaba pele ho ya moo ke o boleletseng teng. Bona! Lengeloi la ka le tla o etella pele.” (Ex. 32:34) Bibele ha e bolele hore Baiseraele ba ile ba bona lengeloi leo ha le etsa mesebetsi eo. Leha ho le jwalo, tsela eo Moshe a neng a tataisa batho ka yona, e bontshitse ka ho hlaka hore o ne a thuswa ke mangeloi.

8. Mangeloi a ile a thusa Joshua le Ezekiase jwang?

8 Ka mora mehla ya Moshe, mohlahlami wa hae e leng Joshua, o ile a matlafatswa ke “kgosana ya lebotho la Jehova” ho etella pele batho ba Modimo ntweng kgahlanong le Bakanana, mme Baiseraele ba ile ba hlola. (Josh. 5:13-15; 6:2, 21) Hamorao Morena Ezekiase o ile a tobana le tlhaselo e matla ya lebotho la Baasyria ba neng ba batla ho fedisa motse wa Jerusalema. Ka bosiu bo le bong, “lengeloi la Jehova la tswa mme la bolaya ba dikete tse lekgolo le mashome a robedi a metso e mehlano.”2 Mar. 19:35.

9. Na ho se phethahale ha banna ba kgethilweng ke Modimo ho ne ho ka sitisa Baiseraele ho mamela? Hlalosa.

9 Mangeloi a phethahetse empa banna bao ba neng ba ba thusa bona ba ne ba sa phethahala. Moshe o ne a kile a hloleha ho halaletsa Jehova. (Num. 20:12) Joshua ha aa ka a kopa thuso ho Modimo pele a etsa selekane le Bagibeone. (Josh. 9:14, 15) Ka nako e kgutshwanyane, “pelo ya [Ezekiase] e ile ya ikgohomosa.” (2 Likron. 32:25, 26) Leha ho le jwalo, ho sa tsotellehe ho se phethahale ha banna bao, Baiseraele ba ne ba lokela ho latela tataiso ya bona. Jehova o ne a sebedisa mangeloi ho ba tshehetsa. Ho hlakile hore Jehova o ne a tataisa batho ba hae.

BA NE BA TATAISWA KE LENTSWE LA MODIMO

10. Molao wa Modimo o ile wa tataisa Moshe jwang?

10 Lentswe la Modimo le ne le tataisa baetapele ba hae. Bibele ha e bua ka Molao o neng o filwe Baiseraele e re ke ‘Molao wa Moshe.’ (1 Mar. 2:3) Leha ho le jwalo, Mangolo a bontsha hore Jehova ke yena ya fanang ka Molao mme le Moshe o ne a lokela ho o mamela. (2 Likron. 34:14) Ka mora hore Jehova a fe Moshe ditaelo tsa hore na a hahe tarbanekele jwang, “Moshe [o ile] a etsa ho ya ka sohle seo Jehova a neng a mo laetse sona. A fela a etsa jwalo.”Ex. 40:1-16.

11, 12. (a) Joshua le marena a mang a neng a busa batho ba Modimo ba ne ba lokela ho etsang? (b) Lentswe la Modimo le ile la thusa baetapele bao a ba kgethileng jwang?

11 Joshua o ne a e na le tlaleho ya Lentswe la Modimo ha a ne a qala ho ba moetapele. Jehova o ile a re ho yena: “O e bale ka lentswe le tlase bosiu le motshehare, e le hore o ka hlokomela ho etsa ka sohle se ngodilweng ho yona.” (Josh. 1:8) Hamorao, marena a ileng a busa batho ba Modimo a ile a etsa se tshwanang. Ba ne ba lokela ho bala Molao oo letsatsi le leng le le leng, mme ba ingolle ona ba be ba “boloke mantswe ohle a molao ona le melao ena ya tsamaiso ka ho e phetha.”Bala Deuteronoma 17:18-20.

12 Lentswe la Modimo le ne le thusa baetapele ba kgethilweng ke Modimo jwang? Nahana ka mohlala wa Morena Josiase. Ka mora hore ho fumanwe tokomane e buang ka Molao wa Moshe, mongodi wa Josiase o ile a qala ho mo balla yona. * Morena o ile a etsang? “Eitse hang ha morena a utlwa mantswe a buka ya molao, kapelepele a hahola diaparo tsa hae.” Empa o ile a etsa se fetang seo. Lentswe la Modimo le ile la tataisa Josiase hore a ilo fedisa borapedi ba ditshwantsho mme ka mora moo, a etse mokete o moholo wa Paseka. (2 Mar. 22:11; 23:1-23) Kaha Josiase le baetapele ba bang ba tshepahalang ba ne ba tataiswa ke Lentswe la Modimo, ba ne ba ikemiseditse ho etsa diphetoho le ho hlakisetsa batho ba Modimo ditaelo le tataiso ya hae. Diphetoho tsena di ile tsa etsa hore batho ba Modimo ba mo mamele.

13. Baetapele ba batho ba Modimo ba ne ba fapane jwang le baetapele ba ditjhaba tse ding?

13 Marena ao a tshepahalang a ne a fapane hole le baetapele ba ditjhaba tse ding ba neng ba tataiswa ke bohlale bo fokolang ba batho! Tlasa puso ya Bakanana, batho ba ne ba etsa dintho tse mpe tse akareletsang, ho kopanela diphate le batho ba amanang le bona, ba bong bo tshwanang, ba robala le diphoofolo, mme ba etsa mahlabelo ka bana ebile ba rapela ditshwantsho. (Lev. 18:6, 21-25) Ho feta moo, baetapele ba Bababylona le Baegepeta ba ne ba sa latele melao ya bohlweki eo Modimo a neng a e file Baiseraele. (Num. 19:13) Ho fapana le hoo, batho ba Modimo ba ile ba bona kamoo baetapele ba tshepahalang ba ileng ba ba behela mohlala kateng, wa ho ba le kamano e ntle le Modimo, ho itshwara hantle le ho mamela melao ya bohlweki. Ho hlakile hore ba ne ba tataiswa ke Jehova.

14. Ke hobaneng ha Jehova a ne a kgalemela ba bang ba baetapele ba batho ba hae?

14 Baetapele ba bang ba neng a etella pele batho ba Modimo ba mehleng ya baapostola ba ne ba sa mamele ditaelo tsa Modimo. Ba neng ba sa mamele Jehova ba ne ba hana tataiso ya moya o halalelang wa Modimo, ya Lentswe la hae le ya mangeloi a hae. Maemong a mang, Jehova o ne a ba kgalemela kapa a ba tlosa. (1 Sam. 13:13, 14) Ka nako ya hae e nepahetseng, o ile a kgetha moetapele ya phethahetseng.

JEHOVA O KGETHA MOETAPELE YA PHETHAHETSENG

15. (a) Baprofeta ba ile ba bontsha jwang hore ho ne ho tla ba le moetapele ya kgethehileng? (b) Moetapele eo ho profetilweng ka yena ke mang?

15 Dilemong tse ngata tse fetileng, Jehova o ile a bolela esale pele hore o tla kgetha moetapele ya tshwanelehang le ya kgethehileng bakeng sa batho ba hae. Moshe o ile a bolella Baiseraele a re: “Jehova Modimo wa lona o tla le hlahisetsa moprofeta hara lona, ho bara babo lona, ea tshwanang le nna, le lokela ho mo mamela.” (Deut. 18:15) Esaia o ile a bolela esale pele hore Enwa e ne e tla ba “moetapele le molaodi.” (Esa. 55:4) Daniele o ile a ngola ka ho tla ha “Mesia Moetapele.” (Dan. 9:25) Qetellong Jesu o ile a itsebahatsa e le “Moetapele” wa batho ba Modimo. (Bala Matheu 23:10.) Barutuwa ba Jesu ba ile ba mo latela, mme ba ne ba kgodisehile hore ke ya kgethilweng ke Jehova. (Joh. 6:68, 69) Ba kgodisitswe ke eng hore Jesu Kreste o ne a sebediswa ke Modimo ho etella batho ba hae pele?

16. Ke eng e bontshang hore Jesu o ne a matlafatswa ke moya o halalelang?

16 Moya o halalelang o ile wa matlafatsa Jesu. Ha Jesu a kolobetswa, Johanne Mokolobetsi o ile a bona “mahodimo a ntse a aroha, mme moya o theohela hodima hae jwaloka leeba.” Ka mora moo, “moya wa mo susumelletsa ho kena lefeelleng.” (Mar. 1:10-12) Ha Jesu a le lefatsheng, moya o halalelang o ile wa etsa hore a rute le ho etsa mehlolo. (Lik. 10:38) Ho ekeletsa moo, moya o halalelang o ile wa etsa hore Jesu a bontshe lerato, thabo, le tumelo e matla. (Joh. 15:9; Baheb. 12:2) Ha ho na moetapele e mong a ileng a bontsha hore o na le moya o halalelang jwaloka Jesu. Jesu o ne kgethilwe ke Jehova.

Mangeloi a ile a thusa Jesu jwang hang fela ka mora hore a kolobetswe? (Sheba serapa sa 17)

17. Mangeloi a ile a etsa eng ho thusa Jesu?

17 Mangeloi a ile a thusa Jesu. Hang ka mora hore Jesu a kolobetswe, “mangeloi a tla mme a qala ho mo sebeletsa.” (Mat. 4:11) Dihora tse seng kae pele ho lefu la hae, “lengeloi le tswang lehodimong la bonahala ho yena mme la mo matlafatsa.” (Luka 22:43) Jesu o ne a kgodisehile hore Jehova o tla fana ka thuso ya mangeloi ka dinako tsohle ha a e hloka.—Mat. 26:53.

18, 19. Jesu o ile a sebedisa Lentswe la Modimo jwang bophelong ba hae le ha a ruta?

18 Lentswe la Modimo le ile la tataisa Jesu. Ho tloha qalong ya tshebeletso ya hae, Jesu o ile a dumella Mangolo hore a mo tataise. (Mat. 4:4) Ha e le hantle, o ile a mamela Lentswe la Modimo ho isa lefung thupeng ya tlhokofatso. Le mantsweng a hae a ho qetela pele a shwa, o ile a qotsa mantswe a boprofeta bo mabapi le Mesia. (Mat. 27:46; Luka 23:46). Ho fapana le hoo, baetapele ba bodumedi ba mehleng eo ba ne ba sa mamele Lentswe la Modimo moo le sa dumellaneng le meetlo ya bona. Ha a bua ka bona Jesu o ile a qotsa mantswe a Bibele a boletsweng ke moprofeta Esaia mme a re: “Setjhaba sena se ntlhompha ka melomo, empa leha ho le jwalo dipelo tsa sona di suthetse hole le nna. Ke ha lefeela hore ebe se ntse se nthapela, hobane se ruta ­ditaelo tsa batho e le dithuto.” (Mat. 15:7-9) Na Jehova o ne a ka kgetha e mong wa banna bao hore a etelle pele batho ba hae?

19 Jesu o ile a sebedisa Lentswe la Modimo ha a ruta le ha a etsa dintho tse ding. Ha baetapele ba bodumedi ba mo hanyetsa, ha aa ka sebedisa bohlale ba hae kapa boiphihlelo ba hae ho ba araba, empa o ile a sebedisa Mangolo. (Mat. 22:33-40) Ho e na le ho bolella bamamedi ba hae ka bophelo ba hae ha a le lehodimong kapa ka popo o ile a “bula dikelello tsa bona ka botlalo hore di utlwisise se bolelwang ke Mangolo.” (Luka 24:32, 45) Jesu o ne a rata Lentswe la Modimo, mme o ne a ikemiseditse ho le bolella ba bang.

20. (a) Jesu o ile a bontsha jwang hore o ikokobelletsa Modimo? (b) Phapang e teng pakeng tsa Jesu le Heroda Agripa I e re ruta eng ka Jehova ha a kgetha baetapele?

20 Le hoja Jesu a ile a bua “mantswe a kgahlisang” ho bamamedi ba hae, o ile a dula a isa thoriso ho Mosuwe wa hae e leng Jehova. (Luka 4:22) Ha monna ya ruileng a leka ho tlotlisa Jesu ka hore ke “Mosuwe ya Molemo,” Ka boikokobetso Jesu o ile a araba a re: “Ke hobaneng ha o mpitsa ya molemo? Ha ho ya molemo, haese a le mong, Modimo.” (Mar. 10:17, 18) Hoo e ka bang ka mora dilemo tse robedi Heroda Agripa I, e ile ya e ba morena kapa moetapele wa Judea mme o ne a fapane le Jesu. Sebokeng se seng se kgethehileng Heroda o ile a apara “diaparo tsa borena.” Letshwele le ile la hweletsa la re: “Ke lentswe la modimo, eseng la motho!” Heroda o ile a nka thoriso eo e le ya hae. Ho ile ha etsahalang ka mora moo? “Hanghang lengeloi la Jehova la mo otla, hobane ha aa ka a tlotlisa Modimo; a jewa ke liboko mme a shwa.” (Lik. 12:21-23) Ho ne ho bonahala hantle hore Heroda o ne a sa kgethwa ke Jehova hore e be moetapele. Jesu yena ka lehlakoreng le leng, ho ne hlakile hore o kgethilwe ke Modimo mme o ile a tswelapele ho tlotlisa Jehova, e leng Moetapele ya ka Sehloohong.

21. Sehlooho se latelang se tla araba dipotso dife?

21 Jesu o ne a sa kgethelwa ho ba moetapele ka dilemo tse mmalwa feela. Ka mora tsoho ya hae o ile a re: “Ke filwe matla ohle lehodimong le lefatsheng mme, bonang! ke na le lona ka matsatsi ohle ho fihlela qetellong ya tsamaiso ya dintho.” (Mat. 28:18-20) Empa kaha Jesu ke moya o sa bonahaleng o lehodimong, o tla etella pele batho ba Modimo ba lefatsheng jwang? Tlasa boetapele ba Jesu, Jehova o ne a tla sebedisa bo mang ho etella batho ba hae pele? Hona Bakreste ba ne ba tla ba tseba jwang hore batho bao ba kgethilwe ke Modimo? Sehlooho se latelang se tla araba dipotso tsena.

^ par. 12 Ho ka etsahala hore e be tokomane ena ke e ngotsweng ke Moshe ho tloha qalong.