Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bopulamadiboho ba babedi e leng George Rollston le Arthur Willis ba tlatsa radieitha ya koloi ya bona ka metsi.—Tshimo e ka Leboya, 1933

HISTORI YA RONA

“Ha Hona Tsela e Thata Kapa e Telele”

“Ha Hona Tsela e Thata Kapa e Telele”

KA LA 26 March 1937, banna ba babedi ba neng ba se ba kgathaditswe ke leeto, ba ne ba kganna teraka e lerole ebile e tsamaya butle, ba ya motseng wa Sydney o Australia. Haesale ba tloha moo ba dulang teng ha selemo se qala mme ba se ba tsamaile dikhilomithara tse 19 300. Ba ne ba tsamaya dibakeng tse ka thokothoko tse tletseng majwe ka ho fetisisa naheng eo ya Australia. Empa banna bana e ne e se bahahlaodi. Arthur Willis le Bill Newlands e ne e le bopulamadiboho ba tjhesehang ba neng ba ikemiseditse ho bolella batho ba dibakeng tse lehwatateng la Australia ditaba tse molemo.

Ho elella qetellong ya dilemo tsa bo1920, sehlopha se senyenyane sa Baithuti ba Bibele * sa Australia se ne se se se boleletse batho ba dulang tikolohong eo ba neng ba le ho yona molaetsa wa Bibele hammoho le dibakeng tse e potolohileng. Sebaka se seholo se bohareng ba naha ya Australia ke lehwatata mme ho dula batho ba mmalwa ho sona. Bara babo rona ba ne ba tseba hore balatedi ba Kreste ba ne ba lokela ho paka ka yena “ho isa karolong e holehole ya lefatshe,” ho akaralletsa le lehwatateng la Australia. (Lik. 1:8) Empa ba ne ba tla etsa seo jwang? Ba ne ba na le tumelo ya hore Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba bona mme ba ne ba ikemiseditse ho etsa sohle se matleng a bona.

HO QALWA MOSEBETSI WA BOBOLEDI

Ka 1929, diphutheho tsa Queensland le tse ka Bophirimela ho Australia di ile tsa iketsetsa divene tseo ba neng ba tla di sebedisa ho ya paka dibakeng tse bohareng ba naha. Divene tseo di ne di sebediswa ke bopulamadiboho ba sebetsang ka thata, ba neng ba ka kgona ho di lokisa ha di robeha. Ba ne ba ya dibakeng tseo ho tsona ho so kang ho bolelwa ditaba tse molemo.

Bopulamadiboho ba se nang divene ba ne ba ya moo lehwatateng ka dibaesekele. Ka mohlala, ka 1932 Bennett Brickell ya dilemo di 23 o ile a nka leeto la dikgwedi tse hlano, a tloha Rockhampton e Queensland, ho ya bolela ditaba tse molemo karolong e ka leboya ya Queensland. Baesekele ya hae e ne e imetswe kaha o ne a tlameletse dikobo, diaparo, dijo le dibuka tse ngata ho yona. Ha ditaere tsa yona di pantjha, o ile a tswelapele, a tshepile hore Jehova o tla mo tshehetsa. O ile a phusha baesekele ya hae dikhilomithara tse 320 tsa ho qetela mme a feta dibakeng tseo ho tsona batho ba kileng ba shwa, ba bolawa ke lenyora. Dilemong tse 30 tse ileng tsa latela, Morabo rona Brickell o ile a tsamaya dikhilomithara tse dikete dibakeng tse ngata tsa Australia a sebedisa baesekele, sethuthuthu le koloi. O ile a bolella batho ba Maaborijene ditaba tse molemo mme a thusa hore ho be le diphutheho tse ntjha. Kahoo batho ba moo ba ne ba mo tseba ebile ba mo hlompha.

HO HLOLA DITEKO

Australia ke naha e se nang baahi ba bangata ka ho fetisisa lefatsheng, haholoholo dibakeng tsa yona tse lehwatata. Kahoo batho ba Jehova ba bontshitse boikemisetso ba ho ya pakela batho ba dibakeng tse ka thoko naheng eo.

Bopulamadiboho ba kang Stuart Keltie le William Torrington ba ile ba bontsha boikemisetso bo jwalo. Ka 1933, ba ile ba feta lehwatata le bitswang Simpson, le nang le diqubu tse ngata tsa lehlabathe ho ya paka motseng wa Alice Springs o bohareng ba naha. Ha koloi ya bona e nyenyane e robeha ba ile ba tlameha ho e siya, yaba Morabo rona Keltie ya neng a tsamaya ka leoto le entsweng ka lepolanka, o tswelapele ka leeto a se a sebedisa kamele. Boikitlaetso boo ba bona, bo ile ba hlahisa ditlamorao tse ntle, ha ba ne ba kopana le mookamedi wa hotele seteisheneng sa terene se ka thoko se bitswang William Creek. Mookamedi eo wa hotele ya bitswang Charles Bernhardt o ile a amohela molaetsa wa Bibele, yaba o rekisa hotele ya hae mme a qala ho sebetsa a le mong e le pulamadiboho ka dilemo tse 15 dibakeng tse ommeng le tse ka thoko ka ho fetisisa naheng ya Australia.

Arthur Willis o itokisetsa ho nka leeto la ho ya bolela ditaba tse molemo lehwatateng la Australia.—Perth, Australia e ka Bophirimela, 1936

Ho hlakile hore bopulamadiboho bao ba nakong ya pele, ba ne ba hloka sebete le mamello e le hore ba hlole diteko tse ngata tseo ba neng ba kopana le tsona. Leetong leo la bona la ho tsamaya ba pakela batho ba mahwatateng a Australia, Arthur Willis le Bill Newlands bao re buileng ka bona qalong ya sehlooho, ka le leng ba ile ba tlameha ho qeta dibeke tse pedi ba tsamaya dikhilomithara tse 32 hobane dipula tsa ditlwebelele di ne di entse hore lehwatata leo le tlale seretse. Ka dinako tse ding ba ne ba tlameha ho phusha teraka ya bona diqubung tse kgolo tsa lehlabathe, ba feta dipakeng tsa dithaba moo ho nang le majwe le pela dinoka. Hangata ha teraka ya bona e ne e robeha ba ne ba qeta matsatsi ba tsamaya ka maoto kapa ka dibaesekele ho ya motseng o haufinyane. Ha ba fihla moo, ba ne ba qeta dibeke ba emetse hore dikarolo tse ntjha tsa koloi di fihle. Ho sa tsotelle mathata ao ba neng ba kopana le ona, ba ne ba sa nyahame. Arthur Willis ha a bua ka se ileng sa bolelwa makasineng wa The Golden Age wa Senyesemane o re: “Ha hona tsela e thata kapa e telele bakeng sa dipaki tsa Hae.”

Charles Harris eo e ileng ya e ba pulamadiboho ka nako e telele o hlalosa hore mathata ao a kopaneng le ona dibakeng tseo tse ka thoko a entse hore a be le kamano e haufi le Jehova. O ile a boela a re: “Ho phela o na le dintho tse mmalwa tsa motheo ho molemo ho feta ho ba le tse ngata. Haeba Jesu o ne a ikemiseditse ho robala ka ntle ha ho hlokahala, le rona re lokela ho etsa seo haeba dikabelo tsa rona di hloka hore re etse seo.” Bopulamadiboho ba bangata ba ile ba etsa seo. Ka lebaka la boikemisetso ba bona, ditaba tse molemo di ile tsa fihla le dibakeng tse hole naheng ya Australia mme ba ile ba thusa batho hore ba tshehetse Mmuso wa Modimo.

^ par. 4 Ka 1931 Baithuti ba Bibele ba ile ba qala ho bitswa Dipaki Tsa Jehova.Esa. 43:10.