Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE YA BOPHELO

Ke Ruile Molemo o Moholo ka ho Tsamaya le ba Bohlale

Ke Ruile Molemo o Moholo ka ho Tsamaya le ba Bohlale

KE HOSENG ho phodile mona Brookings, South Dakota, U.S.A., mme ho foka moya o batang. Moya oo o ile wa nkgopotsa serame se tlang. Hona letsatsing leo, re ne re le sehlopha se senyenyane mme re le ka hara setala sa diphoofolo se batang haholo. Re ne re eme pela bate e entsweng ka lesenke eo diphoofolo di nwelang ho yona mme e ne e na le metsi a batang. E re ke le phetele pale ya ka ya bophelo e le hore le tle le utlwisise hore na ho tlile jwang hore ke be mona.

BOPHELO BA LELAPA LESO HA KE SA LE NGWANA

Rangwane Alfred le ntate wa ka

Ke hlahile ka la 7 March 1936, heso re bane mme ke ngwana wa ho fela. Re ne re dula polasing e nyenyane ka botjhabela ho South Dakota. Temo le ho hlokomela mohlape e ne e le dintho tsa bohlokwa lapeng, empa e ne e se tsona dintho tse ka sehloohong tsa bohlokwa. Ka 1934 batswadi ba ka ba ile ba kolobetswa mme ya e ba Dipaki Tsa Jehova. Ba ile ba inehela ho Ntate wa rona ya mahodimong Jehova. Kahoo, ho etsa thato ya Modimo e ne e le yona ntho e tlang pele bophelong ba bona. Ntate wa ka, Clarence, e ne e le mohlanka wa phutheho (eo hona jwale a bitswang mohokahanyi wa sehlopha sa baholo) phuthehong eo ya rona e nyane Conde, South Dakota. Ha morao rangwane Alfred le yena e ile ya e ba mohlanka.

Lapeng re ne re tlwaetse ho ya dibokeng tsa Bokreste le tshebeletsong ya ntlo le ntlo ho ya bolella ba bang ka ditshepiso tse thabisang tsa nakong e tlang tse hlahang ka Bibeleng. Mohlala le kwetliso eo batswadi ba rona ba ileng ba re fa yona, e ile ya thophothela pelong tsa rona jwalo ka bana mme ya re thusa haholo. Nna le ausi wa ka Dorothy, re ile ra ba bahweletsi ha re le dilemo di tsheletseng. Ka 1943, ke ile ka ingodisa Sekolong sa Tshebeletso sa Puso ya Modimo se neng se sa tswa qalwa dibokeng tsa rona.

Ha ke ne ke le pulamadiboho ka 1952

Dikopano tse kgolo le tse nyenyane e ne e le tsa bohlokwa lapeng. Ka 1949, Morabo rona Grant Suiter e ne e le sebui sa moeti kopanong e neng e tshwaretswe Sioux Falls, South Dakota. Ke ntse ke hopola sehlooho sa puo ya hae se neng se re, “Bofelo bo Haufi ho Feta Kamoo o Nahanang ka Teng!” O ile a kgothalletsa Bakreste bohle ba kolobeditsweng hore ba etse sohle se matleng a bona hore ba bolele ditaba tse molemo tsa Mmuso. Puo eo e ile ya etsa hore ke batle ho kolobetswa. Kahoo kopanong ya potoloho e ileng ya latela e neng e le Brookings, ke ile ka ithola ke le ka setaleng sa diphoofolo sane se batang, ke emetse hore ke kolobetswe. Re ile ra kolobetswa re le bane ka hara bate e kgolo ya lesenke ka la 12 November 1949.

Ho tloha ka nako eo, ke ile ka ipolella hore ke batla ho ba pulamadiboho. Mme ke ile ka qala ka la 1 January 1952, ha ke le dilemo di 15. Bibele e re: “Ya tsamayang le batho ba bohlale o tla hlalefa,” mme ho ne ho e na le ba bangata lapeng ba bohlale, ba neng ba tshehetsa qeto ya ka ho ba pulamadiboho. (Liprov. 13:20) Rangwane Julius, ya neng a na le dilemo tse 60 e ile ya e ba pulamadiboho mmoho le nna. Le hoja a ne a le moholo haholo ho nna re ile ra thabela ho sebetsa mmoho tshebeletsong ya tshimo. Ke ithutile ho hoholo maemong ao a fetileng ho ona bophelong. Dorothy le yena e ile ya e ba pulamadiboho.

BAPOTOLOHI BA ILE BA NTHUSA HAHOLO

Ho tloha ke sa le monyenyane, ha esale batswadi ba ka ba amohela balebedi ba potoloho le basadi ba bona lapeng. Morabo rona Jesse le mosadi wa hae Lynn Cantwell ba ile ba nthusa haholo. Ba ile ba bua dintho tse ileng tsa nkgothatsa hore ke be pulamadiboho. Ha ke bona kamoo ba neng ba nkgathalla ka teng, ke ile ka susumelletseha hore ke nahane ka dintho tseo ke batlang ho di etsetsa Jehova. Ha ba ne ba etela diphutheho tse haufi, ka dinako tse ding ba ne ba mpitsa hore ke tsamaye tshimo le bona. Seo se ne se nthabisa ebile se mmatlafatsa!

Ha mopotolohi Cantewell a tsamaya, Morabo rona Bud Miller le mosadi wa hae Joan, e ile ya e ba balebedi ba rona ba potoloho. Ka nako eo ke ne ke le dilemo di 18 mme ke tobane le boemo ba hore ke kenele sesole. Lekgotla le kgethang banna hore ba ye sesoleng le ile la re ke kenele sesole e leng seo Jesu a neng a sa batle hore balatedi ba hae ba se etse. Mme nna ke ne ke batla ho bolela ditaba tse molemo tsa Mmuso. (Joh. 15:19) Ke ile ka kopa lekgotla hore ke se ke ka kenela sesole.

Morabo rona Miller o ile a ithaopela ho tsamaya le nna ha ke ya ka pela lekgotla la sesole mme seo se ile sa nkama haholo. Ka tlhaho e ne e le motho ya botswalle le ya sa tshabeng ho bua le batho. Ho tshehetswa ke motho ya ratang Jehova jwalo, ho ile ha etsa hore ke ikutlwe ke le sebete. Ka mora ho ipelaetsa ho lekgotla la sesole, ho elella qetellong ya lehlabula la 1954, lekgotla le ile la dumela hore ke se ke ka kenela sesole. Seo se ile sa nthusa hore ke finyelle ntho e nngwe eo ke neng ke batla ho e etsetsa Jehova.

A fihla Bethele pella teraka ya polasi

Nako e seng kae ka mora moo, ke ile ka fumana memo ya ho ya sebeletsa Bethele e Staten Island, New York. Ka nako eo e ne e bitswa Polasi ya Watchtower. Ke ile ka ba le tlotla ya ho sebeletsa moo ka dilemo tse tharo. Ke ile ka thabela ho sebetsa moo haholo hobane ke ile ka kopana le batho ba bangata ba bohlale mme ka sebetsa le bona.

TSHEBELETSO YA BETHELE

Re na le Morabo rona Franz seyalemoyeng sa WBBR

Polasi eo e Sehlekehlekeng sa Staten e ne e na le seyalemoya sa WBBR, mme Dipaki Tsa Jehova di ile tsa se sebedisa ho tloha ka 1924 ho ya ho 1957. Ditho tsa Bethele tse 15 ho ya ho tse 20 di ile tsa abelwa ho sebeletsa polasing eo. Boholo ba rona re ne re sa le batjha mme re na le tsebo e fokolang ya mosebetsi. Morabo rona Eldon Woodworth o ne a na le rona, o ne a se a hodile ebile e le motlotsuwa. Ka nnete o ne a le bohlale. O ne a re kgathalla jwalo ka ntate mme seo se ile sa etsa hore re be le kamano e ntle le Modimo. Ka dinako tse ding ba bang ha ba ne ba kgopisana ka lebaka la ho se phethahale, Morabo rona Woodworth o ne a tlwaetse hore, “Mosebetsi oo Jehova a o etsang o moholo ho sa tsotellehe ho se phethahale ha batho bao a ba sebedisang.”

Harry Peterson o ne a rata tshebeletso ya tshimo haholo

Re ile ra ba le tlotla ya ho ba le Morabo rona Frederick W Franz. Bohlale le tsebo ya Mangolo tseo Morabo rona Frederick a neng a na le tsona di ile tsa etsa phapang e kgolo bophelong ba rona mme o ne a kgathalla e mong le e mong wa rona. Re ne re phehelwa ke Morabo rona Harry Peterson; ho ne ho le bonolo ho sebedisa fane ya hae ho e na le ho sebedisa lebitso la hae e leng, Papargyropoulos. Le yena e ne e le e mong wa batlotsuwa mme o ne a rata tshebeletso ya tshimo ka tsela e ikgethang. Morabo rona Peterson o ne a etsa mosebetsi wa hae wa Bethele hantle empa le ka mohla o ne a sa tlohele ho ya tshimong. O ne a tsamaisa dimakasine tse ngata haholo kgwedi e nngwe le e nngwe. O ne a tseba Mangolo a mangata, kahoo o ne a araba dipotso tse ngata tsa rona.

KE ITHUTILE HO BARADI BABO RONA BA BOHLALE

Dijo tse neng di tswa polasing di ne di tshelwa ka dibotlolong e le hore di dule nako e telele di sa bole. Ho ne ho etswa dibotlolo tse ka bang 45 000 tsa ditholwana le meroho ka selemo bakeng sa lelapa la Bethele. Ha ke le moo, ke ile ka sebetsa le moradi wabo rona Etta Huth ya neng a le bohlale haholo. E ne e le yena ya re etsetsang dirisepe. Nakong ya ho kenya ditholwana le meroho ka dibotlolong, baradi babo rona ba dulang haufi ba ne ba tla ho tla re thusa mme Etta e ne e le yena ya hlophisang mosebetsi wa bona. Le hoja Etta e ne e le yena ya hlophisang mosebetsi oo, o ne a beha mohlala o motle tabeng ya ho hlompha bara babo rona ba neng ba etella pele moo polasing. E ne e le mohlala o motle tabeng ya ho hlompha bohlooho ka mokgatlong wa Modimo.

Nna le Angela le Etta Huth

Angela Romano ke e mong wa baradi babo rona ba batjha dilemong ba neng ba tla ho tla re thusa. Etta o ile a mo thusa hore e be Paki. Kahoo, ha ke le Bethele ke ile ka kopana le Angela, e leng e mong wa batho ba bohlale, eo ke seng ke qetile dilemo tse 58 ke na le yena. Nna le Angie re nyalane ka April 1958 mme ra thabela tlotla ya ho sebeletsa Jehova hammoho. Ho theosa le dilemo, tsela eo Angie a tshepahalang ka yona ho Jehova e ile ya matlafatsa lenyalo la rona. Kea tseba hore nka mo tshepa ka ho feletseng ha re hlahelwa ke teko leha e le efe.

MOSEBETSI WA BOROMUWA LE WA POTOLOHO

Ha mohaho wa WBBR o neng o le Sehlekehlekeng sa Staten o rekiswa ka 1957, ke ile ka sebeletsa Bethele e Brooklyn ka nakwana. Yaba nna le Angie rea nyalana, kahoo ka tloha Bethele. Ka mora moo re ile ra ba bopulamadiboho Sehlekehlekeng sa Staten ka dilemo tse ka bang tse tharo. Ke ile ka sebeletsa baokamedi ba batjha ba seyalemoya seo se neng se se se bitswa WPOW.

Nna le Angie re ne re ikemiseditse ho nolofatsa bophelo ba rona e le hore re tle re kgone ho sebeletsa hohle moo mokgatlo o re hlokang teng. Ke kahoo ha selemo sa 1961 se qala re ileng ra kgona ho amohela kabelo ya ho ba bopulamadiboho ba kgethehileng motseng wa Falls City, Nebraska. Hang ha re fihla moo, re ile ra memelwa Sekolong sa Tshebeletso sa Mmuso. Ka nako eo se ne se nka kgwedi mme se tshwarelwa South Lansing, New York. Re ile ra thabela kwetliso eo, mme re ne re ikemiseditse ho e sebedisa ha re kgutlela Nebraska. Kahoo re ne re maketse haholo ha re fumana kabelo ya hore re ilo ba baromuwa Cambodia! Naheng ena e ka Borwa botjhabela ho Asia ho na le dibaka tse ntle haholo, medumo le menko e monate mme e ne e fapane le ya dinaha tse ding tseo re kileng ra feta ho tsona. Re ne re labalabela ho bolela ditaba tse molemo moo.

Leha ho le jwalo, maemo a dipolotiki a ile a fetoha mme ra tlameha ho ya ka Borwa Vietnam. Ka maswabi, pele dilemo tse pedi di fela ke ile ka kula haholo, kahoo, ra kopuwa hore re kgutlele naheng ya habo rona. Ke ne ke hloka nako e le hore ke fole, eitse hang ha ke ba le matla, re ile ra kgutlela tshebeletsong ya nako e tletseng.

Nna le Angela ka 1975, pele puisano ya thelebesheneng e qala

Ka March 1965 re ile ra ba le tlotla ya ho ba balebedi ba potoloho. Nna le Angie re ile ra thabela ho ba bapotolohi le balebedi ba setereke ka dilemo tse 33, hape re ne re thusa ka ho hlophisa mosebetsi wa dikopano. Ke ne ke thabela dikopano haholo, kahoo mosebetsi wa ho thusa hore di tsamaye hantle le ona ke ne ke o thabela. Re qetile dilemo tse ngata motseng wa New York mme dikopano tse ngata di ne di tshwarelwa Lebaleng la Yankee.

DIKOLO TSA PUSO YA MODIMO LE HO KGUTLELA BETHELE

Tshebeletso ya nako e tletseng e na le maemo a thabisang le ao ho seng bonolo ho sebetsana le ona mme nna le Angie re fetile ho ona. Ka mohlala ka 1995, ke ile ka kopuwa hore ke rute Sekolong sa ho Kwetlisetswa Bosebeletsi. Ka mora dilemo tse tharo, re ile ra bitswa Bethele. Ke ile ka thaba haholo ha ke kgutlela moo ke qadileng tshebeletso ya nako e tletseng teng mme ho ne ho se ho fetile dilemo tse 40. Ke sebeleditse Lefapheng la Tshebeletso, hape ke le morupedi wa dikolo tse fapaneng ka nako e telele. Ka 2007 Sehlopha se Busang se ile sa etsa hore dikolo tseo tse neng di tshwarelwa Bethele di be teng tlasa Lefapha la Dikolo Tsa Puso ya Modimo mme ke ile ka ba molebedi wa tsona ka dilemo tse ngata.

Morao tjena re bone diphetoho tse ngata tse kgolo dikolong tsa puso ya Modimo. Ka 2008 ho ile ha qalwa Sekolo sa Baholo ba Phutheho. Ka mora dilemo tse pedi baholo ba fetang 12 000 ba ile rutelwa Patterson le Bethele e Brooklyn. Sekolo sena se ntse se tswela pele dibakeng tse fapaneng mme se tshwarwa ke barupedi ba kwetlisitsweng ba tshimo. Ka 2010 Sekolo sa ho Kwetlisetswa Bosebeletsi se ile sa fetolwa lebitso ya ba Sekolo sa Bibele sa Bara Babo Rona ba Masoha mme ho ile ha thehwa se seng se bitswang Sekolo sa Bibele sa Banyalani ba Bakreste.

Qalong ya selemo sa tshebeletso sa 2015, dikolo tseo ka bobedi di ile tsa kopana tsa etsa sekolo se bitswang Sekolo sa Baevangedi ba Mmuso. Banyalani le masoha ba ka kgona ho ya sekolong seo. Batho ba bangata ba ile ba thaba haholo ha ba utlwa hore sekolo seo se tla tshwarwa makaleng a fapaneng. Ho a thabisa ho bona menyetla ya dikolo tsa puso ya Modimo e ntse e eketseha, hape ke thabela le hore e be ke ile ka kgona ho kopana le batho batlileng ho tsona.

Ha ke nahana ka bophelo ba ka pele ke kolobetswa ka hara bate e kgolo e entsweng ka lesenke, ho tla fihlela jwale, ke leboha Jehova ka batho ba bohlale bao ke kopaneng le bona ba ileng ba nthusa haholo. Ho ne ho se na thaka ya ka moo mme hape re ne re hodisitswe ka ditsela tse fapaneng. Empa kaofela ba ne ba na le kamano e ntle le Jehova ebile ba mo rata. Seo se ne se bonahala ka tsela eo ba etsang dintho ka yona hammoho le boitshwaro ba bona. Ka hara mokgatlo wa Jehova, ho na le ba bangata ba bohlale bao re ka buang le bona. Ke ile ka etsa seo mme ke ruile molemo haholo.

Ke ile ka thabela ho kopana le baithuti ba tswang dinaheng tse fapaneng