Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Tla Tšepa Lintho Tse Ngotsoeng?

Na U Tla Tšepa Lintho Tse Ngotsoeng?

“Lintho tsena  .  li ile tsa ngoloa hore e be temoso ho rona bao bofelo ba litsamaiso tsa lintho bo ba fihletseng.”1 BAKOR. 10:11.

LIPINA: 11, 61

1, 2. Ho nahanisisa ka mehlala ea marena a mane a Juda ho ka re thusa joang?

HA U tsamaea tseleng eo u ileng oa bona motho e mong a thella a bile a oela, na u ke ke oa ba hlokolosi ha u tsamaea tseleng eo? Ha re nahana ka liphoso tseo batho ba bang ba ileng ba li etsa, re ka khona ho qoba liphoso tse tšoanang. Sena se ka ama kamano ea rona le Molimo. Re ka ithuta ho hongata liphosong tsa ba bang esita le mehlaleng ea batho ba ka Bibeleng.

2 Marena a mane a Juda ao re buileng ka ona sehloohong se fetileng a ile a sebeletsa Jehova ka pelo e feletseng. Leha ho le joalo, ba ile ba etsa liphoso tse tebileng. Re ka ithuta’ng linthong tseo ba ileng ba li etsa, hona re ka qoba ho etsa liphoso tse tšoanang joang? Ho nahanisisa ka mehlala ena ho ka re thusa hore re rue molemo linthong tse ngotsoeng bakeng sa ho re laea.—Bala Baroma 15:4.

HO TŠEPA BOHLALE BA MOTHO HO KOTSI

3-5. (a) Le hoja pelo ea Asa e ne e feletse ho Molimo o ile a thulana le bothata bofe? (b) Ke hobane’ng ha Asa a ile a tšepa batho nakong eo Basha a neng a hlasela Juda?

3 Ha re qale ka mohlala oa Asa ’me re bone hore Lentsoe la Molimo le ka re thusa joang. Asa o ile a tšepa Jehova ha Baethiopia ba hlasela Juda, leha ho le joalo, o ile a hloleha ho mo tšepa ha morena Basha oa Iseraele a qala ho haha Rama, motse o neng o le pel’a Juda. (2 Likron. 16:1-3) Hamorao Asa o ile a tšepa bohlale ba hae ’me a fa Morena Ben-hadade oa Syria tjotjo e le hore a hlasele Basha. Na Asa o ile a atleha? Bibele e re: “Eitse hang ha Basha a utloa ka hona, kapele-pele a khaotsa ho haha Rama ’me a emisa mosebetsi oa hae.” (2 Likron. 16:5) Kahoo leano leo la Asa le ile la atleha.

4 Empa Jehova o ile a ikutloa joang ka seo? O ile a romela ’muelli oa hae Hanani ho eletsa Asa hobane a sa ka a mo mamela. (Bala 2 Likronike 16:7-9.) Hanani o ile a re:“ Ho tloha joale ho ea pele ho tla ba le lintoa khahlanong le uena.” Basha o ile a tlosoa, empa ho ile ha e ba le lintoa pusong eohle ea Asa.

5 Joalokaha re bone sehloohong se fetileng, Molimo o ile a hlahloba pelo ea Asa ’me a bona hore e feletse ho eena. (1 Mar. 15:14) Ho ea ka Molimo, boinehelo ba Asa bo ne bo khotsofatsa. Leha ho le joalo, o ne a lokela ho kotula litholoana tsa qeto eo e booatla. Ke hobane’ng ha Asa a ile a tšepa bohlale ba hae le ba batho ba kang Ben-hadade, ho e-na le ho tšepa Jehova? Na o ne a nka hore qeto ea hae e tla ba molemo ho feta ha a ka kopa thuso ho Molimo? Kapa o entse seo ka lebaka la likeletso tse fosahetseng tseo a ileng a li fumana?

6. Re ka ithuta’ng liphosong tsa Asa? Fana ka mohlala.

6 Na liphoso tsa Asa li tla etsa hore re hlahlobe tsela eo re etsang lintho ka eona? Ho ka ba bonolo ho bona hore ho bohlokoa ho tšepa Jehova nakong eo re tobanang le mathata a boima. Empa re etsa’ng nakong eo re tobanang le mathata a manyenyane bophelong? Na re tšepa bohlale ba rona ha re sebetsana le oona? Kapa re sheba likeletso tse hlahang ka Bibeleng, ho bontša hore re tšepa Jehova? Ka mohlala, ka nako e ’ngoe ba lelapa ba ka ’na ba u hanela ho ea libokeng kapa likopanong. U ka kopa Jehova hore a u thuse ho sebetsana le bothata boo. Kapa u ka etsa’ng haeba u lahleheloa ke mosebetsi ’me u thatafalloa ke ho fumana u mong? Haeba u ka buisana le mookameli ea u hirang, na u tla mo tsebisa hore u lokela ho ea libokeng beke e ’ngoe le e ’ngoe? Ho sa tsotellehe mathata a rona re lokela ho hopola mantsoe a mopesaleme a reng: “Rolela tsela ea hao ho Jehova, o itšetlehe ka eena, ’me o tla nka bohato.”—Pes. 37:5.

HO TLOAELANA LE BATHO BA BABE HO KA U ETSA’NG?

7, 8. Josafate o ile a etsa liphoso life, hona litla-morao e ile ea e ba life? (Sheba setšoantšo se qalong.)

7 Ha re ke re boneng mohlala oa mora oa Asa e leng Josafate. Josafate o ne a e-na le lintho tse ngata tse ntle tseo a neng a li etsa. O ne a tšepa Jehova haholo. Leha ho le joalo, o ile a etsa liqeto tse booatla. Ka mohlala, o ile a etsa tumellano ea hore mora oa hae a nyale morali oa Morena Akabe ea neng a le khopo. Hape Josafate ha aa ka a mamela temoso e tsoang ho moprofeta Mikaia, o ile a tsamaea le Akabe ho ea loantša Baassyria. O ile a phonyoha ka lesoba la nale ntoeng. Ka mor’a moo o ile a khutlela Jerusalema. (2 Likron. 18:1-32) Kahoo, moprofeta Jehu o ile a mo botsa a re: “Na ke ba khopo ba lokelang ho thusoa, ’me na ke ba hloileng Jehova bao u lokelang ho ba rata?”—Bala 2 Likronike 19:1-3.

8 Na Josafate o ile a ithuta ho seo? Ha a ntse a leka ho sebeletsa Molimo ka cheseho, ho bonahala e ka ha aa ka a ithuta phosong eo ea hae. Josafate o ile a boela a etsa qeto e ’ngoe e booatla. Lekhetlong lena o ile a kena tumellanong le sera sa Molimo e leng Morena Akazia, mora oa Akabe. Josafate le Akazia ba ile ba etsa likepe, tse ileng tsa qetella li soahlamane ’me li sa phethe le morero oo ba neng ba o rerile.—2 Likron. 20:35-37.

9. Ho tloaelana le batho ba sa rateng Jehova ho ka re ama joang?

9 Ho bala ka mohlala oa Josafate ho etsa hore re batle ho itlhahloba. Re ka etsa seo joang? Hopola, Josafate e ne e le morena ea lokileng. O ile a etsa se nepahetseng a boela “a batla Jehova ka pelo eohle ea hae.” (2 Likron. 22:9) Leha ho le joalo, o ile a tloaelana le batho ba babe. Nahana ka maele a na: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.” (Liprov. 13:20) Ke ’nete hore re ka ’na ra leka ho thusa ba batlang ho ithuta ka Jehova. Empa Josafate o batlile a shoa ho sa hlokahale ka lebaka la ho sebetsa le Akabe. Ka ho tšoanang, ho ka ba kotsi le ho rona ha re ka tloaelana le batho ba sa sebeletseng Jehova.

10. (a) Haeba re batla ho nyala, re ka ithuta’ng mohlaleng oa Josafate? (b) Re lokela ho hopola’ng ka ho ba le setsoalle le batho bao e seng Lipaki?

10 Re ka ithuta’ng ho Josafate? Mokreste a ka ’na a ratana le motho eo e seng Paki, hobane a nahana hore a ke ke a fumana motho ka phuthehong. Kapa mohlomong Mokreste a ka ’na a fumana khatello ho tsoa ho ba leloko bao e seng Lipaki hore a nyale ka pele. Ho feta moo, ba bang ba ka ’na ba ikutloa joaloka morali’abo rona e mong ea ileng a re: “Re bopiloe re e-na le takatso ea ho batla ho ratoa.” Mokreste o lokela ho etsa’ng? Ho nahanisisa ka se ileng sa etsahalla Josafate le ho batla tataiso ho Molimo ho ka mo thusa. (2 Likron. 18:4-6) Ho ile ha etsahala’ng ka Josafate ha a sebetsa le Akabe ea neng a sa rate Jehova? Josafate o ne a lokela ho hopola hore Jehova o sheba lipelo tsa ba mo ratang ka pelo eohle. Le kajeno mahlo a Molimo “a qamaka ho pholletsa le lefatše lohle,” ’me o ikemiselitse ho ‘bontša matla a hae’ molemong oa rona. (2 Likron. 16:9) O utloisisa maemo a rona ’me oa re rata. Na oa lumela hore Molimo o tla u thusa hore u fumane motho ea u ratang le eo le tla thaba hammoho? Kholiseha hore o tla u thusa!

Hlokomela kotsi ea ho kena jokong le motho eo eseng Paki (Sheba serapa sa 10)

SE KE OA LUMELLA PELO EA HAO HO IKHOHOMOSA

11, 12. (a) Ezekiase o ile a bontša se ka pelong ea hae joang? (b) Ke hobane’ng ha Ezekiase a ile a pholoha khalefo ea Molimo?

11 Seo re ka ithutang sona ho Ezekiase se akarelletsa pelo. Ka nako e ’ngoe, Molimo o ile a bona se ka pelong ea Ezekiase. (Bala 2 Likronike 32:31.) Nakong eo ka eona Ezekiase a neng a kula haholo, Molimo o ile a mo bontša pontšo e mo bontšang hore o tla fola. Kamoo ho bonahalang ka teng, khosana ea Babylona e ile ea romella lihloela ho ea sheba pontšo eo ea moriti o eang morao. (2 Mar. 20:8-13; 2 Likron. 32:24) Ha ho senoloa se ka pelong ea Ezekiase nakong eo ka eona a neng a le mong, Ezekiase o ile a bontša Bababylona “ntlo eohle ea hae ea matlotlo.” ’Me Ketso eo e booatla e ile ea senola “ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka pelong ea [Ezekiase].”

12 Bibele ha e bolele hore na ke’ng e entseng hore pelo ea Ezekiase e ikhohomose. Na ke hobane a ile a hlola Baassyria kapa ke hobane a ile a phekoloa ka mohlolo ke Molimo? Kapa mohlomong ke ka lebaka la “maruo le khanya e kholo haholo” eo a neng a e-na le eona? Ka ha Ezekiase o ne a ikhohomosa, ka linako tse ling o ne a sa ananele se molemo seo a neng a se etsetsoa. Ke ho utloisang bohloko hakaakang! Le hoja a ile a sebeletsa Molimo ka pelo e feletseng, ka nako e ’ngoe Ezekiase o ne a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova. Leha ho le joalo, hamorao ‘Ezekiase o ile a ikokobetsa,’ ’me eena le batho ba hae ba ile ba pholoha khalefo ea Molimo.—2 Likron. 32:25-27; Pes. 138:6.

13, 14. (a) Ke boemong bofe moo Jehova a ka re tlohelang e le hore a bone se ka lipelong tsa rona? (b)Re ka etsa’ng ha re rorisoa ka seo re se finyelletseng?

13 Re ka rua molemo joang ka ho bala tlaleho ea Ezekiase le ho nahanisisa ka eona? Hopola hore boikhohomoso ba Ezekiase bo ile ba bonahala ka mor’a hore Jehova a mo thuse ho hlola Senkaribe le ka mor’a hore a mo folise ka mohlolo nakong eo ka eona a batlileng a shoa. Ka lehlakoreng la rona, haeba re finyella ntho e itseng ea bohlokoa na seo se bolela hore Jehova oa re leka, e le hore a bone se ka lipelong tsa rona? Ka mohlala, mor’abo rona a ka ’na a sebetsa ka thata ho lokisetsa puo eo a tlo fana ka eona ka pel’a batho ba bangata. O tla itšoara joang ha ba mo rorisa?

14 Ha re rorisoa ke hantle hore re nahane ka mantsoe ana a Jesu a reng: “ha le entse lintho tsohle tseo le li abetsoeng, le re, ‘Re makhoba a se nang molemo. Seo re se entseng ke seo re neng re tšoanela hore ebe re se entse.’” (Luka 17:10) Le ntlheng ena, re ka ithuta mohlaleng oa Ezekiase. Boikhohomoso bo ile ba etsa hore a se ke a ananela se molemo seo a neng a se etsetsoa. Ho nahana ka lintho tseo Jehova a ileng a re etsetsa tsona, ho ka re thusa ho qoba ho etsa lintho tseo a li hloileng. Re ka bua hamolemo ka Jehova. O fane ka Mangolo a Halalelang le ka moea o halalelang ho tšehetsa batho ba hae.

U SE KE OA LEBALA JEHOVA HA U ETSA LIQETO

15, 16. Ke hobane’ng ha Josiase a ile a lahleheloa ke tšireletso ea Molimo ’me a shoa?

15 Qetellong re ka re re ithutile’ng ka se ileng sa hlahela Morena Josiase ea lokileng? Nahana ka se ileng sa etsa hore a hloloe le hore a shoe. (Bala 2 Likronike 35:20-22.) Josiase o ile “a tla ho tla loana” le Morena Neko oa Egepeta, le hoja Morena Neko a ne a mo boleletse hore ha a na qabang le eena. Bibele e re mantsoe a Neko a ne ‘a tsoa molomong oa Molimo.’ Joale hobane’ng ha Josiase a ile a ea ntoeng? Bibele ha e re bolelle.

16 Josiase o ne a tla tseba joang hore mantsoe a Neko a ne a tsoa ho Jehova? Ho ka etsahala hore e be o ile a botsa Jeremia, e leng e mong oa baprofeta ba tšepahalang. (2 Likron. 35:23, 25) Empa ha ho moo Bibele e buang ka ho toba hore o ile a etsa joalo. Hape Neko o ne a ea Karkemishe ho ea “loantša ntlo e ’ngoe,” e seng Jerusalema. Ho feta moo, lebitso la Molimo le ne le sa amehe, Neko o ne a sa rera ho utloisa Jehova kapa batho ba hae bohloko. Kahoo, Josiase o ne a entse qeto e booatla ka ho loantša Neko. Mohlaleng oo re ka ithuta’ng? Ha re tobane le mathata, re etsa hantle ha re a rarolla tumellanong le thato ea Jehova.

17. Ha re tobana le bothata, re ka etsa’ng ho qoba phoso e entsoeng ke Josiase?

17 Haeba bothata bo hlaha, re lokela ho sheba hore na melao-motheo ea Bibele e re’ng ka taba eo e be rea e mamela. Ka linako tse ling, re ka ’na ra tlameha ho buisana le baholo. Re ka ’na ra fuoa keletso eo re e tsebang, kapa eo re ileng ra e fumana lingoliloeng tsa rona. Ho ka ’na ha e-ba le melao-motheo e meng eo re ka nahanang ka eona eo moholo a ka re thusang hore re e utloisise. Ka mohlala, morali’abo rona oa tseba hore o lokela ho bolela litaba tse molemo. (Lik. 4:20) Leha hole joalo, o khetha ho ea tšimong ka letsatsi le itseng, empa monna oa hae eo e seng Paki, o batla a lule lapeng. O re matsatsing ana ha ba sa qeta nako ’moho, kahoo o batla ba ke ba thabele ho ba ’moho. A ka ’na a nahana ka litemana tse tloaelehileng joalo ka tse buang ka ho mamela Molimo le taelo ea ho etsa barutuoa. (Mat. 28:19, 20; Lik. 5:29) Empa o boetse o lokela ho nahana ka boikarabelo ba hae joaloka mosali. (Baef. 5:22-24; Bafil. 4:5) Na monna oa hae o mo hanela ha a ea tšimong kapa o mpa a batla ho re ba be “”moho letsatsing leo feela? Re lokela ho leka-lekanya lintho ha re sebeletsa Molimo ’me re batla ho ba le letsoalo le letle.

E BA LE PELO E FELETSENG ’ME U THABE

18. U ka rua molemo joang ka ho nahanisisa ka mehlala ea marena a mane ao re buileng ka ona sehloohong see?

18 Kaha ha rea phethahala, le rona re ka iphumana re entse liphoso tse tšoanang le tse entsoeng ke marena a mane ao re buileng ka ona. Re ka ’na ra (1) tšepa bohlale ba rona, (2) ra kena setsoalleng le batho ba sa rateng Jehova, (3) ra ikhohomosa, kapa  (4) ra etsa liqeto re sa nahana hore na Jehova o ikutloa joang ka tsona. Ruri Jehova o mosa, hobane o khona ho bona lintho tse ntle tseo re li etsang, joaloka ha a ile a li bona le ho marena a mane ao re buileng ka ona. Jehova o boetse o hlokomela kamoo re mo ratang ka teng le kamoo re ikemiselitseng ho mo sebeletsa. Kahoo o re file mehlala e le hore re se ke ra etsa liphoso tse tšoanang. Ha re nahanisiseng ka mehlala ena e hlahang ka Bibeleng ’me re ananele sohle seo Jehova a re fileng sona!