Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mmuso wa Modimo o Tla Fedisang ha o Tla?

Mmuso wa Modimo o Tla Fedisang ha o Tla?

“Lefatshe le a feta mme ho jwalo le ka takatso ya lona, empa ya etsang thato ya Modimo o hlola ka ho sa feleng.”—1 JOH. 2:17.

DIPINA: 134, 24

1, 2. (a) Ke ka tsela efe tsamaiso ena ya dintho e ka tshwanang le senokwane se ahloletsweng lefu? (Sheba setshwantsho se qalong.) (b) Batho ba tla ikutlwa jwang ha lefatshe lena le kgopo le fediswa?

“O MONNA YA SHWELENG!” Balebedi ba teronko ba tjho jwalo ho senokwane se kotsi ha ba se ntsha ka seleng. Ke hobaneng ha ba tjho jwalo? Monna eo ba buang le yena o shebahala a phetse hantle mmeleng. Leha ho le jwalo, balebedi ba mo isa moo ho bolaelwang batho ba ahloletsweng lefu teng. Kahoo, ho jwalo kaha eka monna eo o se a ntse a shwele. *

2 Ka tsela e itseng, tsamaiso ena ya dintho e tshwana le monna eo. Lefatshe lena le kgopo ke kgale le ahlotswe mme le haufi le ho fediswa. Bibele e re: “Lefatshe le a feta.” (1 Joh. 2:17) Re kgodisehile hore lefatshe lena le tlo fediswa. Leha ho le jwalo, ho na le phapang e kgolo pakeng tsa ho fediswa ha lefatshe lena le ho bolawa ha senokwane seo re buileng ka sona. Tabeng ya senokwane sena, batho ba ka nna ba re ha ho a sebetswa ka toka kapa ba se buella hore se se ke sa bolawa. Ha e le lefatshe lena lona kahlolo ya lona e entswe ke Mmusi wa Bokahohle ya nang le toka. (Deut. 32:4) Kahoo lefatshe lena le tla fediswa ebile ha ho na motho ya tla re ha ho wa etswa toka ha le fediswa. Ha le qeta ho fediswa motho e mong le e mong o tla dumela hore Modimo o le ahlotse ka toka. Ho tla ba le tokoloho e kgolo bakeng sa batho bohle.

3. Re tla hlahloba dintho dife tse nne tse tla fediswa ha Mmuso wa Modimo o tla?

3 Ke dintho dife tse tla fediswa le “lefatshe” lena ‘le fetang’? Dintho tse ngata tseo batho ba nahanang hore di tla ba teng ka ho sa feleng di tla fediswa. Na tseo ke ditaba tse mpe? Tjhe! Ha e le hantle, ke tsona ‘ditaba tse molemo tsa Mmuso.’ (Mat. 24:14) Kahoo, a re hlahlobeng dintho tse nne tse tla fediswa ha Mmuso wa Modimo o tla. Re tla bua ka tse latelang: batho ba kgopo, mekgatlo e tletseng bobodu, diketso tse mpe, le maemo a mabe. Ho tsona kaofela re tla hlahloba hore na (1) dintho tsena di re ama jwang, (2) Jehova o tla etsang ka tsona, le (3) hore na o tla ntlafatsa maemo jwang.

BATHO BA KGOPO

4. Batho ba kgopo ba re ama ka ditsela dife?

4 Batho ba kgopo ba re ama jwang? Kamora ho bolela esale pele hore mehleng ena ho tla ba le “dinako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,” moapostola Pauluse o ile a budulelwa ho ngola mantswe ana: “Batho ba kgopo le baikgakanyi ba tla tswela pele ho tloha bobeng ho ya bobeng bo fetisisang.” (2 Tim. 3:1-5, 13) Na o bona boprofeta bona bo phethahala? Boholo ba rona re kile ra anngwa ke diketso tsa batho ba kgopo, ba re hlorisang, ba re tshwarang ka lehloyo, le ditsotsi. Ba bang ha ba pate bokgopo boo ba bo etsang, ha ba bang bona ba etsa eka ke batho ba molemo empa ba le kgopo. Le haeba diketso tsa bokgopo ha di so re ame ka ho toba empa ka tsela e itseng di ntse di re ama. Diketso tse mpe tseo ba di etsang di re ama maikutlo. Tsela eo batho ba kgopo ba sotlang bana, batho ba hodileng, le batho ba sa kgoneng ho itshireletsa ka yona e etsa hore re dule re tshohile haholo. Batho ba kgopo ba itshwara jwalo ka diphoofolo tse hlaha mme ba etsa diketso tsa bodemona. (Jak. 3:15) Ho thabisang ke hore Lentswe la Jehova le re fa tshepo ya hore maemo ana a tla loka.

5. (a) Ho na le monyetla ofe bakeng sa batho ba kgopo? (b) Ho tla etsahalang ka batho ba kgopo ba sa batleng ho fetoha?

5 Jehova o tla etsang? Hona jwale Jehova o file batho ba kgopo monyetla wa ho fetoha. (Esa. 55:7) Ha ba so fumane kahlolo ya ho qetela. Ke tsamaiso ena feela e seng e ahlotswe. Ho tla etsahalang ka batho ba hanang ho fetoha, ba tshehetsang tsamaiso ena ho fihlela matshwenyeho a maholo a qala? Jehova o tshepisitse hore o tla fedisa batho ba kgopo ka ho feletseng. (Bala Pesaleme ya 37:10.) Batho ba kgopo ba ka nna ba nahana hore ba tla pholoha kahlolo eo. Kahoo ba bangata ba pata diketso tse mpe tseo ba di etsang mme lefatshe lena ha le ba fe kahlolo e ba lokelang. (Jobo 21:7, 9) Leha ho le jwalo, Bibele e re hopotsa sena ka Modimo: “Mahlo a hae a hodima ditsela tsa motho, O bona mehato yohle ya hae. Ha ho botsho kapa moriti o lefifi bakeng sa hore ba tlwaetseng ho etsa se kotsi ba ipate moo.” (Jobo 34:21, 22) Ha ho na letho le patehileng ho Jehova Modimo. Ha ho na motho ya ka ipatelang yena; ha ho na lefifi le ka mo sitisang ho bona ntho leha e le efe. Kamora Armagedone, re tla sheba moo batho ba kgopo ba neng ba dula teng mme re ke ke ra ba bona. Ba tla be ba le siyo ka ho sa feleng!—Pes. 37:12-15.

6. Ke bomang ba tla dula sebakeng sa batho ba kgopo, hona ke hobaneng ha tseo e le ditaba monate?

6 Ke bomang ba tla dula sebakeng sa ba kgopo? Jehova o fana ka tshepiso ena e kgothatsang: “Ba bonolo ba tla rua lefatshe, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng kgotsong e ngata.” Hona pesalemeng eo ho na le mantswe a reng: “Ba lokileng ba tla rua lefatshe, ba tla dula ho lona ka ho sa feleng.” (Pes. 37:11, 29) Ke bo mang “ba bonolo” le “ba lokileng”? Ba bonolo ke bao ka boikokobetso ba amohelang thuto le tataiso ya Jehova; ba lokileng ke ba thabelang ho etsa dintho tse lokileng mahlong a Jehova Modimo. Lefatsheng lena batho ba kgopo ba bangata haholo ho feta batho ba lokileng. Empa lefatsheng le letjha, batho ba bonolo le ba lokileng e tla ba bona feela ba phelang lefatsheng ka nako eo. Kaofela ha bona ba tla etsa hore lefatshe e be paradeise!

MEKGATLO E TLETSENG BOBODU

7. Mekgatlo e tletseng bobodu e re ama jwang?

7 Mekgatlo e tletseng bobodu e re ama jwang? Boholo ba dintho tse mpe tse etsahalang lefatsheng ha di etswe ke motho a le mong empa di etswa ke mekgatlo. Ka mohlala, nahana ka mekgatlo ya dikereke e thetsang dimilione tsa batho ka hore na Modimo ke mang, le ho etsa hore ba se ke ba tshepa Bibele. Mekgatlo eo e boetse e thetsa batho ka hore na ho tla etsahalang ka lefatshe. Nahana hape ka mebuso e kgothalletsang ntwa ya merabe, e ratang tjotjo, e kgethollang batho, e hatellang bafutsana le batho ba sa kgoneng ho itshireletsa. Hape ho na le difeme tse silafatsang tikoloho ka boomo le tse senyang dihlahiswa tsa tlhaho mme ho na le batho ba ruileng haholo ka botsotsi ha dimilione tsa batho di sotleha ke bofutsana. Ntle ho pelaelo, mekgatlo ena e tletseng bobodu ke yona e ikarabellang bakeng sa boholo ba mathata ana a teng lefatsheng.

8. Ho latela Bibele, ho tla etsahalang ka mebuso le mekgatlo ya yona e bonahalang e tiile mahlong a batho ba bangata?

8 Jehova o tla etsang? Matshwenyeho a maholo a tla qala ha mebuso ya dipolotiki e fedisa Babylona e Moholo, e leng seotswa se tshwantshetsang bodumedi ba bohata. (Tšen. 17:1, 2, 16; 18:1-4) Mekgatlo eo ya bodumedi ba bohata e tla fediswa ka ho feletseng. Jwale ho tla etsahalang ka mekgatlo e meng e tletseng bobodu? Bibele e tshwantsha mekgatlo ena le dihlekehleke le dithaba hobane e bonahala eka e ke ke ya fediswa. (Bala Tšenolo 6:14.) Leha ho le jwalo, Lentswe la Modimo le re bolella hore mebuso hammoho le mekgatlo ya yona e tla fediswa ka ho feletseng. Matshwenyeho a maholo a tla fihla sehlohlolong ha ho e ba le pherekano e kgolo mebusong ya dipolotiki le ho ba e tshehetsang kgahlanong le Mmuso wa Modimo. (Jer. 25:31-33) Kamora moo ho ke ke ha hlola ho e ba le mekgatlo e etsang bobodu ho isa ka ho sa feleng!

9. Ke hobaneng ha re ka kgodiseha hore lefatshe le letjha le tla hlophiseha?

9 Mekgatlo e tletseng bobodu e tla nkelwa sebaka keng? Kamora Armagedone, na ho tla ba le ho mokgatlo lefatsheng? Bibele e re: “Ho na le mahodimo a matjha le lefatshe le letjha tseo re di letetseng ho ya ka tshepiso ya hae, mme ho loka ho tla aha ho tsona.” (2 Pet. 3:13) Lehodimo le lefatshe la kgale e leng mebuso e tletseng bobodu le mekgatlo e laolwang ke yona di tla fediswa. Di tla nkelwa sebaka keng? Mantswe a reng “mahodimo a matjha le lefatshe le letjha” a bolela hore ho tla ba le mmuso o motjha le batho ba buswang ke mmuso oo. Pusong ya Jesu ho tla etswa dintho tse thabisang Jehova, e leng Modimo wa tlhophiso. (1 Bakor. 14:33) Kahoo “lefatshe le letjha” e tla ba le hlophisehileng. Ho tla ba le banna ba lokileng ba tla hlokomela dintho. (Pes. 45:16) Ba tla etellwa pele ke Kreste le babusi mmoho le yena ba 144 000. O ka inahanela feela hore na ho tla ba jwang ha mekgatlo ena e tletseng bobodu e se e nketswe sebaka ke mokgatlo o le mong, o momahaneng le o ke keng wa ba le bobodu.

DIKETSO TSE MPE

10. Ke diketso dife tse mpe tse tlwaelehileng moo o dulang, hona di ama wena le lelapa la hao jwang?

10 Diketso tse mpe di re ama jwang? Re phela lefatsheng le tletseng batho ba etsang diketso tse mpe. Boitshwaro bo bobe, ho se tshepahale le pefo di tletse hohle lefatsheng la kajeno. Kahoo batswadi ba bangata ba ikutlwa ba thatafallwa ke ho sireletsa bana ba bona diketsong tsena tse mpe. Mekgwa ya boithabiso e se e na le diketso tsena tse mpe ho feta leha e le neng pele mme sena se etsa hore batho ba se ke ba mamela melao ya Jehova ya boitshwaro. (Esa. 5:20) Bakreste ba nnete ba leka ho qoba mekgwa ena. Ba leka ka hohle ho boloka botshepehi ba bona lefatsheng lena le tletseng boitshwaro bo hlomphollang melao ya Jehova.

11. Re ithutang kahlolong eo Jehova a ileng a e tlisetsa Sodoma le Gomora?

11 Jehova o tla etsang ka diketso tse mpe? Hopola seo a ileng a se etsa ka diketso tse mpe tse neng di tlwaelehile Sodoma le Gomora. (Bala 2 Petrose 2:6-8.) Monna ya lokileng Lota o ne a utlwiswa bohloko ke diketso tse mpe tseo yena le lelapa la hae ba neng ba phela hara tsona. Ha Jehova a fedisa sebaka seo kaofela, o ne a etsa ho fetang ho fedisa diketso tse mpe feela. O ne “a behela batho ba se nang bomodimo mohlala wa dintho tse tlang ho tla.” Jwalo kaha Jehova a ile a fedisa boitshwaro bohle bo bobe mehleng eo, ka tsela e tshwanang o tla fedisa diketso tse mpe ha a tlisa kahlolo lefatsheng.

12. O lebeletse ho etsa mesebetsi efe lefatsheng la paradeise?

12 Diketso tse mpe di tla nkelwa sebaka keng? Lefatshe la Paradeise le tla tlala mesebetsi e thabisang. Nahana ka mosebetsi o thabisang wa ho fetola lefatshe paradeise kapa wa ho ikahela matlo le ho ahela bana babo rona. Nahana hore ho tla ba jwang ha re amohela batho ba dimilione ba tsositsweng bafung mme re ba ruta ka Jehova le kamoo a nnileng a sebedisana le batho kateng. (Esa. 65:21, 22; Lik. 24:15) Re tla thabela ho etsa mesebetsi eo re e ratang le e tlisang thoriso ho Jehova!

MAEMO A MABE

13. Borabele ba Satane, Adama le Eva bo tlisitse maemo afe a mabe lefatsheng?

13 Maemo a mabe a re ama jwang? Batho ba kgopo, mekgatlo e tletseng bobodu le diketso tse mpe kaofela ha tsona di etsa hore ho be le maemo a mabe mona lefatsheng. Na ho na le motho ya so angwe ke dintwa, bofutsana, kgethollo ya morabe, ho kula kapa lefu? Maemo ana a re ama kaofela. A bakilwe ke marabele ana a mararo e leng Satane, Adama le Eva. Ha jwale, kaofela ha rona re anngwa ke pherekano e bakilweng ke marabele ana.

14. Jehova o tla etsang ka maemo a mabe? Fana ka mohlala.

14 Jehova o tla etsang ka maemo a mabe? Nahana ka dintwa. Jehova o tshepisa ho di fedisa ka ho feletseng. (Bala Pesaleme ya 46:8, 9.) Ho thweng ka ho kula? O tla ho fedisa. (Esa. 33:24) Lefu lona? Jehova o tla le fedisa ka ho sa feleng! (Esa. 25:8) O tla fedisa bofutsana. (Pes. 72:12-16) O tla etsa se tshwanang ka maemo ana ohle a mabe a etsang hore re sulafallwe ke bophelo. O tla fedisa le “moya” o mobe wa lefatshe lena, kaha tshusumetso ya Satane le bademona ba hae e tla be e se e le siyo.—Baef. 2:2.

Nahana feela hore ho tla ba jwang lefatsheng ha ho se ho se na dintwa, ho kula kapa lefu! (Sheba serapa sa 15)

15. Ke dintho dife tse tla fediswa ka ho feletseng ka mora Armagedone?

15 Nahana feela ho se ho se na dintwa, ho kula le lefu lefatsheng! Nahana hape ho se ho se na masole, dibetsa kapa ntho leha e le efe e hopotsang batho ka ntwa! Nahana ho se ho se na dipetlele, dingaka, dinese, diinshorense tsa bophelo, dimmoshara, mabitla le dikgwebo tsa mapato. Kaha tlolo ya molao e tla be e fedisitswe, ha ho sa tla ba le dikhampane tsa tshireletso, dialamo le mapolesa mme mohlomong ha re sa tla hloka le dinotlolo tsa matlo. Nahana feela re se re se na matshwenyeho!

16, 17. (a) Batho ba tla pholoha Armagedone ba tla ikutlwa jwang? Fana ka mohlala. (b) Re ka etsang e le hore re se ke ra fediswa ha mmoho le lefatshe lee le kgopo?

16 Bophelo bo tla ba jwang ha maemo ana a tshwenyang a se a fedisitswe? Ha ho bonolo ho nahana ka seo. Ka mohlala, batho ba dulang pela seteishene sa terene ba qetella ba se ba sa utlwe lerata le etswang ke terene, le ba dulang pela moo ho qhallwang matlakala teng ba qetella ba se ba sa utlwe monko o mobe o tswang moo. Ka tsela e tshwanang, le rona re phetse lefatsheng lena nako e telele hoo re seng re sa hlokomele hore na dintho tsena di re tshwenya hakae. Empa ka sebele dintho tsena di tla fediswa mme re tla imoloha hakaakang ka nako eo!

17 Maemo ana a re tshwenyang a tla nkelwa sebaka keng? Pesaleme ya 37:11 e fana ka karabo ha e re: “Ba tla fumana thabo e phethehileng kgotsong e ngata.” Na mantswe ao ha a o thabise? Ke sona seo Jehova a o batlelang sona. Ka hona, etsa sohle se matleng a hao hore o dule haufi le Jehova Modimo le mokgatlo wa hae mehleng ena ya bofelo! Dula o nahana ka tshepo ya sebele eo o nang le yona mme o bolelle le ba bang ka yona. (1 Tim. 4:15, 16; 1 Pet. 3:15) Ka tsela eo, o ka kgodiseha hore o ke ke wa fediswa hammoho le lefatshe lena le seng le ntse le ahlotswe. Empa o tla dula o thabile mme o tla phela ka ho sa feleng!

^ par. 1 Serapa sena se hlalosa tlwaelo e neng e le teng dilemong tse ngata tse fetileng ha motho a ne a kwallwa teronkong dibakeng tse ding tsa United States.