Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“U Phethe Boitlamo Boo U bo Etsang”

“U Phethe Boitlamo Boo U bo Etsang”

“U phethe boitlamo ba hao ho Jehova.”MAT. 5:33.

LIPINA: 63, 59

1. (a) Moahloli Jafeta le Anna ba ne ba tšoana ka eng? (Sheba setšoantšo se qalong.) (b) Re tl’o araba lipotso life sehloohong see?

JAFETA e ne e le moeta-pele ea sebete. Anna e ne e le mosali ea mamelang, a bile a ikokobelitse. Ntle le ho rapela Molimo a le mong, ke’ng eo Moahloli Jafeta le mosali oa Elkana ba neng ba tšoana ka eona? Bobeli ba bona ba ne ba itlamme hore ba tla etsetsa Molimo ho hong ’me ba ile ba phetha seo ba neng ba mo tšepisitse sona. Batho ba batlang ho phetha litšepiso tseo ba li etselitseng Jehova ba ka ba etsisa. Leha ho le joalo, boitlamo ke’ng? Ke hobane’ng ha ho phetha tšepiso eo re e etselitseng Jehova e le taba ea bohlokoa? Re ka ithuta’ng ka Jafeta le Anna?

2, 3. (a) Boitlamo ke’ng? (b) Mangolo a re’ng ka ho etsa boitlamo ho Molimo?

2 Joalokaha Bibele e bontša, boitlamo ke tšepiso e tiileng eo motho a e etsetsang Molimo. A ka mo tšepisa ho mo fa ntho itseng, ho etsa tšebeletso e itseng, kapa ho qoba ho etsa lintho tse itseng. Boitlamo ke ntho eo motho a e etsang ka ho rata. Leha ho le joalo, boitlamo boa halalela mahlong a Molimo hobane ke kano eo motho a e etsang, eo ho eona a etsang tšepiso ea hore na o tla etsa ntho e itseng kapa che. (Gen. 14:22, 23; Baheb. 6:16, 17) Bibele e re’ng ka ho etsa boitlamo ho Molimo?

3 Molao oo Molimo a ileng a o fa Baiseraele ka Moshe o ne o re: “Haeba monna a etsa boitlamo ho Jehova kapa a hlapanya ka kano e tlamang moea oa hae . . . , a se ke a koenehela lentsoe la hae. O lokela ho etsa tumellanong le sohle se tsoileng molomong oa hae.” (Num. 30:2) Hamorao Solomone o ile a bululeloa ho ngola mantsoe a reng: “Neng kapa neng ha u etsa boitlamo ho Molimo, u se ke ua tsilatsila ho bo phetha, etsoe ha ho thabeloe ba hlokang kelello. U phethe boitlamo boo u bo etsang.” (Moek. 5:4) Jesu o ile a bontša bohlokoa ba ho etsa boitlamo ha a ne a re: “Ho itsoe ho ba linakong tsa boholo-holo, ‘U se ke ua hlapanya u sa phethe, empa u phethe boitlamo ba hao ho Jehova.’”—Mat. 5:33.

4. (a) Ho tšepisa Molimo ntho e itseng ke taba e tebileng hakae? (b) Re tl’o ithuta’ng ka Jafeta le Anna?

4 Ho hlakile hore ho tšepisa Molimo ntho itseng ke taba e tebileng. Tsela eo re phethang litšepiso tsa rona ka eona e ama kamano ea rona le Jehova. Davida o ile a ngola a re: “Ke mang ea ka nyolohelang thabeng ea Jehova. Ke mang ea ka phahamang sebakeng sa hae se halalela? Mang kapa mang . . . ea sa nkang moea oa [Jehova] e le o se nang thuso ka ho feletseng, kapa a nka kano ka thetso.” (Pes. 24:3, 4) Jafeta le Anna ba ile ba tšepisa Jehova eng, hona ho ne ho le thata hakae ho e phetha?

BA ILE BA PHETHA BOITLAMO BA BONA KA BOTŠEPEHI

5. Jafeta o ile a tšepisa Jehova eng, hona ho ile ha etsahala’ng?

5 Jafeta o ile a phetha tšepiso eo a neng a e etselitse Jehova nakong eo a neng a il’o loantša Baammone ba neng ba hlorisa sechaba sa Molimo. (Baahl. 10:7-9) O ile a ikana ka mantsoe a latelang mabapi le tlholo ea hae: “Haeba ruri u nehelana ka bara ba Ammone letsohong la ka, hape ea tsoang, ea tsoelang ka ntle ho mamati a ntlo ea ka ho nkhahlanyetsa ha ke khutla ka khotso ho bara ba Ammone, e tla ba oa Jehova.” Ho ile ha etsahala’ng? Baammone ba ile ba hloloa. Ha Jafeta a khutla ntoeng o ile a khahlanyetsoa ke morali oa hae. E ne “e tla ba oa Jehova.” (Baahl. 11:30-34) Morali oa Jafeta o ne a lokela ho etsa’ng?

6. (a) Ho ne ho le thata hakae hore Jafeta a phethe seo a se tšepisitseng Molimo? (b) Re ithuta’ng ho Deuteronoma 23:21, 23 le Pesaleme ea 15:4 mabapi le ho phetha boitlamo boo re bo etselitseng Molimo?

6 Morali oa Jafeta o ne a lokela ho sebeletsa Molimo tempeleng bophelo bohle ba hae. Na Jafeta o ne a entse boitlamo a sa nahana? Che, e ka ’na eaba o ne a tseba hore ke morali oa hae ea neng a tla mo khahlanyetsa. Ho sa tsotellehe hore na o ne a tseba kapa che, ho ne ho le thata hore Jafeta le morali oa hae ba phethe tšepiso eo. Ha a bona morali oa hae, Jafeta a qala ho “hahola liaparo tsa hae” ’me a re pelo ea hae e bohloko. Morali oa hae o ile a ‘llela boroetsana ba hae.’ Hobane’ng? Jafeta o ne a se na bara ’me morali oa hae o ne a ke ke a nyaloa, kahoo, Jafeta o ne a ke ke a ba le litloholo. Lelapa la Jafeta le ne le ke ke la ata. Leha ho le joalo, seo e ne e se sa bohlokoa hakaalo. Jafeta o ile a re: “Ke ahlamisitse molomo oa ka ho Jehova, ’me ha ke khone ho koeneha.” Morali oa hae a araba ka ho re: “Nketse ho ea ka se tsoileng molomong oa hao.” (Baahl. 11:35-39) Jafeta le morali oa hae ba ne ba tšepahala ’me ba ikemiselitse ho phetha tšepiso ea bona ho sa tsotellehe hore na ho tla etsahala’ng ka bona.—Bala Deuteronoma 23:21, 23; Pesaleme ea 15:4.

7. (a) Anna o ne a tšepisitse Jehova eng, hona hobane’ng? Ho ile ha etsahala’ng?(b)  Boitlamo ba Anna bo ne bo tla ama Samuele joang? (Sheba naletsana.)

7 Anna ke e mong oa bao ka botšepehi ba ileng ba phetha boitlamo boo ba bo etselitseng Jehova. O ile a etsa tšepiso nakong eo ka eona a neng a le mahlomoleng ka lebaka la hore o ne a sa be le bana ’me a songoa. (1 Sam. 1:4-7, 10, 16) Kahoo Anna o ile a bolella Molimo mabinabine a pelo ea hae,’me a itlama, a re: “Jehova oa mabotho, haeba ruri u tla talima mahloreho a lekhabunyane la hao ’me u nkhopole, ’me u ke ke ua lebala lekhabunyane la hao ’me u tla fa lekhabunyane la hao ngoana e motona, ke tla mo fa Jehova ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hae, ’me ha ho lehare le tla feta hloohong ea hae.” * (1 Sam. 1:11) Kopo ea Anna e ile ea arajoa eaba o ba le ngoana oa moshanyana. O ile a thaba haholo. Leha ho le joalo, ha aa ka a lebala boitlamo ba hae. Kahoo ha a e-ba le mora o ile a re: “Ke mo kōpile ho Jehova.”—1 Sam. 1:20.

8. (a) Ho ne ho le thata hakae hore Anna a phethe tšepiso ea hae? (b) Mantsoe a Davida a tlalehiloeng lengolong la Pesaleme ea 61 a re hopotsa’ng ka mohlala o motle oa Anna?

8 Ha Samuele a le lilemo li tharo, Anna o ile a etsa seo a neng a se tšepisitse Molimo. Ha aa ka a nahana le ka ho koeneha. O ile a isa Samuele tabernakeleng e neng e le Shilo ho Moprista ea Phahameng Eli ’me a re: “E ne e le mabapi le moshanyana enoa ke neng ke rapela hore Jehova a phethahatse kōpo ea ka e matla eo ke mo kōpileng eona. ’Na, ke alimane ka eena ho Jehova. Ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hae, o kōpetsoe Jehova.” (1 Sam. 1:24-28) Ha a le moo, “moshanyana Samuele a tsoela pele ho hōlela ho Jehova.” (1 Sam. 2:21) Empa seo se ne se bolela’ng ho Anna? O ne a rata mora oa hae haholo empa joale o ne a sa tl’o mo holisa. E tlameha ebe o ne a lakatsa ho mo sika, ho mo bapalisa le ho mo hlokomela, e leng seo batsoali ba bangata ba se thabelang ha ba ntse ba holisa bana ba bona. Leha ho le joalo, Anna ha aa ka a itšola ka lebaka la ho fana ka mora oa hae hobane o ne a rata Jehova ka pelo ea hae eohle.—1 Sam. 2:1, 2; bala Pesaleme ea 61:1, 5, 8.

Na u phetha boitlamo ba hao ho Jehova?

9. Re tl’o arabe lipotso life?

9 Kaha re se re utloisisa hore na ke taba e tebileng hakae ho tšepisa Molimo ntho e itseng, a re ke re tšohleng lipotso tse latelang: Ke likano tsa mofuta ofe tseo re ka li etsang? Hona ke hobane’ng ha re lokela ho ikemisetsa ho li phetha?

BOINEHELO BA HAO

Boinehelo ba hao (Sheba serapa sa 10)

10. Ke boitlamo bofe ba bohlokoa boo Mokreste a bo etsang, hona bo akarelletsa’ng?

10 Tšepiso ea bohlokoa eo Mokreste a e etsetsang Jehova ke ea hore o tla mo sebeletsa bophelo bohle ba hae. Hobane’ng? Hobane moo Mokreste a leng mong, o tšepisa Jehova ka thapelo hore o tla mo sebeletsa ka ho sa feleng, ho sa tsotellehe se tla etsahala. Jesu o ile a re motho ‘a ke a itatole,’ a itele ’me a itlame hore o tla etelletsa thato ea Molimo pele bophelong ba hae. (Mat. 16:24) Ho tloha ka nako eo ho ea pele, ‘ke oa Jehova.’ (Bar. 14:8) Kahoo, e mong le e mong ea etsang boitlamo ba ho inehela o lokela ho bo nka ka ho teba joalokaha mopesaleme a ile a bolela ka boitlamo ba hae ho Molimo: “Ke tla buseletsa eng ho Jehova bakeng sa melemo eohle ea hae ho ’na.”—Pes. 116:12, 14.

11. U ile oa botsoa lipotso life letsatsing leo u kolobelitsoeng ka lona?

11 Na u se u inehetse ho Jehova ’me oa bontša seo phatlalatsa ka ho kolobetsoa? Haeba ho joalo, rea u babatsa. Hopola hore letsatsing leo u neng u kolobetsoa ka lona u ile oa botsoa hore na oa utloisisa hore “boinehelo ba hao le kolobetso li u khetholla u le e mong oa Lipaki Tsa Jehova tseo e leng karolo ea mokhatlo o tataisoang ke moea oa Molimo.” Ho arabela ha hao ka E! e hlakileng, ho ile ha bontša phatlalatsa hore u tšoaneleha ho kolobetsoa ’me u be e mong oa bahlanka ba Jehova. Kannete u ile oa thabisa Jehova haholo.

12. (a) Ke lipotso life tseo re lokelang ho ipotsa tsona? (b) Ke lintho life tseo Petrose a itseng re lokela ho li etsa e le hore re matlafatse kamano ea rona le Molimo?

12 Leha ho le joalo, kolobetso e ne e le qalo feela. Ka mor’a moo, re lokela ho tsoela pele re phela tumellanong le boinehelo ba rona ’me re tšepahalle Molimo. Kahoo, re ka ’na ra ipotsa: ‘Na kamano ea ka le Molimo e ntse e ntlafala ho tloha nakong eo ke neng ke kolobetsoa? Na ke ntse ke sebeletsa Jehova ka pelo eohle? (Bakol. 3:23) Na kea rapela, ke bala Bibele, ke ea libokeng le ho bolela litaba tse molemo kamehla? Kapa ho na le moo ke lokelang ho ntlafatsa teng?’ Moapostola Petrose o ile a hlalosa hore re ka matlafatsa kamano ea rona le Molimo haeba re tsoela pele ho imatlafatsa tumelong, ho mamella le ho inehela ho Molimo ka ho feletseng.—Bala 2 Petrose 1:5-8.

13. Ke’ng seo Mokreste ea kolobelitsoeng a lokelang ho se hlokomela mabapi le boinehelo ba hae?

13 Ha ho na kamoo re ka fetohelang boitlamo ba hore re tla sebeletsa Molimo bophelo bohle. Haeba motho a se a khathetse ke ho sebeletsa Jehova kapa ho phela bophelo ba Bokreste, a ke ke a re boinehelo ba hae bo ne bo sa bolele letho. * Hobane ha a inehela o ne a bontša hore o tla sebeletsa Molimo ka pelo eohle. Haeba a etsa sebe se tebileng, o tla ikarabella ka pel’a Jehova le phutheho. (Bar. 14:12) Le ka mohla, re se ke ‘ra tlohela lerato leo re neng re e-na le lona pele.’ Ho e-na le hoo, re batla hore Jesu a re ka rona: “Ke tseba liketso tsa hao, le lerato le tumelo le bosebeletsi le mamello ea hao, le hore liketso tsa hao tsa morao li feta tsa pele.” (Tšen. 2:4, 19) E se eka re ka tsoela pele ka cheseho re phelela boinehelo ba rona ho Molimo. Ha re etsa joalo re tla thabisa Jehova.

BOITLAMO BA HAO BA LENYALO

Boitlamo ba lenyalo (Sheba serapa sa 14)

14. Boitlamo bo bong ba bohlokoa boo motho a ka bo etsang ke bofe, hona hobane’ng?

14 Boitlamo bo bong ba bohlokoa boo motho a ka bo etsang, ke ba lenyalo. Hobane’ng? Hobane lenyalo lea halalela. Banyalani ba ikana ka pel’a Molimo le lipaki tse ngata. Ba tšepisana hore ba tla ratana, ba tšehetsane le ho hlomphana ‘hafeela bobeli ba bona ba ntse ba phela hammoho lefatšeng ho ea ka tokisetso ea Molimo ea lenyalo.’ Le hoja ba bang ba sa buoa mantsoe ana ka ho toba, ba ntse ba ikanne ka pel’a Molimo. Ho phatlalatsoa hore e se e le monna le mosali ’me lenyalo la bona e lokela ho ba la ka ho sa feleng. (Gen. 2:24; 1 Bakor. 7:39) Jesu o ile a re: “Ka hona seo Molimo a se kopantseng hammoho ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.” Motho leha e le ofe ho akarelletsa le banyalani ka bobona ha baa lokela ho qhala lenyalo la bona. Kahoo ba kenang lenyalong, ha baa lokela ho nahana hore ho hlalana ke tharollo ha mathata a ba teng.—Mar. 10:9.

15. Ke hobane’ng ha Bakreste ba sa lokela ho ba le maikutlo a fosahetseng ka lenyalo?

15 Ke ’nete hore ha ho na lenyalo le se nang mathata, hobane banyalani ka bobona ha baa phethahala. Ke kahoo Bibele e reng ka linako tse ling banyalani “ba tla ba le matšoenyeho.” (1 Bakor. 7:28) Ka bomalimabe, mehleng ena batho ba bang ba na le maikutlo a fosahetseng ka lenyalo. Ha ho hlaha mathata, ba lahla tšepo ’me baa hlalana. Empa Bakreste ha baa lokela ho etsa joalo. Ho qhala lenyalo ke ho thetsa Molimo. Molimo o hloile batho ba leshano! (Lev. 19:12; Liprov. 6:16-19) Moapostola Pauluse o ile a re: “Na u tlameletsoe ho mosali? Khaotsa ho batla tokollo.” (1 Bakor. 7:27) Pauluse o ile a bua mantsoe ana hobane o ne a tseba hore Jehova o hloile tlhalo.—Mal. 2:13-16.

16. Bibele e re’ng ka ho hlalana le ho arohana?

16 Jesu o ile a re lebaka le le leng feela le tšehetsoang ke Mangolo le ka etsang hore lenyalo le qhalane, ke ha Mokreste e mong a entse bofebe ’me molekane oa hae a sa mo tšoarele. (Mat. 19:9; Baheb. 13:4) Joale ho thoe’ng ka ho arohana? Bibele e hlakile le ntlheng ena. (Bala 1 Bakorinthe 7:10, 11.) Bibele ha e bolele hore na mabaka a ka etsang hore banyalani ba arohane ke afe. Leha ho le joalo, banyalani ba bang ba bone ho le molemo hore ba arohane tlas’a maemo a itseng, e leng ha molekane a beha bophelo ba e mong kotsing ka ho mo hlekefetsa, kapa a mo thibela ho sebeletsa Jehova. *

17. Bakreste ba ka etsa’ng ho etsa hore lenyalo la bona e be le tšoarellang?

17 Ha banyalani ba na le mathata ’me ba kopa thuso ho baholo, baholo ba lokela ho ba kopa hore ba shebelle video ea Lerato la ‘Nete ke le Joang? ’me ba bale bukana ea Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao. Hobane’ng? Hobane video le bukana ena li thusitse banyalani ba bangata ho matlafatsa manyalo a bona. Banyalani ba bang ba re: “Ho tloha ha re ne re qala ho ithuta bukana ena, maqhama a rona a lenyalo a tiile ho feta leha e le neng pele.” Mosali e mong ea nang le lilemo tse 22 a nyetsoe, eo eena le molekane oa hae ba neng ba le haufi le ho hlalana o re: “Bobeli ba rona re kolobelitsoe empa re ne re sa bone lintho ka tsela e tšoanang. Video eo e tlile hantle ka nako! Hona joale lenyalo la rona le atlehile.” Na u kene lenyalong? Haeba ho joalo, sebelisa melao-motheo ea Jehova e le hore lenyalo la hao le atlehe. Ho etsa joalo ho tla u thusa hore u phele tumellanong le likano tsa hao ’me u thabele lenyalo la hao.

BOITLAMO BA HO KENELA TŠEBELETSO E KHETHEHILENG EA NAKO E TLETSENG

18, 19. (a) Batsoali ba bangata Bakreste ba khothalletsa bana ba bona ho etsa’ng? (b) Ho thoe’ng ka batho ba tšebeletsong e khethehileng ea nako e tletseng?

18 Ke ntho efe e ’ngoe eo Jafeta le Anna ba neng ba tšoana ka eona? Boitlamo ba bona ka bobeli bo ile ba fella ka hore bana ba bona ba etse tšebeletso e khethehileng ea nako e tletseng, ba etsa tšebeletso e halalelang tabernakeleng. Bana ba bona ba ne ba phela bophelo bo khotsofatsang. Le mehleng ena, batsoali ba Bakreste ba khothalletsa bana ba bona ho etsa tšebeletso ea nako e tletseng le ho e etsa bophelo bohle ba bona. Batsoali ba etsang joalo ba lokela ho babatsoa haholo.—Baahl. 11:40; Pes. 110:3.

Boitlamo ba tšebeletso e khethehileng ea nako e tletseng (Sheba serapa sa 19)

19 Hona joale, lefatšeng lohle ho na le Bakreste ba ka bang 67 000 ba tšebeletsong e khethehileng ea nako e tletseng. Ba bang ba sebetsa Bethele, ba bang likahong, ba bang ke bapotolohi, baromuoa, bo-pula-maliboho ba khethehileng, barupeli ba likolo tsa Bibele, ha ba bang e le bahlokomeli ba Liholo tsa Likopano le libaka tseo ho tšoareloang likolo tsa Bibele ho tsona. Kaofela ha bona ba entse boitlamo ba hore ba tla etsa mosebetsi ofe kapa ofe oo ba o fuoang ho ntšetsa pele tšebeletso ea Molimo. Ba ikemiselitse ho phela bophelo bo bonolo ’me ba qoba ho etsa mesebetsi e meng ea boipheliso ntle ho tumello. Ha se batho ba khethehileng empa tšebeletso eo ba e etsang ke eona e khethehileng. Ka boikokobetso, ba hlokomela bohlokoa ba tšebeletso ea bona ’me ba ikemiselitse ho phelela boitlamo ba bona hafeela ba ntse ba le tšebeletsong e khethehileng.

20. Ke’ng seo re lokelang ho se etsa “letsatsi le letsatsi”, hona hobane’ng?

20 Har’a lintho tse tharo tseo re buileng ka tsona mabapi le ho etsa boitlamo ho Molimo, u se u entse tse kae, e le ’ngoe, tse peli kapa kaofela ha tsona? Ha oa lokela ho nka boitlamo ba hao habobebe. (Liprov. 20:25) Ha u sa etse seo u se tšepisitseng Jehova, oa mo halefisa. (Moek. 5:6) Kahoo, ha re ‘bineleng lebitso la Jehova lipina tsa thoriso ka ho sa feleng ha re ntse re phetha boitlamo ba rona letsatsi le letsatsi.’—Pes. 61:8.

^ ser. 7 Tumellanong le tšepiso ea Anna, Samuele e ne e tla ba Monazari, e leng se bolelang hore o ne a tla sebeletsa ntlong ea Molimo bophelo bohle ba hae a etsa tšebeletso e halalelang ’me a lule e le lesoha.—Num. 6:2, 5, 8.

^ ser. 13 Ho latela mehato eo baholo ba e nkang ho thusa motho hore a tšoanelehe ho kolobetsoa, ha se hangata ho ka etsahalang hore motho a kolobetsoe a sa tšoanelehe.

^ ser. 16 Sheba sehlomathiso se reng “Bibele e Nka Tlhalo le Karohano Joang?” bukeng ea “Le Ipoloke Leratong la Molimo.”