Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

“O Phethe Boitlamo Boo o bo Etsang”

“O Phethe Boitlamo Boo o bo Etsang”

“O phethe boitlamo ba hao ho Jehova.”MAT. 5:33.

DIPINA: 63, 59

1. (a) Moahlodi Jafeta le Anna ba ne ba tshwana kang? (Sheba setshwantsho se qalong.) (b) Re tlo araba dipotso dife sehloohong see?

JAFETA e ne e le moetapele ya sebete. Anna o ne a mamela ebile e le mosadi ya ikokobeditseng. Ntle le ho rapela Modimo a le mong, keng eo Moahlodi Jafeta le mosadi wa Elkana ba neng ba tshwana ka yona? Bobedi ba bona ba ne ba entse boitlamo ho Modimo mme ba ile ba bo phetha ka botshepehi. Ba behile mohlala o motle bakeng sa banna le basadi ba mehleng ena ba kgethang ho etsa boitlamo ho Jehova. Leha ho le jwalo, dipotso tsa bohlokwa ke tsena: Boitlamo keng? Ke hobaneng ha e le taba e tebileng ho etsa boitlamo ho Modimo? Re ka ithutang mohlaleng wa Jafeta le Anna?

2, 3. (a) Boitlamo keng? (b) Mangolo a reng ka ho etsa boitlamo ho Modimo?

2 Jwalo kaha Bibele e bontsha, boitlamo ke tshepiso e tiileng eo motho a e etsang ho Modimo. Motho o tshepisa ho etsa ntho e itseng, ho fana ka ho itseng, ho kenela tshebeletso e itseng, kapa ho qoba ho etsa dintho tse itseng. Boitlamo ke ntho eo motho a e etsang ka boithapo. Leha ho le jwalo, boitlamo bo a halalela mahlong a Modimo hobane ke kano eo motho a e etsang, eo ho yona a etsang tshepiso ya hore o tla etsa ntho e itseng kapa tjhe. (Gen. 14:22, 23; Baheb. 6:16, 17) Bibele e reng ka ho etsa boitlamo ho Modimo?

3 Molao oo Modimo a ileng a o fa Baiseraele a sebedisa Moshe o ne o re: “Haeba monna a etsa boitlamo ho Jehova kapa a hlapanya ka kano e tlamang moya wa hae . . . , a se ke a kwenehela lentswe la hae. O lokela ho etsa tumellanong le sohle se tswileng molomong wa hae.” (Num. 30:2) Hamorao Solomone o ile a budulelwa ho ngola mantswe a reng: “Neng kapa neng ha o etsa boitlamo ho Modimo, o se ke wa tsilatsila ho bo phetha, etswe ha ho thabelwe ba hlokang kelello. O phethe boitlamo boo o bo etsang.” (Moek. 5:4) Jesu o ile a bontsha bohlokwa ba ho etsa boitlamo ha a ne a re: “Ho itswe ho ba dinakong tsa boholoholo, ‘O se ke wa hlapanya o sa phethe, empa o phethe boitlamo ba hao ho Jehova.’”—Mat. 5:33.

4. (a) Ho etsa boitlamo ho Modimo ke taba e tebileng hakae? (b) Re tlo ithutang ka Jafeta le Anna?

4 Ho hlakile hore ho etsa tshepiso ho Modimo ke ntho e tebileng. Ditshepiso tseo re di etsang di ama kamano ya rona le Jehova. Davida o ile a ngola a re: “Ke mang ya ka nyolohelang thabeng ya Jehova, ke mang ya ka phahamang sebakeng sa hae se halalelang? Mang kapa mang . . . ya sa nkang moya wa [Jehova] e le o se nang thuso ka ho feletseng, kapa a nka kano ka thetso.” (Pes. 24:3, 4) Jafeta le Anna ba ne ba entse boitlamo bofe, hona ho ne ho le thata hakae ho bo phetha?

BA ILE BA PHETHA BOITLAMO BA BONA HO MODIMO KA BOTSHEPEHI

5. Jafeta o ile a etsa boitlamo bofe, hona phello e ile yaba efe?

5 Jafeta o ile a tshepahalla kano eo a neng a e entse mabapi le ho lwana le Baammone ba neng ba hlorisa setjhaba sa Modimo. (Baahl. 10:7-9) Ha a ne a kopa Modimo ka tiyo hore a mo fe tlholo, o ile a ikana ka mantswe a latelang: “Haeba ruri o nehelana ka bara ba Ammone letsohong la ka, hape ya tswang, ya tswelang ka ntle ho mamati a ntlo ya ka ho nkgahlanyetsa ha ke kgutla ka kgotso ho bara ba Ammone, e tla ba wa Jehova.” Phello e ile yaba efe? Baammone ba ile ba hlolwa mme ha Jafeta a kgutla ntweng o ile a kgahlanyetswa ke moradi wa hae. E ne “e tla ba wa Jehova.” (Baahl. 11:30-34) Seo se ne se tla bolelang ho moradi wa hae?

6. (a) Ho ne ho le thata hakae hore Jafeta a phethe boitlamo ba hae ho Modimo? (b) Re ithutang ho Deuteronoma 23:21, 23 le Pesaleme ya 15:4 mabapi le ho etsa boitlamo ho Modimo?

6 E le hore Jafeta a phethe kano ya hae, moradi wa hae o ne a tla sebeletsa Modimo bophelo bohle ba hae. Na Jafeta o ne a entse boitlamo a sa nahana? Tjhe, e ka nna yaba o ne a tseba hore ke moradi wa hae ya neng a tla mo kgahlanyetsa. Le hoja e ne e le boemo bo thata, ba ne ba lokela ho phetha boitlamo. Ha a bona moradi wa hae, Jafeta o ile a qala ho “hahola diaparo tsa hae” mme a re pelo ya hae e bohloko. Moradi wa hae o ile a ‘llela borwetsana ba hae.’ Hobaneng? Jafeta o ne a se na bara mme moradi wa hae o ne a ke ke a nyalwa, kahoo, o ne a ke ke a ba le ditloholo. Ho ne ho se na mokgwa oo ka ona lelapa la Jafeta le tlang ho atoloha. Leha ho le jwalo, seo e ne e se sa bohlokwa hakaalo. Jafeta o ile a re: “Ke ahlamisitse molomo wa ka ho Jehova, mme ha ke kgone ho kweneha.” Moradi wa hae a araba ka hore: “Nketse ho ya ka se tswileng molomong wa hao.” (Baahl. 11:35-39) Jafeta le moradi wa hae ba ne ba tshepahala mme ba nka dikano tseo ba di entseng ho Modimo ka botebo ho sa tsotellehe hore na di ne di tla ama bophelo ba bona jwang.—Bala Deuteronoma 23:21, 23; Pesaleme ya 15:4.

7. (a) Anna o ne a entse boitlamo bofe, hona hobaneng? Phello e ile ya eba efe?(b)  Boitlamo ba Anna bo ne bo tla ama Samuele jwang?

7 Anna ke e mong wa bao ka botshepehi ba ileng ba phetha boitlamo boo ba bo entseng ho Jehova. O ile a etsa tshepiso nakong eo ka yona a neng a le mahlomoleng ka lebaka la hore o ne a sa be le bana mme a songwa kamehla. (1 Sam. 1:4-7, 10, 16) Kahoo Anna a tshollela pelo ya hae ho Modimo mme a etsa boitlamo a re: “Jehova wa mabotho, haeba ruri o tla tadima mahloreho a lekgabunyane la hao mme o nkgopole, mme o ke ke wa lebala lekgabunyane la hao mme o tla fa lekgabunyane la hao ngwana e motona, ke tla mo fa Jehova ka matsatsi ohle a bophelo ba hae, mme ha ho lehare le tla feta hloohong ea hae.” * (1 Sam. 1:11) Kopo ya Anna e ile ya arajwa yaba o tswala ngwana wa moshanyana. O ile a thaba haholo! Leha ho le jwalo, ha a ka a lebala boitlamo boo a bo entseng ho Modimo. Kahoo ha a tswala mora wa hae o ile a re: “Ke mo kopile ho Jehova.”—1 Sam. 1:20.

8. (a) Ho ne ho le thata hakae hore Anna a phethe boitlamo ba hae? (b) Mantswe a Davida a tlalehilweng lengolong la Pesaleme ya 61 a re hopotsang ka mohlala o motle wa Anna?

8 Hang ha Samuele a le dilemo di tharo Anna o ile a etsa seo a neng a se tshepisitse Modimo. Ha a ka a nahana le ka ho kweneha. O ile a isa Samuele tabernakeleng e neng e le Shilo ho Moprista ya Phahameng Eli mme a re: “E ne e le mabapi le moshanyana enwa ke neng ke rapela hore Jehova a phethahatse kopo ya ka e matla eo ke mo kopileng yona. Nna, ke adimane ka yena ho Jehova. Ka matsatsi ohle a bophelo ba hae, o kopetswe Jehova.” (1 Sam. 1:24-28) Ha a le moo, “moshanyana Samuele a tswela pele ho holela ho Jehova.” (1 Sam. 2:21) Empa seo se ne se bolelang ho Anna? O ne a rata mora wa hae haholo empa jwale o ne a sa tlo kgona ho mo hodisa. Nahana feela hore o ne a mo hopola hakae, a lakatsa ho mo bapadisa le ho mo hlokomela. O ne a kgalla ho qeta nako le mora wa hae, e leng seo batswadi ba bangata ba se thabelang ha ba ntse ba hodisa bana ba bona. Leha ho le jwalo, Anna ha a ka a itshola ka lebaka la ho tshepahalla boitlamo ba hae ho Modimo. Pelo ya hae e ne e thabela Jehova.—1 Sam. 2:1, 2; bala Pesaleme ya 61:1, 5, 8.

Are you paying your vows to Jehovah?

9. Re tlo tshohla dipotso dife?

9 Kaha re se utlwisisa hore na ke taba e tebileng hakae ho etsa boitlamo ho Modimo, a re ke re tshohleng dipotso tse latelang: Ke dikano tsa mofuta ofe tseo re ka di etsang jwalo ka Bakreste? Hona ke hobaneng ha re lokela ho ikemisetsa ho di phetha?

BOITLAMO BA HAO BA HO INEHELA

Boitlamo ba ho inehela (Sheba serapa sa 10)

10. Ke boitlamo bofe ba bohlokwa boo Mokreste a ka bo etsang, hona bo akarelletsang?

10 Boitlamo ba bohlokwa ka ho fetisisa boo Mokreste a ka bo etsang ke ba ho nehela bophelo ba hae ho Jehova. Hobaneng? Hobane moo a leng mong, Mokreste o tshepisa Jehova ka thapelo hore o tla mo sebeletsa ka ho sa feleng, ho sa tsotellehe se tla etsahala ka bophelo ba hae. Jesu o ile a re motho ‘a ke a itatole,’ a itele le ho itlama ho etelletsa thato ya Modimo pele bophelong ba hae. (Mat. 16:24) Ho tloha ka nako eo ho ya pele, ‘ke wa Jehova.’ (Bar. 14:8) Kahoo, e mong le e mong ya etsang boitlamo ba ho inehela o lokela ho bo nka ka ho teba mme a ikutlwe jwalo ka mopesaleme ya ileng a re ka boitlamo ba hae ho Modimo: “Ke tla buseletsa eng ho Jehova bakeng sa melemo yohle ya hae ho nna? Ke tla phetha boitlamo ba ka ho Jehova, e, ka pela batho bohle ba hae.”—Pes. 116:12, 14.

11. Ho ile ha etsahalang letsatsing leo o kolobeditsweng ka lona?

11 Na o se o inehetse ho Jehova mme wa bontsha seo phatlalatsa ka ho kolobetswa metsing? Haeba ho jwalo, re a o babatsa! Hopola hore letsatsing leo o neng o kolobetswa ka lona o ile wa botswa hore na o utlwisisa hore “boinehelo ba hao le kolobetso di o kgetholla o le e mong wa Dipaki Tsa Jehova tseo e leng karolo ya mokgatlo o tataiswang ke moya wa Modimo.” Ho arabela ha hao ka E! e hlakileng, ho ile ha bontsha phatlalatsa hore o tshwaneleha ho kolobetswa hore o be e mong wa bahlanka ba Jehova. Ka nnete o ile wa thabisa Jehova haholo!

12. (a) Ke dipotso dife tseo re lokelang ho ipotsa tsona? (b) Ke dintho dife tseo Petrose a itseng re lokela ho di etsa e le hore re matlafatse kamano ya rona le Modimo?

12 Leha ho le jwalo, kolobetso e ne e le qalo feela. Kamora moo, re batla ho tswela pele re phela tumellanong le boinehelo ba rona mme re tshepahale ho Modimo. Kahoo, re ka nna ra ipotsa: ‘Na kamano ya ka le Modimo e ntse e ntlafala ho tloha nakong eo ke neng ke kolobetswa ka yona? Na ke ntse ke sebeletsa Jehova ka pelo yohle? (Bakol. 3:23) Na ke a rapela, ke bala Bibele, ke ya dibokeng le ho bolela ditaba tse molemo kamehla? Kapa ho na le moo ke seng ke fokola teng?’ Moapostola Petrose o ile a hlalosa hore re ka matlafatsa kamano ya rona le Modimo haeba re tswela pele ho imatlafatsa tumelong, ho mamella le ho inehela ho Modimo ka ho feletseng.—Bala 2 Petrose 1:5-8.

13. Keng seo Mokreste ya kolobeditsweng a lokelang ho se hlokomela mabapi le boinehelo ba hae?

13 Ha ho na kamoo re ka fetohelang boitlamo ba ho inehela ho Modimo kapa seo re mo tshepisitseng sona. Haeba motho a se a kgathetse ke ho sebeletsa Jehova kapa ho phela bophelo ba Bokreste, a ke ke a re o ne a bapala ha a ne a inehela. * Etswe o ne a ikemiseditse ha a ne a inehela ho Modimo ka ho feletseng. Haeba a etsa sebe se tebileng, o tla ikarabella ka pela Jehova le phutheho. (Bar. 14:12) Le ka mohla, re se ke ‘ra tlohela lerato leo re neng re e na le lona pele.’ Ho e na le hoo, re batla hore Jesu a re ka rona: “Ke tseba diketso tsa hao, le lerato le tumelo le bosebeletsi le mamello ya hao, le hore diketso tsa hao tsa morao di feta tsa pele.” (Tšen. 2:4, 19) E se eka re ka tswela pele ka tjheseho re phelela boinehelo ba rona ho Modimo. Ha re etsa jwalo, re tla thabisa Jehova.

BOITLAMO BA HAO BA LENYALO

Boitlamo ba lenyalo (Sheba serapa sa 14)

14. Ke boitlamo bofe bo bong ba bohlokwa boo motho a ka bo etsang, hona hobaneng?

14 Boitlamo bo bong ba bohlokwa boo motho a ka bo etsang, ke ba ho kena lenyalong. Hobaneng? Hobane lenyalo le a halalela. Banyalani ba ikana ka pela Modimo le dipaki tse ngata. Ka tlwaelo, ba tshepisana hore ba tla ratana, ba tshehetsane le ho hlomphana hafeela bobedi ba bona ba ntse ba phela hammoho lefatsheng ho ya ka tokisetso ya Modimo ya lenyalo. Ba bang ba ke ke ba bua mantswe ana ka ho toba, leha ho le jwalo ba ikana ho Modimo. Ho phatlalatswa hore e se e le monna le mosadi mme lenyalo la bona e lokela ho ba la ka ho sa feleng. (Gen. 2:24; 1 Bakor. 7:39) Jesu o ile a re: “Ka hona, seo Modimo a se kopantseng hammoho ho se ke ha eba le motho ya se arolang.” Motho leha e le ofe kapa banyalani ka bobona ha ba a lokela ho qhala lenyalo la bona. Kahoo, ba kenang lenyalong ha ba a lokela ho nahana hore ba ka hlalana ha ho hlaha mathata.—Mar. 10:9.

15. Ke hobaneng ha Bakreste ba sa lokela ho nka lenyalo ha bobebe jwalo ka batho ba bang?

15 Ke nnete, ha ho na lenyalo le se nang mathata, hobane banyalani ka bobona ha ba a phethahala. Ke kahoo Bibele e reng banyalani “ba tla ba le matshwenyeho” ka dinako tse ding. (1 Bakor. 7:28) Ka maswabi, kajeno batho ba bangata ba nka lenyalo ha bobebe. Ha ho hlaha mathata, ba lahla tshepo mme ba a hlalana. Empa Bakreste ha ba a lokela ho etsa jwalo. Ho qhala lenyalo ho tshwana le ho thetsa Modimo mme o hloile batho ba leshano! (Lev. 19:12; Liprov. 6:16-19) Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Na o tlameletswe ho mosadi? Kgaotsa ho batla tokollo.” (1 Bakor. 7:27) Pauluse o ile a bua mantswe ana hobane o ne a tseba hore Jehova o hloile tlhalo.—Mal. 2:13-16.

16. Bibele e reng ka tlhalo le ho arohana?

16 Jesu o ile a re ho na le lebaka le le leng feela le tshehetswang ke Mangolo le ka etsang hore lenyalo le qhalane, e leng ha Mokreste e mong a entse bofebe mme molekane wa hae a sa dumele ho mo tshwarela. (Mat. 19:9; Baheb. 13:4) Jwale ho thweng ka ho arohana? Bibele e hlakile le ntlheng ena. (Bala 1 Bakorinthe 7:10, 11.) Bibele ha e fane ka mabaka a dumellang banyalani hore ba arohane. Leha ho le jwalo, banyalani ba bang ba bone ho le molemo hore ba arohane tlasa maemo a itseng, e leng ha molekane e mong a beha bophelo ba e mong kotsing ka ho mo hlekefetsa, kapa a mo sitisa ka ho feletseng ho rapela Jehova. *

17. Bakreste ba ka etsang ho etsa hore lenyalo la bona e be le tshwarellang?

17 Ha banyalani ba na le mathata mme ba kopa thuso ho baholo, baholo ba ka nna ba ba botsa hore na ba qetetse neng ho shebella video ya Lerato la Nnete ke le Jwang? le ho bala bukana ya Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao. Hobaneng? Hobane disebediswa tsena tse thehilweng Bibeleng di ile tsa thusa banyalani ba bangata ho matlafatsa manyalo a bona. Banyalani ba bang ba re: “Ho tloha ha re ne re qala ho ithuta bukana ena, re ile ra thabela lenyalo la rona ho feta le ha e le neng pele.” Mosadi e mong ya nang le dilemo tse 22 a nyetswe, eo yena le molekane wa hae ba neng ba le haufi le ho hlalana, o re: “Bobedi ba rona re kolobeditswe empa re ne re na le maikutlo a fapaneng. Video eo e tlile hantle ka nako! Hona jwale lenyalo la rona le atlehile.” Na o kene lenyalong? Haeba ho jwalo, sebedisa melaomotheo ya Jehova e le hore lenyalo la hao le atlehe. Ho etsa jwalo ho tla o thusa hore o phele tumellanong le dikano tsa hao mme o thabele lenyalo la hao!

BOITLAMO BA HO KENELA TSHEBELETSO E KGETHEHILENG YA NAKO E TLETSENG

18, 19. (a) Batswadi ba bangata ba Bakreste ba kgothalletsa bana ba bona ho etsang? (b) Ho thweng ka batho ba tshebeletsong e kgethehileng ya nako e tletseng?

18 Ke ntho efe e nngwe eo Jafeta le Anna ba neng ba tshwana ka yona? Boitlamo ba bona ka bobedi bo ile ba fella ka hore bana ba bona ba kenele tshebeletso e kgethehileng ya nako e tletseng, ba etsa tshebeletso e halalelang tabernakeleng. Bana ba bona ba ne ba phela bophelo bo kgotsofatsang. Le kajeno, batswadi ba Bakreste ba kgothalletsa bana ba bona ho kenela tshebeletso ya nako e tletseng le ho e etsa bophelo bohle ba bona. Batswadi ba etsang sena ba lokela ho babatswa haholo.—Baahl. 11:40; Pes. 110:3.

Boitlamo ba tsehebeletso e kgethehileng ya nako e tletseng (Sheba serapa sa 19)

19 Hona jwale, ho na le Bakreste ba tshebeletsong e kgethehileng ya nako e tletseng ba ka bang 67 000 lefatsheng ka bophara. Ba bang ba sebetsa Bethele, ba bang dikahong, ba bang ke bapotolohi, baromuwa, bopulamadiboho ba kgethehileng, barupedi ba dikolo tsa Bibele, ha ba bang e le bahlokomedi ba Diholo tsa Dikopano le dibaka tseo ho tshwarelwang dikolo tsa Bibele ho tsona. Kaofela ha bona ba entse boitlamo ba hore ba tla etsa mosebetsi ofe kapa ofe oo ba o fuwang ho ntshetsa pele tshebeletso ya Modimo. Ba ikemiseditse ho phela bophelo bo bonolo mme ba qoba ho etsa mesebetsi e meng ya boiphediso ntle ho tumello. Ha se batho ba kgethehileng empa tshebeletso eo ba e etsang ke yona e kgethehileng. Ka boikokobetso, ba hlokomela bohlokwa ba tshebeletso ya bona mme ba ikemiseditse ho phelela boitlamo ba bona ha feela ba ntse ba le tshebeletsong e kgethehileng.

20. Keng seo re lokelang ho se etsa “letsatsi le letsatsi”, hona hobaneng?

20 Hara dintho tse tharo tseo re ka etsang boitlamo ka tsona ho Modimo, o se o entse tse kae? E le nngwe, tse pedi kapa kaofela ha tsona? Ha o a lokela ho nka boitlamo ba hao ha bobebe. (Liprov. 20:25) Ha o sa etse seo o se tshepisitseng Jehova, ho ka ba le ditlamorao tse bohloko. (Moek. 5:6) Kahoo, ha re ‘bineleng lebitso la Jehova dipina tsa thoriso ka ho sa feleng ha re ntse re phetha boitlamo ba rona letsatsi le letsatsi.’—Pes. 61:8.

^ par. 7 Tumellanong le boitlamo boo Anna a neng a bo entse, ngwana wa hae e ne e tla ba Monazari, e leng se bolelang hore o ne a tla sebeletsa ntlong ya Modimo bophelo bohle ba hae a etsa tshebeletso e halalelang mme o ne a tla dula e le lesoha.—Num. 6:2, 5, 8.

^ par. 13 Ho latela mehato eo baholo ba e nkang ho thusa motho hore a tshwanelehe ho kolobetswa, ha se hangata ho ka etsahalang hore motho a kolobetswe a sa tshwanelehe.

^ par. 16 Sheba buka ya “Le Ipoloke Leratong la Modimo,” maq. 219-221.