Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Rorisang Jehova ka ho Ithaopa!

Rorisang Jehova ka ho Ithaopa!

“Bakeng sa ho ithaopa ha batho, bokang Jehova!”—BAAHL. 5:2.

DIPINA: 150, 10

1, 2. (a) Elifaze le Bildade ba ile ba reng ka tshebeletso ya rona ho Modimo? (b) Jehova o ile a tsebahatsa maikutlo a hae jwang?

“NA MONNA ya shahlileng a ka ba le thuso ho Modimo, e le hore leha e le ofe ya nang le temohisiso a ka ba le thuso ho yena? Na Ya Matla Ohle o thabiswa ke letho ka hore ebe o lokile, kapa o rua letho ka hore ebe o etsa hore tsela ya hao e be e sa tshwauweng phoso?” (Jobo 22:1-3) Na o ka thabela ho tseba dikarabo tsa dipotso tsee? Ha Elifaze wa Motemane a ne a botsa Jobo dipotso tsena, Elifaze o ne a kgodisehile hore karabo ya tsona ke tjhe. Motswalle wa hae Bildade wa Moshuha, o ile a re ha ho kgonehe hore motho ebe ya lokileng ka pela Modimo.—Bala Jobo 25:4.

2 Metswalle ena ya Jobo e ile ya re boiteko ba rona ba ho sebeletsa Jehova ka botshepehi ke ba lefeela le hore ha re ba bohlokwa ho yena ebile re tshwana le dintho tse se nang thuso. (Jobo 4:19; 25:6) Ha re kga taba ena hodimo feela, ho ka nna ha bonahala eka banna bana ba ne ba ikokobeditse. (Jobo 22:29) Ke nnete hore ho ka ba thata ho bona batho lefatsheng haeba motho a shebile a le sebakeng se phahameng haholo. Empa ebe na ke yona tsela eo Jehova a shebang tshebeletso ya rona ka yona a le sebakeng sa hae se phahameng? Maikutlo a Jehova tabeng ena a ile a hlaka ha a ne a kgalemela Elifaze, Bildade le Tsofare hobane ba ne ba buile leshano ka yena, ha ka nako e tshwanang a bontsha hore o amohela Jobo ka ho mmitsa ‘mohlanka wa hae.’ (Jobo 42:7, 8) Kahoo, ka sebele motho ke wa bohlokwa ho Modimo.

“O MO FA ENG?”

3. Elihu o ile a reng ka tshebeletso eo re e etsetsang Jehova, hona o ne a bolelang?

3 Jehova ha a ka a kgalemela Elihu ha a botsa hore: “Haeba ka sebele o nepile, o mo fa eng [Modimo], kapa O amohela eng letsohong la hao?” (Jobo 35:7) Na Elihu o ne a bolela hore tshebeletso ya rona ho Modimo ke ya lefeela? Ha ho jwalo. O ne a bolela hore Jehova ha a phediswe ke tshebeletso eo re mo etsetsang yona. Jehova o na le ntho e nngwe le nngwe. Ha ho tjhelete kapa leruo leo re ka mo fang lona. Leha ho le jwalo, makgabane, ditalenta kapa bokgoni boo re nang le bona ke letlotlo le tswang ho Modimo mme o ela hloko tsela eo re le sebedisang ka yona.

4. Jehova o sheba lerato le bontshwang bahlanka ba hae jwang?

4 Jehova o nka lerato le bontshwang bahlanka ba hae e le le bontshwang le ho yena. Liproverbia 19:17 di re: “Ya bontshang mohau ho ya tlaase o adima Jehova, mme O tla mo buseletsa tshwaro ya hae.” Na lengolo lee le bolela hore kamehla Jehova o ela hloko ha motho ya tlaase a bontshwa mosa? Na Mmopi wa bokahohle o inka a kolota batho ba bontshang ba bang mohau mme na o ba lefa ka ho ba amohela le ka ho ba hlohonolofatsa? E, ho jwalo mme Mora wa Modimo le yena o ile a netefatsa sena.—Bala Luka 14:13, 14.

5. Re ka nna ra ipotsa dipotso dife?

5 Jehova o wa thaba ha batho ba tshepahalang ba nka karolo ho phethahatseng morero wa Hae mme o ile a bontsha sena ka ho fa moprofeta Esaia boikarabelo ba ho ba mmuelli wa hae. (Esa. 6:8-10) Esaia o ile a amohela boikarabelo boo. Kajeno ba bangata ba bontsha moya wa boitelo o tshwanang le wa Esaia ka ho amohela dikabelo tse seng bonolo tshebeletsong ya Jehova. Ho ntse ho le jwalo, ka bomong re ka nna ra ipotsa: ‘Na seo ke se etsang tshebeletsong ke sa bohlokwa? Le hoja ka mohau Jehova a mpha monyetla wa ho etsa ho itseng mosebetsing wa hae, na a ke ke a etsa sohle ho phethahatsa morero wa hae ho sa tsotellehe seo nna ka bomong ke se etsang tshebeletsong ya hae?’ Ake re bone kamoo dintho tse etsahetseng mehleng ya Debora le Barake di fanang ka dikarabo tsa dipotso tsena kateng.

BA NE BA TSHOHILE HAHOLO MME MODIMO A BA MATLAFATSA

6. Ke phapang efe e neng e le teng pakeng tsa baahi ba Baiseraele le lebotho la Jabine?

6 Baiseraele ba ne ba ‘hateletswe ka thata’ ka dilemo tse 20 ke Morena Jabine wa Kanana. Baahi ba ne ba tshaba hoo ba neng ba dula ba ipatile. Ho ne ho bonahala ba ne ba ke ke ba o besa wa tuka hobane ba ne ba se na dihlomo le dibetsa tse lekaneng, ha dira tsa bona tsona di ne di e na le dikoloi tse 900 tsa ntwa.—Baahl. 4:1-3, 13; 5:6-8. *

7, 8. (a) Ke ditaelo dife tseo Jehova a ileng a di fa Barake qalong? (b) Baiseraele ba ile ba hlola lebotho la Jabine jwang? (Sheba setshwantsho se qalong.)

7 Leha ho le jwalo, Jehova o ile a sebedisa moprofeta wa mosadi ya bitswang Debora ho fa Barake taelo ena e hlakileng: “Eya mme o ikabe Thabeng ya Tabore, o nke banna ba dikete tse leshome ho bara ba Nefthali le ho bara ba Zabulone. Ka sebele ke tla hulela ho wena phuleng ya molapo o phoroselang ya Kishone, Sisera molaodi wa lebotho la Jabine le dikoloi tsa hae tsa ntwa le bongata ba hae mme ke tla nehelana ka yena letsohong la hao.”—Baahl. 4:4-7.

8 Baahi ba ile tseba ka taelo ena. Baithaopi ba ile ba ya Thabeng ya Tabore. Barake o ile a latela ditaelo tsa Jehova hanghang. (Bala Baahloli 4:14-16.) Ka nako ya ntwa Tanake, ka tshohanyetso ho ile ha na pula ya ditlwebelele mme sebaka seo sa fetoha qhafuqhafu ya seretse. Barake o ile a lelekisa lebotho la Sisera ho ya fihla Haroshethe, e leng sebaka se ka bang dikhilomitara tse 24. Ha ba ntse ba baleha, Sisera o ile a siya lebotho la hae le ferekaneng mme a balehela Zananime, e neng e le pela Kedeshe. O ile a balehela tenteng ya Jaele mosadi wa Hebere Mokene mme Jaele a mo amohela. Sisera o ile a kgaleha kaha o ne a kgathetse. Jaele o ile a iteta sebete mme a mo bolaya ha a ntse a robetse jwalo. (Baahl. 4:17-21) Qetellong sera sa Baiseraele se ile sa hlolwa! *

MAIKUTLO A SA TSHWANENG TABENG YA BOITHAOPO

9. Lengolo la Baahloli 5:20, 21 le re ho ile ha etsahalang ntweng e neng e le kgahlanong le Sisera?

9 Re lokela ho bala kgaolo ya 4 le ya 5 tsa buka ya Baahloli hammoho hobane kgaolo ka nngwe e bua ka dintho tseo e nngwe e sa bueng ka tsona. Ka mohlala, Baahloli 5:20, 21 e re: “Dinaledi tsa lwana lehodimong, tsa lwantsha Sisera ditseleng tsa tsona. Molapo o phoroselang wa Kishone wa ba hohola.” Na e ne e hlile e le dinaledi tse neng di lwantsha Sisera kapa e ne e le mangeloi? Bibele ha e hlalose. Haeba e ne e se Modimo ya neng a lwanela batho ba hae, re ka re ke mang ya entseng hore ho ne pula ya ditlwebelele ka nako le sebaka se tshwanetseng, e le hore e ka hohola dikoloi tse 900 tsa ntwa? Ka makgetlo a mararo, Baahloli 4:14, 15 e re tlholo eo ke ya Jehova. Ha ho le ya mong ho Baiseraele ba 10 000 ya neng a ka ikotla sefuba ka tlholo eo.

10, 11. Ke hobaneng ha Meroze e ne e rohakilwe?

10 Ho thahasellisang ke hore nakong eo Debora le Barake ba ntseng ba rorisa Jehova ka pina ya tlholo, ba ile ba re: “‘Rohakang Meroze,’ ho boletse lengeloi la Jehova, ‘rohakang baahi ba yona le sa phetse, etswe ha ba a ka ba thusa Jehova, ho thusa Jehova ka ba matla.’”—Baahl. 5:23.

11 Meroze e ne e rohakilwe hoo ho leng thata ho tseba hore na e ne e le eng. Na e ne e le motse oo baahi ba ona ba ileng ba hana ho ithaopela ho ya ntweng? Na Sisera o ile a feta motseng oo ha a ne a baleha, mme ho e na le hore baahi ba moo ba mo thibe, ba mo tlohela? Ke ho sa utlwahaleng hore ba re ba ne ba sa utlwa hore Jehova o hloka baithaopi. Etswe batho ba 10 000 ba ileng ba ithaopa, ba ne ba tswa dibakeng tse haufi le moo. A ko nahane feela baahi ba Meroze ba phuthile matsoho, ba shebile Sisera ha a ntse a matha diterateng tsa bona. Ka nnete ona e ne e le monyetla o babatsehang wa hore ba bontshe hore ba ka lehlakoreng la Jehova. Empa na ba ile ba sebedisa monyetla oo, kapa ha ba a ka ba tsotella? Haeba ho jwalo, batho ba Meroze ba ne ba fapane hakaakang le Jaele ya neng a le sebete!—Baahl. 5:24-27.

12. Baahloli 5:9, 10, e bontsha phapang efe pakeng tsa batho ba ileng ba tshehetsa Barake le ba sa kang ba mo tshehetsa?

12 Ho Baahloli 5:9, 10, re bona phapang e teng pakeng tsa batho ba neng ba tshehetsa Barake le ba neng ba sa mo tshehetse. Debora le Barake ba ile ba babatsa “balaodi ba Iseraele, bao e neng e le baithaopi hara batho.” Balaodi bao ba ne ba sa tshwane le “bapalami ba diesele tse tshehadi tse bokgunwana bo bosehlana,” ba neng ba ikgohomosa mme ba sa batle ho thusa. Ba ne ba boetse ba sa tshwane le baahi ba neng ‘ba dula hodima dimmete tsa boleng bo phahameng,’ le “ba tsamayang tseleng.” Baahi bana ba ne ba rata bophelo bo mabothobotho. Ba ne ba sa batle ho sebetsa ka thata, ba sa tshwane le banna ba ileng ba ya le Barake ntweng sebakeng se majwe sa Tabore le seretseng sa Kishone! Barati bana ba menyaka ba ile ba kgothalletswa hore ba “nahane!” Kannete ba ne ba hloka ho nahanisisa ka monyetla o neng o ba lahlehetse wa ho tshehetsa Jehova. Le rona re lokela ho itlhahloba hore na re na le maikutlo a nepahetseng ka ho sebeletsa Modimo.

13. Maikutlo a moloko wa Rubene, Dane, le Ashere a ne a fapane jwang le a moloko wa Zabulone le Nefthali?

13 Ba ileng ba ithaopa, ba ile ba bona kamoo Jehova e leng Mmusi ya matla kateng. Ba ne ba kgodisehile ka sena ha ba ntse ba “pheta diketso tse lokileng tsa Jehova.” (Baahl. 5:11) Ka lehlakoreng le leng, Baahloli 5:15-17 e kgalemela batho ba moloko wa Rubene, Dane le Ashere ka hore ebe ba ile ba shebana le maruo a bona ho e na le hore ba ilo thusa Barake ntweng. Ba ne ba fapane le ba moloko wa Zabulone le Nefthali ba ileng ba beha bophelo ba bona kotsing e le hore ba tshehetse Debora le Barake. (Baahl. 5:18) Batho bana ba ne ba na le maikutlo a sa tshwaneng mabapi le ho ithaopela ho sebeletsa Jehova. Kahoo re ka ithutang tlalehong ee?

“RORISANG JEHOVA!”

14. Re bontsha jwang hore re tshehetsa mosebetsi wa Jehova kajeno?

14 Kajeno ha re lwane dintwa tsa sebele jwalo ka mehleng eo, empa re na le tokelo ya bolela ditaba tse molemo ka sebete le ka tjheseho. Tlhokahalo ya baithaopi mokgatlong wa Jehova e kgolo ho feta leha e le neng pele. Bara le baradibabo rona le batjha ba dimilione ba ithaopela ho etsa mefuta e sa tshwaneng ya tshebeletso ya nako e tletseng e kang bopulamadiboho, tshebeletso ya Bethele, ho sebetsa kahong ya Diholo Tsa Mmuso le ho ithaopa dikopanong. Nahana hape le ka baholo ba nang le boikarabelo bo boima ba ho ba ditho tsa Komiti ya Bohokahanyi le Dipetlele le ba sebeletsang dikomiting tse hlophisang dikopano. Kgodisehang hore Jehova o ananela moya wa lona wa boitelo mme a ke ke a le lebala.—Baheb. 6:10.

Pele o etsa qeto, nahana ka hore na e tla ama lelapa la hao le phutheho jwang (Sheba serapa sa 15)

15. Re ka itlhahloba jwang ho bona hore na ha re fellwe ke tjheseho tshebeletsong ya Jehova?

15 E mong le e mong wa rona o lokela itlhahloba ka dipotso tsena: ‘Na ke kgotsofalletse ho bona ba bang ba sebetsa ka thata empa ke ntse ke le teng? Na ke dumella mosebetsi wa ka ho ntshitisa ho bontsha moya wa boitelo? Na jwalo ka Barake, Debora, Jaele le Baiseraele ba 10 000 ba ileng ba ithaopa, ke na le tumelo le sebete mme ke sebedisa sohle seo ke nang le sona tshebeletsong ya Jehova? Haeba ke nahana ho fallela naheng e nngwe e le hore ke fumane mosebetsi o patalang betere, na ke se ke ile ka rapela ka taba ena mme ka nahanisisa ka hore na e tla ama lelapa la ka le phutheho jwang?’ *

16. Le hoja Jehova a na le dintho tsohle, ke mpho efe eo o ka mo fang yona?

16 Jehova o a re tlotla ka ho re dumella hore re tshehetse bobusi ba hae. Satane Diabolose le yena o na le batho ba tshehetsang bobusi ba hae. Kahoo ha re tshehetsa bobusi ba Jehova, re bontsha ka ho hlaka hore na re ka lehlakoreng la mang. Botshepehi ba hao bo thabisa Jehova. (Liprov. 23:15, 16) Ha o tshehetsa bobusi ba hae, o fana ka karabo diqosong tsa Satane. (Liprov. 27:11) Kahoo ha o mamela Jehova, ha e le hantle o mo fa mpho e molemo mme o thaba haholo.

17. Baahloli 5:31 e re bolellang ka bokamoso?

17 Haufinyane lefatsheng ho tla tlala batho ba ratang le ba tshehetsang bobusi ba Jehova feela. Re labalabela nako eo hakaakang! Re bina hammoho le Debora le Barake ha ba re: “Dira tsohle tsa hao di ke di timele, Jehova, mme ba o ratang ba be jwaloka letsatsi ha le hlaha ka matla a lona.” (Baahl. 5:31) Jehova o tla araba kopo eo ha a fedisa lefatshe la Satane le kgopo. Ha ntwa ya Armagedone e fihla, ho ke ke ha hlokahala baithaopi lefatsheng ba tla lwantsha sera. Eo e tla be e le nako ya hore re ‘eme mme re bone poloko ya Jehova.’ (2 Likron. 20:17) Empa hona jwale, re na le menyetla e mengata ya ho tshehetsa Jehova ka sebete le ka tjheseho.

18. Ba bang ba rua molemo jwang ha o bontsha moya wa boithaopo?

18 Debora le Barake ba ile ba qala pina ya bona ya tlholo ka mantswe ana: “Bakeng sa ho ithaopa ha batho, bokang Jehova!” Ba ne ba sa rorise motho, empa ba ne ba rorisa Ya Phahameng ka ho Fetisisa. (Baahl. 5:1, 2) E se eka o ka tswela pele ho bontsha moya wa boithaopo mme o thuse ba bang hore le bona ba ‘rorise Jehova!’

^ par. 6 Dikoloi tsena tsa ntwa di ne di boetse di e na le mahare a malelele a tshepe mabiding a tsona. Ka sebele koloi e jwalo e ne e tshosa! Ha ho makatse hore na ke hobaneng ha batho ba ne ba ka tshaba le ho e atamela.

^ par. 8 Ho fumana dintlha tse eketsehileng mabapi le tlaleho ena e thahasellisang, sheba sehlooho se reng “ Ke Ema Joaloka ’Mè Iseraele” ho Molula-Qhooa wa August 1, 2015, maq. 12-15.

^ par. 15 Sheba sehlooho se reng “Ho Tshwenyeha ka Tjhelete” ho Molula-Qhooa wa July 1, 2015.