Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Etsisa Jehova ka Hore U Sebetse Lintho ka Toka?

Na U Etsisa Jehova ka Hore U Sebetse Lintho ka Toka?

“Ke tla bolela lebitso la Jehova. . . . Molimo oa botšepehi, eo ho eena ho se nang ho hloka toka.”—DEUT. 32:3, 4.

LIPINA: 110, 2

1, 2. (a) Nabothe le bara ba hae ba ile ba hlaheloa ke’ng? (b) Sehloohong see re tl’o ithuta lintho life tsa bohlokoa mehlaleng e ka Bibeleng?

NAHANA ka mohlala ona. Monna o qosoa ka hore o entse tlolo ea molao eo kahlolo ea eona e leng boima. Ka lebaka la bopaki ba bohata bo fanoeng khahlanong le eena, o ahloleloa lefu ’me metsoalle le ba lelapa ba sala ba tšohile ba bile ba saretsoe. Batho ba ratang toka ba utloa bohloko bo otlang pelo ha ba bona monna eo le bara ba hae ba se nang molato ba bolaoa. Tlaleho ena ke ea sebele. Mohlanka e mong oa Jehova ea bitsoang Nabothe, ea phetseng nakong ea puso ea Morena Akabe, o ile a hlaheloa ke bomalimabe bona.—1 Mar. 21:11-13; 2 Mar. 9:26.

2 Sehloohong sena re tl’o bua ka se ileng sa etsahalla Nabothe. Re tla boela re ithute ka moholo e mong oa phutheho ea Bokreste ea mehleng ea baapostola ea ileng a etsa phoso. Ha re ntse re hlahloba mehlala ena e ka Bibeleng, re tla hlokomela hore ke habohlokoa ho ikokobetsa e le hore re etsise Jehova ’me re sebetse lintho ka toka. Re tla boela re ithute hore ha re tšoarela Bakreste-’moho le rona ka bolokolohi ha ba re foselitse, re tla be re bontša toka eo Jehova a nang le eona.

LIKETSO TSA HO HLOKA TOKA

3, 4. Nabothe e ne e le monna ea joang, hona ke hobane’ng ha a ile a hana ho rekisetsa Morena Akabe serapa sa morara?

3 Nabothe o ne a tšepahalla Jehova le hoja a ne a phela har’a Baiseraele ba neng ba etsisa Morena Akabe le mosali oa hae ea khopo e leng Mofumahali Jezebele. Barapeli bao ba Baale ba ne ba sa hlomphe Jehova le melao ea hae. Empa Nabothe eena o ne a nka kamano ea hae le Jehova e le ea bohlokoa le ho feta bophelo ba hae.

4 Bala 1 Marena 21:1-3. Ha Akabe a kopa hore Nabothe a mo rekisetse serapa sa morara kapa hore a mo fe serapa se seng, Nabothe o ile a hana. Hobane’ng? O ile a mo araba ka tlhompho a re: “Ke ho sa utloahaleng ponong ea Jehova, hore ke u fe lefa la baholo-holo ba ka.” Nabothe o ne a hana hobane Jehova o ne a file Baiseraele molao o neng o thibela motho ho rekisa lefa la moloko oa habo. (Lev. 25:23; Num. 36:7) Ho hlakile hore Nabothe o ne a sheba lintho ka tsela eo Jehova a li shebang ka eona.

5. Jezebele o ile a etsa’ng e le hore Nabothe a bolaoe?

5 Ka masoabi, kaha Nabothe o ile a hana ho rekisa serapa sa hae sa morara, Morena Akabe le mosali oa hae ba ile ba mo tšoara hampe. Kaha Jezebele o ne a batla hore monna oa hae a fumane serapa seo, o ile a etselletsa Nabothe eaba Nabothe le bara ba hae baa bolaoa. Jehova o ile a ikutloa joang ka ketsahalo eo e sehloho?

LIKAHLOLO TSA MOLIMO LI LOKILE

6, 7. Jehova o ile a bontša joang hore o rata toka, ’me ke hobane’ng ha seo se ile sa tšelisa metsoalle le ba lelapa la Nabothe?

6 Kapele-pele Jehova o ile a laela Elia hore a e’o bua le Akabe. Elia o ile a bolella Akabe hore ke ’molai ebile ke lesholu. Jehova o ile a ahlola Akabe joang? O ile a re Akabe, mosali oa hae le bara ba bona ba ne ba tla bolaoa joaloka Nabothe le bara ba hae.—1 Mar. 21:17-25.

7 Ba lelapa la Nabothe le metsoalle ea hae ba ile ba utloa bohloko haholo ka lebaka la liketso tsa Akabe tse ileng tsa etsa hore Nabothe a bolaoe. Leha ho le joalo, ha ho pelaelo hore ba ile ba tšelisoa ke ho tseba hore Jehova o bona liketso tseo tsa ho hloka toka le hore o ile a nka khato kapele. Empa ho na le ntho e ileng ea etsahala ka mor’a moo e neng e tla bontša hore na ba ikokobelitse ’me ba tšepa Jehova kapa che.

8. Akabe o ile a etsa’ng ha a utloa molaetsa oa Jehova oa kahlolo, ’me qetellong ha etsahala’ng?

8 Ha Akabe a utloa mantsoe a Jehova a kahlolo, o ile “a hahola liaparo tsa hae ’me a apara lesela la mokotla nameng; a qala ho itima lijo ’me a ’na a robala a apere lesela la mokotla le ho tsamaea a nyahame.” Akabe o ile a ikokobetsa. Qetellong ho ile ha etsahala’ng? Jehova o ile a re ho Elia: “Kahobane a ikokobelitse ka lebaka la ka, nke ke ka tlisa tlokotsi matsatsing a hae. Ke tla tlisa tlokotsi holim’a ntlo ea hae matsatsing a mora oa hae.” (1 Mar. 21:27-29; 2 Mar. 10:10, 11, 17) Kaha Jehova o ‘hlahloba lipelo,’ o ile a hauhela Akabe.—Liprov. 17:3.

BOIKOKOBETSO BOA SIRELETSA

9. Ke hobane’ng ha ho ikokobetsa ho ne ho ka thusa ba lelapa la Nabothe le metsoalle ea hae?

9 Batho ba neng ba tseba hore na Akabe o entse’ng ba ile ba ikutloa joang ka kahlolo ee? E ka ’na eaba e ile ea leka tumelo ea ba lelapa la Nabothe le metsoalle ea hae. Haeba ho joalo, ba ne ba tla tšepahalla Jehova ka hore ka boikokobetso ba tšepe hore kamehla o etsa lintho ka toka. (Bala Deuteronoma 32:3, 4.) Nabothe le ba lelapa la hae ba tla bona hore Jehova ke Molimo oa toka ha a ba tsosa. (Jobo 14:14, 15; Joh 5:28, 29) Motho ea ikokobelitseng ha a lebale hore “Molimo oa ’nete o tla tlisa mosebetsi oa mofuta o mong le o mong kahlolong kamanong le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e patiloeng, ebang e ntle kapa e mpe.” (Moek. 12:14) Ha Jehova a ahlola, o sheba le lintho tse ling tseo rona re sa li tsebeng. Kahoo boikokobetso bo ka thusa batho ba se nang molato hore ba lule ba na le tumelo ho Jehova.

10, 11. (a) Ke maemo afe a ka etsang hore ho be thata hore re ikokobeletse liqeto tse etsoang ka phuthehong? (b) Ho ikokobetsa ho ka re thusa joang?

10 U tla etsa’ng haeba baholo ba etsa qeto eo u sa e utloisiseng kapa u sa lumellane le eona? Mohlala, u tla etsa’ng haeba u amohuoa boikarabelo bo itseng ka phuthehong kapa motho eo u mo ratang a bo amohuoa? Kapa haeba molekane, mora, morali kapa motsoalle oa hao a khaoloa ’me u sa lumellane le qeto eo? Ho thoe’ng haeba u lumela hore baholo ba hauhetse mofosi ka phoso? Maemo a joalo a ka leka tumelo ea rona ’me a ka etsa hore re belaelle tsela eo Jehova a etsang lintho ka eona a sebelisa mokhatlo oa hae. Ho ikokobetsa ho ka u thusa joang ha u le maemong a tšoanang le aa? Nahana ka litsela tsena tse peli.

U tla etsa’ng haeba baholo ba etsa tsebiso ea qeto eo u sa lumellaneng le eona? (Sheba serapa sa 10 le 11)

11 Tsela ea pele, ha re ikokobelitse re tla hlokomela hore ha re tsebe lintlha kaofela. Ho sa tsotellehe hore na re tseba taba e itseng hakae, ke Jehova feela ea tsebang se ka pelong ea motho. (1 Sam. 16:7) Ho tseba ’nete ena ho tla etsa hore re ikokobetse, re lumele hore re na le tsebo e fokolang le hore re lokise tsela eo re shebang lintho ka eona. Tsela ea bobeli, ha re ikokobetsa re tla khona ho mamella ha re ntse re emetse hore Jehova a lokise lintho tse entsoeng ka ho hloka toka. Monna e mong ea bohlale o ile a re: “Lintho li tla tsamaea hantle ho ba tšabang Molimo oa ’nete. . . . Empa ho hang lintho li ke ke tsa tsamaea hantle ho ea khopo, leha e le hore o tla lelefatsa matsatsi a hae.” (Moek. 8:12, 13) Ho ikokobetsa hoa thusa.—Bala 1 Petrose 5:5.

TLALEHO EA BOIKAKETSI

12. Re tl’o hlahloba tlaleho efe, hona hobane’ng?

12 Bakreste ba mehleng ea baapostola ba Antioke e Syria ba ile ba tobana le boemo bo ileng ba leka boikokobetso ba bona. Tlaleho eo e ile ea boela ea bontša hore na ba ikemiselitse ho tšoarela ba bang kapa che. A re hlahlobeng tlaleho eo ’me re bone hore na e tla re thusa joang ho tšoarela ba bang. Re tla boela re ithute hore na ho tšoarela ho amana joang le toka ea Jehova.

13, 14. Petrose o ile a fuoa boikarabelo bofe, hona o ile a bontša joang hore o sebete?

13 Moapostola Petrose e ne e le moholo ea tsejoang ke batho ba bangata ka phuthehong. E ne e le motsoalle oa Jesu ’me a fuoe litokelo tsa bohlokoa. (Mat. 16:19) Mohlala, ka selemo sa 36 Petrose o ile a fuoa boikarabelo ba ho pakela Korneliase le ba ntlo ea hae. Boikarabelo bona e ne e le ba bohlokoa kaha Korneliase e ne e se Mojuda. Ha Korneliase le ba ntlo ea hae ba fuoa moea o halalelang, Petrose o ile a re: “Na leha e le mang a ka hana ka metsi e le hore baa ba se ke ba kolobetsoa ba amohetseng moea o halalelang joalokaha le rōna re o amohetse?”—Lik. 10:47.

14 Ka selemo sa 49, baapostola le baholo ba Jerusalema ba ile ba kopana ho buisana ka hore na Balichaba bao e neng e sa tsoa ba Bakreste ba ne ba lokela ho bolla kapa che. Kopanong eo, Petrose o ile a bua ka sebete ha a ba hopotsa hore lilemong tse fetileng Balichaba ba ile ba fuoa moea o halalelang le hoja ba ne ba sa bolla. Bopaki ba Petrose bo ile ba thusa sehlopha se busang sa mehleng eo ho etsa qeto. (Lik. 15:6-11, 13, 14, 28, 29) Bakreste ba Bajuda le ba Balichaba ba ile ba ananela tsela eo Petrose a ileng a hlalosa litaba ka eona. E tlameha ebe ho ile ha e-ba bonolo hore ba mo tšepe hobane o ne a tseba Lentsoe la Molimo hantle.—Baheb. 13:7.

15. Ke phoso efe eo Petrose a ileng a e etsa ha a le Antioke e Syria? (Sheba setšoantšo se qalong.)

15 Nakoana ka mor’a seboka seo, Petrose o ile a etela Antioke e Syria. Ha a le moo, e ile ea e-ba motsoalle oa Bakreste ba Balichaba. Ha ho pelaelo hore ba ile ba ithuta lintho tse ngata ho Petrose kaha o ne a e-na le tsebo le boiphihlelo. Empa nahana feela hore na ba ile ba makala le ho utloa bohloko hakae ha Petrose a se a khaotsa ho ja le bona. Bajuda ba bang ka phuthehong ba akarelletsang Barnabase ba ile ba etsa phoso e tšoanang. Ke’ng e ileng ea etsa hore Petrose a etse qeto e booatla hakaalo, e neng e ka baka likarohano ka phuthehong? Hona taba ee e ka re thusa joang haeba baholo ba re utloisa bohloko?

16. Petrose o ile a thusoa joang, hona see se hlahisa lipotso life?

16 Bala Bagalata 2:11-14. Petrose o ne a tšaba batho. (Liprov. 29:25) O ne a tseba hore na Jehova o ikutloa joang ka Bakreste ba Balichaba. Leha ho le joalo, o ne a tšaba hore na Bakreste ba Bajuda ba bolotseng ba tla nahana’ng ka eena. Moapostola Pauluse le eena o ne a le teng sebokeng se neng se tšoaretsoe Jerusalema ka selemo sa 49. Ke kahoo a ileng a khalemela Petrose ha ba le Antioke a ba a pepesa boikaketsi ba hae. (Lik. 15:12; Bagal. 2:13) Bakreste ba Balichaba haholo-holo bao e neng e le metsoalle ea Petrose ba ile ba ikutloa joang ka ho hloka toka hoo? Na ba ne ba tla ho lumella hore ho ba khopise? Hona na Petrose o ne a tla nkeloa litokelo ka lebaka la phoso eo?

ITLOAETSE HO TŠOARELA

17. Petrose o ile a fuoa boikarabelo bofe ka mor’a hore Jehova a mo tšoarela?

17 Ka boikokobetso, Petrose o ile a mamela ha Pauluse a mo khalemela. Ha ho na moo Bibele e bontšang hore Petrose o ile a nkeloa litokelo. Ho e-na le hoo, o ile a bululeloa hore a ngole libuka tse peli tsa Bibele. Lengolong la hae la bobeli o ile a bitsa Pauluse “mor’abo rōna ea ratoang.” (2 Pet. 3:15) Le hoja ho ka etsahala hore ebe phoso ea Petrose e ile ea utloisa Bakreste ba Balichaba bohloko, Jesu e leng hlooho ea phutheho, o ile a tsoela pele ho mo fa boikarabelo. (Baef. 1:22) Bakreste ba nakong eo ba ne ba na le monyetla oa ho etsisa Jesu le Ntate oa hae ka hore ba tšoarele Petrose. E tlameha ebe ha ho le ea mong ho bona ea ileng a itumella hore a utloisoe bohloko ke phoso ea motho ea sa phethahalang.

18. Ke maemong afe moo re lokelang ho etsisa Jehova ka hore re sebetse lintho ka toka?

18 Mehleng ena ho tšoana le mehleng ea baapostola, baholo ha baa phethahala, “etsoe kaofela re khoptjoa hangata.” (Jak. 3:2) Ho bonolo ho lumellana le taba ena empa ho ka ba thata ha e le rona ba utloisitsoeng bohloko. Ha seo se etsahala, na re tla sheba lintho ka tsela eo Jehova a li shebang ka eona? Mohlala, u tla etsa’ng ha u hlokomela hore moholo o leeme? Na u tla itumella ho khopiseha ha moholo a bua mantsoe a u utloisang bohloko hobane a bua a sa nahana? Ho e-na le hore u etse qeto ea hore o lokela ho tlosoa boholong, na u tla mamella ’me u letele Jesu hlooho ea phutheho hore a lokise bothata? Ho e-na le hore u mo ahlole, na u ka nahana ka lilemo tseo a li qetileng a sebeletsa Jehova ka botšepehi? Haeba mor’abo rona ea u sitetsoeng a tsoela pele e le moholo kapa a bile a fuoa boikarabelo bo eketsehileng, na u tla thaba le eena? Haeba u ikemisetsa ho tšoarela batho ba bang, u etsisa Jehova ea sebetsang lintho ka toka.—Bala Matheu 6:14, 15.

19. Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng?

19 Batho ba ratang toka ba labalabela ho bona nako eo ka eona Jehova a tlang ho felisa ho hloka toka ho bakiloeng ke Satane. (Esa. 65:17) Ha re ntse re letetse nako eo, e se eka re ka ikemisetsa ho sebetsa lintho ka toka joaloka Jehova ka hore re hopole hore ha rea phethahala le ka ho tšoarela ba bang ka bolokolohi ha ba re sitetsoe.