Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Thusang Baphaphathehi ho ‘Sebeletsa Jehova ka Thabo’

Thusang Baphaphathehi ho ‘Sebeletsa Jehova ka Thabo’

“Jehova o lebela baphaphathehi.”PES. 146:9.

LIPINA: 84, 73

1, 2. (a) Ke mathata afe ao bara le barali babo rona ba kopanang le ’ona? (b) Re ka ipotsa lipotso life?

MOR’ABO rona Lije o re: “Ha ntoa e ne e qala Burundi, ke ne ke le kopanong le ba lelapa leso. Re ile ra bona ha batho ba thunyana ’me ba bang ba baleha. ’Na le batsoali ba ka le bana beso ba 11, re ile ra baleha re sa nka letho haese liaparo tse ’meleng. Ba bang ba lelapa leso ba ile ba fihla likampong tsa Malawi, e leng leeto la lik’hilomithara tse fetang 1 600. ’Na le ba bang re ne re le libakeng tse fapa-fapaneng.”

2 Lefatšeng ka bophara, ho na le baphaphathehi ba fetang limilione tse 65 ba balehileng linaheng tsa habo bona ka lebaka la lintoa le mahloriso *. Palo eo ke e kholo ka ho fetisisa ’me e akarelletsa Lipaki Tsa Jehova tse likete. Batho ba bangata ba hlokahalletsoe ke ba malapa a bona ’me ba lahlehetsoe ke thepa. Ebe ba bang ba ile ba kopana le mathata afe? Re ka thusa bara le barali babo rona joang hore ba ‘sebeletse Jehova ka thabo’ ho sa tsotellehe mathata ao ba nang le ’ona? (Pes. 100:2) Hona re ka thusa baphaphathehi joang hore ba tsebe Jehova?

BOPHELO BA BAPHAPHATHEHI

3. Ho tlile joang hore Jesu le barutuoa ba hae e be baphaphathehi?

3 Ka mor’a hore lengeloi le lemose Josefa hore Morena Heroda o batla ho bolaea Jesu, Maria le Josefa hammoho le leseanyana la bona ba ile ba balehela Egepeta. Ba ile ba lula moo ho fihlela Heroda a shoa. (Mat. 2:13, 14, 19-21) Ka mor’a lilemo tse ngata, barutuoa ba Jesu “ba hasana ho pholletsa le libaka tsa Judea le Samaria” hobane ba ne ba hlorisoa. (Lik. 8:1) Jesu o ile a bolela esale pele hore balateli ba hae ba ne ba tla qobelloa ho tsoa matlong a bona. O ile a re: “Ha ba le hlorisa motseng o mong, le balehele ho o mong.” (Mat. 10:23) Ho balehela sebakeng se seng ha ho bonolo.

4, 5. Ke likotsi life tse hlahelang baphaphathehi (a) ha ba baleha? (b) ha ba phela likampong?

4 Ha batho ba tloha linaheng tsa habo bona leha ba se ba le sebakeng se seng, ba kopana le maemo a kotsi. Ngoan’abo Lije oa moshanyana e leng Gad, o re: “Re nkile libeke re tsamaea ka maoto ’me re kopana le litopo tse ngata tseleng. Ke ne ke le lilemo li 12 ka nako eo. Maoto a ka a ne a ruruhile hoo ke ileng ka bolella ba lelapa leso hore ba ntšiee. Empa ntate oa ka o ile a mpepa. Re ne re rapela letsatsi le leng le le leng, re tšepile hore Jehova o tla re thusa. Ka linako tse ling re ne re phela ka ho ja litholoana tseo re neng re kopana le tsona tseleng.”Bafil. 4:12, 13.

5 Lelapa labo Lije le qetile lilemo le le likampong tsa baphaphathehi tsa mokhatlo oa Machaba a Kopaneng. Leha ho le joalo ba ne ba sa sireletseha moo. Lije, eo hona joale e seng e le molebeli oa potoloho o re: “Batho ba bangata ba ne ba sa sebetse. Kahoo ba ne ba sebana, ba tahoa, ba becha, ba utsoa ebile ba etsa boitšoaro bo bobe.” Ho qoba mekhoa ena e mebe, Lipaki li ne li lokela ho lula li phathahane ka mosebetsi oa phutheho. (Baheb. 6:11, 12; 10:24, 25) E le hore kamano ea tsona le Jehova e lule e le matla, li ne li sebelisa nako ea tsona ka bohlale ka hore e be bo-pula-maliboho. Baiseraele le bona ba ile ba tsamaea nako e telele lefeelleng, empa qetellong ba fihla moo ba eang. Kahoo Lipaki tsena tse neng li lula likampong li ne li ikhothatsa ka tlaleho eo ’me li kholisehile hore ho lula ha bona likampong ke ha nakoana.2 Bakor. 4:18.

BONTŠA BAPHAPHATHEHI HORE OA BA RATA

6, 7. (a) Lerato leo Bakreste ba ratang Jehova ka lona le ba susumelletsa hore ba thuse balumeli-’moho le bona joang? (b) Etsa mohlala.

6 “Lerato la Molimo” le re susumelletsa hore re bontše batho ba bang hore rea ba rata, haholo-holo maemong a thata. (Bala 1 Johanne 3:17, 18.) Ha ho ne ho e-na le tlala ea sekoboto ho Bakreste ba lulang Judea, phutheho e ile ea ba thusa ka liphallelo. (Lik. 11:28, 29) Moapostola Pauluse le Petrose ba ile ba khothalletsa Bakreste hore ba amohele baeti. (Bar. 12:13; 1 Pet. 4:9) Kahoo ke habohlokoa hore re amohele bara le barali babo rona bao bophelo ba bona bo leng kotsing, kapa ba hlorisoang ka lebaka la seo ba se lumelang.—Bala Liproverbia 3:27. *

7 Haufinyane tjena, Lipaki Tsa Jehova tse ngata li ile tsa tlameha ho baleha karolong e ka bochabela ho Ukraine ka lebaka la mahloriso. Ba bang ba ile ba bolaoa ka sehloho. Empa ba bang ba ile ba thusoa ke bara babo rona ba lulang libakeng tse ling moo Ukraine, athe ba bang ba ile ba amoheloa ke Lipaki tsa Russia. Ha ba le linaheng tseo ba balehetseng ho tsona, ba ne ba sa kenele lipolotiki hobane ha se “karolo ea lefatše.” Ho e-na le hoo, ba ne ba lula “ba bolela litaba tse molemo tsa lentsoe.”Joh. 15:19; Lik. 8:4.

BA THUSENG HO MATLAFATSA TUMELO EA BONA

8, 9. (a) Baphaphathehi ba kopana le mathata afe ha ba fihla sebakeng se secha? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho ba le mamello ha re ba thusa?

8 Batho ba bang ba balehetse libakeng tse ling naheng ea habo bona, empa ba bang ba iphumana ba le linaheng tse ling, tikolohong eo ba sa e tloaelang. Leha ’Muso o ka ba fa lijo, liaparo le bolulo, ho thata hore ba fumane lijo tseo ba li tloaetseng. Batho ba tsoang linaheng tseo ho tsona ho chesang ba ka ’na ba fumana ho le thata ho phela moo ho batang haholo. Hape, haeba ba tsoa mahaeng, e ka ’na eaba ha ba tsebe ho sebelisa lintho tsa motlakase tse sebelisoang ka tlung, tse kang setofo, ketlele le tse ling.

9 Mebuso e meng e na le mekhoa eo e e sebelisang ho thusa batho ba tsoang libakeng tse ling hore ba tloaele sebaka se secha. Leha ho le joalo, hangata ka mor’a likhoeli tse seng kae, ho lebeletsoe hore ba iphumanele litsela tsa ho iphelisa. Ho fallela sebakeng se seng ho ka ba boima. Nahana feela u se u lokela ho ithuta puo e ncha le mekhoa ea moo, ho boloka nako, ho itloaetsa ho patala lekhetho le rente, hammoho le ho isa bana sekolong le ho ba khalemela. Ana ke a mang a mathata ao batho ba fallelang linaheng tse ling ba kopanang le ’ona. Na u ka khona ho ba mamella le ho ba hlompha ha u ba thusa?Bafil. 2:3, 4.

10. Re ka matlafatsa tumelo ea baphaphathehi joang? (Sheba setšoantšo se qalong.)

10 Ka linako tse ling mebuso e etsa hore ho be thata ho bara le barali babo rona ba hlahang linaheng tse ling hore ba ee libokeng. Mekhatlo e meng e thusang baphaphathehi e ba bolella hore ba ke ke ba ba thusa haeba ba hana ho amohela mesebetsi e tla ba sitisa ho ea libokeng. Barab’abo rona ba bang baa tšoha ebe ba qetella ba amohetse mesebetsi e joalo. Kahoo, ha ba qeta ho fihla, ho bohlokoa hore re kopane le bona kapele kamoo ho ka khonehang. Re lokela ho bontša hore rea ba rata. Tumelo ea bona e tla ba matla ha ba bona hore re ba utloela bohloko ebile re ikemiselitse ho ba thusa.Liprov. 12:25; 17:17.

RE KA THUSA BAPHAPHATHEHI JOANG?

11. (a) Ke lintho life tseo baphaphathehi ba li hlokang haholo ha ba qala ho fihla? (b) Ba ka bontša joang hore ba ananela thuso eo ba e fuoang?

11 Qalong ho ka hlokahala hore re thuse barab’abo rona ka lijo, liaparo le lintho tse ling tseo ba li hlokang. * Esita le ho fa mor’abo rona thae feela ke ntho ea bohlokoa. Ha barab’abo rona ba baphaphathehi ba bontša kananelo ebile ba sa batle se fetang seo ba se fuoang, ba tla nolofalletsa batho ba ba thusang hore ba ba thuse ba thabile. Ha baa lokela ho itšetleha ka thuso ea balumeli-’moho le bona ho ea ho ile, hobane seo se ka etsa hore ba se ke ba hlomphuoa ebile ba ka senya kamano ea bona le barab’abo rona ba bang. (2 Bathes. 3:7-10) Leha ho le joalo ba hloka ho thusoa.

Re ka thusa bara le barali babo rona ba baphaphathehi joang? (Sheba lirapa tsa 11-13)

12, 13. (a) Re ka thusa baphaphathehi joang? (b) Etsa mohlala.

12 Ha ho hlokahale chelete e ngata hore re thuse bara le barali babo rona empa ntho ea bohlokoa ke hore re ba fe nako ea rona. Re ka ba thusa ka lintho tse bonolo tse kang ho ba bontša moo lipalangoang li fumanehang teng, re be re ba bontše moo ba ka rekang lijo ka theko e tlaase. Hape re ka ba bontša moo ba ka fumanang mechine e ka ba thusang hore ba fumane chelete ea ho iphelisa. Habohlokoa le ho feta, re ka ba thusa hore ba momahane le phutheho. Haeba ho khoneha, re ka ea le bona libokeng. Re ka boela ra tsamaea le bona tšimong re be re ba bontše hore na ba ka bua le batho ba tšimo ea sebaka seo joang.

13 Ha barab’abo rona ba bane ba baphaphathehi ba fihla phuthehong e naheng e ’ngoe, baholo ba ne ba ba thusa hore ba tsebe ho khanna, ho thaepa, ho ngola C.V. le hore ba be le nako ea ho sebeletsa Jehova. (Bagal. 6:10) Ho e-s’o ee kae, barab’abo rona bao e ile ea e-ba bo-pula-maliboho. Seo baholo ba ileng ba se etsa le boikemisetso ba bona ba ho batla ho sebeletsa Jehova se ile sa ba thusa hore ba atlehe le hore ba se ke ba hoholoa ke lefatše lena la Satane.

14. (a) Ke hobane’ng ha barab’abo rona ba baphaphathehi ba lokela ho etsa hore kamano ea bona le Jehova e tle pele bophelong ba bona? (b) Etsa mohlala.

14 Ho tšoana le Bakreste ba bang, barab’abo rona ba baphaphathehi ha baa lokela ho batla maruo e le hore ba se ke ba fokolisa kamano ea bona le Jehova. * Lije eo re buileng ka eena pejana, le bana babo, ba hopola lintho tseo ba ithutileng tsona ho ntate oa bona ha ba ne ba balehela naheng e ’ngoe. Lije o re: “Ntate o ile a ’na a lahla lintho tseo re neng re li nkile ho fihlela a se a setse ka mokotla o se nang letho. Eaba o re: ‘Lea bona? Ha re hloke lintho tse ngata!’”Bala 1 Timothea 6:8.

HO HLOKOMELA BARAB’ABO RONA BA BAPHAPHATHEHI

15, 16. Re ka thusa baphaphathehi joang (a) hore ba matlafatse kamano ea bona le Molimo? (b) hore ba se ke ba nyahama?

15 Baphaphathehi ha ba hloke ho thusoa ka lijo le liaparo feela. Ba boetse ba hloka ho thusoa hore ba matlafatse kamano ea bona le Molimo. Hape ba hloka ho khothatsoa e le hore ba se ke ba nyahama. (Mat. 4:4) Baholo ba ka etsa seo ka hore ba thuse baphaphathehi ho fumana lingoliloeng ka puo eo ba e buang. Hape ba ka ba thusa hore ba etse setsoalle le barab’abo rona ba buang puo ea bona. Baphaphathehi ba bangata ba arohane le ba malapa a bona, baahisani le Bakreste-’moho le bona. Ha re ba tšoara hantle, ba tla bona hore Jehova oa ba rata ebile o ba utloela bohloko. Ho seng joalo ba tla etsa setsoalle le batho ba kang ba leloko kapa batho ba tsoang naheng e le ’ngoe le bona, ba utloisisang setso sa bona le mathata ao ba tobanang le ’ona bao e seng Lipaki. (1 Bakor. 15:33) Re lokela ho etsa hore ba ikutloe ba amohelehile ka phuthehong ’me ha re etsa joalo re tla be re bontša hore re sebelisana le Jehova ka ho “lebela bajaki” kapa baphaphathehi.Pes. 146:9.

16 Joaloka Jesu le ba lelapa labo, ho ka etsahala hore ebe baphaphathehi ba ke ke ba khona ho khutlela habo bona hafeela ho ntse ho e-na le lintoa le mahloriso. Lije o re: “Batsoali ba ileng ba bona ha ba malapa a bona ba betoa ba bile ba bolaoa ka sehloho, ba re ho hang ba ke ke ba khutlisetsa bana ba bona moo ho ileng ha etsahala lintho tse bohloko hakaalo.” E le hore Bakreste ba thuse baphaphathehi, ba lokela ho ba ‘bontša kutloelo-bohloko, boikutlo bo mofuthu ba bara ba motho, qenehelo e bonolo le boikokobetso.’ (1 Pet. 3:8) Kaha baphaphathehi ba ile ba hlorisoa, seo se etsa hore ba se ke ba phutholoha. Ho ka ’na ha e-ba thata hore ba bue ka lintho tse bohloko tse ileng tsa ba hlahela, haholo-holo ha ba le pel’a bana ba bona. U ka ipotsa: ‘Haeba ke ne ke le boemong ba bona, ke ne ke tla thabela hore batho ba ntšoare joang?’—Mat. 7:12.

HO PAKELA BAO E SENG LIPAKI

17. Batho ba tsoang linaheng tse ling ba rua molemo joang ha re ba pakela?

17 Batho ba bangata ba tsoa linaheng tseo mosebetsi oa rona oa boboleli o thibetsoeng. Ka lebaka leo ba fumana monyetla oa ho utloa molaetsa oa Bibele ka lekhetlo la pele, ha Lipaki tsa linaheng tseo ba fihletseng ho tsona li ba bolella ka “lentsoe la ’muso.” (Mat. 13:19, 23) Ba bangata “ba imetsoeng” baa khatholoha ha ba le libokeng ’me baa bona hore ‘ka sebele Molimo o har’a rona.’—Mat. 11:28-30; 1 Bakor. 14:25.

18, 19. Re ka pakela batho ba tsoang linaheng tse ling joang?

18 Ha re pakela batho ba tsoang linaheng tse ling, re lokela ho ba “seli” hape re be “masene.” (Mat. 10:16; Liprov. 22:3) Re ba mamele ka hloko, empa re se ke ra qoqa le bona ka lipolotiki. E le hore re se ke ra beha bophelo ba rona kapa ba ba bang kotsing, re lokela ho latela tataiso e tsoang ofising ea lekala le e tsoang ho balaoli ba sebaka seo re leng ho sona. Re boetse re lokela ho hlompha setso sa batho ba tsoang linaheng tse ling re be re hlomphe maikutlo a bona ka seo ba se lumelang. Ka mohlala, batho ba linaheng tse ling baa khopeha ha batho ba bo-’mè ba sa apara hantle. Kahoo re lokela ho apara ka tsela e hlomphehang ha re ba pakela.

19 Joaloka Mosamaria eo Jesu a buileng ka eena papisong ea hae, re lokela ho thusa batho ba nang le mathata, ho akarelletsa le bao e seng Lipaki. (Luka 10:33-37) Re ka ba thusa ka ho bua le bona ka molaetsa oa Bibele. Moholo e mong ea seng a thusitse batho ba bangata ba tsoang linaheng tse ling o re: “Ke habohlokoa hore re ba tsebise li sa tloha feela hore re Lipaki Tsa Jehova le hore mosebetsi oa rona o ka sehloohong ke ho ba thusa hore ba be le kamano e ntle le Molimo, eseng ho ba thusa ka liaparo le lijo feela. Ho seng joalo, ba bang ba ka bua le rona hobane feela ba batla hore re ba thuse.”

LITLA-MORAO TSE THABISANG

20, 21. (a) Ho ba le melemo efe ha re bontša hore re rata bara le barali babo rona ba tsoang linaheng tse ling? (b) Re tla ithuta’ng sehloohong se latelang?

20 Ha re rata Bakreste ba balehileng linaheng tsa habo bona, ho tla ba le litla-morao tse thabisang. Ka mor’a hore morali’abo rona Alganesh a hlokahalloe ke monna, o ile a baleha Eritrea le bana ba hae ba tšeletseng ka lebaka la mahloriso. Ba ile ba fihla Sudan ka mor’a ho qeta matsatsi a robeli ba tsamaea lehoatateng. O re: “Bara le barali babo rona ba ile ba re amohela joalokaha eka re beng ka bona. Ba ile ba re fa lijo, liaparo, bolulo le chelete ea ho palama. Ha ho na motho ea ka amohelang batho bao a sa ba tsebeng ntlong ea hae, hobane feela a kena kereke le bona. Empa Lipaki Tsa Jehova li ile tsa nkamohela.”—Bala Johanne 13:35.

21 Batsoali ba fallelang linaheng tse ling le ba malapa a bona ba ka thusa bana ba bona joang? Sehloohong se latelang, re tla ithuta kamoo re ka ba thusang kateng hore ba sebeletse Jehova ba thabile.

^ ser. 2 Sehloohong sena re sebelisitse lentsoe “baphaphathehi” ha re bua ka batho ba ileng ba baleha linaheng tsa habo bona esita le ba balehileng sebakeng se seng ba ea ho se seng hona linaheng tsa habo bona ka lebaka la lintoa, mahloriso le likoluoa tsa tlhaho. Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng o sebetsanang le litaba tse amanang le baphaphathehi, o bontša hore motho a le mong ho ba 113 o tlameha ho baleha.

^ ser. 6 Sheba sehlooho se reng “Le se ke la Lebala ho Amohela Baeti” se hlahang ho Molula-Qhooa oa October 2016, maq. 8-12.

^ ser. 11 Hang ha motho ea tsoang naheng e ’ngoe a fihla, baholo ba lokela ho latela tataiso e hlahang bukeng ea Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova, khaolong ea 8, serapeng sa 30. Ba ka ngolla ofisi ea lekala ba sebelisa websaete ea jw.org e le hore ba fumane boitsebiso ka motho eo. Ha ba ntse ba emetse karabo e tsoang lekaleng, baholo ba ka mo botsa lipotso ka bohlale mabapi le phutheho le tšebeletso ea hae e le hore ba mo tsebe haholoanyane.

^ ser. 14 Sheba sehlooho se reng “Ha ho ea ka Sebeletsang Benghali ba Babeli” le se reng “E-ba Sebete—Jehova ke Mothusi oa Hao!” tse hlahang ho Molula-Qhooa oa 15 April, 2014, maq. 17-26.