Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Thusang “Bajaki” ho ‘Sebeletsa Jehova ka Thabo’

Thusang “Bajaki” ho ‘Sebeletsa Jehova ka Thabo’

“Jehova o lebela bajaki.”—PES. 146:9.

DIPINA: 84, 73

1, 2. (a) Ke mathata afe ao bara le baradibabo rona ba kopanang le ona? (b) Re ka ipotsa dipotso dife?

“MORABO rona e mong ya bitswang Lije o re: “Ha ntwa e ne e qala Burundi, re ne re le kopanong. Re ile ra utlwa dithunya di lla, le batho ba baleha. Nna le batswadi ba ka le bana beso ba 11, re ile ra baleha re nkile dintho tse mmalwa feela. Ba bang ba lelapa leso ba ile ba fihla dikampong tsa Malawi, e leng leeto la dikhilomithara tse fetang 1 600. Rona ba bang re ne re hasane hohle.”

2 Lefatsheng ka bophara, batho ba ka hodimo ho dimillione tse 65 ba ile ba baleha dinaheng tsa habo bona ka lebaka la dintwa le mahloriso. * Palo eo ke e kgolo ka ho fetisisa mme e akarelletsa Dipaki Tsa Jehova tse dikete. Batho ba bangata ba lahlehetswe ke ba malapa le thepa ya bona. Ba bang ba ile ba kopana le mathata afe? Re ka thusa bara le baradibabo rona jwang hore ba ‘sebeletse Jehova ka thabo’ ho sa tsotellehe mathata ao ba nang le ona? (Pes. 100:2) Hona re ka thusa bajaki jwang hore ba tsebe Jehova?

BOPHELO BA MOTHO YA BALEHETSENG NAHENG E NNGWE

3. Ho tlile jwang hore Jesu le barutuwa ba hae e be bajaki?

3 Jesu le batswadi ba hae e ile ya e ba bajaki naheng ya Egepeta. Seo se ile sa etsahala kamora hore Jehova a romele lengeloi la hae hore le lemose Josefa ka morero wa Morena Heroda wa ho bolaya Jesu. Ba ile ba dula moo ho fihlela Heroda a shwa. (Mat. 2:13, 14, 19-21) Kamora dilemo tse ngata, barutuwa ba Jesu “Ba ile ba ya dibakeng tse fapaneng tse kang Judea le Samaria” hobane ba ne ba hloriswa. (Lik. 8:1) Jesu o ile a bolela e sa le pele hore balatedi ba hae ba ne ba tla qobellwa ho tswa matlong a bona. O ile a re: “Ha ba le hlorisa motseng o mong, le balehele ho o mong.” (Mat. 10:23) Ho balehela sebakeng se seng ha ho bonolo.

4, 5. Ke dikotsi tsa mofuta ofe tseo batho ba balehileng dinaheng tsa habo bona ba kopanang le tsona (a) ha ba baleha? (b) ha ba phela dikampong?

4 Ha batho ba tloha dinaheng tsa habo bona le ha ba se ba le sebakeng se seng, ba kopana le maemo a kotsi. Ngwanabo Lije wa moshanyana e leng Gad, o re: “Re nkile dibeke re tsamaya ka maoto mme re kopana le ditopo tse ngata tseleng. Ke ne ke le dilemo di 12 ka nako eo. Maoto a ka a ne a ruruhile hoo ke ileng ka bolella ba lelapa leso hore ba ntshiye. Empa ntate wa ka o ne a sa batle, kahoo o ile a mpepa. Re ne re rapela Jehova tsatsi le leng le le leng, re tshepile hore o tla re thusa. Ka nako tse ding re ne re phela ka ho ja ditholwana feela.”—Bafil. 4:12, 13.

5 Lelapa labo Lije le qetile dilemo le le dikampong tse hlophisitsweng ke mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng. Leha ho le jwalo ba ne ba sa sireletseha moo. Lije, eo hona jwale e seng e le molebedi wa potoloho o re: “Batho ba bangata ba ne ba sa sebetse. Kahoo ba ne ba sebana, ba tahwa, ba betjha, ba utswa ebile ba etsa boitshwaro bo bobe.” Ho qoba mekgwa ena e mebe, Dipaki di ne di lokela ho dula di phathahane ka mesebetsi ya phutheho. (Baheb. 6:11, 12; 10:24, 25) E le hore kamano ya bona le Jehova e dule e le matla, ba ne ba sebedisa nako ya bona ka bohlale ka hore e be bopulamadiboho. Baiseraele le bona ba ile ba qeta nako e telele ba tsamaya lefelleng, empa qetellong ba fihla moo ba yang. Kahoo Dipaki tsena di ne di ikgothatsa ka tlaleho eo mme di kgodisehile hore ho dula ha tsona dikampong ke ha nakwana.—2 Bakor. 4:18.

BA BONTSHE LERATO

6, 7. (a) “Lerato la Modimo” le susumelletsa Bakreste hore ba thuse badumedimmoho le bona jwang? (b) Fana ka mohlala.

6 “Lerato la Modimo” le re susumelletsa ho bontsha ba bang lerato, haholoholo maemong a thata. (Bala 1 Johanne 3:17, 18.) Ha ho ne ho e na le tlala e kgolo ho Bakreste ba dulang Judea, phutheho e ile ya ba thusa ka diphallelo. (Lik.11:28, 29) Moapostola Pauluse le Petrose ba ile ba kgothalletsa Bakreste hore ba amohele baeti. (Bar. 12:13; 1 Pet. 4:9) Kahoo ke ha bohlokwa hore re amohele bara le baradi babo rona bao bophelo ba bona bo leng kotsing, kapa ba hloriswang ka lebaka la seo ba se dumelang.—Bala Liproverbia 3:27. *

7 Haufinyane tjena, Dipaki Tsa Jehova tse ngata di ile tsa tlameha ho baleha karolong e ka botjhabela ba Ukraine ka lebaka la mahloriso. Ba bang ba ile ba bolawa ka sehloho. Empa ba bang ba ile ba thuswa ke barababo rona ba dulang dibakeng tse ding moo Ukraine, athe ba bang ba ile ba amohelwa ke Dipaki tsa Russia. Ha ba le dinaheng tseo ba balehetseng ho tsona, ba ne ba sa kenele dipolotiki hobane ha se “karolo ya lefatshe.” Ho e na le hoo, ba ne ba dula “ba bolela ditaba tse molemo tsa lentswe.”—Joh. 15:19; Lik. 8:4.

RE BA THUSE HO MATLAFATSA TUMELO YA BONA

8, 9. (a) Batho ba balehileng dinaheng tsa habo bona ba kopana le mathata afe ha ba fihla sebakeng se setjha? (b) Ke hobaneng ha re lokela ho ba le mamello ha re ba thusa?

8 Batho ba bang ba balehetse dibakeng tse ding naheng ya habo bona, empa ba bang ba iphumana ba le dinaheng tse ding, tikolohong eo ba sa e tlwaelang ho hang. Mmuso o ba fa dijo, diaparo le bodulo. Empa ho thata hore ba fumane dijo tseo ba di tlwaetseng. Batho ba tswang dinaheng tseo ho tjhesang ho tsona ba ka nna ba fumana ho le thata ho phela moo ho batang haholo. Hape, haeba ba tswa mahaeng, e ka nna ya ba ha ba tsebe ho sebedisa dintho tsa motlakase tse sebediswang ka tlung.

9 Mebuso e meng e na le ditsela tseo e di sebedisang ho thusa batho ba tswang dinaheng tse ding hore ba tlwaele sebaka se setjha. Leha ho le jwalo, hangata kamora dikgwedi tse seng kae, ho lebeletswe hore ba iphumanele ditsela tsa ho iphedisa. Ho fallela sebakeng se seng ho ka ba boima kaha motho o lokela ho ithuta dintho tse ngata ka nako e le nngwe. Nahana feela o se o lokela ho ithuta puo e ntjha le mekgwa ya moo, ho boloka nako, ho itlwaetsa ho patala lekgetho le rente, hammoho le ho isa bana sekolong le ho ba kgalemela. Ana ke amang a mathata ao batho ba fallelang dinaheng tse ding ba kopanang le ona. Na o ka kgona ho ba bontsha mamello le tlhompho ha o ba thusa?—Bafil. 2:3, 4.

10. Re ka matlafatsa tumelo ya batho ba balehileng dinaheng tsa habo bona jwang? (Sheba setshwantsho se qalong.)

10 Ka dinako tse ding mebuso e etsa hore ho be thata ho bara le baradibabo rona ba hlahang dinaheng tse ding hore ba ye dibokeng. Ha ba hana ho amohela mesebetsi e tla ba sitisa ho ya dibokeng, mekgatlo e meng e thusang batho ba balehileng dinaheng tsa habo bona e hana ho ba thusa kapa ho ba fa tumello ya ho dula naheng eo. Ba bang ba a tshoha e be ba qetella ba amohetse mesebetsi e jwalo. Kahoo, ke ha bohlokwa hore ha ba qeta ho fihla, re kopane le bona kapele kamoo ho ka kgonehang. Ba hloka ho bona hore re a ba rata. Tumelo ya bona e tla ba matla ha ba bona hore re ba utlwela bohloko ebile re ikemiseditse ho ba thusa.—Liprov. 12:25; 17:17.

KAMOO RE KA THUSANG BA BALEHILENG DINAHENG TSA HABO BONA

11. (a) Ke dintho dife tseo batho ba hlahang dinaheng tse ding ba di hlokang haholo ha ba qala ho fihla? (b) Ba ka bontsha jwang hore ba ananela thuso eo ba e fuwang?

11 Qalong ho ka hlokahala hore re thuse barababo rona ka dijo, diaparo le dintho tse ding tseo ba di hlokang. * Le ntho e nyenyane feela jwaloka ho fa morabo rona tae, e ka bolela ho ho ngata. Ha barababo rona ba balehileng dinaheng tsa habo bona ba bontsha kananelo ebile ba sa batle se fetang seo ba se fuwang, ba tla nolofalletsa batho ba ba thusang hore ba ba thuse ba thabile. Hape ha ba a lokela ho itshetleha ka thuso ya badumedimmoho le bona ho ya ho ile, hobane seo se ka etsa hore ba se ke ba hlomphuwa ebile ba ka senya kamano ya bona le barababo rona ba bang. (2 Bathes. 3:7-10) Empa leha ho le jwalo, ba hloka ho thuswa.

Re ka thusa bara le baradibabo rona ba balehileng dinaheng tsa habo bona jwang? (Sheba serapa sa 11-13)

12, 13. (a) Re ka thusa batho ba balehileng dinaheng tsa habo bona jwang? (b) Fana ka mohlala.

12 Ha ho hlokahale chelete e ngata hore re thuse bara le baradibabo rona empa ntho ya bohlokwa ke hore re ba fe nako ya rona. Re ka ba thusa ka dintho tse bonolo tse kang ho ba bontsha moo dipalangwang di fumanehang teng, re be re ba bontshe moo ba ka rekang dijo tse sa tureng. Hape re ka ba bontsha moo ba ka fumanang metjhine ya ho roka kapa ya ho kuta jwang e ka ba thusang hore ba fumane tjhelete ya ho iphedisa. Ha bohlokwa le ho feta, re ka ba thusa hore ba nke karolo ka ho feletseng ka phuthehong. Haeba ho kgoneha, re ka ya le bona dibokeng le tshimong mme re ba bontshe hore na ba ka bua le batho jwang.

13 Ha barababo rona ba bane ba fihla phuthehong e itseng, baholo ba ile ba ba thusa hore ba tsebe ho kganna, ho thaepa, ho ngola C.V. le hore ba be le nako ya ho sebeletsa Jehova. (Bagal. 6:10) Kamora nako e seng kae, e ile ya e ba bopulamadiboho. Ka lebaka la boikemisetso ba bona le thuso ya baholo, ha ba a ka ba hoholwa ke lefatshe lena la Satane.

14. (a) Keng eo batho ba balehileng dinaheng tsa habo bona ba sa lokelang ho e dumella? (b) Fana ka mohlala.

14 Ho tshwana le Bakreste ba bang, batho ba balehileng dinaheng tsa habo bona ha ba a lokela ho dumella mosebetsi kapa ntho leha e le efe hore e fokodise kamano ya bona le Jehova. * Lije eo re buileng ka yena pejana, le bana babo, ba hopola dintho tseo ba ithutileng tsona ho ntate wa bona ha ba ne ba balehela naheng e nngwe. Lije o re: “Ntate o ile a nna a lahla dintho tseo re neng re di nkile hanyane hanyane. Qetellong o ile a sala ka mokotla o se nang letho, ya ba o re: ‘O a bona? Ha re hloke dintho tse ngata!’”—Bala 1 Timothea 6:8.

RE KA BA HLOKOMELA JWANG?

15, 16. Re ka tshehetsa batho ba balehileng dinaheng tsa habo bona jwang (a) hore ba matlafatse kamano ya bona le Modimo? (b) hore ba se ke ba nyahama?

15 Batho ba balehileng dinaheng tsa habo bona ha ba hloke ho thuswa ka dijo le diaparo feela. Ba boetse ba hloka ho thuswa hore ba matlafatse kamano ya bona le Modimo. Hape ba hloka ho kgothatswa e le hore ba se ke ba nyahama. (Mat. 4:4) Baholo ba ka thusa ka ho odara dingolwa ka puo eo batho ba balehileng dinaheng tsa habo bona ba e buang. Hape ba ka ba thusa hore ba etse setswalle le Bakreste ba buang puo ya bona. Ba bangata ba lahlehetswe ke ba malapa a bona, baahisane le Bakreste ba neng ba kopanela le bona phuthehong. Ha re ba tshwara hantle, ba tla bona hore Jehova o a ba rata ebile o ba utlwela bohloko. Ho seng jwalo ba tla etsa setswalle le batho bao e seng Dipaki, ba kang ba leloko kapa batho ba tswang naheng e le nngwe le bona, ba utlwisisang setso sa bona le mathata ao ba tobanang le ona. (1 Bakor. 15:33) Re lokela ho etsa hore ba ikutlwe ba amohelehile ka phuthehong mme ha re etsa jwalo re tla be re bontsha hore re sebedisana le Jehova ka ho “lebela bajaki.”—Pes. 146:9.

16 Jwaloka Jesu le ba lelapa labo, ho ka etsahala hore batho ba balehileng dinaheng tsa habo bona ba ke ke ba kgona ho kgutlela ho tsona ha feela ho ntse ho ena le dintwa le mahloriso. Lije o re: “Batswadi ba ileng ba bona ha ba malapa a bona ba betwa ba bile ba bolawa ka sehloho, ba re ho hang ba ke ke ba kgutlisetsa bana ba bona moo ho ileng ha etsahala dintho tse bohloko hakaalo.” E le hore baholo ba thuse batho bao, ba lokela ho ba ‘bontsha kutlwelo bohloko, boikutlo bo mofuthu ba bara ba motho, qenehelo e bonolo le boikokobetso.’ (1 Pet. 3:8) Kaha batho bana ba ile ba hloriswa, seo se etsa hore ba se ke ba phutholoha. Ho ka nna ha eba thata hore ba bue ka dintho tse bohloko tse ileng tsa ba hlahela, haholoholo ha ba le pela bana ba bona. O ka ipotsa: ‘Haeba ke ne ke le boemong ba bona, ke ne ke tla thabela hore ba bang ba ntshware jwang?’—Mat. 7:12.

HO PAKELA BAO E SENG DIPAKI

17. Batho ba balehileng dinaheng tsa habo bona ba rua molemo jwang ha re ba pakela?

17 Batho ba bangata ba tswa dinaheng tseo ho tsona ho thibetsweng mosebetsi wa rona wa boboledi. Ka lebaka leo ba fumana monyetla wa ho utlwa molaetsa wa Bibele ka lekgetlo la pele, ha Dipaki tsa naheng eo ba fihletseng ho yona di ba bolella ka “lentswe la mmuso.” (Mat. 13:19, 23) Ba bangata “ba imetsweng” ba a kgatholoha ha ba le dibokeng mme ba kgona ho bona hore: ‘Ka sebele Modimo o hara rona.’—Mat. 11:28-30; 1 Bakor. 14:25.

18, 19. Re ka bontsha bohlale jwang ha re pakela batho ba balehileng dinaheng tsa habo bona?

18 Ha Dipaki di pakela batho ba balehileng dinaheng tsa habo bona, di lokela ho ba “sedi” hape di be “masene.” (Mat. 10:16; Liprov. 22:3) Di ba mamele ka hloko, empa di se ke tsa qoqa le bona ka dipolotiki. Re boetse re lokela ho latela tataiso e tswang ofising ya lekala, le e tswang ho balaodi ba sebaka seo re leng ho sona e le hore re se ke ra beha maphelo a rona kapa a ba bang kotsing. Hape re lokela ho hlompha setso sa batho ba balehileng dinaheng tsa habo bona re be re hlomphe maikutlo a bona mabapi le seo ba se dumelang. Ka mohlala, batho ba dinaheng tse ding ba a kgopiseha ha bomme ba sa apara hantle. Kahoo ha re ilo ba pakela, re lokela ho apara ka tsela e hlomphehang.

19 Jwaloka Mosamaria eo Jesu a buileng ka yena papisong ya hae, le rona re batla ho thusa batho ba sotlehang, ho akarelletsa le bao e seng Dipaki. (Luka 10:33-37) Re ka ba thusa ka ho ba bolella ditaba tse molemo. Moholo e mong eo a seng a thusitse batho ba bangata ba balehileng dinaheng tsa habo bona o ile a re: “Ke ha bohlokwa hore re ba tsebise di sa tloha feela hore re Dipaki Tsa Jehova. Le hore mosebetsi wa rona o ka sehloohong ke ho ba thusa hore ba be le kamano e ntle le Modimo, e seng ho ba thusa ka diaparo le dijo feela. Ho seng jwalo, ba bang ba ka thabela ho bua le rona hobane feela ba batla hore re ba etsetse ho itseng.”

DITLAMORAO TSE THABISANG

20, 21. (a) Ho ba le diphello dife ha re bontsha bara le baradibabo rona ba tswang dinaheng tse ding lerato? (b) Re tlo bua kang sehloohong se latelang?

20 Ha re bontsha Bakreste ba balehileng dinaheng tsa habo bona lerato, ho ba le diphello tse ntle. Moradiwabo rona e mong o re lelapa la hae le ile la baleha mahloriso naheng ya Eritrea. Bana ba hae ba bane ba ile ba fihla Sudan ka kamora ho qeta matsatsi a 8 ba tsamaya lehwatateng. O re: “Bara le baradibabo rona ba ile ba re tshwara jwalo ka ha eka re ba bang ba leloko la bona. Ba ile ba re fa dijo, diaparo, bodulo le tjhelete ya transpoto. Ha ho na motho ya ka amohelang batho bao a sa ba tsebeng ntlong ya hae, hobane feela ba rapela Modimo a le mong. Empa Dipaki Tsa Jehova di ile tsa etsa sena ho nna!”—Bala Johanne 13:35.

21 Ho etsahalang ka bana ba bangata ba balehileng dinaheng tsa habo bona le batswadi ba bona? Sehloohong se latelang, re tlo bona kamoo re ka ba thusang kateng hore ba sebeletse Jehova ba thabile.

^ par. 2 Sehloohong sena re sebedisitse lentswe “bajaki” ha re bua ka batho ba ileng ba baleha dinaheng tsa habo bona ka lebaka la dintwa, mahloriso le dikoduwa tsa tlhaho. Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng o sebetsanang le ditaba tse amanang le batho ba balehileng dinaheng tsa habo bona, o bontsha hore motho a le mong ho ba bang le ba bang ba 113 o ithola a tlameha ho baleha.

^ par. 6 Sheba sehlooho se reng “Le se ke la Lebala ho Amohela Baeti” se hlahang ho Molula-Qhooa wa October 2016, leq. 8-12.

^ par. 11 Hanghang ha motho ya tswang naheng e nngwe a fihla, baholo ba lokela ho latela tataiso e hlahang bukeng ya Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova, kgaolong ya 8, serapeng sa 30. Ba ka ngolla ofisi ya lekala ba sebedisa websaete ya jw.org e le hore ba fumane boitsebiso ka motho eo. Ha ba ntse ba emetse karabo ho tswa ho lekala, baholo ba ka mo botsa dipotso ka bohlale mabapi le phutheho le tshebeletso ya hae e le hore ba mo tsebe haholwanyane.

^ par. 14 Sheba sehlooho se reng “Ha ho ea ka Sebeletsang Benghali ba Babeli” le se reng “E-ba Sebete—Jehova ke Mothusi oa Hao!” ho Molula-Qhooa wa 15 April 2014, leq. 17-26.