Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Batsoali ba Falleletseng Linaheng Tse Ling, Thusang Bana ba Lona

Batsoali ba Falleletseng Linaheng Tse Ling, Thusang Bana ba Lona

“Ha ho letho le nthabisang ho feta lintho tsena, hore ebe ke utloa hore bana ba ka ba tsoela pele ho tsamaea ’neteng.”3 JOH. 4.

LIPINA: 88, 41

1, 2. (a) Bana ba lulang linaheng tseo e seng tsa habo bona ba kopana le mathata afe? (b) Re tla hlahloba lipotso life sehloohong see?

JOSHUA o re: “Ha ke sa le ngoana, ke ne ke bua puo ea batsoali lapeng le libokeng. Empa ha ke qala ho ea sekolong, ke ile ka thahasella puo ea naheng eo re falleletseng ho eona. Ka mor’a lilemo tse ’maloa, ke ne ke se ke bua puo ea moo feela, ke se ke sa utloisise se buuoang libokeng ke bile ke sa rate meetlo ea haeso.” Bana ba bangata ba kile ba kopana le bothata bo tšoanang le ba Joshua.

2 Batho ba fetang limilione tse 240 ba lula linaheng tseo ba falleletseng ho tsona. Batsoali ba lulang linaheng tseo ba ka thusa bana ba bona joang hore ba lule ba e-na le kamano e ntle le Molimo? (3 Joh. 4) Rona re ka ba thusa joang?

BATSOALI, BEHANG MOHLALA O MOTLE

3, 4. (a) Batsoali ba ka beha mohlala o motle joang bakeng sa bana ba bona? (b) Ke’ng seo batsoali ba sa lokelang ho se lebella ho bana ba bona?

3 Batsoali, mohlala oa lona o ka thusa bana ba lona ho fumana bophelo bo sa feleng. Ha bana ba lona ba bona hore le ‘batla ’muso pele,’ ba tla tšepa Jehova ka linako tsohle. (Mat. 6:33, 34) Ka hona, etsang hore ho sebeletsa Jehova e be ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba lona ho e-na le ho batla maruo. Le se ke la ithatafalletsa bophelo ka likoloto. Batlang “letlotlo leholimong” e leng ho khahlisa Jehova, ho e-na le ho batla maruo kapa “thoriso ea batho.”—Bala Mareka 10:21, 22; Joh. 12:43.

4 Le se ke la hlokela bana ba lona nako. Ba bolelleng hore lea thaba ha ba khetha ho sebeletsa Jehova ho e-na le ho khetha ho ipatlela kapa hona ho le batlela maruo. Le se ke la beha bana ba lona tlas’a khatello ea hore ba sebetse ka sepheo sa hore le tle le hlabe khobe ka lemao. Hopolang hore “bana ha baa tšoanela ho bolokela batsoali ba bona, empa batsoali ba tšoanela ho bolokela bana ba bona.”—2 Bakor. 12:14.

BATSOALI, LE KA HLOLA MATHATA A HO BUA LIPUO TSE FAPANENG

5. Ke hobane’ng ha batsoali ba lokela ho bua le bana ba bona ka Jehova ka linako tsohle?

5 Joalokaha ho profetiloe, batho “ba tsoang lipuong tsohle tsa lichaba” ba phallela ka hare ho mokhatlo oa Jehova. (Zak. 8:23) Empa ho ka ba thata ho ruta bana ’nete ha le bua lipuo tse fapaneng. Ho thusa bana ba hao hore ba ‘tsoele pele ba rua tsebo’ ka Jehova ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa hobane ha ba tseba Jehova ba tla fumana bophelo bo sa feleng. (Joh. 17:3.) Kahoo, e le hore bana ba hao ba tsebe Jehova, u lokela ho buisana le bona ka eena ka linako tsohle.—Bala Deuteronoma 6:6, 7.

6. Bana ba hao ba ka rua molemo joang ka ho ithuta puo ea hao? (Sheba setšoantšo se qalong.)

6 Ha bana ba le sekolong kapa hae, ho bonolo hore ba ithute puo e buuoang naheng eo le falleletseng ho eona. Empa ba ka ithuta puo ea hao haeba ba bua le uena ka eona khafetsa. Ha bana ba tseba puo ea hao, ba ka khona ho ntša maikutlo a bona ka tsela eo u tla e utloisisa. Ho feta moo, ha ba tseba lipuo tse peli ba ka khona ho nahana kapele ’me ba nolofalloa ho utloisisa maikutlo a batho ba bang ba buang puo ea naheng eo le lulang ho eona. Ba ka boela ba khona ho bua le batho ka litaba tse molemo ka lipuo tseo ka bobeli. Carolina ea falleletseng naheng e ’ngoe le batsoali ba hae o re: “Ke thabetse ho kopanela phuthehong e buang puo e ’ngoe le ho thusa liphutheho tse hlokang bahoeletsi ba eketsehileng.”

7. U ka etsa’ng haeba ngoana oa hao a se a bua puo e ’ngoe?

7 Leha ho le joalo, ha bana ba ntse ba tloaela puo le tsela eo lintho li etsoang ka eona sebakeng seo le falleletseng ho sona, ba ka ’na ba se ke ba rata ho bua puo ea batsoali ba bona. Ba bang bona ba ka qetella ba se ba sa khone ho e bua hantle. Haeba bana ba hao ba joalo, leka ho ithuta puo ea sebakeng seo. U tla nolofalloa ho thusa bana ba hao hore ba rate Jehova hobane u tla ba utloisisa hantle ha ba bua, u tsebe lintho tseo ba li ratang u be u khone le ho buisana le matichere a bona ka mosebetsi oa bona oa sekolo. Ke ’nete hore ho ka nka nako e telele ho ithuta puo e ’ngoe. Empa haeba ho ne ho ka etsahala hore ngoana oa hao a se hlole a utloa litsebeng, na u ne u ke ke oa ithuta puo ea matsoho e le hore u nolofalloe ho bua le eena? Ka tsela e tšoanang, haeba ngoana oa hao a bua puo e ’ngoe hantle ho feta ea habo, e ka ba hantle hore u ithute puo eo. *

8. U ka thusa bana ba hao joang le hoja u sa tsebe puo ea bona hantle?

8 Ho ka ba thata hore batsoali ba bue puo eo bana ba e buang. Ka lebaka leo, ba ka sitoa ho thusa bana ba bona hore ba utloisise “lingoliloeng tse halalelang.” (2 Tim. 3:15) Haeba u boemong bo tšoanang, u ntse u ka khona ho thusa bana ba hao hore ba ithute ka Jehova ’me ba mo rate. Shan o re: “’Mè o ne a sa utloisise puo eo re e buang, ’me ’na le ausi oa ka re ne re sa khone ho bua puo ea hae hantle. Empa kaha ’Mè o ne a lula a ithuta, a rapela a bile a tšoara borapeli ba lelapa beke e ’ngoe le e ’ngoe ka puo eo re e buang, re ile ra utloisisa hore ho bohlokoa ho ithuta ka Jehova.”

9. Ke joang batsoali ba ka rutang bana ba buang lipuo tse peli?

9 Ka linako tse ling bana ba ka utloisisa hamolemo ha ba ithuta ka Jehova ba sebelisa puo eo ba e buang ha ba le sekolong le eo ba e buang ha ba le hae. Kahoo, batsoali ba bang ba ruta bana ba bona ba sebelisa lingoliloeng, likhatiso tse mameloang le livideo ka lipuo tseo li le peli. Ho hlakile hore batsoali ba falleletseng naheng e ’ngoe ba lokela ho ipha nako ba be ba sebetse ka thata e le ho thusa bana ba bona ho ba le kamano e ntle le Jehova.

LE LOKELA HO KOPANELA PHUTHEHONG EA PUO EFE?

10. (a) Ke mang ea lokelang ho etsa qeto ea hore na lelapa le kopanela phuthehong efe? (b) O lokela ho etsa’ng pele a etsa qeto?

10 Haeba uena le ba lelapa la hao le falleletse naheng e ’ngoe ’me le lula hole le Lipaki tse ling tse buang puo ea lona, le ka ea libokeng tsa phutheho e haufi le moo le lulang. (Pes. 146:9) Empa haeba ho na le phutheho ea puo ea lona haufi le moo le lulang, le lokela ho ea libokeng tsa phutheho efe? Ntate o lokela ho kopa tataiso ho Jehova ’me a buisane le ba lelapa la hae e le hore a etse qeto ea hore na ba tla kopanela phuthehong efe. (1 Bakor. 11:3) Ke lintlha life tseo bo-ntate ba lokelang ho li ela hloko? Ke melao-motheo efe e ka ba thusang? A re hlahlobeng e seng mekae.

11, 12. (a) Bana ba rua molemo ofe ha ba ea libokeng tsa puo eo ba e utloisisang? (b) Ke hobane’ng ha bana ba bang ba sa rate puo ea batsoali ba bona?

11 Batsoali ba lokela ho tseba hantle hore na bana ba bona ba hloka’ng. Ke ’nete hore ho sa tsotellehe puo eo bana ba e buang, ho ea libokeng feela ha hoa lekana hore ba be le kamano e ntle le Jehova. Leha ho le joalo, hlokomela: Bana ba ka rua molemo ka hore feela ebe ba teng libokeng tsa puo eo ba e utloisisang hantle le hoja batsoali ba ka se hlokomele seo. Empa haeba ba sa ee libokeng tsa puo eo ba e utloisisang hantle, ho ka etsahala hore ba se ke ba rua molemo. (Bala 1 Bakorinthe 14:9, 11.) Ka linako tse ling bana ba ka utloisisa lintho tseo ba ithutang tsona ka puo eo e seng ea habo bona. Ha e le hantle, bana ba bang ba ka khona ho fana ka lipuo, ho bua le batho tšimong le ho araba libokeng ka puo ea batsoali ba bona empa ba sa bue ho tsoa pelong.

12 Hape, ha ngoana a se a rata puo ea moo le falleletseng teng, a ka qetella a se a rata le setso sa sebaka seo. Ho ile ha e-ba joalo ka Joshua eo re buileng ka eena qalong. Ausi oa Joshua e leng Esther, o re: “Ha bana ba rata ho bua puo ea batsoali ba bona, ba tla rata setso le bolumeli ba habo bona.” Haeba bana ba sa rate setso sa habo bona, ho ka etsahala hore ba se ke ba rata puo le bolumeli ba batsoali ba bona. Batsoali ba ka etsa’ng ha ho le tjee?

13, 14. (a) Ke hobane’ng ha ba lelapa le leng ba ile ba kopanela phuthehong ea puo eo e seng ea bona? (b) Batsoali ba ile ba etsa’ng hore ba lule ba e-na le kamano e ntle le Jehova?

13 Batsoali, le lokela ho nka kamano e ntle eo bana ba lona ba nang le eona le Jehova e le ntho ea bohlokoa le ho feta lintho tseo le li batlang. (1 Bakor. 10:24) Ntate oa Joshua le Esther e leng Samuel, o re: “’Na le mohats’a ka re ile ra kopa thuso ho Jehova hore re bone na ke puo efe eo bana ba rona ba e utloisisang e le hore ba be le kamano e ntle le eena. Jehova o ile a re fa karabo eo re sa e lebellang. Re ile ra hlokomela hore bana ba rona baa pulufalloa ha ba ile libokeng tsa puo ea rona, kahoo ra etsa qeto ea ho ea libokeng tsa puo ea moo re falleletseng teng. Re ne re ea le bona libokeng le tšimong re bile re memela bara le barali babo rona ba phutheho ea rona e ncha lijong le maetong a boithabiso. Ka lebaka leo, bana ba rona ba ile ba ba le metsoalle ka phuthehong ’me kamano ea bona le Jehova ea matlafala. Re ne re batla hore ba rate Jehova ho feta hore ba tsebe puo ea rona.”

14 Samuel o boetse o re: “’Na le mohats’a ka re ile ra ’na ra ea libokeng tsa puo ea rona e le hore re tsoele pele re na le kamano e ntle le Jehova. Kaha re ne re le maphathaphathe, hangata re ne re lula re khathetse. Empa Jehova o ile a re hlohonolofatsa. Bana ba rona kaofela ba tšebeletsong ea nako e tletseng.”

BACHA BA KA ETSA’NG?

15. Ke hobane’ng ha Kristina a ile a etsa qeto ea ho kopanela phuthehong ea puo eo a neng a e bua sekolong?

15 Bacha ba ka ’na ba hlokomela hore kamano ea bona le Jehova ea ntlafala ha ba kopanela phuthehong ea puo eo ba e utloisisang. Haeba ho le joalo, batsoali ha baa lokela ho nahana hore bana ba bona ha ba ba rate. Kristina o re: “Le hoja ke ne ke tseba puo ea batsoali ba ka hanyenyane, ha ke le libokeng e ne eka e ncha. Ha ke le lilemo li 12, ke ile ka ea kopanong ea puo eo ke e utloisisang, e leng eo ke neng ke e bua sekolong. Ke ile ka qala ho hlokomela hore seo ke ithutang sona ke ’nete. Ka boela ka hlokomela hore ke rapela ho tsoa pelong ha ke rapela ka puo eo ke utloisisang.” (Lik 2:11, 41) Ha Kristina a se a le moholo, o ile a etsa qeto ea ho kopanela phuthehong ea puo eo a neng a e bua sekolong ka mor’a ho buisana le batsoali ba hae. O re: “Ho ithuta Bibele ka puo eo ke neng ke e bua sekolong, ho ile ha nthusa hore hamorao ke sebeletse Jehova haholoanyane.” Ho e-s’o ee kae, Kristina e ile ea e-ba pula-maliboho ea kamehla.

16. Ke hobane’ng ha Nadia a sa ikoahlaele hore ebe ha aa ka a ea phuthehong ea puo e ’ngoe?

16 Bacha, na le lona le batla ho kopanela phuthehong ea puo ea moo le falleletseng teng? Haeba ho joalo, ipotse lipotso tsena: Na ho fallela phuthehong eo ho tla ntlafatsa kamano ea ka le Jehova? (Jak. 4:8) Kapa na ke fallela moo hobane ke tsoafa mosebetsi kapa ke sa batle ho ba tlas’a tlhokomelo ea batsoali? Nadia, ea sebeletsang Bethele o re: “Ha ’na le bana beso re ntse re hola, re ne re batla ho kopanela phuthehong ea puo ea moo re seng re lula teng.” Leha ho le joalo, batsoali ba bona ba ile ba hlokomela hore ho etsa joalo ho ne ho tla thefula kamano ea bana ba bona le Jehova. Nadia o boetse o re: “Hona joale rea bona hore batsoali ba rona ba re thusitse ka hore ebe ba ile ba re ruta puo ea bona ’me ba ea le rona libokeng tsa puo ea bona. Hona joale re khona ho thusa batho ba bangata hore le bona ba tsebe Jehova.”

BA BANG BA KA ETSA TSOHO LA MONNA JOANG?

17. (a) Ke bo-mang bao Jehova a ba fileng boikarabelo ba ho holisa bana? (b) Batsoali ba ka fumana thuso joang bakeng sa ho ruta bana ba bona?

17 Jehova o file batsoali boikarabelo ba ho ruta bana ba bona Bibele, eseng mang kapa mang e mong, ho sa tsotellehe hore na ke bo-nkhono kapa bo-ntate-moholo ba bana bao. (Bala Liproverbia 1:8; 31:10, 27, 28) Ho ntse ho le joalo, kaha batsoali ba bang ha ba tsebe puo e buuoang moo ba falleletseng teng, ba ka ’na ba hloka ho thusoa. Ha se hore batsoali ba tlohela boikarabelo boo ba bo fuoeng ba ho holisa bana ba bona, empa ha ba etsa joalo, ba thusa bana ba bona ka “ho ba hōlisa ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baef. 6:4) Ka mohlala, batsoali ba ka kopa baholo hore ba ba fe malebela a hore na ba ka tšoara borapeli ba lelapa joang le hore na ba ka thusa bana ho fumana metsoalle e hantle joang.

Batsoali le bana ba bona ba ka fumana molemo ho bara le barali babo rona ka phuthehong (Sheba lirapa 18, 19)

18, 19. (a) Bara le barali babo rona ba ratang Jehova ba ka thusa bacha joang? (b)  Batsoali ba lokela ho tsoela pele ba etsa’ng?

18 Ka linako tse ling batsoali ba ka mema malapa a mang ka phuthehong hore a be teng borapeling ba lelapa la bona. Ho feta moo, bacha ba bangata ba ba le kamano e ntle le Jehova ha ba qeta nako e ngata le bara le barali babo rona ba ratang Jehova, mohlomong ba ea tšimong le bona ba bile ba qeta nako e itseng ba ikhatholla le bona. (Liprov. 27:17) Shan, eo ho buuoeng ka eena pejana, o re: “Ha ke lebale barab’abo rona ba ileng ba nthusa. Ba ne ba lula ba nthusa ho lokisetsa lipuo tsa ka ’me ke ne ke ithuta lintho tse ngata ho bona. ’Me ho ne ho e-ba monate nako le nako ha re ikhatholla.”

19 Bara kapa barali babo rona bao batsoali ba ba kopileng ho thusa bana ba bona ba lokela ho khothalletsa bana bao hore ba hlomphe batsoali ba bona ka hore ba bue batsoali hantle ’me ba se ke ba ipha boikarabelo ba ho ba holisa. Ho feta moo, ha ba na le bana bao, ha baa lokela ho itšoara ka tsela e ka belaetsang batho ba bang, esita le batho bao e seng Lipaki. (1 Pet. 2:12) Le hoja batsoali ba ka kopa thuso ho bara le barali babo rona, ba ntse ba lokela ho phetha boikarabelo boo ba bo fuoeng ba ho ruta bana ba bona Bibele. Ba lokela ho hlahloba seo bara le barali babo rona ba ithutang sona le bana ba bona ’me ba tsoele pele ba ruta bana ba bona.

20. Batsoali ba ka thusa bana ba bona joang hore ba be le kamano e ntle le Jehova?

20 Batsoali, kopang Jehova hore a le thuse ’me le sebetse ka thata ho thusa bana ba lona. (Bala 2 Likronike 15:7.) Ho thusa bana ba lona ho rata Jehova e lokela ho ba ntho ea bohlokoa ho feta lintho tseo le li batlang. Etsang sohle se matleng a lona ho thusa bana ba lona ho rata Lentsoe la Molimo ho tsoa pelong. Le ka mohla le se ke la khaotsa ho thusa bana ba lona ho ba bahlanka ba Jehova. Bana ba lona ba tla etsa lintho ho ea ka seo ba ithutileng sona Bibeleng ba be ba etsise mohlala oa lona o motle. Ka lebaka leo, le tla ba le maikutlo ana a tšoanang le ao moapostola Johanne a bileng le ’ona ka bana ba hae: “Ha ho letho le nthabisang ho feta lintho tsena, hore ebe ke utloa hore bana ba ka ba tsoela pele ho tsamaea ’neteng.”—3 Joh. 4.

^ ser. 7 Sheba sehlooho se reng, “U ka Ithuta Puo e ’Ngoe!” se hlahang ho Tsoha! ea March 2007, maq. 10-12.