Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Thusang Bana ba Batswadi ba Tswang Dinaheng Tse Ding

Thusang Bana ba Batswadi ba Tswang Dinaheng Tse Ding

“Ha ho letho le nthabisang ho feta dintho tsena, hore ebe ke utlwa hore bana ba ka ba tswela pele ho tsamaya nneteng.”—3 JOH. 4.

DIPINA: 88, 41

1, 2. (a) Bana ba tswang dinaheng tse ding ba kopana le bothata bofe? (b) Re tlo hlahloba dipotso dife sehloohong see?

JOSHUA o re: “Ha ke ntse ke hola ke ne ke bua puo ya batswadi ba ka mme le dibokeng ke ne ke sebedisa yona. Empa ka mora hore ke kene sekolo moo, ke ile ka qala ho sebedisa puo e buuwang sebakeng seo re fihletseng ho sona ha re tswa naheng ya heso. Dilemo ka mora moo, ke ne ke se ke sa utlwisise puo e neng e sebediswa dibokeng hape ke sa utlwisise le tsela eo batswadi ba ka ba etsang dintho ka yona.” Ha se Joshua feela ya hlahelwang ke bothata bona.

2 Kajeno, ke batho ba fetang dimilione tse 240 ba phelang sebakeng seo e seng sa bona sa tswalo. Haeba o motswadi ya dulang naheng eo o sa tswallwang ho yona, o ka thusa bana ba hao jwang hore ba be le kamano e ntle le Modimo mme ba ‘tswele pele ho tsamaya nneteng’? (3 Joh. 4) Ba bang ba ka thusa jwang?

BATSWADI, BEHANG MOHLALA O MOTLE

3, 4. (a) Batswadi ba ka behela bana ba bona mohlala o motle jwang? (b) Keng seo batswadi ba sa lokelang ho se lebella ho bana ba bona?

3 Batswadi behelang bana ba lona mohlala o motle e le hore le bona ba ka tsamaya tseleng e isang bophelong bo sa feleng. Ha bana ba hao ba bona hore o “batla mmuso pele,” le bona ba ka ithuta ho etsa se tshwanang ka hore ba tshepe Jehova letsatsi le letsatsi. (Mat. 6:33, 34) O lokela ho ameha haholo ka kamano ya hao le Jehova e seng ka dintho tsa lefatshe lena. Phela bophelo bo itekanetseng ka hore o lwanele ho tswa ka hara dikoloto. O se ke wa hahamalla maruo le “thoriso ya batho” empa o batle “letlotlo lehodimong” e leng ho amohelwa ke Jehova. —Bala Mareka 10:21, 22; Joh. 12:43.

4 Batswadi ha ba a lokela ho phathahana hoo ba senang nako ya bana ba bona. Hoena le hoo, ba ba bolelle hore ba motlotlo ka bona ha ba kgetha ho sebeletsa Jehova ho e na le ho batla maruo. Batswadi ha ba a lokela ho nahana hore bana ba tlameha ho ba sebeletsa. Empa ba lokela ho hopola hore “bana ha baa tshwanela ho bolokela batswadi ba bona, empa batswadi ba tshwanela ho bolokela bana ba bona.”—2 Bakor. 12:14.

BATSWADI, ITHUTENG DIPUO TSE DING

5. Ke hobaneng ha batswadi ba lokela ho dula ba bua le bana ba bona ka Jehova?

5 Jwalokaha ho boletswe, batho “ba tswang dipuong tsohle tsa ditjhaba” ba tla kena mokgatlong wa Jehova. (Zak. 8:23) Empa ho se utlwane ka dipuo ho ka etsa hore ho be thata hore o rute bana ba hao dithuto tsa Bibele. Bana ba hao ke batho ba bohlokwa ka ho fetisisa bao o ka ithutang Bibele le bona mme ha ba “tswela pele ba rua tsebo” ka Jehova, batla fumana bophelo bo sa feleng. (Joh. 17:3) E le hore bana ba hao ba ithute ka melao ya Jehova, o lokela ho ‘bua ka yona’ ka dinako tsohle.—Bala Deuteronoma 6:6, 7.

6. Bana ba hao ba ka rua molemo ofe haeba ba ithuta puo ya hao? (Sheba setshwantsho se qalong.)

6 Bana ba ithuta puo ya sebaka seo ba dulang ho sona ha bale sekolong le tikolohong eo ba phelang ho yona. Empa ba ithuta puo ya hao haholo haeba ba tswela pele ho buisana le wena ka yona. Haeba o dula o qoqa le bana ba hao, qetellong ba tla tseba puo ya hao hantle mme seo se tla ba tswela molemo. Ha bana ba hao ba tseba ho bua dipuo tse pedi, seo se tla ntlafatsa bokgoni ba bona ba ho nahana ebile ho tla ba bonolo hore ba etse setswalle le batho ba bang. Ho ka boela ha ba thusa hore ba eketse tshebeletso ya bona. Carolina ya tswang naheng e nngwe le batswadi ba hae, o re: “Ho ba phuthehong eo ho sa buuweng puo ya ka ho a thabisa. Ebile ho monate ho thusa moo ho nang le tlhokahalo.”

7. O ka etsang haeba le bua dipuo tse fapaneng ka lapeng la hao?

7 Ha bana ba tswang dinaheng tse ding ba tlwaela sebaka seo ba dulang ho sona, ba bang ba ka qetella ba se ba se na bokgoni le thahasello ya ho sebedisa puo ya batswadi ba bona. Batswadi, haeba bana ba lona ba jwalo, na ha ho molemo hore le ithute puo eo ba e sebedisang? Haeba o utlwisisa puo ya bana ba hao le boithabiso ba bona, ebile o kgona ho buisana le matitjhere a bona, o tla ba boemong bo botle ba ho ba thusa hore e be Bakreste. Ha ho bonolo hore motho a ithute puo e nngwe kaha ho hloka nako, boikemisetso le boikokobetso. Empa o ka reng haeba ho ka etsahala hore ngwana wa hao a se ke a utlwa ditsebeng, na o ka ithuta puo ya matsoho hore o kgone ho buisana le yena? Ngwana ya kgonang ho bua puo e nngwe le yena ka tsela e tshwanang, o hloka tshehetso ya hao. *

8. O ka thusa bana ba hao jwang le hoja o tseba puo ya bona hanyane?

8 Ka bomadimabe, ho batswadi ba bang ba tswang dinaheng tse ding, ho ka ba thata hore ba sebedise puo eo bana ba bona ba e sebedisang. Ka lebaka leo ho ka ba thata hore ba ba finyelle dipelo ka “dingodilweng tse halalelang.” (2 Tim. 3:15) Haeba o boemong bo tshwanang, o ntse o ka kgona ho thusa bana ba hao hore ba tsebe Jehova ba be ba mo rate. Moholo e mong ya bitswang Shan o re: “Mme wa rona o ne a utlwisisa puo eo nna le ngwaneso re e buang hanyane, mme le rona re ne re sa tsebe puo ya hae hakaalo. Empa ka mora hore re mmone a leka ka matla ho bala Bibele, a rapela abile a tshwara borapedi ba lelapa, re ile ra hlokomela hore ho tseba Jehova ke ntho ya bohlokwa.”

9. Batswadi ba ka thusa bana ba hlokang ho ithuta ka dipuo tse pedi jwang?

9 Ho ka hlokahala hore bana ba bang ba ithute ka Jehova ka dipuo tse pedi tse fapaneng, e leng eo ba e sebedisang lapeng le ya sekolong. Kahoo, e le hore batswadi ba bang ba thuse bana ba bona, ba ile ba batla dibuka, dikgatiso tse mamelwang le divideo ka dipuo tseo tse pedi. Ho hlakile hore batswadi ba lokela ho sebetsa ka thata ho thusa bana ba bona hore ba be le kamano e matla le Jehova.

KE PHUTHEHO YA PUO EFE E O LOKETSENG?

10. (a) Ke mang ya lokelang ho etsa qeto ya hore lelapa le tla ya phuthehong efe? (b) O lokela ho etsang pele a etsa qeto?

10 Haeba “bajaki” kapa batho ba tswang naheng e nngwe ba dula hole le Dipaki tse buang puo ya habo bona, ba lokela ho ya phuthehong e sebakeng seo ba dulang ho sona. (Pes. 146:9) Empa haeba ba dula pela phutheho e buang puo ya habo bona ba ka ya ho yona. Leha ho le jwalo, ke mang ya lokelang ho etsa qeto eo? Ka mora ho nahanisisa, ho rapela le ho utlwa hore lelapa le reng ka taba ena, hlooho ya lelapa ke yona e tla etsa qeto. (1 Bakor. 11:3) Empa e lokelang ho hopola melaomotheo efe? Ha re shebe e meng e ka ba thusang.

11, 12. (a) Puo e sebediswang dibokeng e ka ama ngwana jwang? (b) Hobaneng ha bana ba bang ba sa batle ho ithuta puo ya batswadi ba bona?

11 Batswadi ba lokela ho ela hloko ditlhoko tsa bana ba bona. Ho sa tsotellehe puo e sebediswang, ho ya dibokeng beke le beke ha ho a lekana bakeng sa hore ngwana a tsebe seo Bibele e se rutang. Empa o hloka nako e ngata ho feta eo. Ha bana ba kopanela phuthehong e sebedisang puo eo ba e utlwisisang haholo, ba ka kgona ho utlwisisa dithuto tsa motheo feela ka ho ba teng dibokeng. (Bala 1 Bakorinthe 14:9, 11.) Puo eo ngwana a tswaletsweng ho yona, ha se kamehla e tla dula e le yona e ka pelong ya hae. Bana ba ka ithuta ho araba, ba etsa dipontsho, le ho fana ka dipuo ka puo ya batswadi ba bona, empa o fumane hore tseo kaofela ha ba di etse ka pelo yohle.

12 Ho feta moo, ha se puo feela e susumetsang pelo ya ngwana. Sena ke se etsahalletseng Joshua eo ho buuweng ka yena qalong. Ausi wa hae Esther o re: “Ha bana ba banyenyane ba ithuta puo ya batswadi, ba boetse ba ithuta le setso le bodumedi ba bona ka nako e le nngwe.” Haeba bana ba sa utlwisise setso sa batswadi ba bona ba ke ke ba ba le thahasello ya ho ithuta puo le seo batswadi ba bona ba se dumelang. Keng seo batswadi ba tswang dinaheng tse ding ba ka se etsang?

13, 14. (a) Ke hobaneng ha banyalani ba bang ba tswang naheng e nngwe ba ile ba ya phuthehong e buang puo ya moo ba neng ba dula teng? (b) Batswadi ba ile ba etsang hore ba dule ba le matla tumelong?

13 Batswadi ba Bakreste ba etsa hore kamano ya bana ba bona le Jehova e tle pele ho ntho leha e le efe. (1 Bakor. 10:24) Ntate wa Joshua le Esther eo lebitso la hae e leng Samuel, o re: “Nna le mosadi wa ka re ile ra rapella bohlale e le hore re bone hore na bana ba rona ba utlwisisa puo efe ha re ba ruta Bibele. Empa dintho ha dia ka tsa etsahala ka tsela eo re neng re e lebeletse. Ha re bona hore ba ne ba sa utlwisise puo ya rona hantle ha ba le dibokeng, re ile ra ya phuthehong e buang puo ya moo re neng re dula teng. Kaofela ha rona re ne re ya dibokeng kamehla ebile re ya le tshebeletsong ya tshimo. Re ile ra mema bahweletsi ba bang hore ba tlo ja le ho ikgatholla le rona. Sena se ile sa thusa bana ba rona hore ba tsebe bara le baradibabo rona le hore ba tsebe Jehova jwaloka Ntate le Motswalle wa bona. Re ile ra bona sena e le sa bohlokwa ho feta hore ba tsebe puo ya rona.”

14 Samuel o boetse o re: “E le hore re dule re le matla tumelong, nna le mosadi wa ka re ne re ya dibokeng tsa puo ya rona. Re ne re phathahane mme seo se ne se etsa hore re kgathale. Leha ho le jwalo, re leboha Jehova ka ho hlohonolofatsa mosebetsi le boitelo ba rona. Hona jwale bana ba rona kaofela ba qeta nako e ngata ba le tshebeletsong.”

SEO BATJHA BA KA SE ETSANG

15. Ke hobaneng ha moradi wabo rona Kristina a ne a ikutlwa eka o tla sebeletsa Jehova ha molemo haeba a le phuthehong e sebedisang puo ya moo ba dulang teng?

15 Batjha ba bang ba bona ho le molemo hore ba sebeletse Jehova phuthehong eo ho buuwang puo eo ba e utlwisisang hantle. Kahoo, batswadi ha ba a lokela ho ikutlwa e ka bana ba bona ba a ba lahla. Kristina o re: “Ke ne ke tseba puo ya batswadi ba ka ha nyenyane feela, athe puo e neng e sebediswa dibokeng ke ne ke utlwa e le thata le ho feta”. Ha ke le dilemo tse 12, ke ile ka ya kopanong e neng e sebedisa puo eo ke neng ke e sebedisa sekolong. Ke ile ka qala ho utlwisisa Lentswe la Modimo ka lekgetlo la pele! Ke ne ke kgona ho bua le Jehova ho tswa pelong ha ke ne ke sebedisa puo eo ke neng ke e bua sekolong.” (Lik. 2:11, 41) Ha Kristina e ba motjha, o ile a buisana le batswadi ba hae ka hore a ye phuthehong e sebedisang puo eo a neng a e sebedisa sekolong. O re: “Ho ithuta ka Jehova ka puo eo ke e utlwisisang, ho ile ha etsa hore ke nke kgato.” Ka mora nako e sa fediseng pelo, Kristina e ile ya e ba pulamadiboho ya kamehla.

16. Ke hobaneng ha moradiwabo rona Nadia a thabetse ho dula phuthehong e neng e sebedisa puo ya batswadi ba hae?

16 Batjha, na le batla ho ya phuthehong e buang puo e nngwe? Haeba ho jwalo, ipotse hore na hobaneng. Na ho ya phuthehong eo ho tla nthusa hore ke be le kamano e ntle le Jehova? (Jak. 4:8) Kapa ke batla ho ya teng hobane feela ke batla ho tloha pela batswadi le ho baleha ho ithuta puo ya bona? Nadia eo a sebeletsang Bethele hona jwale o re: “Ha re sa ntse re le batjha, nna le bana beso re ne re batla ho tloha phuthehong ya batswadi ba rona.” Empa batswadi ba ne ba tseba hore seo se ne se sa tlo ba thusa hore ba ntlafatse kamano ya bona le Modimo. O tswela pele o re: “Hona jwale re thabetse hore e be batswadi ba rona ba ile ba sebetsa ka thata hore ruta puo ya bona le ho etsa hore re dule phuthehong ya bona. Seo se ntlafaditse bophelo ba rona, sa ba sa re fa monyetla wa ho thusa batho ba bang ho sebeletsa Jehova.”

KAMOO BA BANG BA KA THUSANG KATENG

17. (a) Jehova o kgethile mang hore a hodise bana? (b) Batswadi ba ka fumana thuso ho kae e le hore ba thuse bana ba bona ho tseba Jehova?

17 Jehova ha a fa bonkgono le bontatemoholo tokelo ya ho ruta ditloholo tsa bona Bibele, empa o e file batswadi. (Bala Liproverbia 1:8; 31:10, 27, 28) Batswadi ba sa tsebeng puo e buuwang sebakeng seo ba dulang ho sona, ba ka hloka thuso e le hore ba finyelle dipelo tsa bana ba bona. Leha ho le jwalo, seo ha se bolele hore ba lokela ho tlohela boikarabelo ba bona ba ho ruta bana, empa ba tlameha ho nka karolo “ho ba hodisa ka tayo le kelello e laolwang ke Jehova.” (Baef. 6:4) Batswadi ba ka botsa baholo ka phuthehong hore na ba ka tshwara borapedi ba lelapa jwang. Ba ka boetse ba ba botsa hore na ke tsela efe e molemo ya ho bua le bona.

Bana le batswadi ba rua molemo ha ba thabela botswalle le ba bang phuthehong (Sheba serapa sa 18 le 19)

18, 19. (a) Bara le baradi babo rona ba hodileng tsebong ba ka thusa ba batjha jwang? (b) Batswadi ba lokela ho tswela pele ba etsang ka mora hore ba kope motho e mong hore a kwetlise ngwana bona ?

18 Batswadi ba ka mema malapa a mang ka makgetlo, hore batlo tshwara borapedi ba lelapa hammoho. Ho feta moo, batjha ba bangata ba ithuta ha molemo ha ba e na le metswalle e tjhesehelang ho sebeletsa Jehova, mme ba sebetsa le bona tshimong. (Liprov. 27:17) Shan eo ho buuweng ka yena qalong o re: “Ke sa ntse ke hopola kamoo bara beso ba neng ba ntlhokometse kateng ha ba nthusa ho lokisetsa puo eo ke neng ke tlo fana ka yona dibokeng mme ke ne ke dula ke ithuta ho ho ngata. Ke ne ke thabela le boikgathollo boo re neng re e ba le bona re le sehlopha.”

19 Batho bao batswadi ba ba kopang hore ba thuse bana ba bona, ba lokela ho ruta bana hore ba dule ba hlompha batswadi ba bona. Hape ha ba a lokela ho nka boikarabelo ba batswadi ba bana bao ka ho feletseng. Ho feta moo batho ba thusang bana ba lokela ho qoba boitshwaro bo ka nnang ba belaetsa ba bang ka phuthehong kapa le bao eseng Dipaki. (1 Pet. 2:12) Batswadi ha ba a lokela ho fana ka bana ba bona ho batho ba bang feela hore ba ba kwetlise. Ba lokela ho thusana le motho ya kwetlisang ngwana bona mme e be bona ba di hulang pele tabeng ya ho ruta bana ba bona.

20. Batswadi ba ka thusa bana ba bona jwang hore e be bahlanka ba Jehova ba molemo?

20 Batswadi, ikitlaetseng mme le kope Jehova hore a le thuse. (Bala 2 Likronike 15:7.) Nkang kamano ya ngwana lona le Jehova e le ya bohlokwa. Etsang sohle seo le ka se kgonang ho etsa bonnete ba hore Lentswe la Modimo le finyella pelo ya ngwana lona. Le ka mohla le se ke la lahla tshepo ya hore ngwana wa lona e ka ba mohlanka wa Jehova ya tshepahalang. Ha bana ba lona ba sebedisa seo ba ithutang sona Lentsweng la Modimo mme ba latela mohlala o motle wa lona, le tla ikutlwa jwaloka moapostola Johanne ha a ne a bua ka bana ba hae ba neng ba na le kamano e ntle le Modimo mme a re: “Ha ho letho le nthabisang ho feta dintho tsena, hore ebe ke utlwa hore bana ba ka ba tswela pele ho tsamaya nneteng.”—3 Joh. 4.

^ par. 7 Sheba sehlooho se reng “U ka Ithuta Puo e ’Ngoe!” ho Tsoha! ya March 2007, leq. 10-12.