Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lerato la Lona le se ke la Fola!

Lerato la Lona le se ke la Fola!

“Ka lebaka la ho eketseha ha tlolo ya molao lerato la ba bangata le tla fola.”—MAT. 24:12.

DIPINA: 60, 135

1, 2. (a) Mantswe a Jesu a ho Matheu 24:12 a ile a phethahala ho bomang pele? (b) Buka ya Liketso e bontsha jwang hore Bakreste ba bangata ba mehleng ya Bibele ba ile ba tswela pele ho bontsha lerato? (Sheba setshwantsho se qalong.)

KAROLO e nngwe ya pontsho eo Jesu a faneng ka yona mabapi le “qetello ya tsamaiso ya dintho”, e ne e le hore “lerato la ba bangata le [ne le] tla fola.” (Mat. 24:3, 12) Mehleng ya baapostola, Bajuda, ba neng ba ipolela hore ke batho ba Modimo, ba ile ba dumella lerato la bona ho Modimo hore le fole.

2 Ka lehlakoreng le leng, Bakreste ba bangata ba ne ba phathahane ka ho “bolela ditaba tse molemo mabapi le Kreste” mme ba bontsha hore ba rata Modimo, Bakreste mmoho le bona esita le batho bao e neng e se Bakreste. (Lik. 2:44-47; 5:42) Leha ho le jwalo, ba bang ba balatedi ba Jesu ba nakong eo ba ile ba dumella lerato la bona ho fola.

3. E ka nna yaba keng e ileng ya etsa hore lerato la Bakreste ba bang le fole?

3 Ha a bua le Bakreste ba neng ba dula Efese, Jesu ya tsositsweng bafung o ile a re: “Ke na le hona kgahlanong le wena, hore o tlohetse lerato leo o neng o e na le lona pele.” (Tšen. 2:4) Ekaba lebaka e ne e le lefe? Ho ka etsahala hore balatedi bao ba Kreste ba ile ba susumetswa ke lefatshe la mehleng eo le neng le tletse boithati. (Baef. 2:2, 3) Jwaloka dibaka tse ngata tsa kajeno, motse wa Efese wa mehleng ya Bibele o ne o tletse boitshwaro bo bobe. E ne e le motse o ruileng oo baahi ba ona ba neng ba phelela maruo, boithabiso le bophelo bo mabothobotho. Ho hlakile hore lerato le ile la pupetswa ke boithati. Ho phaella moo, boitshwaro bo hlephileng le bo ditshila e ne e le koboanela.

4. (a) Ke ka ditsela dife lerato le seng le fodile mehleng ya rona? (b) Ke dikarolong dife tse tharo tseo lerato la rona le ka lekwang ho tsona?

4 Boprofeta ba Jesu bo buang ka ho fela ha lerato bo a phethahala le kajeno. Batho ba bangata kajeno ba ntse ba fellwa ke lerato ho Modimo. Ba dimilione ba mo furalletse mme ho e na le hoo, ba tshepa mekgatlo ya batho hore e rarolle mathata a bona. Ke ka lebaka leo ho batho ba sa rapeleng Jehova, lerato le ntseng le tswela pele ho fola. Ho ntse ho le jwalo, se ileng sa etsahala phuthehong ya Efese se re hopotsa hore le kajeno Bakreste ba nnete ba ne ba tla itebala mme ba dumelle lerato la bona ho fokotseha. Jwale, re tla bua ka dikarolo tse tharo tseo lerato la rona le ka lekwang ho tsona: (1) lerato la rona ho Jehova, (2) lerato la rona ka nnete e ka Bibeleng, (3)  le lerato la rona bakeng sa barababo rona.

LERATO LA RONA HO JEHOVA

5. Ke hobaneng ha re lokela ho rata Modimo?

5 Pele Jesu a lemosa ka hore lerato le ne le tla fola, o ile a bua ka lerato la bohlokwa ka ho fetisisa leo motho a ka le bontshang. O ile a re: “‘O rate Jehova Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle le ka moya wa hao wohle le ka kelello ya hao yohle.’ Ena ke yona taelo e kgolo le ya pele.” (Mat. 22:37, 38) Ka sebele, lerato la rona ho Jehova le re thusa ho mamela ditaelo tsa hae, ho mamella, le ho hloya se sebe. (Bala Pesaleme ya 97:10.) Leha ho le jwalo, Satane le lefatshe la hae ba leka ka hohle ho fokodisa lerato la rona ho Modimo.

6. Phello e bile efe ha batho ba fellwa ke lerato ho Modimo?

6 Lefatshe leo re phelang ho lona le na le pono e fosahetseng ka lerato. Ho e na le hore ba rate Mmopi, batho ke “baithati.” (2 Tim. 3:2) Lefatshe lena le buswang ke Satane le kgothalletsa “takatso ya nama le takatso ya mahlo le pontsho ya mponeng ya mokgwa wa motho wa boiphediso.” (1 Joh. 2:16) Moapostola Pauluse o ile a lemosa Bakreste ka kotsi ya ho kgotsofatsa ditakatso tsa nama, ha a re: “Ho beha kelello nameng ho bolela lefu . . . hobane ho beha kelello nameng ho bolela bora ho Modimo.” (Bar. 8:6, 7) Ka sebele, ba ileng ba phelela ho mathisa maruo le ho kgotsofatsa ditakatso tsa ho kopanela diphathe ba ile ba swetseha mme ba itematsa.—1 Bakor. 6:18; 1 Tim. 6:9, 10.

7. Balatedi ba Kreste ba tobane le dikotsi dife kajeno?

7 Dinaheng tse ding, ditsebi tse dumelang hore Modimo ha a yo, tse reng a ke ke a tsejwa esita le tse dumelang thutong ya ho iphetola ha dintho, di lekile ho fedisa lerato la batho ho Modimo esita le ho bolaya tumelo ya bona ho yena. Di entse hore ba bangata ba nahane hore ho dumela ho Mmopi ke ntho e se nang kelello. Kaha batho ba hlompha borasaense haholo, ho bile bonolo ho etsa hore ba fetohele Mmopi wa rona. (Bar. 1:25) Haeba re ka mamela dithuto tse jwalo, re ka qala ho suthela hole le Jehova mme lerato la rona la fola.—Baheb. 3:12.

8. (a) Bahlanka ba Jehova ba bangata ba tobana le maemo afe a nyahamisang? (b) Ke kgodiseho efe eo re e fumanang ho Pesaleme ya 136?

8 Ho nyahama le hona ho ka fokodisa tumelo ya rona mme ha etsa hore lerato la rona ho Modimo le fole. Tsamaisong ena e kgopo e laolwang ke Satane, bohle re na le ho tobana le maemo a nyahamisang. (1 Joh. 5:19) Mohlomong re tobane le maemo a tliswang ke botsofadi, ho kula, kapa mathata a ditjhelete. Kapa mohlomong re lwantshana le maikutlo a ho inyatsa, ho swetseha kapa mefokolo e meng ya botho. Empa, le ka mohla ha re a lokela ho dumella maikutlo le maemo a jwalo ho etsa hore re dumele hore Jehova o re lahlile. Ho e na le hoo, re lokela ho nahanisisa ka mantswe a re tiisetsang hore Jehova o a re rata. Re fumana mantswe a jwalo ho Pesaleme ya 136:23, e reng: “[Modimo o ile a re] hopola boemong ba rona bo tlaase, etswe mosa wa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetswang.” Ruri, lerato la Jehova ho bahlanka ba hae ha le fele. Kahoo, re ka kgodiseha hore o utlwa ‘dikopo tsa rona tse tiileng’ le hore o a di araba.—Pes. 116:1; 136:24-26.

9. Pauluse o ile a matlafatswa keng ho dula a rata Modimo?

9 Jwaloka mopesaleme, Pauluse o ile a fumana matla ha a nahana ka tshehetso eo Jehova a fanang ka yona. Pauluse o ile a ngola: “Jehova ke mothusi wa ka; nke ke ka tshaba. Motho a ka nketsang?” (Baheb. 13:6) Kgodiseho eo e tiileng ka lerato la Jehova, e ile ya thusa Pauluse ho tobana le maemo a boima bophelong ba hae. Ha a ka a dumella maemo a sa thabiseng ho mo nyahamisa. Ha e le hantle, ka nako eo e ntseng e le motshwaruwa, Pauluse o ile a ngola mangolo a mmalwa a kgothatsang. (Baef. 4:1; Bafil. 1:7; Filem. 1) E, Pauluse o ile a boloka lerato la hae ho Modimo le phela esita le dinakong tseo tse boima. O ile a matlafatswa keng ho etsa seo? O ile a itshetleha ka “Modimo wa matshediso ohle, ya re tshedisang matshwenyehong ohle a rona.” (2 Bakor. 1:3, 4) Re ka etsisa mohlala wa Pauluse jwang mme ra boloka lerato la rona ho Jehova le le matla?

Rata Jehova (Sheba serapa sa 10)

10. Re ka etsang ho boloka lerato la rona ho Jehova le le matla?

10 Pauluse o ile a bua ka e nngwe ya dintho tse ka re thusang ho matlafatsa lerato la rona ho Jehova. O ile a ngolla badumedi mmoho le yena, a re: “Rapelang le sa phetse.” Hamorao o ile a ngola, a re: “Phehellang thapelong.” (1 Bathes. 5:17; Bar. 12:12) Ho buisana le Modimo ka thapelo ke tsela e ka sehloohong ya ho ba le kamano e haufi le yena. (Pes. 86:3) Ha re ipha nako ya ho bolella Jehova menahano le maikutlo a rona a tebileng, ha ho pelaelo hore re tla atamelana le Ntate wa rona ya lehodimong, etswe ke “Ya Utlwang thapelo.” (Pes. 65:2) Ho feta moo, ha re bona kamoo Jehova a arabang dithapelo tsa rona kateng, lerato la rona ho yena le a hola. Ka hona, re kgodiseha e le ruri hore “Jehova o haufi le bohle ba ipiletsang ho yena.” (Pes. 145:18) Kgodiseho eo e tla re thusa ho shebana ka katleho le maemo a ka nnang a leka tumelo ya rona.

RATA NNETE E KA BIBELENG

11, 12. Re ka etsang e le hore re rate nnete ya Bibele le ho feta?

11 Jwaloka Bakreste, re rata nnete. Lentswe la Modimo ke mohlodi o phahameng wa nnete. Ha a bua le Ntate wa hae thapelong, Jesu o ile a re: “Lentswe la hao ke nnete.” (Joh. 17:17) Kahoo, e le hore motho a rate nnete o lokela ho qala ka ho fumana tsebo e nepahetseng pele ka Lentswe la Modimo. (Bakol. 1:10) Leha ho le jwalo, sena ha se bolele ho ba le tsebo feela ka ntho e itseng. Hlokomela kamoo mongodi wa Pesaleme ya 119 a re thusang kateng ho utlwisisa se bolelwang ke ho rata nnete e ka Bibeleng. (Bala Pesaleme ya 119:97-100.) Na re ipha nako ya ho nahanisisa ka Mangolo? Re tla ananela nnete ya Bibele le ho feta haeba re nahanisisa ka tsela eo re ka e sebedisang ka yona bophelong.

12 Mopesaleme o ile a tswela pele ka hore: “Dipolelo tsa hao e bile tse thellang hakaakang mahalapeng a ka, ho feta mahe a dinotshi molomong wa ka!” (Pes. 119:103) Ka tsela ya tshwantshetso, le rona re ka latswa dijo tsa moya tse hlabosang tse theilweng Bibeleng tseo re di fuwang ke mokgatlo wa Modimo. Ha dijo tsena di le mahalapeng a rona a tshwantshetso, re tla kgona ho hopola “mantswe a thabisang” a nnete mme re a sebedise ho thusa ba bang.—Moek. 12:10.

13. Keng e ileng ya thusa Jeremia ho rata nnete e ka Mangolong, hona nnete eo e ile ya mo ama jwang?

13 Moprofeta Jeremia o ne a rata nnete e ka Mangolong. Hlokomela phello eo mantswe a Modimo a ileng a ba le yona pelong ya hae. O ile a re: “Mantswe a hao a ile a fumanwa, yaba kea a ja; mme lentswe la hao ho nna e ba thabo e kgaphatsehang le ho nyakalla ha pelo ya ka; etswe ke nnile ka bitswa ka lebitso la hao, Jehova Modimo wa mabotho.” (Jer. 15:16) Ka tsela ya tshwantshetso, Jeremia o ile a ja mme a sila mantswe a Modimo ka hore a thuise kapa a nahanisise ka ona. Ka tsela eo, o ile a kgona ho bontsha kananelo e tswang botebong ba pelo ka tlotla ya ho bitswa ka lebitso la Modimo. Na re rata nnete e ka Bibeleng hoo e re susumelletsang ho ananela tlotla e ikgethang ya ho bitswa ka lebitso la Modimo le ho bolela ka Mmuso wa hae nakong ee ya bofelo?

Rata Bibele (Sheba serapa sa 14)

14. Re ka etsang e le hore re rate nnete e ka Bibeleng haholwanyane?

14 Ntle le ho bala Bibele le dingolwa tsa rona tse theilweng Bibeleng, re ka thuswa keng hape ho tebisa lerato la rona bakeng sa nnete ya Bibele? Re ka rata nnete e ka Bibeleng haholwanyane ka ho ya dibokeng kamehla. Thuto ya Bibele ya beke le beke ho sebediswa Tora ya ho Lebela ke tsela e ka sehloohong eo re rutwang ka yona. E le hore re utlwisise taba e tshohlwang beke ka nngwe Thutong ya Tora ya ho Lebela, re lokela ho lokisetsa hantle. Re ka etsa seo ka ho sheba ditemana tsohle tsa Bibele tse hlahang thutong ka nngwe. Morao tjena Tora ya ho Lebela e ya fumaneha websaeteng ya jw.org/jw-ssa esita le ho app ya JW Library ka dipuo tse ngata. Mefuta e meng ya elektronike ya dingolwa tsena e re dumella ho fumana ditemana tsa Bibele kapele. Ho sa tsotellehe hore na re sebedisa mofuta ofe wa sengolwa, ho bohlokwa hore re bale Mangolo ka hloko mme re nahanisise ka ona e le hore re tebise lerato la rona ka nnete e ka Bibeleng.—Bala Pesaleme ya 1:2.

LERATO BAKENG SA BARABABO RONA

15, 16. (a) Ho ya ka Johanne 13:34, 35, re tlamehile ho etsang? (b)  Tsela eo re ratang Jehova le barababo rona ka yona e amana jwang le lerato la rona ka Bibele?

15 Bosiung ba hae ba ho qetela lefatsheng, Jesu o ile a re ho barutuwa ba hae: “Ke le fa taelo e ntjha, hore le ratane; le lona le ratane feela jwalokaha ke le ratile. Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuwa ba ka, haeba le e na le lerato hara lona.”—Joh. 13:34, 35.

16 Ho rata barababo rona ho amana haufi le ho rata Jehova. Ha e le hantle, re ke ke ra rata Jehova empa re sa rate barababo rona. Moapostola Johanne o ile a ngola, a re: “Ya sa rateng morabo, eo a mo boneng, a ke ke a rata Modimo, eo a e so mo bone.” (1 Joh. 4:20) Ho feta moo, tsela eo re ratang Jehova le barababo rona ka yona e amana le lerato la rona ka Bibele. Hobaneng? Hobane ke haeba re rata Bibele re tlang ho mamela taelo ya yona ya hore re rate Jehova le barababo rona.—1 Pet. 1:22; 1 Joh. 4:21.

Rata bara le baradibabo rona (Sheba serapa sa 17)

17. Ke ka ditsela dife re ka bontshang hore re rata batho ba bang?

17 Bala 1 Bathesalonika 4:9, 10. Ke mehlala efe ya dintho tseo re ka di etsang phuthehong yabo rona ho bontsha hore re rata batho ba bang? E ka nna yaba Mokreste mmoho le rona o hloka koloi e ka mo isang dibokeng. Mohlomong moradiwabo rona wa mohlolohadi o hloka motho ya ka mo thusng ho lokisa dintho tse robehileng lapeng la hae. (Jak. 1:27) Ho sa tsotellehe hore na ba hodile hakae, bara le baradibabo rona ba tepelletseng maikutlo ba hloka nako, kgothatso le matshediso a rona. (Liprov. 12:25; Bakol. 4:11) Re fana ka bopaki ba hore re feela re rata “ba amanang le rona tumelong” ha re kgothatsa barababo rona le ho ba thusa ka tsela ya sebele nakong ya mathata.—Bagal. 6:10.

18. Keng se ka re thusang ho rarolla diqabang tse ka nnang tsa hlaha pakeng tsa rona le badumedi mmoho?

18 Bibele e ile ya bolela esale pele hore batho e ne e tla ba baithati le ho ba ba meharo “matsatsing a ho qetela” a lefatshe la Satane. (2 Tim. 3:1, 2) Empa rona Bakreste, re lokela ho sebetsa ka thata ho hodisa lerato la rona ho Jehova, ho Bakreste mmoho le rona esita le ho rata nnete e ka Bibeleng. Ke nnete hore ka dinako tse ding re ka nna ra se dumellane le badumedi mmoho le rona dinthong tse itseng tse sa reng letho. Empa re thaba hakakaang ha bohle ka phuthehong ba susumetswa ke lerato hore ba rarolle diqabang dife kapa dife tse ka nnang tsa hlaha! (Baef. 4:32; Bakol. 3:14) Kahoo, e se eka le ka mohla re ka se dumelle lerato la rona ho fola! Ho e na le hoo, e se eka re ka tswela pele ho rata Jehova ho tloha pelong, re rate Lentswe la hae, esita le ho rata barababo rona.