Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Na U Nthata ho Feta Tsee?”

“Na U Nthata ho Feta Tsee?”

“Simone mora oa Johanne, na u nthata ho feta tsee?”—JOH. 21:15.

LIPINA: 128, 45

1, 2. Ke’ng eo Petrose a ileng a ithuta eona ka mor’a ho qeta bosiu bohle a tšoasa litlhapi?

BARUTUOA ba Jesu ba supileng ba ile ba qeta bosiu kaofela ba ntse ba tšoasa litlhapi. Empa bosiu bo ile ba e-sa ba sa tšoasa leha e se e le ’ngoe. Ha e e-ba hoseng, Jesu a ema lebopong la leoatle a ba shebella. Eaba o re ho bona: “‘Lahlelang letlooa ka lehlakoreng le letona la sekepe ’me le tla li fumana.’ Joale ba le lahlela, empa ba se ke ba hlola ba khona ho le hula ka lebaka la litlhapi tse ngata haholo.”—Joh. 21:1-6.

2 Ka mor’a moo, o ile a ba ngoathela eaba o re ho Simone Petrose: “Simone mora oa Johanne, na u nthata ho feta tsee?” Hantle-ntle Jesu o ne a bua ka’ng? Petrose o ne a rata mosebetsi oa ho tšoasa litlhapi haholo. Kahoo, Jesu o ne a botsa Petrose hore na o rata mosebetsi oa ho tšoasa litlhapi ho mo feta. Petrose o ile a mo araba a re: “E, Morena, ua tseba hore kea u rata.” (Joh. 21:15) Petrose o ile a fela a bontša hore o rata Jesu. Ho tloha ka nako eo, o ile a phathahana ka ho bolela litaba tse molemo, ’me a thusa phutheho ea Bokreste haholo mehleng ea hae.

3. Ke’ng eo Bakreste ba lokelang ho e ela hloko?

3 Re ka ithuta’ng potsong eo Jesu a ileng a e botsa Petrose? Re lokela ho ba seli hore lerato leo re ratang Kreste ka lona le se ke la fokotseha eaba re sitoa ho batla ’Muso pele. Jesu o ne a tseba hore re tla hlaheloa ke mathata a mangata. O ile a re ba bang ba tla mamela “lentsoe la ’muso” empa “matšoenyeho a tsamaiso ena ea lintho le matla a thetsang a maruo” a tla “bipetsa lentsoe.” (Mat. 13:19-22; Mar. 4:19) Kahoo, haeba re se hlokolosi, kamano ea rona le Jehova e ka fokola hobane re lula re nahana ka mathata ao re nang le ’ona. Ka lebaka leo, Jesu o ile a lemosa barutuoa ba hae a re: “Ikeleng hloko hore le ka mohla lipelo tsa lōna li se ke tsa imeloa ke ho ja ho tlōla le ho noa haholo le matšoenyeho a bophelo.”—Luka 21:34.

4. Ke’ng e ka re thusang ho bona hore na ehlile re rata Kreste? (Sheba setšoantšo se qalong.)

4 Re ka bontša hore re rata Kreste ka ho etsa hore mosebetsi oo a re fileng oona o tle pele bophelong ba rona joalokaha Petrose a ile a etsa. Ke’ng e ka re thusang ho etsa hore mosebetsi oo o tle pele bophelong ba rona? Re lokela ho lula re ipotsa: ‘Ke’ng eo ke e ratang haholo? Na ke thaba haholo ha ke sebeletsa Jehova kapa ke thaba ha ke etsa lintho tse ling?’ Mothating ona, a re hlahlobeng lintho tse tharo tse ka etsang hore lerato la rona ho Kreste le fokole haeba re phathahane ka tsona, e leng mosebetsi, boikhathollo le maruo.

E-BA LE MAIKUTLO A NEPAHETSENG KA MOSEBETSI

5. Bo-ntate ba na le boikarabelo bofe?

5 Petrose o ne a sa tšoase litlhapi hore feela a itlose bolutu, empa e ne e le mosebetsi oa hae. Bo-ntate ba nang le malapa baa tseba hore ke boikarabelo ba bona ho hlokomela ba malapa a bona ka lintho tseo ba li hlokang. (1 Tim. 5:8) Ba lokela ho sebetsa ka thata ho etsa joalo. Leha ho le joalo, mehleng ena mosebetsi o ka etsa hore re imeloe kelellong.

6. Ke joang mosebetsi o ka etsa hore re imeloe kelellong?

6 Kaha mesebetsi ha e eo, ba seng ba ntse ba e-na le eona ba sebetsa lihora tse ngata le hoja ka linako tse ling ba pataloa hanyane. Likhoebong tse ngata basebetsi baa fokola ka palo, empa ba fuoa mosebetsi o mongata haholo. Kahoo, basebetsi ba ka iphumana ba khathetse ba bile ba kula. Haeba ba sa batle ho sebetsa ka thata joalo, ba ka felloa ke mosebetsi.

7, 8. (a) Ke mang eo re lokelang ho lula re mo tšepahalla? (b) Mor’abo rona e mong oa Thailand o ile a ithuta’ng ka mosebetsi oa hae?

7 Re lokela ho lula re tšepahalla Jehova Molimo, eseng motho ea re hirileng. (Luka 10:27) Ha re sebetsa, re ka khona ho fumana lintho tseo re li hlokang ho phela ’me re sebeletse Jehova. Empa haeba re se hlokolosi, mosebetsi o ka re sitisa ho sebeletsa Jehova. Ka mohlala, mor’abo rona e mong oa Thailand o re: “Ke ne ke etsa mosebetsi oa ho lokisa lik’homphieutha ’me e ne e le mosebetsi o monate. Empa ke ne ke qeta nako e ngata mosebetsing hoo ke neng ke se na nako ea ho sebeletsa Jehova. Qetellong ke ile ka bona hore ke lokela ho fetola tsela eo ke etsang lintho ka eona e le hore mosebetsi oa Jehova o tle pele bophelong ba ka.” Mor’abo rona eo o ile a etsang?   

8 O re: “Ka mor’a selemo ke ile ka qalella ho rekisa ice cream seterateng. Qalong ke ile ka hula ka thata licheleteng ’me ka utloa ke batla ho tlohela khoebo eo. Batho bao ke neng ke sebetsa le bona ba ne ba ntšeha, ba mpotsa hore na hobane’ng ha ke ne ke nahana hore ho rekisa ice cream ho molemo ho feta ho lokisa lik’homphieutha. Ke ile ka rapela Jehova, ka mo kopa hore a nthuse ho mamella le ho nthusa hore ke be le nako e ngata ea ho mo sebeletsa. Ho e-s’o ee kae, lintho li ile tsa loka. Ke ile ka ithuta hore na bareki ba ka ba rata ice cream e joang ’me ka ithuta ho etsa ice cream e monate. Ka mor’a nakoana, ice cream eo ke neng ke e rekisa e ne e rekoa kaofela letsatsi le letsatsi. Ha e le hantle, ke ne ke fumana chelete e ngata ho feta ha ke ne ke lokisa lik’homphieutha. Ke thabile haholo hobane hona joale ha ke sa imeloa kelellong joaloka ha ke ne ke lokisa lik’homphieutha. Ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore ke na le kamano e ntle le Jehova.”—Bala Matheu 5:3, 6.

9. Ke’ng e ka re thusang ho ba le maikutlo a nepahetseng ka mosebetsi oa boipheliso?

9 Jehova oa thaba ha re sebetsa ka thata, ebile ho sebetsa ka thata hoa khotsofatsa. (Liprov. 12:14) Leha ho le joalo, re ithutile mohlaleng oa mor’abo rona enoa oa Thailand hore mosebetsi ha oa lokela ho tla pele bophelong ba rona. Jesu o ile a re: “Joale, le ’ne le batle ’muso pele le ho loka ha hae, ’me lintho tsena tse ling tsohle le tla li ekeletsoa.” (Mat. 6:33) E le hore re bone hore na re batla ’Muso pele, re ka ipotsa: ‘Na ke natefeloa ke ho etsa mosebetsi oa boipheliso ho feta ho sebeletsa Jehova?’ Ho nahanisisa ka potso ena ho ka re thusa ho bona hore na ke’ng e tlang pele bophelong ba rona.

10. Jesu o ile a ruta Maretha thuto efe ea bohlokoa?

10 Jesu o re rutile hore na ke’ng e lokelang ho tla pele bophelong ba rona. Ka letsatsi le leng, Jesu o ile a chakela Maria le Maretha. Ha Maretha a ntse a phathahane ka ho lokisa lijo, Maria o ne a lutse fatše a mametse Jesu. Maretha o ile a korotla ka hore Maria ha a mo thuse. Empa Jesu a re ho eena: “Maria o khethile karolo e ntle, ’me a ke ke a e amohuoa.” (Luka 10:38-42) Jesu o ne a ruta Maretha thuto ea bohlokoa ea hore ho sebeletsa Jehova ho lokela ho tla pele bophelong ba rona ’me re se ke ra sitisoa ho rata Kreste ke mosebetsi oa boipheliso.

E-BA LE MAIKUTLO A NEPAHETSENG KA BOITHABISO LE BOIKHATHOLLO

11. Bibele e re’ng ka ho phomola?

11 Le hoja re lula re phathahane, re lokela ho phomola le ho ikhatholla. Bibele e re: “Ho motho ha ho letho le molemo ho feta hore a je ’me ka sebele a noe le ho etsa hore moea oa hae o bone se molemo ka lebaka la mosebetsi oa hae o boima.” (Moek. 2:24) Jesu le eena o ne a phomola ka linako tse ling. Ka letsatsi le leng ka mor’a hore Jesu le barutuoa ba hae ba tsoe letšolo ba bolela litaba tse molemo, o ile a re ho bona: “Tloong boinotšing sebakeng se ka thōko ’me le phomole hanyenyane.”—Mar. 6:31, 32.

12. Ke hobane’ng ha re lokela ho ba hlokolosi ha re ithabisa? Etsa mohlala.

12 Ho bohlokoa hore re ithabise. Leha ho le joalo, ho ka ba kotsi ho qeta nako e ngata haholo re ithabisa. Mehleng ea Bakreste ba khale, batho ba bangata ba ne ba re: “A re jeng ’me re noeng, etsoe hosasane re tla shoa.” (1 Bakor. 15:32) Le mehleng ena batho ba bangata ba joalo. Ka mohlala, lilemo tse seng kae tse fetileng mocha e mong oa Europe o ile a qalella ho ea libokeng. Empa o ne a rata ho ithabisa haholo hoo a ileng a ba a khaotsa ho ea libokeng. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e ea, o ile a hlokomela hore ho ithabisa ho tlola ho mo baketse mathata feela. Kahoo o ile a tsoela pele ho ithuta Bibele ’me hamorao ea e-ba mohoeletsi. Ka mor’a hore a kolobetsoe, o ile a re: “Ke ikoahlaela hore ebe ke ile ka senya nako e ngata hakana pele nka bona hore ho sebeletsa Jehova ke eona feela ntho e thabisang le ho feta boithabiso ba lefatše.”

13. (a) Ho ithabisa ho ka ba kotsi joang? Etsa mohlala. (b)  Ke’ng e ka re thusang ho bona hore na re qeta nako e kae re ithabisa?

13 Ho ithabisa ho ka re thusa ho khatholoha. Empa re lokela ho qeta nako e kae re ithabisa? Nahana ka mohlala ona: le hoja re rata ho ja lijo tse tsoekere ka linako tse ling, rea tseba hore haeba re lula re li ja re ka kula. Ka lebaka leo, re ja lijo tse nang le phepo hangata. Ka ho tšoanang, haeba re qeta boholo ba nako ea rona re ithabisa, kamano ea rona le Jehova e ka fokola. Kahoo, re lokela ho qeta nako e ngata re sebeletsa Jehova e le hore kamano ea rona le eena e se ke ea fokola. Ke’ng e ka re thusang ho bona hore na re qeta nako e kae re ithabisa? Re ka ngola lihora tseo re li qetang ka beke re ithuta Bibele re le bang kapa borapeling ba lelapa, re le tšimong le libokeng, ebe re li bapisa le lihora tseo re li qetang ka beke re bapala lipapali tse itseng, re shebella thelevishene kapa re etsa lintho tse ling. Ke lihora life tse ngata ho feta tse ling? Na re lokela ho fokotsa nako eo re e qetang re ithabisa?—Bala Baefese 5:15, 16.

14. Ke’ng e ka re thusang ho khetha boithabiso ka bohlale?

14 Re ka khetha ho ithabisa ka tsela efe kapa efe hafeela tsela eo re ithabisang ka eona e se khahlanong le melao-motheo ea Jehova e ka Bibeleng. * Boithabiso “ke mpho ea Molimo.” (Moek. 3:12, 13) Ke ’nete hore litsela tseo re khethang ho ithabisa ka tsona li ka fapana. (Bagal. 6:4, 5) Empa ho sa tsotellehe hore na re khetha ho ithabisa joang, re lokela ho lekanyetsa nako eo re e qetang re ithabisa. Jesu o ile a re: “Moo letlotlo la hao le leng teng, le pelo ea hao e tla ba hona teng.” (Mat. 6:21) Kahoo, ha re rata Jesu ho tsoa pelong, re tla qeta nako e ngata re sebeletsa Jehova ho feta ho qeta nako e ngata re etsa lintho tse ling.—Bafil. 1:9, 10.

E-BA LE MAIKUTLO A NEPAHETSENG KA MARUO

15, 16. (a) Ho rata maruo ho ka ba kotsi joang? (b) Jesu o ile a re’ng ka maruo?

15 Batho ba bangata ba hlanyetsa lisebelisoa tsa elektronike tsa morao-rao, liphahlo tsa feshene tsa morao-rao le lintho tse ling. Kahoo, kaofela ha rona re lokela ho lula re ipotsa: ‘Na ke qeta nako e ngata ke batla maruo ke bile ke nahana ka ’ona hoo ke qetellang ke se na nako ea ho lokisetsa liboka? Na ke phathahane ka mesebetsi ea ka ea letsatsi le letsatsi hoo ke qetang nako e nyenyane ke rapela le ho ithuta Bibele?’ Haeba re hlokomela hore re se re rata maruo ho feta ho rata Kreste, re lokela ho hopola mantsoe ana a Jesu: “Le itebele khahlanong le ho chacheha ka mohono ha mofuta o mong le o mong.” (Luka 12:15) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a cho joalo?

16 Hobane ho ke ke ha khoneha hore re qete nako e ngata re sebeletsa Jehova re bile re ntse re batla maruo. Jesu o ile a re: “Ha ho eo e ka bang lekhoba la benghali ba babeli; kaha o tla hloea e mong ’me a rate e mong, kapa o tla khomarela e mong ’me a nyelise e mong. Le ke ke la ba makhoba a Molimo le a Maruo.” (Mat. 6:24) Kaha ha rea phethahala, re lokela ho lula re loanela ho hlola “litakatso tsa nama ea rōna,” ho akarelletsa le maruo.—Baef. 2:3.

17. (a) Ke hobane’ng ha batho ba ratang maruo ba sitoa ho ba le maikutlo a nepahetseng ka ’ona? (b) Ke’ng e tla re thusa ho hlola takatso ea ho ba le maruo?

17 Batho ba bangata ba sehlela ho ba le maruo hoo qetellong ba sitoang ho ba le maikutlo a nepahetseng ka ’ona. Hobane’ng? Hobane ha ba na kamano e ntle le Jehova. (Bala 1 Bakorinthe 2:14.) Ka lebaka leo, ho thata hore ba lemohe se nepahetseng le se fosahetseng. (Baheb. 5:11-14) Ba lula ba batla maruo. Empa leha ba se ba a fumane, ha ba a khotsofalle ’me ba tsoela pele ho batla a eketsehileng. (Moek. 5:10) Ho na le ntho eo re ka e etsang ho qoba mokhoa ona o kotsi. Letsatsi le letsatsi re lokela ho ithuta Bibele ’me re thuise ka lintho tseo re ithutileng tsona. (1 Pet. 2:2) Kaha Jesu o ne a thuisa ka lintho tseo a ithutileng tsona ho Jehova, o ile a atleha ho hlola liteko. Kahoo, haeba re thuisa le ho kenya tšebetsong lintho tseo re ithutileng tsona Bibeleng, re tla atleha ho hlola takatso ea ho ba le maruo. (Mat. 4:8-10) Ha re etsa joalo, re tla bontša hore re rata Jesu ho feta ho rata maruo.

Ke lintho life tseo e leng tsa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hao? (Sheba serapa sa 18)

18. U ikemiselitse ho etsa’ng?

18 Ha Jesu a ne a re ho Petrose: “Na u nthata ho feta tsee?” o ne a mo hopotsa hore o lokela ho etsa hore ho sebeletsa Jehova ho tle pele bophelong ba hae. Petrose, eo lebitso la hae le bolelang “Lefika”, o ile a fela a etsa joalo. (Lik 4:5-20) Ka ho tšoanang, le rona re batla ho tsoela pele re bontša hore re rata Kreste ka hore re be le maikutlo a nepahetseng ka mosebetsi, boithabiso le maruo. Ha re etsa joalo, ho tla tšoana leha eka re re ho Jesu: “Morena, ua tseba hore kea u rata.”

^ ser. 14 Sheba sehlooho se reng “Na Boithabiso ba Hao bo U Tsoela Molemo?” se hlahang ho Molula-Qhooa oa October 15, 2011, maq. 9-12, lir. 6-15.