Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Na o Nthata ho Feta Tsee?”

“Na o Nthata ho Feta Tsee?”

“Simone mora wa Johanne, na o nthata ho feta tsee?”JOH. 21:15.

DIPINA: 128, 45

1, 2. Kamora hore Petrose a qete bosiu bohle a tshwasa ditlhapi, keng se ileng sa mo etsahalla?

BARUTUWA ba supileng ba Jesu ba ne ba qetile bosiu bohle ba tshwasa ditlhapi Lewatleng la Galilea, empa ha ba a ka ba fumana le e le nngwe feela. Jesu ya neng a tsositswe bafung, o ne a ba shebile a le lebopong. Jesu o ile a re ho bona: “‘Lahlelang letlowa ka lehlakoreng le letona la sekepe mme le tla di fumana.’ Jwale ba le lahlela, empa ba se ke ba hlola ba kgona ho le hula ka lebaka la ditlhapi tse ngata haholo.”—Joh. 21:1-6.

2 Ka mora ho ba fa se jewang, Jesu a re ho Simone Petrose: “Simone mora wa Johanne, na o nthata ho feta tsee?” Ha e le hantle Jesu o ne a bolelang? Kaha Petrose o ne a rata ho tshwasa ditlhapi, ho bonahala Jesu a ne a batla ho tseba hore na ha e le hantle keng eo a e ratang haholo. Na o ne a rata kgwebo ya ho tshwasa ditlhapi ho feta kamoo a ratang Jesu le seo a se rutang? Petrose o ile a araba ka ho re: “E, Morena, o a tseba hore ke a o rata.” (Joh. 21:15) Ha a ka a bua ka molomo feela! Ho tloha ka nako eo ho ya pele, o ile a bontsha hore o rata Kreste ka hore a phathahane ka ho etsa barutuwa le ho matlafatsa Bakreste ba mehleng eo.

3. Ke dikotsi dife tseo Bakreste ba lokelang ho di lemoha?

3 Re ithutang mantsweng ao Jesu a ileng a a bua ho Petrose? Re ithuta hore re tlameha ho dula re hopola hore na keng e lokelang ho tla pele bophelong ba rona. Jesu o ne a tseba hantle hore ka dinako tse ding bophelo bo ka ba thata. Kahoo, ha a etsa papiso ya mojadi, o ile a re ba bang ba tla amohela “lentswe la mmuso” mme ba nke kgato empa “matshwenyeho a tsamaiso ena ya dintho le matla a thetsang a maruo” a tla “bipetsa lentswe.” (Mat. 13:19-22; Mar. 4:19) Kannete haeba re sa hlokomele, mathata a letsatsi le letsatsi a ka fokodisa kamano ya rona le Modimo. Ke kahoo Jesu a ileng a lemosa barutuwa ba hae a re: “Ikeleng hloko hore le ka mohla dipelo tsa lona di se ke tsa imelwa ke ho ja ho tlola le ho nwa haholo le matshwenyeho a bophelo.”—Luka 21:34.

4. Re ka itlhahloba jwang hore re bone hore na re rata Jesu? (Sheba setshwantsho se qalong.)

4 Jwaloka Petrose, le rona re lokela ho etsa hore mosebetsi oo Jesu a re fileng ona o tle pele bophelong ba rona. Re ka etsa seo jwang? Re ka etsa sena ka ho ipotsa dipotso tse kang tsena: ‘Ha e le hantle keng eo ke e ratang? Na ke thabiswa ke dintho tse ding kapa ho sebeletsa Jehova?’ Ha re ke re hlahlobeng hore na re ka etsa jwang hore dintho tse kang mosebetsi wa boiphediso, boithabiso le dintho tse bonahalang di se ke tsa fokodisa lerato la rona ho Kreste.

MOSEBETSI O SE KE WA RE SITISA HO SEBELETSA JEHOVA

5. Mangolo a re dihlooho tsa malapa di na le boikarabelo bofe?

5 Ho tjheha ditlhapi e ne e se ntho eo Petrose a neng a e etsa ho intsha bodutu, empa e ne e le tsela ya hae ya ho iphedisa. Kajeno dihlooho tsa malapa di a tseba hore Mangolo a re ba lokela ho hlokomela malapa a bona nameng. (1 Tim. 5:8) E le hore ba etse seo, ba lokela ho sebetsa ka thata. Leha ho le jwalo, matsatsing a na a ho qetela, mosebetsi wa boiphediso o re tlisetsa matshwenyeho.

6. Ke mathata afe ao batho ba tobanang le ona kajeno?

6 Ka lebaka la ho sokoleha ha mesebetsi, batho ba bang ba ikutlwa ba tlameha ho qeta dihora tse eketsehileng mosebetsing le hoja ba patalwa tjhelete e nyane hobane feela ba sa batle ho tebelwa. Bothata bo bong hape ke hore bahiri ba hira batho ba mmalwa empa mosebetsi o le mongata mme seo se etsa hore basebetsi ba imelwe ke mosebetsi. Batho ba sa batleng ho sebetsa dihora tse eketsehileng ba ipeha kotsing ya ho tebelwa.

7, 8. (a) Ke mang eo re lokelang ho mo tshepahalla? (b) Ke thuto efe ya bohlokwa eo morabo rona ya dulang Thailand a ithutileng yona?

7 Jwaloka Bakreste re lokela ho tshepahalla Jehova Modimo pele, eseng bahiri ba rona. (Luka 10:27) Mosebetsi o re thusa hore re kgone ho ithekela dintho tsa motheo tseo re di hlokang le hore re tshehetse tshebeletso ya rona. Empa haeba re sa hlokomele, mosebetsi o ka re sitisa ho rapela Jehova. Ka mohlala, morabo rona ya dulang Thailand o re: “Ke ne ke rata mosebetsi wa ka wa ho lokisa dikhomphiutha haholo, empa hangata ke ne ke lokela ho sebetsa dihora tse eketsehileng mme seo se ne se etsa hore ke se ke ka ba le nako ya ho matlafatsa kamano ya ka le Modimo. Ke ile ka hlokomela hore e le hore ke batle Mmuso pele, ke lokela ho fetola mosebetsi wa ka.” Morabo rona o ile a etsang?

8 Morabo rona o re: “Ka mora hore ke qete selemo ke ntse ke loha mano, ke ile ka etsa qeto ya ho ya rekisa ice cream seterateng. Qalong kgwebo ena e ne e sa nkenyetse tjhelete e kaalo mme seo se ne se nnyahamisa. Batho bao ke neng ke sebetsa le bona pele ba ne ba ntsheha ha ba kopana le nna, ba mpotsa hore na ke hobaneng ha ke tlohetse mosebetsi wa ho lokisa dikhomphuitha hore feela ke tlo rekisa ice cream letsatsing le tjhesang. Ke ile ka kopa Jehova hore a mphe mamello le hore a nthuse hore ke be le nako e eketsehileng ya ho ntlafatsa kamano ya ka le yena. Kamora nako e seng kae, dintho di ile tsa loka kaha ke ne ke se ke tseba mefuta ya ice cream eo bareki ba ka ba e ratang mme ke se ke kgona ho etsa e monate ka ho fetisisa. Ka lebaka leo ke ne ke kgona ho rekisa ice cream yohle ka letsatsi. Ha e le hantle, hona jwale ke etsa tjhelete e ngata ho feta ha ke ne ke sebetsa ka dikhomphuitha. Ebile ha ke sa tshwenyeha jwaloka pele. Ha bohlokwa le ho feta ke hore ke ikutlwa ke le haufi le Jehova e leng se nthabisang haholo.”—Bala Matheu 5:3, 6.

9. Re ka etsa jwang hore mosebetsi wa rona o se ke wa re sitisa ho sebeletsa Jehova?

9 Ho sebetsa ka thata ke tshobotsi e ntle ebile hoa putsa. (Liprov. 12:14) Leha ho le jwalo, ha re a lokela ho dumella hore mosebetsi wa rona o tle pele ho tshebeletso ya rona ho Jehova. Jesu o ile a re: “Jwale, le nne le batle mmuso pele le ho loka ha hae, mme dintho tsena tse ding tsohle [dintho tseo re di hlokang] le tla di ekeletswa.” (Mat. 6:33) E le hore re itlhahlobe hore mosebetsi wa rona ha se ona o tlang pele ho kamano ya rona le Modimo, re ka ipotsa dipotso tsena: ‘Na ke thabela mosebetsi wa ka ho feta ho sebeletsa Jehova?’ Ho nahanisisa ka dipotso tsena ho ka re thusa hore re bone hore na ha e le hantle keng eo re e ratang haholo.

10. Jesu o ile a ruta thuto efe ya bohlokwa mabapi le dintho tse lokelang ho tla pele bophelong ba rona?

10 Jesu o ile a re ruta hore na keng e lokelang ho tla pele bophelong ba rona. Ka letsatsi le leng ha Jesu a ne a etetse Maria le Maretha, Maretha o ne a phathahane ka ho etsa dijo, empa Maria yena o ile a dula maotong a Jesu mme a mo mamela. Ha Maretha a tletleba ka hore Maria ha a mo thuse, Jesu o ile a re ho yena: “Maria o kgethile karolo e ntle, mme a ke ke a e amohuwa.” (Luka 10:38-42) Jesu o ne a ruta Maretha thuto efe ya bohlokwa? O ne a mo ruta hore ha a lokela ho dumella mosebetsi kapa ntho leha e le efe hore e mo sitise ho bontsha hore o rata Kreste. Ka tsela e tshwanang le rona re lokela ho tswela pele re kgetha “karolo e ntle” ka ho etsa hore kamano ya rona le Jehova e tle pele bophelong ba rona.

PONO YA RONA KA BOITHABISO LE BOIKGATHOLLO

11. Bibele e re rutang ka bohlokwa ba ho phomola?

11 Kaha re sebetsa ka thata mesebetsing, re hloka ho ipha nako ya ho phomola. Lentswe la Modimo le re: “Ho motho ha ho letho le molemo ho feta hore a je mme ka sebele a nwe le ho etsa hore moya wa hae o bone se molemo ka lebaka la mosebetsi wa hae o boima.” (Moek. 2:24) Jesu le yena o ile a hlokomela hore ho phomola ho molemo. Kamora ho sebetsa ka thata tshebeletsong ya boboledi, Jesu o ile a re ho barutuwa ba hae: “Tloong boinotshing sebakeng se ka thoko mme le phomole hanyenyane.”—Mar. 6:31, 32.

12. Keng seo re lokelang ho se ela hloko mabapi le boithabiso? Fana ka mohlala.

12 Ke ha bohlokwa hore re be le nako ya boithabiso. Leha ho le jwalo ho ka ba kotsi ho etsa hore boithabiso bo tle pele bophelong ba rona. Batho ba mehleng ya baapostola ba ne ba tlwaetse hore: “A re jeng mme re nweng, etswe hosasane re tla shwa.” (1 Bakor. 15:32) Le kajeno batho ba bangata ba ikutlwa jwalo. Ka mohlala, dilemong tse fetileng monna e mong ya dulang karolong e ka Bophirimela ba Europe o ile a qala ho ya dibokeng tsa Bokreste. Empa kaha o ne a rata boithabiso haholo, o ile a qetella a se a sa kopanele le batho ba Jehova. Hamorao, o ile a hlokomela hore boithabiso bo mo tlisetsa mathata. Kahoo o ile a boela a ithuta Bibele mme qetellong ya e ba mohweletsi wa ditaba tse molemo. Kamora hore a kolobetswe o ile a re: “Ntho eo ke ikwahlaelang yona ke hore ke ile ka senya nako pele ke hlokomela hore ho sebeletsa Jehova ho tlisetsa motho thabo e ngata ho feta ha a latela boithabiso ba lefatshe lena.”

13. (a) Bontsha hore na boithabiso bo na le dikotsi dife. (b) Re ka thuswa keng hore re se ke ra qeta nako e ngata haholo re ithabisa?

13 Boithabiso bo lokela ho re kgatholla. Kahoo re lokela ho qeta nako e kae re ithabisa? Nahana ka mohlala ona: Bongata ba rona re rata dijo tse tswekere, empa re ka kula haeba re dula re ja tsona feela. Ke kahoo, hangata re jang dijo tse nang le phepo. Ka ho tshwanang, haeba re qeta nako e ngata re ithabisa, seo se ka etsa hore kamano ya rona le Modimo e fokole. E le hore re qobe seo, re lokela ho dula re phathahane ka ho sebeletsa Jehova. Re ka bona jwang hore ha re rate boithabiso ka tsela e feteletseng? Re ka kgetha beke e le nngwe, ebe bekeng eo re ngola dihora tseo re di qetang re etsa dintho tse matlafatsang kamano ya rona le Modimo, tse kang ho ya dibokeng, tshimong le ho etsa borapedi ba lelapa kapa thuto ya botho. Kamora moo, re ka bapisa dihora tseo le tseo re di qetang re etsa dintho tse kang ho bapala bolo kapa papadi e itseng, re shebelletse thelevishene le ho bapala dipapadi tsa video. Ha o bapisa dihora tseo, na o bona ho hlokahala hore o fokotse nako eo o e qetang boithabisong?—Bala Baefese 5:15, 16.

14. Re ka thuswa keng ha re kgetha boithabiso?

14 Jehova o re file bolokolohi ba ho ikgethela boithabiso mme dihlooho tsa malapa di ka kgethela malapa a tsona boithabiso bo bong le bo bong boo ba bo thabelang, ha feela bo se kgahlanong le melaomotheo ya Bibele. * Boithabiso “Ke mpho ya Modimo.” (Moek. 3:12, 13) Ke nnete hore batho ba rata boithabiso bo sa tshwaneng. (Bagal. 6:4, 5) Leha ho le jwalo, ho sa tsotellehe hore na re kgetha boithabiso bofe, ha re a lokela ho ithabisa ka tsela e feteletseng. Jesu o ile a re: “Moo letlotlo la hao le leng teng, le pelo ya hao e tla ba hona teng.” (Mat. 6:21) Kahoo lerato la rona ho Jesu le tla etsa hore seo re se buang, menahano le diketso tsa rona di bontshe hore Mmuso wa Modimo ke wa bohlokwa bophelong ba rona.—Bafil. 1:9, 10.

LWANTSHA TAKATSO YA HO RATA DINTHO TSE BONAHALANG

15, 16. (a) Dintho tse bonahalang di ka fetoha leraba jwang ho Mokreste? (b) Jesu o ile a fana ka temoso efe mabapi le dintho tse bonahalang?

15 Batho ba bangata ba hlanyetsa dintho tsa moraorao tse kang feshene, di sebediswa tsa elektronike le dintho tse ding. Kahoo Mokreste e mong le e mong o lokela ho hlahloba ditakatso tsa hae ka ho ipotsa dipotso tsena: ‘Na ke qeta nako e ngata ke nahana le ho etsa dipatlisiso ka dikoloi tsa moraorao le feshene, ho feta nako eo ke e qetang ke lokisetsa diboka? Na ke dula ke phathahane ka dintho tsa letsatsi le letsatsi hoo ke sallwang ke nako e nyane feela ya ho rapela le ho bala Bibele?’ Haeba re hlokomela hore re se re rata dintho tse bonahalang ho feta Kreste, re lokela ho hopola mantswe a Jesu a reng: “Le itebele kgahlanong le ho tjhatjheha ka mohono ha mofuta o mong le o mong.” (Luka 12:15) Ke hobaneng ha Jesu a ile a fana ka temoso eo ya bohlokwa?

16 Jesu o ile a re: “Ha ho eo e ka bang lekgoba la benghadi ba babedi; kaha o tla hloya e mong mme a rate e mong, kapa o tla kgomarela e mong mme a nyedise e mong. Le ke ke la ba makgoba a Modimo le a Maruo.” (Mat. 6:24) Ke hobaneng ha a ne bua jwalo? Hobane ‘benghadi’ bana ka bobedi ba batla boinehelo bo kgethehileng. Kaha ha re a phethahala, kaofela ha rona re lokela ho lwantsha “ditakatso tsa nama ya rona,” ho akarelletsa le dintho tse bonahalang.—Baef. 2:3.

17. (a) Ke hobaneng ha ho le thata hore batho ba ratang dintho tse bonahalang ba nepisise dintho tsa bohlokwa bophelong? (b) Re ka thuswa keng hore re lwantshe takatso ya dintho tse bonahalang?

17 Batho ba ratang dintho tse bonahalang ba qetella ba se ba sa kgone ho nepisisa dintho tsa bohlokwa bophelong. Hobaneng? Hobane ha ba sa nka kamano ya bona le Modimo e le ya bohlokwa. (Bala 1 Bakorinthe 2:14.) Ha matla a bona a ho lemoha a fokola, ho ba thata le ho feta hore ba kgetholle se nepahetseng le se fosahetseng. (Baheb. 5:11-14) Ka lebaka leo, ba bang ba ba le takatso e sa laoleheng ya dintho tse bonahalang mme ha ho mohla ba tla ke ba kgotsofalle dintho tseo ba nang le tsona. (Moek. 5:10) Ntho e thabisang ke hore Lentswe la Modimo le ka re thusa haeba re le bala kamehla. (1 Pet. 2:2) Jwalokaha ho nahanisisa ka Lentswe la Modimo ho ile ha thusa Jesu hore a hlole diteko, le rona haeba re sebedisa melaomotheo ya Bibele re ka kgona ho lwantsha takatso ya ho rata dintho tse bonahalang. (Mat. 4:8-10) Haeba re etsa jwalo, re tla be re bontsha Jesu hore re mo rata ho feta ntho leha e le efe.

Ke dintho dife tse tlang pele bophelong ba hao? (Sheba serapa sa 18)

18. O ikemiseditse ho etsang?

18 Ha Jesu a ne a re ho Petrose: “Na o nthata ho feta tsee?” o ne a mo hopotsa hore kamano ya hae le Modimo e lokela ho tla pele bophelong ba hae. Petrose, eo lebitso la hae le bolelang “Lefika,” o ile a phelela lebitso la hae e le kannete kaha o ile a ema a sa sisinyehe jwaloka lefika. (Lik. 4:5-20) Le rona kajeno re ema re tiile leratong la rona ho Kreste mme ha re dumelle mosebetsi, boithabiso kapa dintho tse bonahalang hore di tle pele bophelong ba rona. E se e ka diqeto tsa rona di ka bontsha hore re dumellana le Petrose ha a ne a re: “Morena, o a tseba hore ke a o rata.”

^ par. 14 Sheba sehlooho se reng “Na Boithabiso ba Hao bo o Tsoela Molemo?” ho Molula-qhooa wa 15 October 2011, leq. 9-12, ser. 6-15.