Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Rata Matlotlo a Tsoang ho Jehova ka Pelo Eohle

Rata Matlotlo a Tsoang ho Jehova ka Pelo Eohle

“Moo letlotlo la lōna le leng teng, lipelo tsa lōna le tsona li tla ba moo.”—LUKA 12:34.

LIPINA: 153, 104

1, 2. (a) Ke matlotlo afe ao Jehova a re fileng ’ona? (b) Re tl’o hlahloba’ng sehloohong see?

JEHOVA o ruile ho feta motho e mong le e mong.(1 Likron. 29:11, 12) Empa kaha ha a timane, o arolelana le rona matlotlo ao a nang le ’ona. Ke matlotlo a kang (1) molaetsa oa ’Muso oa hae, (2) tlotla ea ho ruta batho ka Bibele le (3) lithuto tsa bohlokoa tse tsoang ka Bibeleng. Empa haeba re se seli, re ka qetella re se re sa rate matlotlo ao a bohlokoa. Kahoo re lokela ho lula re loanela ho bontša hore re rata matlotlo ao. Jesu o ile a re: “Moo letlotlo la lōna le leng teng, lipelo tsa lōna le tsona li tla ba moo.”—Luka 12:34.

2 Re tl’o hlahloba hore na re ka lula re etsa’ng ho bontša hore re rata molaetsa oa ’Muso oa Molimo, mosebetsi oa boboleli le Bibele. Kahoo, leka ho thuisa ka hore na u ka etsa’ng e le hore u rate matlotlo ana haholoanyane.

MOLAETSA OA ’MUSO OA MOLIMO KE OA BOLENG BO PHAHAMENG

3. Mohoebi eo Jesu a ileng a bua ka eena o ile a etsa’ng hore a reke perela eo a neng a e fumane? (Sheba setšoantšo se qalong.)

3 Bala Matheu 13:45, 46. Jesu o ile a bua ka papiso ea mohoebi ea neng a batla liperela tse ntle. Ka letsatsi le leng mohoebi eo o ile a fumana perela ea boleng bo phahameng ho feta liperela tsohle tseo a neng a kile a li rekisa. O ile a rekisa lintho tsohle tseo a neng a e-na le tsona hore a e reke. Na oa hlokomela hore na perela eo e ne e le ea bohlokoa hakae ho eena?

4. Re tla etsa’ng ho bontša hore re rata molaetsa oa ’Muso oa Molimo?

4 Taba ee e re ruta’ng? E re ruta hore molaetsa oa ’Muso oa Molimo o tšoana le perela eo ea boleng bo phahameng. Ha re o rata joalokaha mohoebi a ne a rata perela eo, re tla tela lintho tsohle e le hore re lule re le bafo ba ’Muso oa Molimo. (Bala Mareka 10:28-30.) Ho na le batho ba babeli ba ileng ba etsa joalo.

5. Zakiase o ile a bontša joang hore o rata molaetsa oa ’Muso oa Molimo?

5 Zakiase e ne e le ’mokelli oa lekhetho ea neng a ithuisa ka ho fumana chelete ea batho ba bang ka bomenemene. (Luka 19:1-9) Empa ka mor’a hore a utloe Jesu a ntse a bolella batho ka ’Muso oa Molimo, o ile a hlokomela hore molaetsa oo ke oa bohlokoa haholo. Hamorao hona letsatsing leo, o ile a re ho Jesu: “Bona! Morena, halofo ea lintho tsa ka, ke e fa mafutsana, ’me eng kapa eng eo ke ileng ka e nka ho mang kapa mang ka ho hanyapetsa ka qoso ea bohata ke e busetsa hane.” O ile a tela maruo ’ohle ao a neng a a fumane ka bomenemene a ba a khaotsa ho ba meharo.

6. ’Mè Rose o ile a etsa liphetoho life bophelong ba hae, hona hobane’ng?

6 Lilemong tse seng kae tse fetileng, ’Mè Rose o ile a fumana molaetsa oa ’Muso. Ka nako eo, o ne a ratana le ’mè e mong a bile a li hula nthau mokhatlong o loanelang litokelo tsa batho ba ratanang e le ba bong bo tšoanang. Leha ho le joalo, ha ’Mè Rose a ntse a ithuta Bibele, o ile a hlokomela hore lintho tseo a ithutang tsona ke tsa bohlokoa haholo. A boela a hlokomela hore o lokela ho etsa liphetoho tse kholo bophelong ba hae. (1 Bakor. 6:9, 10) O ile a khaola maqhama le mokhatlo oo a neng a o etella pele a ba a khaotsa ho ratana le ’mè eo a neng a ratana le eena. ’Mè Rose o ile a kolobetsoa ka 2009, eaba e ba pula-maliboho ea kamehla selemong se hlahlamang. O ne a rata Jehova haholo ho feta lintho tseo a neng a li rata.—Mar. 12:29, 30.

7. Re lokela ho etsa’ng e le hore re lule re rata ’Muso oa Molimo?

7 Ke ’nete hore boholo ba rona re entse liphetoho tse kholo ka mor’a ho ithuta Bibele. (Bar. 12:2) Leha ho le joalo, re ntse re lokela ho ba seli hore lerato leo re ratang Jehova ka lona le se ke la fokolisoa ke lintho tseo re li lakatsang, tse kang ho ba le maruo le ho kopanela liphate le bao e seng balekane ba rona. (Liprov. 4:23; Mat. 5:27-29) Ho na le ntho e ’ngoe eo Jehova a reng re e etse e tla re thusa hore re lule re rata ’Muso oa hae.

MOSEBETSI OA BOBOLELI

8. (a) Ke hobane’ng ha moapostola Pauluse a ile a re mosebetsi oa boboleli ke “letlotlo . . . lijaneng tsa letsopa”? (b) Pauluse o ile a etsa’ng ho bontša hore o rata mosebetsi oa boboleli?

8 Jesu o ile a re laela hore re bolelle batho litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. (Mat. 28:19, 20) Moapostola Pauluse o ne a nka mosebetsi oo e le oa bohlokoa. O ile a ba a re mosebetsi oo ke “letlotlo . . . lijaneng tsa letsopa.” (2 Bakor. 4:7; 1 Tim. 1:12) Molaetsa oo re o bolelang o ka thusa batho ba o mamelang hore ba fumane bophelo bo sa feleng. Ka lebaka leo, Pauluse o ile a re: “Ke etsa lintho tsohle ka lebaka la litaba tse molemo, e le hore nka li arolelana le ba bang.” (1 Bakor. 9:23) Pauluse o ne a batla ho etsa sohle seo a ka se khonang hore a bolelle batho ba bangata litaba tse molemo hobane e ne e le mosebetsi oo a o ratang. (Bala Baroma 1:14, 15; 2 Timothea 4:2) Kahoo, esita leha a ne a hlorisoa, o ile a mamella. (1 Bathes. 2:2) Re ka mo etsisa joang?

9. Ke lintho life tseo re ka li etsang ho bontša hore re rata mosebetsi oa boboleli?

9 Pauluse o ne a boela a batla menyetla ea ho buisana le batho ka Bibele ho bontša hore o rata mosebetsi oa boboleli. Re ka etsisa moapostola Pauluse ka hore re buisane le batho ka Bibele re ea ka ntlo le ntlo esita le hohle moo re ka ba fumanang teng. (Lik 5:42; 20:20) Re ka ba ra sebeletsa re le bo-pula-maliboho ba thusang kapa ba kamehla ha ho khoneha. Re ka boela ra ithuta puo e ’ngoe kapa ra fallela sebakeng se seng.—Lik 16:9, 10.

10. Morali’abo rona Irene o ile a hlohonolofatsoa joang ka lebaka la ho sebetsa ka thata mosebetsing oa boboleli?

10 Morali’abo rona Irene o lula Amerika ’me ke lesoha. Ka 1993 o ile a qala ho pakela batho ba falleletseng New York City ba buang Serussia kaha e ne e le ntho eo esale a labalabela ho e etsa. Ka nako eo, bahoeletsi ba buang Serussia ba ne ba le 20 feela. O ile a sebetsa ka thata ka lilemo tse 20 a buisana le batho ba buang Serussia naheng ea habo ka Bibele. Le hoja a ntse a e-s’o tsebe Serussia hantle, Jehova o mo hlohonolofalitse hammoho le bahoeletsi ba bang ba sebelitseng ka thata joaloka eena. Hona joale, New York City ho na le liphutheho tse tšeletseng tsa Serussia. Batho ba leshome le metso e mehlano bao morali’abo rona Irene a ithutileng Bibele le bona ba kolobelitsoe ’me ba bang ba bona ba sebetsa Bethele ha ba bang e le bo-pula-maliboho le baholo. Morali’abo rona Irene o re: “Ha ho letho le ka nthabisang ho feta mosebetsi ’ona.” O ne a hlile a rata mosebetsi oa boboleli.

Na beke le beke u lula u bontša hore u rata mosebetsi oa boboleli?(Sheba lirapa tsa 11, 12)

11. Re fumana molemo ofe ha re bolela litaba tse molemo leha re hlorisoa?

11 Haeba re rata mosebetsi oa boboleli, re tla tsoela pele re bolela litaba tse molemo esita leha re hlorisoa, feela joalokaha moapostola Pauluse a ile a etsa. (Lik 14:19-22) Lilemong tsa bo-1930 le 1940, Bakreste-’moho le rona ba Amerika ba ile ba hlorisoa ka sehloho. Leha ho le joalo, ba ile ba ’na ba bolela litaba tse molemo. ’Muso o ne o leka ho ba thiba o bile o ba isa makhotleng, empa barab’abo rona ba ile ba hlola linyeoe tse ngata. Ka 1943 mor’abo rona Nathan H. Knorr o ile a bua ka e ’ngoe ea linyeoe tseo re ileng ra li hlola Lekhotleng le Phahameng ka ho fetisisa la United States. A re hoja Bakreste-’moho le rona naheng eo ba ile ba khaotsa ho bolela litaba tse molemo, ho ka be ho se na linyeoe tse isoang Lekhotleng le Phahameng. A boela a re Bakreste-’moho le rona ba linaheng tse ling ba se ba lumelletsoe ho bolela litaba tse molemo ka lebaka la linyeoe tseo. Bakreste ba bangata linaheng tse ling le bona ba hlotse linyeoe tse joalo hobane ba ne ba rata mosebetsi oa boboleli.

12. Tabeng ea tšimo, u ikemiselitse ho etsa’ng?

12 Haeba re hlile re rata mosebetsi oa boboleli, re ke ke ra ea tšimong hore feela re be le lihora tse ngata. Empa re tla etsa sohle se matleng a rona “ho pakela ka ho phethahetseng litaba tse molemo.” (Lik 20:24; 2 Tim. 4:5) Ka ho etsa joalo, re tla bontša hore re rata letlotlo leo Jehova a re fileng lona.

LITHUTO TSE NCHA

13, 14. ‘Pokello . . . ea letlotlo’ eo Jesu a buileng ka eona ho Matheu 13:52 ke eng, hona re lokela ho etsa’ng hore pokello eo e hole?

13 Letlotlo le leng leo Jehova a re fileng lona ke lintho tsohle tseo re ithutileng tsona Bibeleng. Jehova ke Molimo oa ’nete. (2 Sam. 7:28; Pes. 31:5) O fa batho ba mo mamelang tsebo ea lithuto tsa Bibele. Re ile ra ba le tsebo ena ho tloha ha re ne re qala ho ithuta Bibele, re bala lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng, re ea likopanong le libokeng. Ha nako e ntse e ea, re ba le ‘pokello . . . ea letlotlo’ la lintho tsohle tseo re ithutileng tsona le tseo re ntseng re tsoela pele ho ithuta tsona Bibeleng. (Bala Matheu 13:52) Haeba re sebetsa ka thata ho batla tsebo ea lintho tsena, Jehova o tla etsa hore tsebo eo re nang le eona ea lithuto tsa Bibele e eketsehe. (Bala Liproverbia 2:4-7) Re ka batla tsebo eo joang?

14 Re lokela ho itloaetsa ho bala Bibele le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng re be re etse lipatlisiso ka hloko e le hore re ithute lintho tse ncha Bibeleng. (Josh. 1:8, 9; Pes. 1:2, 3) Molula-Qhooa oa pele o ileng oa hatisoa ka July 1879, o ile oa bapisa lithuto tsa Bibele le palesa e pupelitsoeng ke mofoka. Motho o lokela ho batla palesa eo ka hloko hore a e fumane ’me ha a e fumane, a se ke a khotsofalla palesa eo e le ’ngoe feela empa a ’ne a batle le tse ling tse patehileng har’a mofoka oo. Ka ho tšoanang, ho e-na le ho khotsofalla lithuto tseo re li tsebang feela, re lokela ho lula re batla tse ling tse ngata ka Bibeleng.

15. Tse ling tsa lithuto tsa motheo ke life, hona ke life tseo u li ratang haholo?

15 Ho na le lithuto tsa bohlokoa tseo re qalileng ho li tseba ha re ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Ke lithuto tsa motheo tse kang ea hore Jehova ke eena ea bopileng lintho tsohle hammoho le batho, hore ho na le lintho tseo a rerileng ho re etsetsa tsona nakong e tlang le hore Jehova o fane ka mora oa hae ho tl’o re shoela e le hore re ka lokoloha sebeng le lefung. Re ile ra boela ra ithuta hore ’Muso oa Molimo o tla felisa matšoenyeho ’ohle a teng lefatšeng le hore re tl’o phela ka ho sa feleng re thabile ha ’Muso oa Molimo o se o busa.—Joh. 3:16; Tšen. 4:11; 21:3, 4.

16. Re lokela ho etsa’ng ha tsela eo re tsebang thuto e itseng ka eona e fetoloa?

16 Ha nako e ntse e ea, tsela eo re tsebang thuto e itseng ea Bibele ka eona e ka fetoloa. Ha liphetoho tsena li e-ba teng, re lokela ho ipha nako e le hore re ithute lithuto tseo tse fetotsoeng re be re thuise ka tsona. (Lik 17:11; 1 Tim. 4:15) Re lokela ho utloisisa hantle lithuto tseo tse fetotsoeng, eseng feela ho tseba hore na tsela eo re neng re tseba lithuto tseo ka eona le tsela eo re seng re li tseba ka eona e fapana joang. Ha re etsa joalo, tsebo eo re nang le eona ka lithuto tsa Bibele e tla eketseha. Re tla fumana melemo efe e meng ha re etsa boiteko boo?

17, 18. Moea o halalelang o ka re thusa joang?

17 Jesu o ile a re moea o halalelang o ka re hopotsa lintho tseo re ithutileng tsona. (Joh. 14:25, 26) Taba eo e ka re thusa joang? Nahana ka se ileng sa etsahalla mor’abo rona Peter. Ka 1970 o ne a le lilemo li 19 ’me a sa tsoa qala ho sebetsa Bethele naheng ea Brithani. Ha a ntse a bolela litaba tse molemo ka ntlo le ntlo, o ile a kopana le ntate e mong ea ka bang lilemo li 50 ea hlahlabalitseng litelu. Peter o ile a mo botsa hore na a ka rata ho ithuta Bibele. Ntate eo o ile a mo araba ka ho makala a re eena ke moruti. O ile a ba a botsa Peter a re: “Mpolelle hee moshana, hana buka ea Daniele e ngotsoe ka puo efe ha e ne e qala ho ngoloa?” Peter a mo bolella hore karolo e itseng ea eona e ile ea ngoloa ka puo ea Searame. Peter o re: “Ntate eo o ile a makala ha ke mo fa karabo e nepahetseng. Ha ke fihla hae ke sheba limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! tsa likhoeli tse fetileng, ke ile ka fumana sehlooho se bontšang hore buka ea Daniele e fela e ngotsoe ka Searame. Ke ile ka makala haholo ha ke bona hore ke nepile karabo.” (Dan. 2:4) Moea o halalelang o ka fela oa re hopotsa lintho tseo re ithutileng tsona Bibeleng.—Luka 12:11, 12; 21:13-15.

18 Ha re rata lithuto tseo re li fumanang ka Bibeleng, re tla batla ho lula re ithuta tse ling tse ncha. Kahoo ha re ntse re tsoela pele ho ithuta lintho tse ncha ka Bibeleng, re tla ba mesuoe e hloahloa.

LULA U RATA MATLOTLO A HAO

19. Ke hobane’ng ha re lokela ho loanela ho lula re rata matlotlo ao Jehova a re fang ’ona?

19 Satane o lula a batla ho etsa hore re khaotse ho rata matlotlo a molemo ao Jehova a re fileng ’ona ’me a ka atleha ho etsa joalo. Re ka ea le khongoana holimo ra nahana hore re ka atleha bophelong ha re e-na le mosebetsi o re patalang chelete e ngata re bile re e-na le maruo. Moapostola Johanne o ile a re: “Lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona.” (1 Joh. 2:15-17) Kahoo re lokela ho loanela hore re lule re rata matlotlo ao Jehova a re fang ’ona.

20. U ikemiselitse ho etsa’ng hore u lule u rata matlotlo ao Jehova a re fang ’ona?

20 Re lokela ho ikemisetsa ho tela eng kapa eng e ka re sitisang ho rata ’Muso oa Molimo. Re lule re sebetsa ka thata mosebetsing oa boboleli ’me re loanele ho lula re o rata le ho lula re batla ho ithuta lintho tse ncha ka Bibeleng. Ha re etsa joalo, re tla ba le ‘letlotlo le sa feleng le ka mohla maholimong, moo lesholu le sa atameleng kapa hona hore tšoèlè e je. Etsoe moo letlotlo la rōna le leng teng, lipelo tsa rōna le tsona li tla ba moo.’—Luka 12:33, 34.