Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Hahamalla Matlotlo a Tswang ho Modimo

Hahamalla Matlotlo a Tswang ho Modimo

“Moo letlotlo la lona le leng teng, dipelo tsa lona le tsona di tla ba moo.”LUKA 12:34.

DIPINA: 153, 104

1, 2. (a) Ke matlotlo afe a mararo ao Jehova a re fileng ona? (b) Re tlo bua kang sehloohong see?

JEHOVA ke yena ya ruileng ka ho fetisisa bokahohleng. (1 Likron. 29:11, 12) Jwaloka Ntate ya mosa, o fana ka matlotlo a hae ho bohle ba bonang bohlokwa ba ona. Re a thaba hore e be Jehova o re file matlotlo a kang (1) Mmuso wa Modimo, (2) mosebetsi wa boboledi le (3) dithuto tsa bohlokwa tseo re di fumanang ka Lentsweng la hae. Haeba re se hlokolosi, re ka qetella re se re sa ananele matlotlo ana ebe re a qhelela ka thoko. Re ka qoba sena ka hore re dule re hlahloba tsela eo re ratang matlotlo ana ka yona. Jesu o itse: “Moo letlotlo la lona le leng teng, dipelo tsa lona le tsona di tla ba moo.”Luka 12:34.

2 A re boneng kamoo re ka matlafatsang lerato la rona bakeng sa Mmuso wa Modimo, tshebeletso ya tshimo le nnete e hlahang ka Bibeleng. Ha re ntse re etsa jwalo, nahanisisa ka ditsela tseo wena o ka matlafatsang lerato la hao ka tsona bakeng sa matlotlo ana.

MMUSO WA MODIMO O TSHWANA LE PERELA YA BOHLOKWAHADI

3. Keng seo rakgwebo ya papisong ya Jesu a neng a ikemiseditse ho se etsa e le hore a fumane perela ya bohlokwahadi? (Sheba setshwantsho se qalong.)

3 Bala Matheu 13:45, 46. Jesu o ile a etsa papiso ya mohwebi kapa rakgwebo ya neng a batlana le diperela. Ha ho pelaelo hore e ne e se e le dilemo a etsa kgwebo ka tsona. Empa jwale o ne a fumane perela e ntle ka ho fetisisa hoo a ileng a thaba haholo ha a e bona. Empa e le hore a e reke, o ne a tla lokela ho rekisa ntho e nngwe le e nngwe eo a nang le yona. O ka inahanela feela hore na e ne e le ya bohlokwa hakae ho yena.

4. Re tla susumelletseha ho etsang haeba re rata Mmuso wa Modimo ka tsela eo rakgwebo a neng a rata perela ka yona?

4 Re ithutang papisong ee? Mmuso wa Modimo o tshwana le perela eo ya bohlokwahadi. Haeba re rata Mmuso wa Modimo ka tsela eo rakgwebo a neng a rata perela ka yona, re tla susumelletseha ho tela ntho e nngwe le e nngwe e le hore re buswe ke wona. (Bala Mareka 10:28-30.) A re ke re bueng ka batho ba babedi ba ileng ba etsa sona seo.

5. Zakiase o ile a bontsha jwang hore o ikemiseditse ho rua Mmuso wa Modimo?

5 Zakiase e ne e le mmokelli wa lekgetho ya ka sehloohong ya ileng a rua ka ho qhekella batho. (Luka 19:1-9) Leha ho le jwalo, ha a utlwa Jesu a bua ka Mmuso, o ile a hlokomela hore taba ena ke ya bohlokwahadi mme a nka kgato hang hang. O ile a re: “Bona! Morena, halofo ya dintho tsa ka, ke e fa mafutsana, mme eng kapa eng eo ke ileng ka e nka ho mang kapa mang ka ho hanyapetsa ka qoso ya bohata ke e busetsa hanne.” O ile a tela maruo a hae ao a neng a a fumane ka botsotsi mme a kgaotsa ho ba meharo bakeng sa dintho tse bonahalang.

6. Rose o ile a etsa diphetoho dife e le hore a be tlasa Mmuso wa Modimo, hona hobaneng?

6 Dilemong tse mmalwa tse fetileng, ngwanana e mong eo re tla mmitsa Rose o ile a utlwa molaetsa wa Bibele nakong eo a neng a ntse a ratana le ngwanana e mong. E ne e bile e le mopresidente wa mokgatlo o lwanelang ditokelo tsa banna ba ratanang le banna le basadi ba ratanang le basadi. Ha Rose a ntse a ithuta Bibele o ile a lemoha hore nnete eo a ntseng a ithuta yona ka Mmuso wa Modimo ke ya bohlokwa. Empa o ile a hlokomela hore o ne a lokela ho etsa diphetoho tse kgolo bophelong ba hae. (1 Bakor. 6:9, 10) O ile a etsa qeto ya ho tlohela bopresidente mokgatlong oo, a ba a arohana le kgarebe ya hae. Ka 2009 Rose o ile a kolobetswa mme selemong se latelang ya eba pulamadiboho ya kamehla. O ne a rata Jehova le Mmuso wa hae ho feta ditakatso le ha e le dife tsa nama.—Mar. 12:29, 30.

7. Re lokela ho etsang hore lerato la rona bakeng sa Mmuso wa Modimo le se ke la fokola?

7 Bongata ba rona re entse diphetoho tse kgolo e le hore re be tlasa Mmuso wa Modimo. (Bar. 12:2) Empa ha ho felle moo. Re lokela ho dula re fadimehile hore boitshwaro bo ditshila ba ho kopanela diphate le dintho tse bonahalang di se ke tsa fokodisa lerato la rona ho Mmuso wa Modimo. (Liprov. 4:23; Mat. 5:27-29) Jehova o boetse o re file letlotlo le leng ho re thusa hore re dule re rata Mmuso wa hae ka dipelo tsohle.

MOSEBETSI WA BOBOLEDI KE LETLOTLO

8. (a) Ke hobaneng ha moapostola Pauluse a ile a re tshebeletso ya rona ke “letlotlo . . . dijaneng tsa letsopa”? (b) Pauluse o ile a bontsha jwang hore o nka tshebeletso ya hae e le letlotlo?

8 Hopola hore Jesu o re file mosebetsi wa ho bolella batho ditaba tse molemo le ho ba ruta ka Mmuso wa Modimo. (Mat. 28:19, 20) Moapostola Pauluse o ile a hlokomela hore tshebeletso ena ke ya bohlokwa. O ile a re tshebeletso ya selekane se setjha ke “letlotlo . . . dijaneng tsa letsopa.” (2 Bakor. 4:7; 1 Tim. 1:12) Le hoja re le dijana tsa letsopa tse sa phethahalang, molaetsa oo re o bolellang batho o ka etsa hore rona le ba re mamelang re fumane bophelo bo sa feleng. Kaha Pauluse o ne a tseba sena, o ile a re: “Ke etsa dintho tsohle ka lebaka la ditaba tse molemo, e le hore nka di arolelana le ba bang.” (1 Bakor. 9:23) Pauluse o ne a rata tshebeletso hoo a neng a itela hore a etse barutuwa. (Bala Baroma 1:14, 15; 2 Timothea 4:2.) Seo se ile sa mo thusa ho mamella ha a hloriswa ka sehloho. (1 Bathes. 2:2) Re ka etsisa Pauluse jwang?

9. Re ka bontsha ka ditsela dife hore re rata tshebeletso ya rona?

9 Pauluse o ile a boela a bontsha hore o rata tshebeletso ka hore a sebedise monyetla o mong le o mong ho pakela batho. Jwaloka baapostola le Bakreste ba mehleng eo, le rona re paka ka ntlo le ntlo, phatlalatsa le neng le neng ha monyetla o hlaha. (Lik. 5:42; 20:20) Ha maemo a re dumella, re atolosa tshebeletso ya rona mohlomong ka ho nka bopulamadiboho bo thusang kapa ba kamehla. Re ka boetse ra ithuta puo e nngwe, ra ya tlhokahalong sebakeng se seng kapa naheng e nngwe.—Lik. 16:9, 10.

10. Boitelo ba Irene ba ho bolela ditaba tse molemo bo ile ba hlohonolofatswa jwang?

10 Nahana ka mohlala wa Irene, e leng moradiwabo rona wa lesoha ya dulang United States. O ne a lakatsa ho pakela batho ba buang Serussia ba neng ba dula naheng ya habo. Ka 1993 o ile a etsa sona seo mme ka nako eo ho ne ho na le sehlopha sa bahweletsi ba 20 feela ba buang Serussia toropong ya New York. Le hoja Irene a se a qetile dilemo tse 20 a sebetsa ka thata tshimong eo, o re: “Ke ntse ke sa kgone ho bua Serussia hantle.” Leha ho le jwalo, Jehova o ile a hlohonolofatsa boitelo ba hae le ba bahweletsi ba bang ba tshwanang le yena. Kajeno ho na le diphutheho tse 6 tsa puo ya Serussia toropong ya New York. Batho ba 15 bao Irene a ileng a ithuta Bibele le bona ba ile ba kolobetswa. Ba bang ba bona ke baholo, bopulamadiboho mme ba bang ba sebeletsa Bethele. Irene o re: “Hara dintho tseo ke neng ke na le monyetla wa ho di etsa, ha ho na e neng e tla nthabisa ho feta ho ba tshebeletsong ya tshimo kamehla.” Ruri o ne a rata tshebeletso ya hae!

Na o nka tshebeletso ya tshimo e le letlotlo mme o etsa nako ya ho kopanela ho yona beke ka nngwe? (Sheba serapa sa 11, 12)

11. Ho ka ba le diphello dife haeba re tswela pele ho paka le ha re hloriswa?

11 Haeba re rata tshebeletso ya rona jwaloka moapostola Pauluse, re tla tswela pele ho paka esita le ha re hloriswa. (Lik. 14:19-22) Ka bo1930 le bo1940, bara le baradi babo rona ba ile ba hanyetswa ka matla United States. Empa jwaloka Pauluse, ba ile ba ema ba tiile mme ba tswela pele ho paka. Barababo rona ba ile ba ya makgotleng a dinyewe ka makgetlo ho sireletsa tokelo ya rona ya ho paka. Ka 1943 ha Morabo rona Nathan H. Knorr a bua ka e nngwe ya dinyewe tseo re ileng ra di hlola Lekgotleng le Phahameng la Dinyewe la United States, o ile a re: “Re hlotse ka lebaka la lona. Haeba le ne le sa sebetsa ka tjheseho tshimong, re kabe re sa ya Lekgotleng le Phahameng la Dinyewe. Empa ka lebaka la lona, bara le baradibabo rona ba dikarolong tse ding tsa lefatshe le bona ba tla fumana bolokolohi ba ho bolela ditaba tse molemo. Re fumane tlholo ena hobane le sa ka la tela.” Barababo rona ba dinaheng tse ding le bona ba ile ba hlola dinyewe tse tshwanang le ena. Ka sebele lerato la rona tshebeletsong le ka hlola mahloriso!

12. O ikemiseditse ho etsang tshebeletsong?

12 Haeba re nka tshebeletso ya rona e le letlotlo le tswang ho Jehova, re ke ke ra kgotsofalla feela “ho etsa dihora.” Ho e na le hoo, re tla etsa sohle se matleng a rona ‘ho paka ka ho phethahetseng ditaba tse molemo.’ (Lik. 20:24; 2 Tim. 4:5) Empa keng seo re lokelang ho se ruta ba bang? Ho fumana karabo, ha re ke re bueng ka letlotlo le leng le tswang ho Modimo.

MATLOTLO A TSWANG KA BIBELENG

13, 14. ‘Pokello ya matlotlo’ eo Jesu a buileng ka yona ho Matheu 13:52 ke eng, hona re ka e tlatsa jwang?

13 Letlotlo la boraro leo re nang le lona ke dithuto tse hlakileng tse tswang ka Bibeleng. Jehova ke Modimo wa nnete. (2 Sam. 7:28; Pes. 31:5) Jwaloka Ntate ya seatla se bulehileng, o fana ka dithuto tsa bohlokwa ho ba mo tshabang. Ho tloha ka nako eo re neng re utlwa nnete, re bile le monyetla wa ho bokella dithuto tsa bohlokwa tseo re di fumaneng ka Bibeleng, dingolweng tsa Bokreste, dikopanong le dibokeng tsa rona. Ha nako e ntse e ya, re ile ra ba le seo Jesu a itseng ke ‘pokello ya matlotlo’, a kgale le a matjha. (Bala Matheu 13:52). Jehova o tla re thusa ho eketsa pokello ya rona ka matlotlo a matjha, haeba re a batla jwalo ka matlotlo a patilweng. (Bala Liproverbia 2:4-7.) Re ka etsa see jwang?

14 Re lokela ho itlwaetsa ho etsa thuto ya botho mme re etse dipatlisiso ka Lentsweng la Modimo le dingolweng tsa rona. Sena se tla re thusa ho ithuta dintho tse “ntjha”, ka kutlwisiso ya hore re ne re sa di tsebe nakong e fetileng. (Josh. 1:8, 9; Pes. 1:2, 3) Tora ya ho Lebela ya Senyesemane ya July 1879, e leng kgatiso ya pele ya makasine ena, e ile ya re: “Nnete e ka Bibeleng e tshwana le palesa e nyenyane, e patilweng ke ditlamatlama kapa mofoka o teteaneng naheng. E le hore o e fumane, o lokela ho tsomana le yona. . . . Ha o e thola o se ke wa kgotsofalla palesa e le nngwe feela ya nnete. . . . Batla mme o bokelle tse eketsehileng.” Ka sebele, re lokela ho ikemisetsa ho eketsa pokello ya rona ka matlotlo a eketsehileng a nnete ya Bibele.

15. Ke hobaneng ha re ka re dithuto tse ding ke matlotlo a “kgale,” hona ke dife tseo wena o di ananelang ka ho kgetheha?

15 Re ile ra fumana dithuto tsa bohlokwahadi ha re ne re qala ho kopana le batho ba Modimo. Re ka re dithuto tsena ke matlotlo a “kgale” ka kutlwisiso ya hore re ile ra tseba tsona pele ha re ne re qala ho ba Bakreste. Ke dithuto dife? Re ile ra ithuta hore Jehova ke Mmopi wa rona le Mofani wa Bophelo le hore o re batlela dintho tse molemo. Re ile ra boela ra ithuta hore Modimo o fane ka bophelo ba Mora wa hae e le thekollo molemong wa rona e le hore re ka lokoloha sebeng le lefung. Ho feta moo, re ile ra ithuta hore Mmuso wa hae o tla fedisa mathata ohle le hore re na le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng ebile re thabile tlasa puso ya hae.—Joh. 3:16; Tšen. 4:11; 21:3, 4.

16. Re lokela ho etsang ha kutlwisiso ya rona ya Bibele e ntlafatswa?

16 Nako le nako, kutlwisiso ya rona ka boprofeta ba Bibele kapa Mangolo a itseng e ka ntlafatswa. Ha re fuwa kutlwisiso e ntjha, re lokela ho ipha nako ya ho bala boitsebiso boo ka hloko le ho nahanisisa ka bona. (Lik. 17:11; 1 Tim. 4:15) Ha re batle ho tseba feela ka diphetoho tse kgolo kutlwisisong ya rona ya Bibele, empa re ipha nako ya ho ithuta le ka diphetoho tse ka nnang tsa bonahala di le nyenyane. Ka tsela eo, re tla kgona ho lemoha le ho bokella dithuto tse ntjha matlotlong a rona a polokelo. Ke hobaneng ha see e le sa bohlokwa?

17, 18. Moya o halalelang o ka re thusa jwang?

17 Jesu o itse moya wa Modimo o halalelang o ka re hopotsa dintho tseo re ileng ra ithuta tsona. (Joh. 14:25, 26) Seo se ka re thusa jwang jwaloka baboledi ba ditaba tse molemo? Nahana ka mohlala wa morabo rona ya bitswang Peter. O qadile ho sebeletsa Bethele e Brithani ka 1970 a le dilemo di 19. Ka letsatsi le leng ha a le tshimong, o ile a kopana le monna e mong ya ditedu tse telele. Peter o ile a mmotsa hore na ebe a ka thabela ho tseba Bibele. A maketse, monna eo o ile a re ke moetapele wa bodumedi ba Sejuda. E le ha a batla ho leka tsebo ya Peter, monna enwa o ile a re: “A ko mpolelle mona he moshanyana, buka ya Daniele e ne e ngotswe ka puo efe?” Peter o ile a araba a re: “Karolo e nngwe ya yona e ne e ngotswe ka Searame.” Peter o re: “Ntate eo o ile a makala hore ebe ke ne ke tseba karabo, athe nna ke ne ke maketse le ho mo feta! Ho tlile jwang hore ebe ke tseba karabo? Ha ke fihla hae, ke ile ka sheba dimakasine tseo ke neng ke di badile dikgweding tsa ho feta, mme ka fumana sehlooho se neng se hlalosa hore lengolo la Daniele le ne le ngotswe ka Searame.” (Dan. 2:4) Ruri moya o halalelang o ka re hopotsa dintho tseo re ithutileng tsona nakong e fetileng, tseo re di bolokileng polokelong ya rona ya matlotlo ya tshwantshetso.Luka 12:11, 12; 21:13-15.

18 Haeba re ananela bohlale bo tswang ho Jehova, re tla tlatsa polokelo ya rona ka matlotlo a kgale le a matjha, e leng dithuto tse tswang ka Bibeleng. Ha re ntse re rata seo re ithutang sona ka Bibeleng le ho feta, re tla ba baboledi ba ditaba tse molemo ba kwetlisitsweng hantle.

SIRELETSA MATLOTLO A HAO

19. Ke hobaneng ha re lokela ho sireletsa matlotlo a rona a tswang ho Modimo?

19 Satane le lefatshe la hae ba leka ka hohle ho re etsa hore re se ke ra ananela matlotlo ao re buileng ka ona sehloohong sena. Maraba a Satane a ka re tshwasa. Satane a ka nna a re hohela ka ho re tshepisa mosebetsi o patalang hantle, bophelo bo mabothobotho, kapa a sebedisa takatso ya ho batla dintho tse bonahalang. Moapostola Johanne o re hopotsa hore lefatshe lena le a feta le ditakatso tsa lona. (1 Joh. 2:15-17) Kahoo, re lokela ho sebetsa ka thata ho sireletsa matlotlo a rona a tswang ho Modimo le ho a ananela.

20. O ikemiseditse ho etsang e le hore o sireletse matlotlo a hao a tswang ho Modimo?

20 Ikemisetse ho lahla ntho le ha e le efe e batlang ho nkela Mmuso wa Modimo sebaka bophelong ba hao. Tswela pele ho paka ka tjheseho mme o se ke wa fellwa ke kananelo bakeng sa mosebetsi wa boboledi. Tswela pele ho batla matlotlo a eketsehileng ka Bibeleng. Ka ho etsa jwalo, o tla ipolokela ‘letlotlo le sa feleng le ka mohla mahodimong, moo leshodu le sa atameleng kapa hona hore tshwele e je. Etswe moo letlotlo la hao le leng teng, pelo ya hao le yona e tla ba moo.’—Luka 12:33, 34.