Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Rarolla Likhang ’me u Bope Khotso

Rarolla Likhang ’me u Bope Khotso

JEHOVA MOLIMO o batla Bakreste ba boloke khotso. O batla hore e be ntho e ka sehloohong bophelong ba rona. Haeba re mamela keletso ena ea Jehova ho tla ba le khotso ka phuthehong. Sena se ka etsa hore batho ba bang ba batle ho sebeletsa Jehova ’moho le rona.

Ka mohlala, ntate e mong oa ngaka ea setso ea tsebahalang naheng ea Madagascar o ile a khahloa ke khotso e neng e le teng ka phuthehong ea Lipaki Tsa Jehova. O ne a ee a ipolelle hore haeba a batla ho kena kereke e tla ba Paki. Ka mor’a nako o ile a khaotsa ho ba ngaka ea setso, a boela a qeta nako a leka ho lokisa boemo ba hae ba lenyalo hore bo lumellane le Bibele eaba e ba morapeli oa Jehova.

Batho ba bangata ba neng ba batla khotso joaloka ngaka eo ea setso, ba e fumane ka phuthehong ea Bokreste. Bibele e re ho ba le “poulelo e feteletseng le ho rata likhang” ho ka luka khotso ka phuthehong. (Jak. 3:14-16) Ho thabisang ke hore Bibele e re fa keletso ea hore na re ka qoba mathata ao joang ho boloka bonngoe ba phutheho. Sehloohong sena re tl’o bona mehlala e tl’o re thusa ho utloisisa taba ena.

TSELA EA HO RAROLLA MATHATA

“’Na le mor’abo rona eo ke neng ke sebetsa le eena re ne re sa utloane. Ka lekhetlo le leng banna ba bang ba babeli ba ile ba re fumana re kharumelana.”—CHRIS.

“Morali’abo rona eo ke neng ke tloaetse ho ea tšimong le eena o ile a khaotsa ho tsamaea le ’na. Eaba le ho mpuisa ha a sa mpuisa. Bothata ke hore ke ne ke sa tsebe le hore na ke fositse hokae.”—JANET.

“Ka letsatsi le leng ke ne ke ntse ke bua le barab’abo rona ba babeli mohaleng. E mong oa bona o ile a re fonanisa eaba ke se ke bua ka eena athe ha a e-s’o koale fono.”—MICHAEL.

“Bo-pula-maliboho ba babeli ba phuthehong ea rona ba ile ba qoaketsana eaba e mong o choachoathela e mong. Qoaketsano ena ea bona e ile ea nyahamisa bahoeletsi ba bang.”—GARY.

Mohlomong u nahana hore liketsahalo tsena ha li re letho. Leha ho le joalo li ka ama kamano ea rona le Jehova tsa ba tsa re sithabetsa maikutlong haeba re ka ameha ho e ’ngoe ea tsona. Empa hoa thabisa ho tseba hore bara le barali babo rona ba neng ba ameha liketsahalong tsena tse ka holimo, ba ile ba sebelisa Bibele ho bopa khotso. A re hlahlobeng likeletso tsa Bibele tseo ba ileng ba li sebelisa.

“Le se ke la khenelana tseleng.” (Gen. 45:24) Josefa o ile a fa bara babo keletso ena e bohlale ha ba khutlela ho ntate oa bona Jakobo. Ha motho e le sefela-peloana kapa a sitoa ho laola maikutlo a hae, a ka ’na a halefisa ba bang. Chris eo ho builoeng ka eena pejana, o ile a hlokomela hore oa ikhohomosa hape ha a amohele likeletso. Kaha o ne a batla ho etsa lintho ka tsela e nepahetseng, o ile a kopa tšoarelo ho mor’abo rona eo ba neng ba sa utloane, eaba o sebetsa ka thata ho laola bohale ba hae. Mor’abo rona enoa ea sebetsang le Chris o ile a mo tšoarela eaba ba lokisa litaba. Hona joale ba sebeletsa Jehova ba e-na le khotso.

“Merero ea senyeha moo ho se nang lekunutu.” (Liprov. 15:22) Janet o ile a bona bohlokoa ba ho sebelisa seo a ithutileng sona ka Bibeleng, eaba o leka ho lokisa litaba le morali’abo rona eloa eo ba neng ba ea tšimong le eena. O ile a etsa hore morali’abo rona a phutholohe ’me a hlalose moo bothata bo leng teng. Qalong puisano ea bona e le se monate empa ha ba ntse ba buisana litaba li ile tsa boela malulong. Morali’abo rona o ne a utloile taba eo a neng a nahana hore e ama Janet, athe ha ho joalo. O ile a kopa tšoarelo ’me hona joale ba sebeletsa Jehova ’moho ba thabile.

“Joale, haeba u tlisa mpho ea hao aletareng ’me u hopola hore mor’eno o na le ho hong khahlanong le uena, u siee mpho ea hao moo ka pel’a aletare, ’me u tlohe; etsa khotso le mor’eno pele.” (Mat. 5:23, 24) Mohlomong u hopola keletso eo Jesu Kreste a ileng a fana ka eona thutong ea hae ea thabeng. Michael o ne a nyahame ha a hlokomela hore ha aa bontša ho nahanela ka ho bua ka mor’abo fonong. O ne a ikemiselitse ho lokisa litaba le eena. O ile a ikisa ho mor’abo rona ka seqo ho ea kopa tšoarelo. E ile ea e-ba metsoalle hape. Michael o re: “Mor’eso o ile a ntšoarela e le kannete.”

“Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong.” (Bakol. 3:12-14) Ha moholo e mong a leka ho thusa bo-pula-maliboho ba ileng ba qoaketsana o ile a ba kopa hore ba nahanisise ka lipotso tsena: ‘Na ka sebele re ka lumella ho se utloane ha rona hore ho ame ba bang ka phuthehong? Na ha kea lokela ho mamella mefokolo ea ngoan’eso e le hore re sebeletse Jehova re thabile?’ Ba ile ba amohela keletso ea moholo eo ’me ba tšoarelana. Hona joale ba bolela litaba tse molemo ’moho ba thabile.

Lengolo la Bakolose 3:12-14 le qotsitsoeng ka holimo le ka re thusa haeba re utloisitsoe bohloko. Boikokobetso bo thusitse ba bangata ho tšoarelana le ho lebala liphoso tsa ba bang. Na molao-motheo o hlahang ho Mattheu 18:15 o ka sebelisoa haeba ka mor’a nako bothata bo ntse bo sa rarollehe? Keletso ea Jesu mona e sebetsa haeba mor’eno a u etselitse sebe se tebileng, empa mohato oa pele o lokela ho nkoa ke uena. Ka hona e-ea u lokise phoso le mor’eno ’me le leke ho rarolla bothata.

Bibele e boetse e fana ka likeletso tse ling. E le hore likeletso tsena li ka re thusa, re lokela ho bonahatsa “litholoana tsa moea . . . lerato, thabo, khotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo, boitšoaro.” (Bagal. 5:22, 23) Joaloka oli e thusang hore mochine o se ke oa e-ba mafome, litšobotsi tseo tse khahlehang li ka re thusa ho bopa khotso ka phuthehong.

LIMELO TSA RONA TSE FAPANENG LI KA MATLAFATSA PHUTHEHO

Limelo tsa rona tse sa tšoaneng li ka re thusa hore re utloane le metsoalle ea rona kapa re qabane le batho. Moholo e mong ea nang le phihlelo o ile a fana ka mohlala ona: “Motho ea lihlong a ka ’na a thatafalloa ke ho tloaelana le ea buang haholo. Phapang ena e ka bonahala e le nyane, empa e ka baka mathata a maholo.” Na ho ka etsahala hore batho ba nang le limelo tse sa tšoaneng ba utloane? Ak’u nahane ka moapostola Petrose le moapostola Johanne. Mohlomong u nahana hore Petrose o ne a le mafolofolo a bile a ipuela feela. Johanne eena? Re ka nahana hore o ne a rata batho le hoja e ka ’na eaba o ne a sa bue haholo. Ho bonahala tsela eo baapostola bana ba babeli ba neng ba etsa lintho ka eona e ne e fapane. Leha ho le joalo ba ne ba sebelisana hantle. (Lik 8:14; Bagal. 2:9) Ho joalo le kajeno. Bakreste bao ebang ba fapane ka limelo ba ka khona ho sebetsa ’moho.

Mohlomong phuthehong ea heno ho na le Mokreste-’moho ea u khopisitseng. Empa joale u hlokomela hore Kreste o shoetse eena motho enoa joalokaha le uena a u shoetse ’me o lebeletse hore u rate mor’eno. (Joh. 13:34, 35; Bar. 5:6-8) Pele u ka khaola maqhama a setsoalle pakeng tsa hao le mor’eno ak’u ipotse: ‘Na ho na le ntho eo a e etsang e khahlanong le Mangolo? Na o nkhopisa ka boomo? Kapa re mpa re e-na le limelo tse fapaneng?’ Potso e ’ngoe ea bohlokoa e ka ba hore: ‘Na ho na le lintho tseo a li etsang hantle tseo nka ruang molemo ho tsona?’

Potso eo ea ho qetela ke ea bohlokoa. Haeba Mokreste-’moho le uena o bua haholo joale uena u lihlong, ak’u nahane hore na ho tlameha ho le bonolo hakaakang ho eena ho qala moqoqo ha a le tšebeletsong ea tšimo. U ka ’na oa mo kopa hore a tsamaee le uena tšebeletsong ea tšimo e le hore u ithute tseleng eo a etsang lintho ka eona. Mohlomong o seatla se bulehileng ho u feta, kahoo, u ka mo etsisa ’me oa ithuta ho fana le ho thusa batho ba hlokang. Ha u etsa joalo u ka thaba. Hafeela u sheba lintho tse ntle ka bara le barali beno u ntse u ka khona ho utloana le bona le haeba le e-na le limelo tsa sa tšoaneng. Ho etsa joalo ho tla u thusa ho ba le khotso ho be ho etse hore e be teng le ka phuthehong.

Ho ka etsahala hore ebe Evodia le Syntike ba ne ba e-na le limelo tse sa tšoaneng, empa Pauluse o ile a ba khothalletsa hore “ba be le kelello e tšoanang Moreneng.” (Bafil. 4:2) Le uena u ka leka ho etsa se tšoanang molemong oa khotso.

RAROLLA BOTHATA PELE BO TOTA

Ho ba le maikutlo a fosahetseng ka motho e mong ho ka tšoana le ha serapa se setle sa lipalesa se tletse lehola. Khotso ea phutheho e ka lukeha haeba motho a ka lula a halefetse ba bang. Haeba re rata Jehova le Bakreste-’moho le rona re tla leka ka matla hore re boloke khotso ka phuthehong e le hore re se ke ra khopisa ba bang.

Kaofela re tla thaba haeba re ikokobelitse re bile re leka ho ba le khotso

Phutheho e ka lula e e-na le khotso haeba re ka leka ho rarolla mathata ka sepheo se setle. Morali’abo rona e mong ha a pheta se neng se mo etsahalla o re: “Ho na le morali’abo rona e mong ea neng a sebelisana le ’na joalokaha eka ke ngoana. Ke ne ke utloa a ntena eaba ke ipolella hore ha ke na ho bua le eena hantle. ‘O ne a sa ntlhomphe eaba ke bona ho sa hlokahale hore ke mo hlomphe le ’na.’”

Morali’abo rona enoa o ile a qala ho nahanisisa ka taba ena. O re: “Ke ile ka soaba haholo ha ke hlokomela hore ke entse phoso. Ke ne ke lokela ho nahana taba ena ka tsela e ’ngoe. Ke ile ka bua le Jehova ka taba ena, eaba ke rekela morali’abo rona eo mpho e nyenyane, ka ba ka mo ngolla molaetsa ke kopa tšoarelo. Re ile ra lokisa litaba, ra hakana ra ba ra lumellana hore e fetile. Esale re sebelisana hantle ho tloha ka nako eo.”

Le hoja batho ba labalabela khotso, ha ba utloa eka ba bang baa ba tella, baa khopeha ebe khotso ea lukeha. Sena se etsahalla batho bao e seng barapeli ba Jehova, empa ho batho ba ithutang Bibele, bonngoe le khotso e lokela ho ba lintho tse ka sehloohong. Jehova o ile a susumelletsa Pauluse ho ngola mantsoe ana: “Ke le kōpa ka tieo hore le tsamaee ka mokhoa o tšoanelang pitso eo le ileng la bitsoa ka eona, ka ho ikokobetsa ho feletseng kelellong le bonolo, ka tiisetso, le mamellane ka lerato, le leke ka tieo ho boloka bonngoe ba moea ka tlamo e kopanyang ea khotso.” (Baef. 4:1-3) “Tlamo e kopanyang ea khotso” ke ea bohlokoa. Kahoo, re lokela ho ikemisetsa ho lula re e matlafatsa le nakong eo re ka qabanang le bara le barali babo rona.