Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Ho Hlohonolofatsoe ho ba le Kelello ha Hao”

“Ho Hlohonolofatsoe ho ba le Kelello ha Hao”

DAVIDA o ile a bua mantsoe ana a ka holimo ha a babatsa mosali eo a neng a sa tsoa kopana le eena. Lebitso la mosali eo e ne e le Abigaile. Ebe o ne a entse’ng ha Davida a tla mo babatsa, hona re ka mo etsisa joang?

O ne a ntse a baleha Morena Saule ha a tla kopana le Abigaile. Mosali enoa o ne a nyetsoe ke Nabale ea neng a phela karolong e ka boroa ea Juda. Nabale o ne a ruile liphoofolo tse ngata. Davida le banna ba neng ba e-na le eena e ne eka ‘lerako ho potoloha’ balisa le liphoofolo tsa Nabale. Ka lekhetlo le leng o ile a roma banna ho Nabale a kopa hore a mo fe ‘eng kapa eng feela eo letsoho la hae le ka e fumanang’ e eang ka maleng. (1 Sam. 25:8, 15, 16) Kopo ea Davida e ne e utloahala ha e bapisoa le tšireletseho eo eena le banna bao a neng a e-na le bona ba neng ba fane ka eona mohlapeng oa Nabale.

Nabale o ile a tiisa hore bitso-lebe ke seromo kaha lebitso la hae le ne le bolela motho “ea se nang kelello” kapa leoatla. O ile a hana kopo ea Davida a ba a qetella ka ho mo rohaka. Tsela eo Nabale a ileng a arabela ka eona e ile ea koatisa Davida. Ka hona a ikemisetsa ho hlasela Nabale. Nabale le ba lelapa la hae ba ne ba tla khola litholoana tse bosula ka lebaka la booatla ba hae.—1 Sam. 25:2-13, 21, 22.

Ha Abigaile a hlokomela liphello tsa lefu tseo ba talimaneng le tsona, o ile a ba sebete eaba o kena lipakeng. O ile a bua le Davida ka tlhompho eaba o mo kopa hore a nahane ka kamano ea hae le Jehova. Ka mor’a moo o ile a isa lijo tse ngata ho monna enoa eo e neng e tla ba morena haufinyane, le ho banna bao a neng a e-na le bona. Hamorao Davida o ile a ananela hore ebe Jehova o ile a sebelisa Abigaile hamolemo ho mo thibela ho bolaea. Eaba Davida o re ho Abigaile: “Ho hlohonolofatsoe ho ba le kelello ha hao, ’me ho hlohonolofatsoe uena ea nthibetseng letsatsing lena ho kena molatong oa mali.”—1 Sam. 25:18, 19, 23-35.

Re lokela ho qoba ho tšoana le Nabale ea ileng a sitoa ho ananela lintho tsa bohlokoa tseo a neng a li etselitsoe. Re tla be re etsa hantle ka hore ha re foselitse ba bang re nke mohato oa pele ho lokisa boemo le pele mathata a ka hlaha. Le rona re ka bua mantsoe a tšoanang le a mopesaleme ea ileng a re ho Molimo: “Nthute molemo, ho ba le kelello le tsebo.”—Pes. 119:66.

Ba bang ba ka hlokomela hore re bohlale, hape re na le kelello ka lebaka la tsela eo re etsang lintho ka eona. Le hoja ka linako tse ling ba ke ke ba re bolella, ba ka ikutloa joaloka Davida ea ileng a re: “Ho hlohonolofatsoe ho ba le kelello ha hao!”